Bacha, ‘Seo le se Jalang Tla se Kotula’
E NE e le ketsahalo e amang maikutlo. Jesu Kreste o ne a tseba hore tšebeletso ea hae ea lefatšeng e ne e se e fihla bofelong ba eona. O ne a tla ea Jerusalema, ’me moo o ne a emetsoe ke lefu le bohloko.
Jesu o ne a ntse a ruta “matšoele a maholo,” a phekola batho ka mohlolo le ho eletsa barutuoa ba hae ha a sa ntsane a na le nako ea ho etsa joalo. (Mattheu 19:2-12) O ne a hlile a tšoarehile! Mohlomong barutuoa ba hae ba ne ba nahana hore o sebetsa haholo hoo a ka tsotellang bana “ba nkhang lebese,” ba neng ba tlisoa ho eena “hore a ba bee matsoho, a ba rapelle.” (Mattheu 19:13) Ka baka la sena, barutuoa ba “khalemela” batsoali ba nang le moea o motle ba bana bao.—Luka 18:15.
Empa Jesu a etsa joang? “Ha Jesu a bona sena a halefa [a halefela barutuoa ba hae] ’me a re ho bona: ‘Lesang bana ba tle ho ’na; le se ke la ba thibela, hobane ’muso oa Molimo ke oa ba joaloka bona. Ka ’nete ke re ho lōna, e mong le e mong ea sa amohelang ’muso oa Molimo joaloka ngoana a ke ke a kena ho oona.’ ’Me a bea bana matsohong a hae le ho ba hlohonolofatsa, a ba bea matsoho.” (Mareka 10:13-16, NW) E lokela hore ebe batsoali le bana bao ba ile ba thaba haholo hakaakang!
Ketsahalo ena e bontša kameho e mosa eo Kreste Jesu a neng a na le eona bakeng sa bana. Kameho ena ea Jesu e ile ea bonahatsa ka phetheho boikutlo ba Jehova Molimo. Ke Jehova eo ka lerato a ileng a akarelletsa pallo ea bophelo bo bolelele molaong o neng o laela bana ho hlompha batsoali ba bona. (Exoda 20:12; Ba-Efese 6:1-4) Ho feta moo, Molaong oa Moshe Jehova a fana ka tokisetso e khethehileng bakeng sa ho ruta bana lintho tsa moea. (Deuteronoma 6:6, 7) Na u motsoali? Mosa oa hao bakeng sa bana ba hao e mpa feela e le pontšo e sa phethahalang ea boikutlo bo bontšoang ke “Molimo, Ntat’a rōna, o re ratileng.”—2 Ba-Thessalonika 2:16; Genese 1:26.
Litemoso Tse Tebileng
Empa lerato la Jehova Molimo le Jesu Kreste ho bana ha se feela taba ea ho jaroa ke maikutlo. Lerato lena ha le iphoufaletse phoso. (Liproverbia 15:3) Motheo o bolelang hore “seo motho [kapa mocha] a se jalang, o tla se kotula le hona” o ke ke oa fetoloa leshano ka baka la maikutlo a mosa. Bacha le batsoali ba lokela ho elelloa sena.—Ba-Galata 6:7, 8.
Kahobane Jehova a ameha ka bana, o entse hore Lentsoeng la hae ho akarelletsoe litemoso tse tobileng. Ka mohlala, maele a bululetsoeng a re: “Leihlo la motho ea somang ntat’ae, ea nyelisang thuto ea ’m’ae, makhoaba a molapo a tla le honya, malinyane a ntsu a le je.” Ka sebele, nyeliso e mpe le ho hloka kutlo ha bana ho tla ba bolaea!—Liproverbia 30:17; bapisa Exoda 21:15, 17.
Jehova oa tseba hore bacha ba rata ho ba sehlopheng. Haeba u mocha, u ka tiisa hore u ee u ikutloe u na le khatello e matla ea ho bua, ea ho apara le ho itšoara joaloka lithaka tsa hao. Haeba metsoalle ea hao e lokile, ka hona khatello ea eona e ka hlahisa molemo. Empa haeba u har’a tšusumetso e mpe, litholoana tsa eona e tla ba tse senyang. (Liproverbia 13:20) Ha Molao oa Moshe o ne o laela hore ho be le kahlolo ea lefu bakeng sa linyeoe tse neng li fetelletse haholo, molao oo o ne o etsetsoa ho sireletsa bacha—ha e le hantle, batho bohle ba-Iseraele—hore ba se tšoaetsoe hampe ke litšusumetso tse mpe, tsa borabele. E, mora ea hlooho e thata le ea bontšang borabele o ne a bolaoa e le hore ‘ho tlosoe bobe har’a bona.’ (Deuteronoma 21:18-21) Ha ho pelaelo hore batsoali ba Baiseraele ba neng ba batla ho sireletsa bana ba bona mokhatlong o mobe ba ile ba ananela molao oo.
Bibele e totobatsa kamoo lintho li eeng li be mpe kateng ha thaka e tšesaane e lula hammoho ntle ho taeo. Moprofeta ea tšepahalang oa Jehova Elisha o ile a teana le litlokotsebe ha a le leetong ho tloha Jeriko ho ea Bethele. Ba mo etsetsa lerata, ba mo tella haholo esita le ho nyelisa boemo ba hae e le moprofeta. Ba hoa ba re: “Lefatla tooe, nyoloha! Lefatla tooe, nyoloha!” (2 Marena 2:23) Mohlomong ka mantsoe ao ba ne ba bolela hore Elisha a tlohe lefatšeng joalokaha ba ne ba nahana hore moeta-pele oa hae Elia o nyolohile. Ho sa tsotellehe hore na tlhaloso ea mantsoe ao ke efe, ba ne ba sa batle hore moemeli oa Molimo a be har’a bona.
Elisha ha a ka a mamella marata a bona le mahlapa a bona ka nako e telele. Tlaleho e re: “Eena a reteleha, a ba sheba, a ba rohaka ka lebitso la Jehova. Eaba ho tsoa libere tse peli tse tšehali morung, tsa harola bana ba mashome a mane a metso e mebeli.” E tlameha e be batsoali ba bana bao ba ne ba lakalitse hakaakang hore ba ka be ba khalemetse bana ba bona le ho ba ruta ho hlompha batho ba baholo! (2 Marena 2:24; Levitike 19:32) Empa e ne e se e le maobane! Batsoali ba kotula litholoana tsa ho se tsotellehe ha bona.
E se e le tloaelo har’a bacha ba lefatše kajeno hore ba some matichere, batsoali le motho e mong le e mong ea leng bolaoling. Hangata, bangoli ba mananeo a thelevishene ba lefshoa lichelete tse boima hore ba fane ka setšoantšo sa bana ba leng bohlajana ’me batho ba baholo e le lithoto. Bacha ba Bakreste ba potiloe ke batho ba sa hlompheng ’me ka hona ho ka etsahala hore ba tšoaetsoe ke mokhatlo o mobe. Ho bohloko ho bolela hore ba bang ba se ba tšoaelitsoe. Empa ha ho hlokahale hore sena se u etsahalle. Hlaolela hlompho e ntle bakeng sa batho ba baholo ’me haholo-holo batsoali ba hao.
Temoso ho Batsoali
Haeba u motsoali, u lokela ho ameha haholo ka boikutlo le boitšoaro ba ngoana oa hao, kahobane u lakatsa ha ngoana oa hao a ka ‘jalla moea.’ Batsoali, bana ba lōna ba banyenyane ba itšoara joang libokeng tsa Lipaki tsa Jehova? Na ba hlompha ba bang? Ba itšoara joang ha batho ba baholo ba bua le bona? Na ba itšoara hantle esita le kamor’a liboka, kapa na ba matha ho pota Holo ea ’Muso? U itšoara joang ha mohlokomeli a u bolella ka tšitiso e entsoeng ke bana ba hao kapa esita le bona boemo bo kotsi haholo? Na u elelloa kamoo u ka jalang lipeō tsa ho hloka hlompho le tsa ho hloka mekhoa, haeba u etsetsa bana ba hao thebe kahobane u nahana hore ‘ba sa le banyenyane haholo ho ka etsa ntho e lokileng,’ le kamoo hamorao u ka kotulang borabele?
Lipotso tse kang tsena li ka thusa batsoali ba Bakreste. Lipolelo le mehlala ea batsoali li lokela ho thusa bana ho ‘jalla moea.’
Ho Hlokahala Hore le Ele Seli
Haeba u mocha, ho hlokahala hore u leke ka bouena ‘ho jalla moea.’ Sena se akarelletsa ho ela hloko le ho ba le kahlolo e molemo linthong tse sa tšoaneng, ho akarelletsa boithabiso.
Ka mohlala, bacha ba bang ba hōlileng ba ile ba susumetsoa ke metsoalle e mebe ea litšoantšiso tse tsoelang pele tsa thelevishene. Mananeo ana a tšoana le thupelo e koetlisang kelello ka tsela ea nama le ho hlaolela litakatso tse mpe. Le hoja litšoantšiso tsena li ne li etselitsoe ho tlosa bolutu ho ’mè ea leng hae, hona joale li se li sekametse haholo ho bacha. Ka hona, bacha le ka ipotsa: Na ho ka etsahala hore ke thabele tšoantšiso e joalo ’me ka nako e tšoanang ke tsoele pele ke mamela keletso ea Bibele, “se rateng lefatše, leha e le tse lefatšeng”? Hopola hore moapostola Johanne o ile a tsoela pele hore: “Hobane tsohle tse lefatšeng, takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo, ha li tsoe ho Ntate, empa li tsoa lefatšeng.” Hape u se lebale hore “lefatše lea feta, le eona takatso ea Iona.” Kahoo, haeba u batla bophelo bo sa feleng hana litakatso tsa lefatše.—1 Johanne 2:15-17.
Haeba u morati e moholo oa litšoantšiso tse tsoelang pele, na u etsa joalo kahobane u hloile lefatše kapa u sa batle ho ba karolo ea Iona? Kapa ke kahobane sephiring sa pelo ea hao u lakatsa bophelo bo joalo? Mocha e mong oa Mokreste, ’moleli oa nako e tletseng, o ile a iphumana a shebile mananeo a tjena ’me eaba oa nahana, ‘Koana, le hoja ke sa itšoare hampe joalo, bonyane nka shebella ba bang ha ba itšoere hampe.’ Na u kile ua ikutloa ka tsela ee? Haeba ho joalo, ke lipeō tsa mofuta ofe tseo u li jalang pelong ea hao? U ka lebella ho kotula eng nakong eo u oeloang ke bofokoli kapa moleko?
‘Jalla Moeeng’
Bacha, lefatše le etsa hore ho be bonolo haholo hore ‘le jalle nameng.’ Ho na le ntoa e matla e batlang ho laola pelo ea hao, ’me ho leka ho itšireletsa ka tsela e monyebe ha hoa lekana. Moapostola Pauluse o boletse tjena: “Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ea jallang Moea, o tla kotula Moeeng bophelo bo sa feleng.”—Ba-Galata 6:8.
Ho na le maele a khale a Senyesemane a bolelang hore ‘tsela e molemo haholo ea ho itšireletsa ke ea ho hlasela hantle.’ Haeba u batla ho hanela “takatso ea nama” mehleng ena e khopo, lula u le malala-a-laotsoe! Jala lintho tsa moea. Tlatsa pelo ea hao ka lipallo tsa moea, litokisetso tsa moea le maikutlo a moea li tla etsa hore litakatso tsa nama li se fumane sebaka sa ho kena.
Na lipheo tsa hao le tsa balekane ba hao ba sekolo ba lefatše li fapane? Li lokela ho fapana, haeba ka botebo u “jalla Moea.” Ho ka etsahala hore balekane ba bangata bao u ithutang le bona ba rera hore ha ba qeta sekolo, ba fumane mosebetsi le ho etsa chelete e ngata. Empa ho thoe’ng ka uena? Kahobane u na le pono ea lintho tsa moea, ke hobane’ng ha u sa lokisetse ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng, mohlomong ka tšepo ea hore ka letsatsi le leng u sebeletse lehaeng la Bethele kapa u be molebeli ea etang kapa joaloka moromuoa?
U se ke ua khotsofalla ho hoholoa ke maikutlo a bolumeli, u etsisa boikutlo ba lefatše ba hore ‘motho a ka ’na a ba le bolumeli, empa bo lokela ho bolokoa sebakeng sa bona, ’me u phehelle mosebetsi oo u ithutetseng oona.’ Ka ho bolela hore ‘bo be sebakeng sa bona,’ lefatše le bolela hore bo lokela ho nka sebaka sa ho qetela bophelong ba hao. Haeba u amohela mohopolo oo, u tla iphumana u se u leka ho sebeletsa marena a mabeli, ’me Jesu o boletse hore ha ho motho le ea mong ea tla atleha ka ho nka tsela e joalo.—Mattheu 6:24.
Mohlomong u sa saletsoe ke lilemo tse ngata sekolong. Empa le ka mohla u se nahane hore e ka ba ho potlaka haholo ho qalisa ho jala lipeō tsa moea bophelong ba hao. Lithuto tsa hao tsa sekolo tseo u li etsang hona joale li ka u thusa haholo nakong e tlang ha u le tšebeletsong ea nako e tletseng haeba li u hlomella hore u tsebe ho iphumanela mosebetsi oa boipheliso o sa nkeng nako eohle ea hao.
Khabareng, nahana haholo ka ho thusa lelapa leno boitekong ba lona ba ho sebeletsa Jehova le kopane. Bontša hore u chesehela ho lokisetsa liboka tsa Bokreste le ho ba ho tsona. Tebisa kelello ea hao tabeng e fanoang libokeng le hore hamorao u buisane lintlha tsena le batsoali ba hao. Kopanela kamehla le ka mafolo-folo tšebeletsong ea tšimo. Iketsetse lipakane tsa tšebeletso, tse kang ho tsamaisa thuto ea Bibele, kapa bopula-maliboho bo thusang likhoeling tsa lehlabula. Arabela kapele tlhakisong ea batsoali hao.
Bacha, na le ’nile la jalla nameng kapa moeeng? Buang ’nete. Iketsetseng lipakane tsa moea ’me ‘le jalle moeeng’ hona joale. Etsang joalo ha le sa na le nako ea hore le kotule bophelo bo sa feleng!