Boloka Tumelo e Tiile
“Le tla tenyetsehela ho le hokae ka ’nģa tse peli?”—1 MARENA 18:21.
1. Ba bang ba itšoara joang ’neteng?
TŠEKAMELO ea ho belaela, e tloaelehileng hakana kajeno, e ka ama le bona boikutlo ba hao ka Molimo le Bibele. Batho ba bang ba utloa ’nete, ba e rate ’me ba ithute Bibele ka nakoana. Ba ea libokeng tse seng kae tsa Bokreste empa ha ba hlile ha ba utloisise ntlha ea hore ho sebeletsa Molimo e lokela ho ba morero oa bona bophelong.—Mattheu 13:3-9.
2. (a) Ba bang ba itšoara joang? (b) Ke keletso efe e molemo e fumanoang ho Ba-Heberu 10:36-39?
2 Ho na le ba bang ba amohetseng ’nete, ba nehetse bophelo ba bona ho Jehova Molimo ka Jesu Kreste ’me ba tšoantšelitse boinehelo boo ka kolobetso ea metsing. Empa ba hlōleha ho tsoela pele. Nako le nako ba sebetsa hora e le ’ngoe kapa tse peli tšebeletsong ea tšimo. Empa ha ba hlile ha ba phelele boinehelo ba bona, hobane ho inehela ho Molimo u sa itšiele letho ho bolela ho inehela ho eena ka ho feletseng le ka matla.—Mattheu 16:24; Ba-Heberu 10:36-39.
3. Elia o ile a re’ng ka boemo bo batlang bo tšoana?
3 Batho ba tsila-tsilang ba ka ’na ba rata ’nete, empa ba boetse ba rata le lefatše. E ka ’na eaba ba ntse ba labalabela tse ling tsa litsela tsa khale. Botšepehi ba bona boa thekesela. Khale, Elia o ile a botsa Baiseraele: “Le tla tenyetsehela ho le hokae ka ’nģa tse peli? Ha Jehova e le Molimo oa ’nete, mo lateleng; haeba ke Baale, mo lateleng.”—1 Marena 18:21.
4. Molemo oa tšebeletso e chesehang ke ofe?
4 Batho ba Jehova ba fumana thabo le khatholoho tšebeletsong e chesehang. (Tite 2:13, 14) E ba thusa ho lula ba phela moeeng. Ba bangata, haholo-holo ba nang le phihlelo e telele tšebeletsong ea Molimo, ba bontša cheseho e hlokomelehang. Empa litlaleho tse tsoang libakeng tse ngata li hlahisa hore ba bang ba banyenyane kapa ba bacha ba ntse ba lekoa ke lefatše ho e-na le ho ikakhela ka pelo eohle tšebeletsong ea Jehova. Nahana ka thabo le mahlohonolo ao ba neng ba ka a fumana haeba ba ne ba tiea ’neteng ’me ka matla ba tsoela pele tšebeletsong e halalelang, mohlomong e le bo-pula-maliboho ba nako e tletseng, ka cheseho ba hatisa ho ba bang ho potlaka ha mehla ea rōna.
5. Ke lipotso life tseo ho ka bang hotle ho ipotsa tsona?
5 Ho ka ’na ha e-ba hotle ho ipotsa: Na e hlile ke tiile tumelong, kapa ke talimile koa le koa? Na ke lumella lintho tse thabisang empa e le tsa molemo o monyenyane ho qeta nako ea ka? Na ke senya nako e ngata ke shebelletse thelevishene, ke phehella lipapali kapa ho etsa lintho tse ling tse thabisang empa e le tse jang nako e ngata ho feta eo ke e nehelang tšebeletsong ea Molimo? Kapa morero oa ka oa sebele bophelong ke ho mamela ka boikokobetso le ho sebeletsa Molimo? Haeba ho etsa thato ea Molimo ke morero oa hao bophelong, Molimo o tla u tšehetsa, ’me u tla thabela mahlohonolo a hae ka ho sa feleng.
6. Ke keletso efe lengolong la Jakobo e ka re thusang ho boloka tumelo e tiileng?
6 Ke habohlokoa ho nka mehato e sebetsang ho boloka tumelo ea hao e tiile u talimile bophelo bo sa feleng Taolong e Ncha ea Molimo. Elia o ile a khothalletsa ba bang hore ka sebete ba emele se nepahetseng. Jakobo o ngotse: “Ka baka leo, ipeeng ka tlase ho Molimo, le hanele Diabolose, ’me o tla le balehela. Atamelang Molimo, ’me o tla le atamela. Baetsalibe, hatlelang, ’me lōna ba pelo li peli, hlatsoang lipelo tsa lōna.” Jakobo o ne a ngolla ba neng ba hloka ho baka hobane lipelo tsa bona tse lika-likang li ne li ba etsa hore ba tšoarehe liketsong tse sa thabiseng Molimo. Keletso ea hae e ka ba le thuso haeba u ne u lekiloe ke litsela tsa lefatše. Jakobo o ngotse: “Hlomohang lipelo, le lle, le bokolle; litšeho tsa lōna li fetohe lillo, thabo ea lōna e fetohe masoabi. Ikokobetseng pel’a Morena, ’me o tla le phahamisa.”—Jakobo 4:7-10.
Tsebo e Haha Tumelo
7. (a) Tsebo e amana joang le tumelo? (b) Ke hobane’ng ha u lokela ho sebelisa Bibele ho haha tumelo?
7 Tumelo ke pontšo ea ho tšepa. E theiloe tsebong e nepahetseng le liphihlelong. Ha u tseba haholoanyane ka Molimo le phihlelo ea hao e eketseha Lentsoeng la oona le litseleng tsa oona, tumelo ea hao e tla ba matla. Bibele e re: “Tumelo ke tšepiso e tiileng ea lintho tse lebeletsoeng.” (Ba-Heberu 11:1) Tumelo ea hao e ka ba e tiileng joang haeba u e-na le tsebo e sa tebang ea seo Jehova a se entseng? Molimo o u file kelello, bohlale le matla a ho utloisisa. Tsena ke limpho, ’me o u lebelletse hore u li sebelise ha u ithuta ka eena. Haeba u ngolla motho e mong lengolo, u lebelletse hore a le bale, e seng hore a le bee rakeng kapa a le siee tafoleng e le mokhabiso. Na u se u balile le ho ithuta mangolo ao Molimo o re ngoletseng oona—Lentsoe la oona le ngotsoeng? Ka ho ithuta Iona le ho le utloisisa u tla ithuta lintho tseo u neng u ke ke ua li tseba. Ke habohlokoa ho hopola molemo oa boitsebiso boo Bibele e fanang ka bona. Moholo e mong oa Mokreste o itse: “Hangata batho ba belaelang ke ba sa ithuteng haholo. Ha ba tsebe haholo ka Bibele—ha ho mohla ba hlileng ba inkelang ’nete hore e be ea bona.”
8. Ho khothaletsoa eng haeba motho a hlahisa potso eo u ke keng ua e arabela?
8 Ha motho e mong a hlahisa potso eo u ke keng ua e arabela, na hoo ho lokela ho khathatsa tumelo ea hao? Che. Ha ho motho ea tsebang ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Kahoo, etsa patlisiso. Hlahloba temana. Bala litemana tse e potolohileng ’me u netefatse taba. Comprehensive Concordance of the New World Translation of the Holy Scriptures, buka Aid to Bible Understanding le Watch Tower Publications Indexes li ka u thusa ho fumana litemana tse amanang le taba eo, boitsebiso ba motheo le puisano ea taba eo. Bakreste ba nang le phihlelo le bona ba ka thusa. Paki e nang le phihlelo ea lilemo e itse: “Ha ho mohla nkileng ka hlōleha ho fumana karabelo e khotsofatsang.”
9. Re ka ithuta eng mohlaleng oa Baberea?
9 Re lokela ho tšoana le Baberea ba boleloang ka hlompho ka Bibeleng hobane ba ne “ba botsisisa Mangolo ka matsatsi ’ohle” ho etsa bonnete ba hore lintho tseo moapostola Pauluse a li rutang ke ’nete. Ha ba ka ba nyahamisoa ke seo ba se fumaneng. Kahoo, “ba bangata har’a bona ba ba ba lumela.” E mong oa bona, ea bitsoang Sopatere, a ba le tokelo ea ho tsamaea le Pauluse ho haola Macedonia leetong la boraro la moapostola eo la boromuoa.—Liketso 17:10-12; 20:4.
Boikokobetso Boa Hlokahala
10. (a) Tsebo e ka sebelisoa hampe joang (b) U nahana hore Liproverbia 16:5 e lokela ho ba le phello efe boikutlong ba rōna?
10 Tsebo ka boeona ha e-ea fella. Ho e-na le hoo, ke ntho e lokelang ho re thusa ho ananela Jehova Molimo le Lentsoe la hae. Tsebo e nepahetseng, e kopane le lerato, li lokela ho susumetsa boikokobetso, e seng maikutlo a fetelelitsoeng a hore re ba bohlokoa. Batho ba bang ha ba ithutele ho sebeletsa Molimo hamolemo, empa ba ithutela ho iphahamisa le ho phahamisa maikutlo a bona. Ba ka ’na ba ikhohomosa ’me ba hanyetsa ba bang—baena ba hōlileng esita le phutheho ea Bokreste le sehlopha sa ’nete ea Bibele seo e se rutang.—Liproverbia 16:5; 1 Ba-Korinthe 8:1.
11. Tsebo ea rōna le bohlale ba rōna li ne li tsoa hokae, ’me hoo ho lokela ho re ruta eng ka boikokobetso?
11 Leha ho le joalo, ha ho letho leo re sa kang ra le fumana mohloling o mong o itseng. Re futsitse bohlale ba rōna ho batsoali ba rōna, empa qalehong, ke Jehova Molimo ’Mōpi oa rōna, ea bo fileng batho. Re fumane tsebo ka batho ba re thusitseng, linthong tseo re li balileng le ho Molimo eo e leng mohloli oa ’nete. Ha e le hantle, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re ileng ra qala ho ba le eona e tsoa ho Molimo. Moapostola o ngotse: “Hobane ke mang ea u khethang ho e mong? ’Me u na le eng eo u sa kang ua e fuoa? ’Me ekare ha u e filoe, u ka ithorisa joang, joale ka hoja u sa ka ua e fuoa?”—1 Ba-Korinthe 4:7.
12. Ke ntlha efe e matla e boleloang ho Pesaleme ea 25:9 le Jakobo 4:6?
12 Jehova ha a re ahlole ka bohlale boo re bo futsitseng empa ka boikokobetso ba rōna le ka ho rata ha rōna ho ithuta tsela ea hae le ho e latela. Boikokobetso le tumelo li tsamaea hammoho. Bibele e re ke ba “bonolo” bao Molimo o tlang ho ba ruta tsela ea oona. E boetse e re: “Molimo o hanela baikhohomosi, empa o hauhela ba ikokobelitseng.”—Pesaleme ea 25:9; Jakobo 4:6.
13. Mehlala e meng ea hore re rutehe ke efe?
13 Boikokobetso bo akarelletsa ho lumela ha u bontšoa phoso. Baapostola Petrose le Thomase ke mehlala e totobetseng ea sena. Petrose o ne a potlakela ho bua, ’me ka hona a khalemeloa hangata, esita le ho nyatsuoa hangata. Empa Petrose e ne e le sesebetsi se chesehang le se mafolo-folo, ’me tumelo ea hae, ho etella pele ha hae le sebete sa hae ke mehlala e totobetseng bakeng sa rōna bohle. Thomase ha a ka a lumela hore Jesu o tsositsoe, empa ha a bontšoa bopaki, a lumela kapele. Na re bontša boikokobetso bo joalo ha liphoso tsa rōna kapa ho se utloisise ha rōna ho lokisoa ke Mangolo?—Johanne 20:24-29.
Leka Tumelo ea Hao
14. Moholo e mong oa Mokreste o etsa eng e mo thusang ho boloka tumelo e tiileng?
14 Moholo e mong oa Mokreste, ea bileng ’neteng ka nako e telele, hangata oa ipotsa hore na ke hobane’ng ha tumelo ea hae e ntse e le matla ha batho ba bang bao a neng a ba tseba ba se ba khelohile. O bolela hore kamehla o ne a hopola keletso ea Pauluse: “Itekoleng e le lōna, le tle le bone ha le le tumelong; itekeng e le lōna.” (2 Ba-Korinthe 13:5) Hangata ha moholo enoa a ea mosebetsing o-oa iteka, a pheta linnete tsa Bibele kelellong ea hae. O bōpa setšoantšo sa puisano ea linnete tsena ka kelellong, ka monahanong a iketsa e ka o-oa li hlalosa le ho li emela ka pel’a batho ba mefuta eohle. Moena enoa o bontša hore hangata lipuo tsa phatlalatsa Holong ea ’Muso li tsosolosa likelellong tsa rōna ’nete ea hore ka sebele Bibele ke Lentsoe la Molimo. Empa o-oa botsa: “Re ne re tla tseba lintho tsee joang haeba re sa ka ra ba libokeng moo ho buisanoang ka tsona?” Kamehla o ipotsa ka molemo oa Molimo le phutheho ea Oona. Molebeli enoa oa Mokreste o kopanyelletsa kananelo ea tsena lithapelong tsa hae ’me o re: “Ke leboha Jehova ka ho ntumella ho lula le batho ba hae.” Na u ka rua molemo ka ho sebelisa liteko tse joalo ho bona haeba u hlile u le “tumelong”?
Thapelo Ke ea Bohlokoa
15, 16. Ke hobane’ng ha thapelo e le ea bohlokoa hakale hore re boloke tumelo ea rōna e tiile?
15 Mohlala ona o hlahisa lintlha tse peli tsa bohlokoa tsa ho boloka tumelo e tiileng: thapelo le liboka tsa Bokreste. Hangata, batho bao tumelo ea bona e fokolang ba rapela seoelo. Ntate e mong oa Mokreste o lula a hopotse ’nete ea hore Daniele o ile a rapela hangata ka letsatsi, leha molao o khahlanong le thapelo o ne o ntšitsoe. (Daniele 6:6-10) Ka makhetlo a mangata ka letsatsi ntate enoa o talima ho Jehova bakeng sa bohlale le tataiso.
16 Na ua tsila-tsila ha u lokela ho rapela? Pesaleme e re: “Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang, le bohle ba mo rapelang ka ’nete.” Jesu a botsa: “’Me lōna, ba lonya, ha le tseba ho nea bana ba Iōna ntho tse molemo, Ntat’a lōna ea maholimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba kōpang ho eena tse molemo!” (Pesaleme ea 145:18; Mattheu 7:11) Ka sebele, Jehova o tla fa bao ka boikokobetso ba kōpang “tse molemo” ka tumelo.
Karolo ea Liboka
17. Ke mehlala efe ea Bibele e bontšang hore ke habohlokoa ho kopana le balumeli hammoho le rōna?
17 Ho phaella thapelong, ho kopanela kamehla le balumeli hammoho le rōna ho boetse hoa hlokahala hore re be le tumelo. Hararo ka selemo se seng le se seng Moiseraele e mong le e mong e motona o ne a tlameha ho ‘hlaha pel’a Morena Jehova’ Jerusalema. Ka ho hlokomela molemo o phahameng oa moea oa liketsahalo tse joalo, banna ba bangata ba ne ba e-ea le malapa ’ohle a bona. (Exoda 23:14-17; Luka 2:41-45) Ho feta moo, Pauluse a lebella khothatso e hahang tumelo e tsoang phuthehong e Roma. A hloloheloa ho ba le balumeli ’moho le eena moo e le hore ba ka ‘tšelisana’ le ho hahana moeeng ka tumelo ea e mong ho e mong.—Ba-Roma 1:11, 12.
18. Ba matla tumelong ba talima liboka tsa Bokreste joang?
18 Batho bao tumelo ea bona e leng matla ba sebelisa hamolemo liboka tsohle tsa Bokreste. Ha ba tsamaee kamor’a hora ea pele, kapa ba tle feela ka ea bobeli. Ba nka liboka tsena e le tsa bohlokoa, ba hlokomela hore li fana ka monyetla oa ho ithuta, ho khothatsoa, ho hlohonolofatsoa, le hore libokeng tse joalo re ka fumana thuso e tsoang ho baena ba lerato ’me re ka isana “leratong le mesebetsing e metle.” (Ba-Heberu 10:24, 25) Re ka fumana khothatso e joalo joang ka ntle le ho kopana le bao ba ka fanang ka eona?
Ho Paka le Tumelo ea Rōna
19. Ho paka ha Bokreste ho matlafatsa tumelo joang?
19 Ho paka ha Bokreste ke thuso e ’ngoe ea ho haha tumelo. Jakobo o ngotse: “Mpontše he tumelo ea hao ho se mesebetsi, ’me ’na ke tla u bontša tumelo ea ka ka mesebetsi ea ka. Hobane, joale ka ha ’mele o se nang moea o shoele, le eona tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.” (Jakobo 2:18, 26) Mosebetsi o moholo oa Bakreste ke ho ruta ba bang, ’me mang le mang ho Lipaki tsa Jehova o tla u bolella hore: ‘Ho paka ho hlile ho haha tumelo!’ Ha ho ruise feela ea rutoang molemo empa le eena ea rutang. Ke mosebetsi o hahang, o matlafatsang tumelo. Ho paka ho u etsa hore u sireletse tumelo ea hao. Ho chorisa monahano oa hao. E, ’me ho paka ka ’Muso ho tlisa mahlohonolo a tsoang ho Molimo, ho kopanyelletsa le tataiso ea moea oa oona.—Mareka 13:11; Ba-Roma 10:14, 15.
Ho Tšepa “Mohlanka”
20, 21. (a) Ke eng ea bohlokoa e ka hopoloang ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale”? (b) Mokreste e mong o boletse see joang?
20 Ke habohlokoa hape ho hopola moo re ithutileng ’nete teng pele. Ke mang ea re thusitseng ho haha tumelo ea rōna Bibeleng le litšepisong tsa eona? Re ile ra utloisisa joang seo Bibele e se bolelang bakeng sa rōna kajeno? Jesu o itse ho khutleng ha hae o ne a tla fumana “mohlanka ea khabane, ea bohlale” a fana ka lijo tsa moea le hore “mohlanka” ea neng a tla fumanoa a etsa joalo o ne a tla beoa moalosi oa mesebetsi eohle ea morena.—Mattheu 24:45-47.
21 Monna e mong oa Mokreste o itse: “Phutheho e bonahalang ea Jehova ke mohloli o tšepahalang ka ho makatsang. Ha ho mohla e kileng ea nkhelosa ka tsela leha e le efe. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo e e boletseng e theiloe Lentsoeng la Molimo ’me e bile ea molemohali bakeng sa ka, lelapa la ka le bakeng sa e mong le e mong eo ke mo tsebang. Hona ho haha tumelo e makatsang.”
22. Ke lipotso life tse ka u thusang ho hlahloba kamoo u hlokomelang tumelo ea hao kateng?
22 Na u ithutile Lentsoe la Jehova, ua le amohela le ho le lumela? Na u nehetse bophelo ba hao ho Molimo ’me ua tšoantšetsa boinehelo boo ka kolobetso ea metsing? Na hona joale u phela tumellanong le boinehelo boo? Na u kopa tataiso, tsebo le tumelo ho Molimo? Na u ntšetsa pele thuto ea hao ea botho, kamehla le ka matla? Na kamehla u libokeng tsa Bokreste? Na u mafolo-folo hape u cheseha tšebeletsong e halalelang ea Molimo? ’Me na u ntlafatsa boleng ba tšebeletso ea hao ea ho etsa barutuoa, kapa u se u e fetotse tloaelo?—Mattheu 28:19, 20.
23. U lokela ho tobana le mathata, liteko le litšitiso joang?
23 Ha e le hantle, bohle re na le mathata, hape re na le mefokolo ea rōna. Empa ha re tobane le liteko le litšitiso ha rea tlameha ho lika-lika, le ho tenyetsehela ka mahlakoreng a mabeli. Ho e-na le hoo, re batla ho ba le khopolo e le ’ngoe le ho tiiseha ka ’nete. Jakobo o ngotse: “Banab’eso, le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlaheloa ke meleko e mengata; le ntse le tseba hobane ho lekoa ha tumelo ea lōna ho hlahisa mamello.” Pauluse a eletsa: “Falimehang, le tiee tumelong; le etse ka senna, le matlafale.” (Jakobo 1:2, 3; 1 Ba-Korinthe 16:13) Ho lula tumelong ea ’nete re le Lipaki tsa Jehova, re tlameha ho hlahisa tšoaneleho ea tumelo, tholoana ea moea o halalelang oa Molimo.—Ba-Galata 5:22, 23.
24. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakale ho ba le tumelo e tiileng?
24 Ke hobane’ng ha u lokela ho etsa see? Hobane tumelo ke thebe khahlanong le Satane, ea ‘lika-likang joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.’ “Ka holim’a tseo tsohle le tšoare thebe ea tumelo eo ka eona le ka tsebang ho tima metsu eohle e tukang ea molotsana.” (1 Petrose 5:8-10; Ba-Efese 6:16) Haeba u boloka tumelo e tiile, u tla rata ho etsa lintho ka tsela ea Molimo. Pelo ea hao e tla loka. Mesebetsi ea hao e tla lumellana le litaelo tsa oona, ’me u tla tsoela pele, kamehla tseleng e tšesane e isang bophelong.—Mattheu 7:14.
Ka tsela ea Hlahlobo:
◻ Ke hobane’ng ha batho ba bang ba belaela, ’me ba ka etsa joang ka hona?
◻ U ithutile eng ka tsebo le boikokobetso?
◻ U ka matlafatsa tumelo ea hao joang?
◻ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakale ho boloka tumelo e tiile?
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Libuka tsa Watch Tower ke thuso e khōlō patlisisong ea lithuto tsa Bibele le lipotso tsa eona