Ela Hloko Lentsoe la Molimo la Boprofeta Bakeng sa Mehla ea Rōna
“Bonang, taba tsa pele li hlahile; joale ke le bolella tse ncha, ke le tsebisa tsona, li e-so ho hlahe.”—ESAIA 42:9.
1. Ke hobane’ng ha re ka re Jehova ke Molimo oa boprofeta bo phethahalang?
JEHOVA ke Molimo oa boprofeta bo phethahalang. Hona ka sebele ho ipakile e le ’nete ka ho senyeha le ho tsosolosoa ha Jerusalema, ho oa ha mebuso ea boholo-holo le ho phethahala ha boprofeta ba Messia! Empa na boprofeta bohle ba Bibele bo ne bo phethahatsoa feela nakong e fetileng? Ho fosahetse hakaakang ho nahana joalo!
2. Mabapi le boprofeta, bahlanka ba Jehova ba fapana joang le lefatše?
2 Molimo o boleletse batho ba oona ba boholo-holo hore: “Bonang, taba tsa pele li hlahile; joale ke le bolella tse ncha, ke le tsebisa tsona, li e-so ho hlahe.” (Esaia 42:9) Ka ho senola kutloisiso ea boprofeta bo seng bo ntse bo le teng ka Bibeleng, Jehova o ntse a fa bahlanka ba hae ba tšepahalang tsebo e tlang pele ho nako, ’me ka sebele re lokela ho e ela hloko. Joalokaha moapostola Petrose a boletse litaba hantle hakana: ‘Le etsa hantle ha le ela hloko litaba tsa boprofeta, joale ka lebone le bonesitseng nģalong e lefifi, ho fihlela meso e ba e hlaha.’ (2 Petrose 1:9) Ha e le hantle, ho ela hloko lentsoe la Molimo la boprofeta ho tšoaea batho ba Jehova e le ba fapaneng lefatšeng lena le lefifi, le ferekaneng. Ka nepo Liproverbia 4:18, 19 e-ea bolela: “Tsela ea ba khabane e joale ka leseli la mafube, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo; tsela ea ba khopo e joaloka lefifi la bosiu, ha ba tsebe moo ba oelang teng.”—JB; bapisa Pesaleme ea 119:105.
Mamela Ha Mor’a Molimo a Bua!
3. Ke bopaki bofe bo teng ba hore Jesu o teng kajeno?
3 Ke habohlokoa hore Lipaki tsa Jehova li ‘ele hloko ka ho fetisisa’ lintho tse builoeng ke Jesu Kreste. (Ba-Heberu 2:1-4) ’Me o fane ka boprofeta bo makatsang hakaakang mabapi le mehla ea rōna! Ha a supa mehleng ea qetello ea tsamaiso ena ea lintho e shoang, Jesu o fane ka “pontšo” e makatsang ea “ho tla” ha hae. O profetile ka liphetoho tse kang lintoa tsa kakaretso, mafu a akaretsang, litlala le litšisinyeho tsa lefatše. (Mattheu 24:3-8) Na motho ofe kapa ofe ea tsebisitsoeng hantle a ka latola bopaki bo aparetseng hohle ba hore Jesu o teng kajeno? Ntoa ea I ea Lefatše e bolaile bahlabani ba fetang limillione tse 9 le ba sa loaneng ba limillione, ha ntoa ea bobeli ea lefatše eona e nkile bophelo ba ba limillione tse 55. Mokakallane oa Spania oa 1918-19 o bolaile ba ka bang limillione tse 20. Ho ea ka likhakanyo tse entsoeng ke Mokhatlo oa Lijo le Temo, batho ba limillione tse 450 le hona joale ba ntse ba lapa, ’me ba bangata ba billione ba na le ho honyenyane hoo ba ho jang. Litšisinyeho tsa lefatše li bolaile batho ba ka bang 1 600 000 lekholong lena la bo20 la lilemo—ba fetang 22 000 ka selemo ho tloha ka 1914.
4. (a) Mehla ea Lichaba e qalile neng, hona e felile neng? (b) Ke bopaki bofe bo teng ba hore batho ba Jehova ba hlile ba tse ba pele ka 1914?
4 Selemo seo sa 1914—ho thoe’ng ka sona? Lilemong tse fetang lekholo tse fetileng, C. T. Russell (eo e bileng mookameli oa pele oa Watch Tower Society) o ile a amahanya Mehla ea Lichaba le ‘mengoaha e supileng’ e boletsoeng bukeng ea Daniele. (Daniele 4:16, 23, 25, 32; Luka 21:24) Ha a ngola ho Bible Examiner ea Mphalane 1876, Russell a re: “Mengoaha e supileng e tla fela ka A.D. 1914.” O bile a kopanela ho hatisoeng ha buka ea 1877 Three Worlds, and the Harvest of This World, e neng e bontša (maqepheng a 83 le 189) hore nako ea lilemo tse 2 520 Lichaba li busa lefatše ka ntle ho ho itšunya-tšunya ha ’muso ofe kapa ofe oa Molimo, e qalile ha BabyIona e ketola ’Muso oa Juda bofelong ba lekholo la bosupa la lilemo B.C.E. le hore e ne e tla fela ka 1914 C.E. Ka ho tšoanang, tokollo ea Watch Tower ea Tlhakubele 1880 e boletse: “Mehla ea Lichaba e atolohela ho 1914, ’me ’muso oa leholimo o ke ke oa busa ka botlalo ho fihlela ka nako eo.”
5. Lipaki tsa Jehova li ne li ka tseba joang e sa le pele ka bohlokoa ba 1914?
5 Kajeno, Lipaki tsa Jehova li supa “pontšo” e fanoeng ke Jesu ’me li hetla morao ka 1914 e le selemo seo a bileng teng ka sebele matleng a ’Muso a sa bonahale. Empa li ne li ka tse ba ketsahalo ea bohlokoa hakaalo pele ho nako joang? Hase ka lebaka la bohlale ba botho bo ikhethang. Che, empa ke ka hobane li ithutile Mangolo ka thapelo, tsa ela hloko lentsoe la Molimo la boprofeta ’me tsa ela hloko ka ho fetisisa seo Mora oa Molimo a se profetileng. (2 Petrose 1:19; Ba-Heberu 1:1, 2; 2:1) Li leboha hore e be Jehova o li ‘bolelletse lintho tse ncha li e-so ho hlahe,’ Lipaki li thabetse hore e be li hasa tsebo ena lefatšeng ka bophara. (Esaia 42:9) Li etsa joalo ka ho lumellana le mantsoe a Jesu: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle.” E be joale? “E tla ba hona bofelo bo hlahang”!—Mattheu 24:14.
Marena a Hlōlisanang Ntoeng
6. Ho Daniele khaolo ea 11 ho buuoa ka marena afe a mabeli, hona ho hlaha lipotso life mabapi le oona?
6 Leha ho le joalo, pele “bofelo” bo e-tla, ho hlokahala re ke re nahane ka liphetoho tse ling tsa lekholo la bo20 la lilemo. Ka mohlala, boprofeta ba Daniele boa bolela: “Mehleng ea qetello, morena oa Boroa o tla thulana le eena [morena oa leboea], ’me morena oa Leboea o tla boela a futuhe ho ea mo patela.” (Daniele 11:40) Marena aa a loanang ke afe, hona liketso tsa oona tse profetiloeng ke tsa bohlokoa ba eng?
7. (a) Ntoa pakeng tsa marena aa a mabeli e qalile neng? (b) Ke hobane’ng ha mabitso “morena oa leboea” le “morena oa boroa” a ne a loketse? (c) ’Muso oa lekholo la pele la lilemo o neng o tsejoa e le “morena oa leboea” ke ofe, hona ho ile ha etsahala joang hore ‘molefisi a qete naha ea ’muso’?
7 Ntoa pakeng tsa marena ana e qalile kamor’a hore ’muso oa Alexandere e Moholo o aroloe. Ka lehlakoreng le leng, Seleucus Nicator a laola Syria ’me Ptolemy Lagus a hloma lesika la borena Egepeta. Marena ana a loanang, e mong a le ka leboea ’me e mong a le ka boroa ho naha ea batho ba Jehova, Baiseraele, e mong ea e-ba “morena oa leboea” oa pele ’me e mong ea e-ba “morena oa boroa” oa pele. (Daniele 11:2-5) Empa ha nako e ntse e feta, marena ana a fetoha. Ho e ka bang lekholong la pele la lilemo C.E., ’muso o matla oa Roma ea e-ba “morena oa leboea.” Lekhatheng leo historing ‘e mong o ne a tla lula setulong sa puso ’me a rome molefisi, a qete naha e leng hlophiso ea ’muso.’ (Daniele 11:20-22) Joalokaha ho profetiloe, Cesare Augusto a ntša “molefisi” ka ho laela hore ho “ngoloe palo ea baahi ba lefatše lohle.” Ka lebaka la molao ona, Josefa le Maria ba leba Bethlehema ho ea ngolisa ka 2 B.C.E., ’me ha fella ka ho tsoalloa ha Jesu sebakeng seo se profetiloeng.—Luka 2:1-7; Mikea 5:2.
8. (a) Re tseba joang hore ho ne ho tla ba le liphetoho tsa lekholo la bo20 la lilemo tse amang marena aa a mabeli? (b) “Nako e beiloeng” bakeng sa “morena oa leboea” hore a futuhele boroa e ne e le neng? (c) Marena aa a mabeli a ka tsejoa ka mebuso efe pejana lekholong lee la lilemo?
8 Selemo ka 33 C.E., Jesu Kreste a fana ka boprofeta bo babatsehang ka ‘mehla ea qetello.’ A qotsa Daniele 11:31 ’me kahoo a bontša hore lekholong la bo20 la lilemo ho ne ho tla ba le liphetoho tse makatsang tse amang “morena oa leboea” le “morena oa boroa.” (Mattheu 24:15) Ho ne ho profetiloe hore “morena oa leboea” o tla futuhela boroa “ka nako e beiloeng.” (Daniele 11:29, 30) Neng? Ka 1914—hona selemong seo ka sona Mehla ea Lichaba e ileng ea fela le ’Muso oa Molimo o ileng oa hlongoa leholimong! Ka selemo seo “morena oa leboea” oa Lejeremane a qala ho loantša “morena oa boroa,” ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Jeremane le metsoalle ea eona tsa hlōloa Ntoeng ea I ea Lefatše le ntoeng ea bobeli ea lefatše. Joale “morena oa leboea” a nka lebitso le lecha.
9. (a) Lipaki tsa Jehova li boloka boemo bofe mabapi le litaba tsa lipolotiki? (b) Na hoo ho li thibela ho bona liphetoho tse itseng tsa bopolotiki esale pele?
9 Lipaki tsa Jehova li boloka ho se nke lehlakore ho tiileng ha Bokreste. Hase karolo ea lefatše lena ’me ha li itšunya-tšunya litabeng tsa Iona tsa bopolotiki. (Johanne 17:16) Leha ho le joalo, li ela hloko lentsoe la Molimo la boprofeta, ’me hona ho li etsa hore li bone kamoo hona joale boprofeta ba Daniele bo phethahalang la ho qetela. (Esaia 42:9) Hape, kamor’a Ntoa ea II ea Lefatše, mebuso e ’meli e moholo ea lefatše ea hla ea hlahella, o mong o tsekisana le o mong tlhōlisanong le libetsa ea ho ipolaea e qobelletseng tekanyo ea lefatše ea lichelete tsa sesole ka selemo ho nyolohela ho lidolara tse libillione tse 800.
10. (a) “Manyala a bofeliso” a Daniele 11:31 ke’ng? (b) Marena a mabeli a ile a tšoara batho ba Jehova joang, hona hobane’ng?
10 Ha a bua ka boprofeta ba Daniele mabapi le “manyala a bofeliso,” Jesu o itse: “Ea balang a lemohe.” (Mattheu 24:15; Daniele 11:31) Ho ‘lemoha’ ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho bontšitse hore “manyala” ke mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, o ileng oa hlahisoa khahlanong le ’Muso oa Molimo. Hape ‘temoho’ ha e siee khoao (tlhorong ena ea tšenolo ea boprofeta) ea hore na lebitso la “morena oa leboea” ke mang joalokaha a hlōlisana le “morena oa boroa” ntoeng ea oona ea ho qetela ea puso. Leha e le eena kapa “morena oa boroa” ha ho ea ratang ho nehelana ka borena ’Musong oa Molimo oa leholimo, oo hona joale o phatlalatsoang lefatšeng ka bophara ke Lipaki tsa Jehova. Marena ana ka bobeli a bile le karolo tlhorisong ea Lipaki.—Daniele 11:36-39; Mattheu 5:10-12; Johanne 15:19, 20.
11. (a) “Morena oa leboea” o etsa polelo efe? (b) “Morena” eo o nyefola Jehova joang?
11 Mabapi le “morena oa leboea,” boprofeta bo re: “O tla ikholisa, a phahamele holim’a melimo eohle, ’me o tla seba Molimo oa melimo ka linyefolo tse makatsang, . . . O tla ikhohomosetsa eona kaofela.” (Daniele 11:36, 37) ’Morena enoa oa leboea’ ea sa lumeleng hore Molimo o teng o bolela hore Naha e na le tokelo ea ho batla ho hoholo ho bafo ba eona. Ho feta moo, “morena” enoa o nyefola Jehova ka ho haba borena ba lefatše a beela ’Muso oa Molimo ka thōko. Ha e le hantle, “morena oa boroa” le eena haa batle letho ka ’Muso oo, ho sa tsotellehe hore liboholi tsa hae tsa bopolotiki li ee li qotse Bibele hakae.—Tšenolo 11:17, 18.
“Morena” Ea Nang Le Molimo o sa Tloaelehang
12. “Morena oa leboea” o hlompha molimo ofe?
12 Le hoja “morena oa leboea” a bonahala e se oa bolumeli hakaalo, o na le molimo. Boprofeta bo re: “Leha ho le joalo, o tla hlompha molimo oa liqhobosheane nģalong ea oona.” (Daniele 11:38) Na “morena” eo o kile a nea “molimo oa liqhobosheane” hlompho, ho phahamisa bosole ba kajeno, ba mahlale e le mopholosi oa batho ba lehlakore la hae la lichaba?
13. Ke hobane’ng ha ho ka thoe marena aa ka bobeli a ‘tšepile makoloi a ntoa’?
13 Ka sebele o entse joalo! Ho ea ka The Military Balance 1981-1982, Mokhatlo oa Machaba oa Thuto ea Mahlale a Ntoa o re makhotla a hlometseng a sechaba se seholo ’musong oa “morena oa leboea” a feta 4 000 000, ha a bapisoa le a fetang 2 049 000 bakeng sa sechaba se etellang pele sa “boroa.” Bohareng ba 1982, SIPRI (Mokhatlo oa Stockholm oa Phuputso ea Khotso ea Machaba) o tlalehile hore lehlakore le ka “boroa” le ile la khona ho fana ka libetsa tsa “nuclear” tse 9 540 tse nang le matla a ho phatloha a litone tse limillione tse 3 448, ha li bapisoa le libetsa tsa “leboea” tse 8 802 tse nang le matla a litone tse limillione tse 4 535. Ke matla a makaakang a senyang, kaha litone tse millione feela li na le matla a ho phatloha a lekanang le litone tse millione tsa TNT! Ka ho hlakileng, marena ana a tsekisanang a ‘tšepile makoloi a ntoa.’—Esaia 31:1.
14. (a) Ke ‘ho thulana’ hofe ho etsahalang hona joale? (b) Na u ka fana ka bopaki ba hore motho o tsietsing?
14 “Morena oa boroa” hona joale o thula sera sa hae ka lipolotiki, esita le ka sesole. (Daniele 11:40) Ho tsoelang pele kajeno ho sa khaotse ke tlhōlisano ea lihlomo e tšosang batho ka koluoa ea “nuclear.” Ha e totobatsa kotsi, SIPRI Yearbook 1982 e lemositse:
“Ka lebaka la ho sia-siana ho seng ho le teng libetseng tsa ‘nuclear’ tse kenellang mafatšeng tsa mebuso e ’meli e meholo ea lefatše, ho bonahala ho ripitlana ho tiileng ho neng ho sitisoa ka ha li lekana ho ka ’na ha etsahala, ’me re na le tšabo ea hore lebaka le tla beoa bakeng sa keketseho e khōlō e ntseng e reroa ea mahlale a libetsa tsa ntoa, ke hore e mong a ka ’na a sebelisa tsa hae pele. Mebuso e ’meli e moholo, ka libetsa tsa ‘nuclear’ tse taolong ea eona, e arolelana matla a akaretsang a tšenyo ao mohlomong a lekanang le liqhomane tse halofo ea millione tsa Hiroshima. Ho ke ke ha e-ba le mohlala o molemo ho feta ona oa tsela eo ka eona ho ntlafatsoa ha mahlale a ntoa—hoo tabeng ena e leng ho nepahala ho eketsehang ha libetsa tse chefu tse kenellang mafatšeng—ho fokotsang tšireletseho ho e-na le ho e eketsa.”
15. (a) Na marena aa a tla ke a sebelise libetsa tsa oona ho loantšana? (b) Empa lentsoe la Molimo la boprofeta le hlakisa eng?
15 ‘Ho thula’ ho etsoang ke “morena oa boroa” e ne e le ho qholotsa “morena oa leboea” hore a ‘mo futuhele ka makoloi, le ka ba kaletseng lipere, le ka likepe tse ngata.’ E, marena ana bonyane a ne a tla ba le nako ea ho loantšana ka libetsa tsa oona tse se nang matla a maholo. “Morena oa leboea” o ne a tla boela a laole tse ngata “tse lakatsehang” tsa lefatše lena. (Daniele 11:40-43) Ka 1981 “morena oa leboea” o ne a laola batho ba fetang billione le halofo lichabeng tse 16, ’me nako ke eona feela e tla bolela hore na “morena” enoa o tla atolosa matla a hae ho isa kae. Empa kahlolo ea timetso holim’a marena ana e hlaha mohloling o mong. Lentsoe la Molimo la boprofeta le hlakisa hoo.
Litlaleho tse Tšosang—E be ho Latela Bofelo!
16. ‘Litlaleho tse tšosang’ li hlaha hokae, hona li fihla ho “morena oa leboea” joang?
16 Boprofeta bona bo makatsang bo qetella ka hore: “Empa Bochabela le Leboea, ho tla tsoa melumo [“litlaleho,” NW] e tlang ho mo tšosa, ’me o tla futuha ka khalefo e kholo ho ea bolaea le ho senya ba bangata. . . . Leha ho le joalo, o tla fela, ho se ea mo thusang.” (Daniele 11:44, 45) Litlaleho tsena tse tšosang ka sebele li hlaha ho Jehova ka Jesu Kreste. Mangolo a re Molimo o ka leboea, ’me eena le Kreste ka tšoantšetso ba bitsoa hore ke “marena a bochabatsatsi,” bochabela. (Tšenolo 16:12; Pesaleme ea 48:2; 75:6, 7) Empa “litlaleho” tsee li ka fihlela ho “morena oa leboea” joang? Ka phutheho ea Molimo ea lefatše, sehlopha sa nqalo e halalelang sa Jehova le metsoalle ea sona ea “bongata bo boholo”!
17. (a) Ka baka la “litlaleho,” “morena oa leboea” o tla etsa’ng? (b) Na “morena oa boroa” o tla ema feela? (c) Joale Jehova o tla etsa’ng molemong oa lipaki tsa hae tse tšepahalang?
17 Molimo o tla rera hore na “litlaleho” tsena li bua ka eng. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe sebopeho sa tsona, li tla halefisa “morena oa leboea” hoo a tla leka ho timetsa batho ba Jehova. Ha e le hantle, Satane Diabolose, Gogo oa Magogo oa tšoantšetso, o tla sebelisa “morena oa leboea” le “morena oa boroa” ntoeng ea hae e feletseng ho bahlanka ba Molimo oa ’nete. (Ezekiele 38:10-12) Empa lipaki tse tšepahalang tsa Jehova ha ho hlokahale hore li tšohe timetso. Ea Holimo-limo o tla li pholosa, ’me marena ka bobeli a tla ba har’a ba timelitsoeng ’ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ Harmagedone.—Tšenolo 16:14-16; Ezekiele 38:18-23.a
18. (a) Na Lipaki tsa Jehova li lokela ho tšoha liphetoho tsa kamoso? (b) Ke hobane’ng ha li na le tšepo e ntšelitsoeng pele lentsoeng la Molimo la boprofeta?
18 Ka baka leo, ho tla fihlela bofelong ba tsamaiso ena ea lintho, Lipaki tsa Jehova li tla bolela molaetsa oa ’Muso li sa tšabe letho. (Mattheu 24:14) Leha e le “morena oa leboea” kapa “morena oa boroa” leha e le Diabolose le mokhopi oa hae oa bademona ba ke ke ba li thibela. Re na le bonnete bo feletseng ba sena. Hobane’ng? Hobane tumelo e joalo ka ho tiea e theiloe litšepisong tsa Ntate oa rōna oa leholimo, ’me lentsoe la Jehova le tiile. (2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-5) Boprofeta ba Molimo le litšepiso tsa oona li ’nile tsa phethahatsoa kamehla. Ka hona, ka tšepo ea pelo eohle, e se e ka batho ba hlophisitsoeng ba Jehova ba ka tsoela pele ho ela hloko lentsoe la Molimo la boprofeta bakeng sa mehla ea rōna.
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka marena ana, ka kōpo bona likhaolo 10 le 11 tsa buka “Thato ea Hao E Etsoe Lefatšeng,” e hatisitsoeng ka 1963 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Na U ka Hopola?
◻ Re tseba joang hore Jesu o teng matleng a ’Muso kajeno?
◻ Mabapi le litaba tsa bopolotiki, Lipaki tsa Jehova li bolokile boemo bofe?
◻ “Morena oa leboea” le “morena oa boroa” ke bate kajeno?
◻ Marena aa a letetsoe ke bofelo bofe?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa lentsoe la Molimo la boprofeta?
[Chate e leqepheng la 27]
607 B.C.E. 1914 C.E.
Mphalane, 607 B.C.E.—Mphalane, 1 B.C.E.= LILEMO 606
Mphalane, 1 B.C.E.—Mphalane, 1914 C.E.= LILEMO 1,914
MEHLA E SUPILENG EA BALICHABA= LILEMO TSE 2,520
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
“Morena oa leboea” o hlompha “molimo oa liqhobosheane”