Bona Mahlohonolo a Bonngoe ba ’Muso!
“Bohle ba tlang ho ba bona ba tla ba tseba hoba ke leloko le hlohonolofalitsoeng ke Jehova.”—ESAIA 61:9.
1. (a) Ke tokisetso efe ea Jehova kajeno e bontšang ho fana ha hae ho matšoele a ntseng a sa mo tsebe? (b) Batho ba hae ba hlohonolofalitsoeng ba tsejoa joang?
HO TLOHA ka 1914 Morena oa leholimo o ile a beoa teroneng ’me a fuoa matla a ho busa. ’Me tokisetso e entsoe bakeng sa phutheho ea lefatšeng tlas’a “mahosana” a busang ka toka. (Esaia 32:1, 2) Ho sena sohle, Jehova o ipakile e le ea fanang ho bohle ba lapelang le ho nyoreloa toka. Kahoo ba lapileng le ba nyoriloeng kahoo ba tle ho bokana ho batho bao Jehova a ba hlohonolofalitseng. Empa ba ba tseba joang? Na ba phahame haholo tikolohong, lipolotiking kapa licheleteng? Che, ha ba tsejoe leha e le ka le leng la mabaka ana. Ke ka hobane ba bontša ho tšoana le Molimo oa bona o fanang le ka ho rata ha bona ho arolelana le ba bang mahlohonolo ao ba seng ba a fumane.
2. Tumellanong le Esaia 32:8, ke tšoaneleho efe e ka bonoang har’a bahlanka ba Jehova lefatšeng kajeno, ’me hoo ke hobane ba mametse keletso efe ea Moetapele oa bona?
2 Molimo o fanang o rutile bahlanka ba oona hore le bona e be ba fanang. Mabapi le motho ea fanang Esaia 32:8 e-ea bolela: ‘Empa motho ea fanang o rera tsa ho fana, ’me o phehella tsa ho fana.’ (Bona NW.) Feela joalokaha Jesu a ile a beela thato ea hae ka thōko ’me a itima lintho tse ngata e le hore a ka phethahatsa thōmo eo a e filoeng ke Molimo ea ho arolelana le ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso tse khanyang, kahoo le balateli ba hae ba ikemiselitse ho etsa joalo. Ba mamela ka hloko keletso ea Jesu: “Fanang, ’me le tla fuoa; le tla feloa sefubeng ka tekanyo e kholo, e hlohliloeng, e katiloeng, e tšolohang; hobane tekanyo eo le ka lekanyang ka eona, le tla lekanngoa ka eona le lōna.” (Luka 6:38) Jehova le Kreste Jesu ke bona ba ka buseletsang ’me ba tla buseletsa bahlanka ba bona ba fanang joalo ka ho ba nea khotsofalo, khotso ea kelello le thabo tholoaneng ea tšebeletso ea bona e tšepahalang e akarelletsang lithahasello tsa ’Muso.
3. Boikutlo ba bahlanka ba tšepahalang ba Jehova bo fapana joang le ba bao ba Bojakane le batšehetsi ba bona?
3 Boikutlo ba ho fana, bo mafolo-folo ba bajali ba fanang ba litaba tse molemo bo fapana le ba ba bang. Moprofeta oa Molimo o bua ka kotsi e oelang basali ba neng ba sa tsotelle ba neng ‘ba rata ho iketla’ ba Jerusalema e sa tšepahaleng. (Esaia 32:9-14) Boikutlo ba bona bo ka ’na ba re hopotsa ba bang ba ipolelang hore ke bahlanka ba Molimo le Kreste, empa ba se mafolo-folo kapa ba sa chesehele tšebeletso ea Jehova. Ka sebele, re ka ’na ra nahana ka ba leng Bojakaneng le ba hlileng ba sa amehang ka letšoele le lapileng le le nyoriloeng. Ho phathahana ha bona ka litaba tsa boipheliso, ba sa nahane ka ho tšoareha mosebetsing o laetsoeng ke Jehova nakong eona ena historing, ho ka fella ka kotsi feela ho bona, joalokaha kotsi e amahanngoa le kotulo e mpe.
4. Bohle ba tsoelang pele ho sebelisa Lentsoe la Molimo ka bolotsana ba letetsoe ke bokamoso bofe?
4 Bojakane le bathusi le batšehetsi ba bona bo letetsoe ke mahlomola le thipitlo feela. Tlala ea moea e lateloang ke ho fokotseha ha batho e lokela ho ba liphello tsa ho timana le ho se bee litholoana ha bona tšebeletsong ea Jehova. Kaha Bakreste bao ba bohata kaofela ba hlōlehile ho lema le ho nosetsa ka nepo, ba sa sebelise Lentsoe la Molimo ka botšepehi, Jehova ha a tlameha ho ‘tsoela pele ho melisa.’—Bapisa 1 Ba-Korinthe 3:6-9.
Litaba tse Molemo Bakeng sa ba Tšepahalang
5. Ho profetiloe eng ho Esaia 32:15, hona e le ka tsoelo-pele efe e babatsehang ho tla fihlela selemong see sa 1984?
5 Ka ho khothatsang ho ba letetseng Jehova ha ka mamello le ka botšepehi ba sebelisa lithahasello tsa ’Muso tseo ba li tšepetsoeng, ho na le litaba tse molemo. Li tlalehiloe ho Esaia 32:15 ka mantsoe ana: “Ho fihlile moea oa leholimo o tšeloa holim’a rōna, le lefella le fetoha serapa, le serapa se tšoana le moru.” Moea o halalelang oa Molimo o tšolletsoe lipaki tsa oona tsa kajeno, o mongata ho tšoana le kamoo o neng o le mongata ho baapostola le barutuoa ba neng ba letile ka Pentekonta ea 33 C.E. (Liketso 2:1-4, 14-18; Joele 2:28, 29) Joaloka nakong eo, ho boetse ho joalo le hona joale, phello ke hore bahlanka ba tšepahalang ba Jehova lefatšeng ba tšoarehile mosebetsing oa ho etsa barutuoa ba eketsehileng. Haholo-holo ka 1919 le 1922 moea oa Jehova o ile oa tšolleloa holim’a batho ba hae, ’me ho qala ka 1922 tšusumetso e khōlō e bile mosebetsing oa ho bolela ’Muso. Tšebetso ena e tsoetse pele le ho atoloha ho tla fihlela selemong sena, sa 1984, ho sa tsotellehe maemo a thata a aparetseng lefatše. Palo ea baboleli ba fanang ba litaba tse molemo e phahame ho tloha palong e nyenyane ea 7 000 kapa 8 000 ka 1922 ho ea ho tlhōro e khōlō ea ba 2 652 323 kajeno.
6. Ho ’nile ha e-ba le liphello life tse ling tse babatsehang ho tloha ha ho tšolleloa moea o halalelang holim’a phutheho ea Jehova e lefatšeng?
6 ‘Moea o tšolotsoeng’ ka sebele o hlahisitse litholoana. Ha re sa kopanela boemo ba lefeella ba lefatše la Satane, leha e le tlala ea moea ea ho utloa Lentsoe la Jehova. (Ezekiele 36:29, 30) Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E., Molimo o lemme “lifate tse kholo”—Bakreste ba matla, ba tiileng—setšeng sa moea sa batho ba oona. “Lifate” tse kholohali joalo, tse beang litholoana, “lehlomela la Jehova,” li hōlile ’me li matlafetse ho ba moru o bonahalang ha phutheho e bonahalang ea barapeli ba Jehova e atolosetsoa ho bohle ba ratang moriti o khathollang le lijo tsa moea tse tsoang ho Molimo oa eona.—Esaia 61:3.
7. Ke eng e susumelitseng bongata bo boholo ba pelo li tšepahalang ho phallela phuthehong e bonahalang ea Jehova?
7 Batho ba pelo li tšepahalang bao hona joale ba tlang ba phallela phuthehong ea Jehova e bonahalang ea puso ea leholimo ba haptjoa ke limakatso tsa paradeise ea moea. Ha ho kae lefatšeng moo ba fumaneng ho loka le toka. Ba utloile ho lekane ka baruti ba se nang tumelo, bo-ralipolotiki ba baikhabi le likhoebo tsa moruo tse meharo. Mahlo a bona a bulehetse mokhatlong oa banna le basali ba tšabang Molimo bao har’a bona ho seng mohla balotsana le bathetsi ba tla netoa ka bosoeu hore ba hlahe ba hlompheha; moo boitšoaro ba bonyefoli le boo e seng ba Bokreste bo khalemeloang le ba etsang litšila le bokhopo ho sebetsanoang le bona ka potlako.
8. Esaia 32:16 e phethahala joang holim’a batho ba Jehova kajeno?
8 Moprofeta o tsoela pele ka molaetsa oo a o filoeng ke Molimo, o re: “Ke moo ho loka ho tla ikahela lefeelleng, bokhabane bo hlole bo le teng serapeng.” (Esaia 32:16) Ka sebele toka le bokhabane li teng phuthehong ea Jehova e bonahalang ea puso ea leholimo. Ha e le hantle, bahlanka bohle ba ’nete ba Molimo baa tseba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba nang le eona le ho e thabela, ho kopanyelletsa boemo bo ratehang ba bona le Jehova, e tla ho bona e le mosa o sa tšoanelang. Ho loka ha bona ke ha Molimo.
9. Mesebetsi ea lipaki tse khabane tsa Jehova e fapana joang le mesebetsi le boikutlo tsa baruti ba Bojakane?
9 Hona ho fapane haholo le boemo ba boitokafatso le ba ho bontša khalalelo ea boikaketsi ea ba phahameng ba Bojakane. Ke ho loka ho pakoang ke mesebetsi—mesebetsi e tlisang thoriso ho Jehova le melemo ho libōpuoa tsa hae tse mamelang tsa meloko eohle le maleme oohle. O mong oa bohlokoa mesebetsing eo ke ho bolela Morena ea busang hona joale ho ea ka thato ea Molimo. Ha ho phutheho e ’ngoe ea batho e tšoarehileng ka ho phatlalatsa taba eo e thabisang. ’Me moutloi e mong le e mong ea pelo e tšepahalang oa molaetsa ona, le eena, o thahasella ho fetisetsa ho baahelani ba hae boitsebiso bo buang ka mahlohonolo a bonngoe ba ’Muso.
Lehlohonolo la Khotso
10. Esaia o tsoela pele ho hlalosa eng boprofeteng ba hae khaolong ea Isa 32, temana ea 17?
10 Mosebetsi ona o namang le lefatše, tšebeletso ena e halalelang, o tsoela pele moeeng oa phutheho oa khotso, khutso le tšireletseho e kang eo Esaia a tsoelang pele ho e hlalosa khaolong ea 32, temana ea 17, ea boprofeta ba hae, a re: “Moputso oa ho loka e tla ba khotso, tholoana ea ho loka e be phomolo le boiketlo ka ho sa eeng kae.” Ke ho loka hona ha ’nete hoo batho ba tšabang Molimo ba meloko eohle le lipuo tsohle ba ’nileng ba ho batla, ’me joale ba ho fumana ka phuthehong ea Lipaki tsa Jehova. Mona khotso e teng, hobane e mong le e mong oa kopanela, o ‘eketsa kamehla ho sebeletsa Morena.’—1 Ba-Korinthe 15:58.
11. (a) Ke bo-mang ba se nang sebaka phuthehong ea Jehova? (b) Ba lelekoa joang, hoba e le ka phello efe ho bahlanka ba tšepahalang ba Jehova?
11 Har’a batho ba Molimo, ha ho sebaka sa ba buang mafeela le sa ba sa lakatseng ho sebetsa tšebeletsong ea Jehova. Ha e le hantle, tšepiso e boletsoeng setšoantšong sa Jesu ho Mattheu 13:24-30, 39, 41 e-ea phethahala hona joale. Mangeloi a kotulang ka sebele a “khetha ’musong oa hae likhopiso tsohle le ba etsang bokhopo.” Mangeloi a ka lemoha hore na bahlanka ba ’nete ba Jehova le ba bohata ke bo-mang. A khona hantle ho tlisa maemo a tla etsa hore basebetsi ba bokhopo ba bonahale e be baa lelekoa mokhatlong oa Bokreste ba ’nete. Phello? Ke phutheho e phelang hantle, e sebetsang thorisong ea Jehova, le ho ntšetsa pele ’Muso oa hae tlas’a Jesu Kreste.
12. (a) Jehova o fa batho ba hae tiiso efe e matla joalokaha e boletsoe ho Esaia 32:18? (b) Ke liketsahalo life tse tlang tse bontšang liriti tsa tsona esale pele, ’me ba tšepahalang ba Jehova ba ameha joang ke hoo?
12 Esaia o tsoela pele ho bolela (32:18): “Sechaba sa ka se tla aha moahong oa khotso, le matlung a tšepehang, nģalong tsa boiketlo le phomolo.” Ka sebele Jehova o file bahlanka ba hae ba khabane ba lefatšeng sebaka le mosebetsi oo ho seng ea ka lumelloang ho ba leleka ho oona. Ba tla lula mona ho fihlela Jehova a phethahalitse morero oa hae ka bona pele ho Harmagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Ho bona, Babylona e Moholo ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, o se o oele. Tšusumetso ea oona e fela ka potlako. Le hona joale, litho tsa sebata se hlalositsoeng ho Tšenolo khaolo ea 17 li mo shebile, li itokisetsa ho ja nama ea hae le ho mo chesa ka ho feletseng ka mollo. (Tšenolo 17:16) Empa lipaki tsa ’Muso ha lia tšoenyeha ho hang ke liketsahalo tse joalo tse leketlileng sebakeng. Ha li kopanele tšabong le ho tepelleng ha batho ba lefatše. Kaha Jehova o re hlohonolofalitse ka tsebo e tlang pele ea liphetoho tse tlang, re khona ho tobana le bokamoso ka tšepo mabapi le se tla hlaha. “Ba ratang molao oa hao [Jehova] ba na le khotso e khōlō, ha ho khopiso ho bona.”—Pesaleme ea 119:165.
13. Ke phetoho efe ea bohlokoa eo Jehova a e tlisitseng ka phuthehong ea hae e bonahalang, ’me hoo ho bile le phello efe boikutlong le mosebetsing oa batho ba hae?
13 Ho Esaia 60:17 moprofeta o profetile hore ho tla ba le liphetoho tsa bohlokoa taolong le litsamaisong tsa puso ea leholimo har’a bahlanka ba Jehova ba lefatšeng. Hona o ho tšoantšelitse ka ho sebelisa koporo, silevera le gauda bakeng sa lintho tse chang le litšepe tse fokolang. Joale rea bala: “Ke tla u fa khotso e be ’musi oa hao, ’me ho loka e be moahloli oa hao.” Bohle ba phuthehong ena e tsebahatsang ’Muso oa Molimo ba thabetse ho sebeletsa hammoho ka khotso, hobane mesebetsi eohle ea bona, ho sa tsotellehe hore na ba tšoarehile lekaleng lefe la tšebeletso, e amana le ho boleloa ha ’Muso lefatšeng lohle. Bohle ba lumellana ka botlalo, ’me bohle ba amehile ka ho phetha mosebetsi. Hona ho fapane hakaakang le ntoa ea boithati, le e tsoelang pele e pakeng tsa mosebetsi le tsamaiso e bakang mathata a mangata hakaale lefatšeng le re potolohileng! Bohle ba phuthehong ea Jehova ’me kahoo ba khona ho tsoela pele mosebetsing oa bona ka khotso le ka taolo e ntle.—Esaia 54:13.
14. Ke bokamoso bofe bo fapaneng haholo bo tobaneng le (a) batho ba mafolo-folo ba Jehova? (b) Bojakane le baratuoa bohle ba bona ba bopolotiki?
14 Batho bana ba hlohonolofalitsoeng le ba mafolo-folo ba tla tsoela pele ba sa sitisoe leha bofelo ba tsamaiso ea lintho ea Satane bo fihla ka tšohanyetso e makatsang. Kahlolo ea Jehova, joaloka sefefo sa sefako se matla holim’a Bojakane le lefatše lohle, e tla tlosa sera ka ho feletseng. Empa batho ba Molimo ba tla pholoha tlas’a tšireletso ea oona ha “moru” o moholo oa batho ba hlometseng ba Satane o rapalla fatše, feela joalokaha Esaia 32:19 e bolela esale pele: “Empa sefako se tla oela holim’a moru, ’me motse o tla kokobetsoa tlase-tlase.” Har’a ketsahalo ena eohle e sisinyang lefatše bahlanka ba Jehova ba tla phomola ka tšepo ea hore “lengeloi la Jehova le lara pel’a ba mo tšabang, lea ba boloka.”—Pesaleme ea 34:7.
Mosebetsi o Moholo o Lokelang ho Phethoa
15. Batho ba Jehova ba sa ntsane ba lokela ho etsa mosebetsi ofe?
15 Mothating ona, ho sa na le mosebetsi o moholo o lokelang ho phethoa ha Jehova a ntse a nea matšoele a lichaba tsohle monyetla oa hore a tutubolle mahlo a oona le ho thibolla litsebe tsa oona molaetseng oa bohlokoa oa pholoho. Ka sebele ho lehlohonolo ba itelang ba sa itšiele letho tšebeletsong e joalo ea ’Muso, ka matla ba jala lipeō tsa ’nete ea ’Muso har’a batho ba lichaba tsohle! Ho hlohonolofatsoa hona ho tšoana le ho hlalositsoeng temaneng ea ho qetela ea Esaia 32:20, e balehang tjena: “Ho lehlohonolo lōna ba jalang kahohle naheng e noselitsoeng, ba sa khineng leoto la khomo le la esele!” Liphoofolo tsena li ne li sebelisoa ke batho ba boholo-holo ba Molimo ho lema masimo bakeng sa ho jala peō. Ka ho tšoanang le kajeno, Jehova o fane ka thepa e hlokoang ke lipaki tsa hae tsa kajeno e le hore ho jaloa ha ’nete ea ’Muso ho ka phethoa ka potlako le ka mafolo-folo, ka tšepo e tiileng ea hore Jehova o tla eketsa tlhohonolofatso ea hae ka mokhoa oa kotulo e khōlō.
16. Re na le bopaki bofe ba hore hona joale Jehova o hlohonolofatsa lipaki tsa hae tsa ’Muso ka ho enneng lefatšeng lohle?
16 Ha re hlahloba tšimo, e leng lefatše, na ha re bone lehlohonolo la Jehova le totobetseng boitekong ba rōna ba ho bolela molaetsa oa ’Muso ka cheseho le kamehla? Matlo a makala a maholoanyane le a ntlafalitsoeng a nka palo e eketsehang ea basebeletsi ba sebetsang ka ho rata ba hlokahalang ho hlokomela mosebetsi o boima oa Bethele linaheng tse ngata. Mechine e hatisang ea morao-rao le mekhoa e bolokang nako li etsoa hore li fumanehe ho ea ka linaha, hoo ho hlahisoa ha Libibele, libuka tse buang ka Bibele le limakasine ho eketsehileng haholo. Palo e hōlang ea bahlanka ba inehetseng, ba kolobelitsoeng ba Molimo e ithaopela ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla le ba thusang, ba senya nako tsatsi le leng le le leng tšebeletsong ea bohlokoa ea ho jala ’nete ea ’Muso lipelong tsa ba bangata. Baboleli ba ’Muso ho e ka bang liphuthehong tsohle ba loanela ho eketsa tšebeletso ea bona, ba etsa joalo ka kananelo e tebileng bakeng sa mahlohonolo ao Jehova a seng a ba tšolletse oona.
17. Ke eng e khethollehileng ka Lipaki tsa Jehova le mosebetsi oa tsona mehleng ea rōna?
17 Ke Lipaki tsa Jehova feela tse tšoarehileng mosebetsing ona o fanang ka bophelo ka baka la ’Muso oa Molimo. Ke tsona feela tse thabileng ka kotulo e seng e ntse e bonahala. Peō eo Jehova a fanang ka eona ho basebetsi ba hae ba tšimo ba ratang e sirelelitsoe le ho khethoa hantle hakaakang! Lithuso tsa rōna tsa ho ithuta Bibele li lokiselitsoe ka pono ea ho susumetsa lipelo tsa ba bangata ba sa ntsaneng ba lokela ho kotula le ho tlisoa phuthehong ea Jehova ea khotso, phutheho ea Bokreste, eo ho Mattheu 13:30 e tšoantšoang le ‘moliko’ oa Mora oa hae.
18. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa ho tsoela pele tšebeletsong ea rōna ea ’Muso ka khotsofalo le ka thabo?
18 Ka ’nete re letsatsing la Jehova, letsatsing la ho phethahala ha “lipallo tse kholohali, tsa bohlokoa” tsa hae ho batho a hae ba inehetseng. (1 Petrose 1:4) Khotso le bonngoe lia eketseha har’a rōna. Re filoe kutloisiso e hlakileng ea merero ea Molimo oa rōna. Re na le khotso ea kelello har’a batho ba lefatše ba otliloeng ke tšabo le ba tsietsoeng. Re ntse re letetsoe ke bokamoso bo tletseng ka mahlohonolo a maholoanyane. Na ha re thabele ho ba baamoheli ba mahlohonolo aa ’ohle a bonngoe ba ’Muso? Hape na ha rea ikemisetsa ho tsoela pele ka mosebetsi oa rōna oa ’Muso thorisong e sa feleng ea Jehova?
U Arabela Joang?
◻ Boikutlo ba bahlanka ba Jehova bo fapana joang le ba Bojakane?
◻ Ho tšolloa ha moea oa Molimo ho felletse ka eng?
◻ Tumellanong le Esaia 32:17, 18, batho ba Jehova ba thabela mahlohonolo afe hona joale?
◻ Re na le bopaki bofe ba hore Jehova o hlohonolofatsa lipaki tsa hae tsa ’Muso?
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Tlhokahalo ea ho ‘tsebahatsa Morena le ’Muso’ e ile ea hatisoa ka 1922 kopanong ea batho ba Jehova Cedar Point, Ohio
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae ka khotso le bonngoe ba lefatše ka bophara