Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 9/15 maq. 15-20
  • “Ba-Iseraele Bohle” ba Bolokiloe ho Hlohonolofatsa Batho Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ba-Iseraele Bohle” ba Bolokiloe ho Hlohonolofatsa Batho Bohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipaki tsa Jehova—Batho ba Mofuta Ofe?
  • Bakeng sa Tlhohonolofatso, e Seng Thohako
  • “Ba-lseraele Bohle ba Tla Bolokeha”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Ntlo ea Jehova e Phahamisetsoa Holimo
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
  • Ho Lula ba Hlophiselitsoe ho Pholohela ho Millennium
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 9/15 maq. 15-20

“Ba-Iseraele Bohle” ba Bolokiloe ho Hlohonolofatsa Batho Bohle

1. Ke hobane’ng ha Rephabliki ea Iseraele e sa lokela ho lebella hore kaha ke setho sa Machaba a Kopaneng Molimo o tla e sebelisetsa ho hlohonolofatsa batho bohle?

JEHOVA a tšepisa Abrahama hore mefuta eohle le lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa ka leloko la mopatriareka eo ea khabane. (Genese 12:3; 22:17, 18) Empa litšepiso tseo tse entsoeng lekholong la bo20 la lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna ha li bolele hore Molimo o tla hlohonolofatsa Machaba a Kopaneng, mohlahlami oa mofu Selekane sa Lichaba. Ka baka leo, kaha Rephabliki ea Iseraele ea kajeno ke setho sa Machaba a Kopaneng, e se ke ea lebella hore e ka sebelisoa ke Molimo oa Iseraele ea boholo-holo ho hlohonolofatseng batho bohle. Machaba a Kopaneng e hlile a eme tseleng ea ’Muso oa Molimo ka “leloko” la Abrahama. Kahoo, ke “manyala a bofeliso” a kajeno. (Mattheu 24:15) Che, Machaba a Kopaneng hase tlhohonolofatso, le hoja baruti ba bolumeli ba Bojakane le bo-rabbi ba Sejode ba rapella mokhatlo oo mahlohonolo a leholimo. Ha e le hantle ke “setšoantšo sa sebata,” mokhatlo o bonahalang oa lipolotiki le khoebo ea “molimo oa lefatše lena,” Satane Diabolose. Machaba a Kopaneng a tla tloha a timetsoa le mokhatlo oo oa sebata.—Tšenolo 13:1-18; 2 Ba-Korinthe 4:4.

2. Masala a “ba-lseraele bohle” a sebetsa lintho ka mokhoa o fapaneng le Rephabliki ea Iseraele joang?

2 Khabareng, Rephabliki ea Iseraele e loanela bophelo ba eona ho litho tse ling tsa Machaba a Kopaneng. Empa masala a “ba-lseraele bohle” ha a etsise Rephabliki ea Iseraele. (Ba-Roma 11:26) Masala ao ha a rapele “setšoantšo sa sebata.” Ho e-na le hoo, Baiseraele ba moea ba pepesa seo Machaba a Kopaneng a leng sona ponong ea Molimo—bolotsana bo ekang batho hore ba itšetlehe ka Machaba a Kopaneng ho e-na le ’Muso oa Jehova ka Kreste Jesu. Ka lebaka lena masala a “ba-lseraele bohle” a lutse e le karolo ea phutheho ea bokahohle ea Jehova. Masala a ‘leloko la Abrahama’ la moea a ntse a ipaka e le lehlohonolo ho lichaba tsohle le malapa a batho. Ka hona litšepiso tsa Jehova tsa boprofeta li ipakile e le ’nete.

3, 4. Lilemo tse ka bang 2 700 pele ho 1914, Jehova a bululela Esaia hore a ngole eng ka “lichaba kaofela”?

3 Lilemong tse fetileng tse 2 700, Jehova Molimo o hlile a supa mehla eo ka eona litanka tsa ntoa tsa tšepe le lifofane li neng li tla sebelisoa ka lekhetlo la pele ha mabotho a oelana ka ntoa, leha ntoa ea ho ipata ka mekoting e tla sebelisoa ka mokhoa o khethehileng, masole a ne a tla tlameha ho itšireletsa hore a se phefumolohe moea o bolaeang, le likanono tse thunyetsang hole joaloka “Big Bertha” tse neng li tla sebelisoa ntoeng e mahlo-a-mafubelu. E, lilemo tse ka bang makholo a 27 pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, Jehova Molimo a bululela moprofeta Esaia hore a hlalose ho hong ho neng ho tla etsahala ka nako eo, a re:

4 “Taba eo Esaia, mor’a Amotse, a e senoletsoeng bakeng sa Juda le Jerusalema: Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba kaofela li tla phallela teng. Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo [Iseraele], o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona; hobane molao o tla tsoa Sione, lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema. Jehova o tla ahlolela lichaba, a laee mefuta e mengata, ’me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana. Tlong, ba ntlo ea Jakobo, a re tsamaeeng leseling la Jehova.”—Esaia 2:1-5.

5. Har’a se entsoeng ke Rephabliki ea Iseraele, boprofeta ba Esaia bo amanang le “ntlo ea Jehova” bo tlameha ho talingoa ponong efe?

5 Ha re bone boprofeta bona bo babatsehang bo phethahala kajeno Jerusalema ea Bochabela bo Hare, Rephabliking ea Iseraele. Ho se kileng sa bitsoa Thaba ea Sione ha re bone tempele ea Jehova, empa, ho e-na le hoo, re bona Mokhoro oa Muhammade le ntlo ea thapelo e nehetsoeng ho Allah. Baeti ba bangata ba tsoang lichabeng tse ngata ha ba etele sebaka sena sa bolumeli ka morero oa borapeli, empa fela ho ea hlahloba moaho ona o motle oa Islamo. Ho ke ke ha latoloa he, hore, “mehleng ea bofelo” ea tsamaiso ena ea lintho e kulelang lefu, ho hang boprofeta ba Esaia ha bo phethahale tabeng ea naha ea kajeno ea Iseraele. Ha e-ea rereloa ho ba “ba-Iseraele bohle” ba tla bolokeha ho hlohonolofatsa batho bohle, phethahatsong ea tšepiso ea Jehova ho Abrahama. Ke kahoo mantsoe a boprofeta a reng “thaba ea ntlo ea Jehova,” a tlamehang ho talingoa ka kutloisiso ea moea mabapi le “Iseraele oa Molimo.”—Ba-Galata 6:16.

6. (a) Petrose o bontšitse joang hore na “Iseraele oa Molimo” ke sechaba sa mofuta ofe? (b) Ke ha ho etsahala eng moo “lichaba kaofela” li ileng tsa qala ho phallela “ntlong ea Jehova”?

6 ‘Iseraele enoa oa Molimo’ ke sechaba sa moea, joalokaha moapostola Petrose a bontšitse ha a ngola: “Le moloko o khethiloeng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng, le tle le bolele lithoko tsa ea le bitsitseng lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.” (1 Petrose 2:9) Masala a kajeno a ‘sechaba sena se khethiloeng’ a ema e le tšoantšetso ea “ntlo ea Jehova” ’me ke oona mokokotlo oa Lipaki tsa Jehova kajeno. ‘Mehla ea bofelo’ e ne e e-na le lilemo tse 21 e qalile—ha puso ea bompoli ea Mussolumi ea Roma e K’hatholike le ea Bonazi ba Hitler e ne e ikonka Europa—ha “lichaba kaofela” li tla qala ho phallela ‘ntoeng ea Jehova’ ea moea eo, Lipaki tsa Jehova li e phahamiselitseng ka holimo ho lithaba.

7. Ke hobane’ng ha e ne e se taba e fokolang ha lichaba li qala ho phallela ‘ntlong ea Jehova’?

7 Qaleho ena ea bohlokoa ea tšoauoa ke kopano e akaretsang ho ea qetellong ea selemo ka 1935 Washington, D.C., motse oa moreneng oa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika. Nakong ea puo e hlokomelehang haholo kopanong eo, setho sa “ba-Iseraele bohle”—J. F. Rutherford, ka nako eo e le mookameli oa Watch Tower Bible and Tract Society—a lokisa kutloisiso e fosahetseng e neng e bile teng har’a Liithuti tsa Bibele tsa Machaba. A supa hore “bongata bo boholo,” bo tla bokelloa likarolong tsohle tsa batho le bo neng bo tla rapela Molimo tempeleng ea Oona ea moea (kaha tempele e bonahalang ea Jerusalema e ne e timelitsoe ke Baroma ka 70 C.E.) bo ne bo tla ba sehlopha sa lefatšeng. (Tšenolo 7:9-17) Sehlopha sena se ne se lebelletse ho phonyoha Harmagedone le ho kena tsamaisong e ncha ea lintho pusong e atamelang ea Lilemo tse Sekete ea Jesu Kreste, eo e bileng morena maholimong ho tloha ka 1914.

8. (a) Ke ketsahalo efe e tšoaeang mehla e etsahetseng kopanong ea Washington D.C. ka 1935? (b) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore “lichaba kaofela” li phallela ‘ntlong ea Jehova’?

8 Bohato bo ileng ba nkuoa ka leseli lena le senotsoeng ba tšoaea phetoho. Kopanong eo e khōlō, ha kolobetsoa ba 840 ho ba teng tšoantšetsong ea boinehelo ba bona ho Jehova Molimo ka Jesu Kreste. Ha hoa ka ha qaqisoa hore na ho ne ho le teng lichaba tse kae sehlopheng seo, empa li ne li hopotse ka tšepo ea paradeise ea lefatšeng. Kajeno, lilemo tse fetang 49 hamorao, Lipaki tsa Jehova li baloa ka bongata bo boholo ho feta “ba-Iseraele bohle.” Li tšoarehile linaheng tse 205 lefatšeng lohle. Ka tlhaloso e atolohileng, “lichaba kaofela” li phallela ntlong ea borapeli e phahamisitsoeng ea Jehova.

Lipaki tsa Jehova—Batho ba Mofuta Ofe?

9. Ho fapana le Rephabliki ea Iseraele, Lipaki tsa Jehova li nkile tsela efe phethahatsong ea Esaia 2:4?

9 Ha re bapisa Lipaki tsa Jehova le kaheho ea Rephabliki ea Iseraele, re fumana batho ba mofuta ofe kajeno? Na li hlometse ka libolaea tsa ntoa joaloka rephabliki eo ho loantša ba tšosang hore ba tla li bolaea? Che! ho e-na le hoo, ke bona batho ba hlileng ba boleloa ho Esaia 2:4. Kaha li phahamisa borapeli ba Jehova ntlong ea moea ea Molimo, ka tsela ea tšoantšetso li teile lisabole tsa tsona mehoma le marumo a tsona lisekele. Ha li etsisa Moeta-pele oa tsona, Jesu Kreste, li tšepile Jehova Molimo ho ba Mosireletsi oa tsona. Le hoja li tsoa lichabeng tsohle tsa lefatše, ha li lumele hore bora ba bochaba bo li laole; leha e le hore li itšunya-tšunya lipolotiking tsa lefatše. Ka kutloisiso ea sebele, ha li sa ithuta ntoa ea nama. Ha li jele pate lipolotiking le likhohlanong tsa lefatše. Ruri, ha li sa sebelisa libolaea tsa ho itšireletsa le tsa leqhoko. Li kholoa se boletsoeng ke Jesu Kreste—hore ’Muso oa hae ‘ha se karolo ea lefatše lena.’ Ho seng joalo, barutuoa ba hae ba ka be ba o loanela ka libolaea tse tsoetseng pele ka ho fetisisa tsa ntoa.—Johanne 18:36.

10. (a) Lipaki tsa Jehova li tšoarehile feela ntoeng efe? (b) Ke ‘molao ofe o mocha’ o mameloang ke Lipaki, ’me li ho etsa joang?

10 Ho e-na le hoo, Lipaki tsa Jehova li tšoarehile feela ntoeng ea moea. Li loantša meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo. Ka hona lihlomo tsa tsona hase tsa nama, ha li tšolle mali. (Ba-Efese 6:10-18) Ha li loantše batho, e bile ha li loane le bana babo tsona ba moea ka phuthehong ea Jehova. Li utloa taelo ea Jesu Kreste ea ho rata bana babo bona moeeng, joalokaha a re ratile, ho isa moo e bileng a tella barutuoa ba hae bophelo ba hae ba botho. Hona ho lumellana le “molao o mocha” oo Jesu a o fileng balateli ba hae, hore ba ratane joalokaha a ba ratile.—Johanne 13:34.

11. Lerato le bontšoang ke Lipaki tsa Jehova le phethahatsa molao ofe?

11 Lipaki tsa Jehova li susumetsoa ke lerato le kang le phethahatsang Molao o fanoeng ka moprofeta Moshe. Lerato le joalo ha le ntše mang kapa mang kotsi ebile le phahametse “ketso ea mohau,” kamoo mantsoe ao a sebelisoang lekholong la mashome a mabeli la lilemo. Ka Bibeleng, mantsoe a Seheberu le Segerike bakeng sa “lerato” a hlalosa ho fetang “ketso ea mohau” feela tjee.—Bona 1 Ba-Korinthe, khaolo ea 13, King James Version; Douay Version ea K’hatholike.

Bakeng sa Tlhohonolofatso, e Seng Thohako

12. Na ho ne ho hlokahala hore litho tse feletseng tsa “ba-Iseraele bohle” li be leholimong pele tlhohonolofatso ea “lichaba kaofela” e ka qala?

12 Ka seo re seng re fetile ho sona re bona hore, hore mefuta eohle le lichaba li hlohonolofatsoe ho tloha ka “leloko” la Abrahama e Moholo, Jehova Molimo, ha hoa hlokahala hore masala a “ba-Iseraele bohle” a kene leholimong ’me a be le Jesu Kreste, E Moholo oa “leloko” leo. Lilemo li se li ka ba mashome a mahlano joale litho tsa mefuta le lichaba tsa lefatše li ntse li amohela mahlohonolo a tsoang ho “leloko” leo le tšepisitsoeng la Abrahama. “Linku tse ling” tse fetang limillione tse peli le halofo li se li phuthehile ho etsa ‘mohlape o le mong’ le masala a tsoetsoeng ka moea a nang le tšepo ea leholimo a balateli ba kang linku ba Molisa ea Molemo.—Johanne 10:16.

13. Jesu o tlile tempeleng a hopotse eng bakeng sa “linku tse ling,” ’me boikutlo ba hae ka tsona bo tla fihla boemong bo phahameng ka eng haufinyane?

13 “Linku tse ling” li hauhetsoe ka ho ja lefa la Paradeise ha e qala e khutlisetsoa lefatšeng ke Puso ea Kreste Morena ea Lilemo tse Sekete. Kahoo, ha Jesu Kreste a e-tla tempeleng ea moea ho tla ahlola e le “lengeloi la selekane,” o tlile ka khopolo ea ho tla hlohonolofatsa “linku tse ling” e seng ho li rohaka. (Malakia 3:1-3) Boemo bo phahameng ba tlhohonolofatso ena e tla ba ha li bolokoa ‘ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ ha a loana le lira tsa hae tse phuthehetseng “Harmagedone.” (Tšenolo 16:14, 16) Mehleng ea khale motse oa Megiddo e ne e le moo Jehova Molimo a hlōlang teng. (Joshua 17:11; Zakaria 12:11) Harmagedone ea tšoantšetso ke moo Molimo o tla itlotla ka tlhōlo e khōlō ho tsohle, khanyeng ea oona ea ka ho sa feleng. Mora oa hae ea phahamisitsoeng, Jesu Kreste, e tla ba eena Molaoli oa Mabotho moo.—Tšenolo 19:11-21.

14. (a) “Linku tse ling” li ka thabela ho bolokeha ha bo-mang? (b) Palo ea “linku tse ling” e se e le kae?

14 “Linku tse ling” li tla sireletsoa pontšong eo ea mohlolo ea matla a Molimo le boholo ba oona. Baphonyohi bohle ba neng ba shebelletse ntoa eo ea makhaola-khang ba tla thaba hakaakang ke ’nete ea hore masala a “ba-Iseraele bohle” a ile a “bolokeha” nakong ea khotso e pakeng tsa Ntoa ea I ea Lefatše le Ntoa ea II ea Lefatše! Ho tloha selemo (karolong e ka leboea ea lefatše) ka 1935, Baiseraele bana ba bolokehileng ba ekelitsoe ka “bongata bo boholo” bo sa boleloang ka palo. E le “linku tse ling” tsa Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, palo ea bona hona joale e habile limillione tse tharo. Ba ntse ba e-tsoa ‘lichabeng tsohle, mefuteng eohle, merabeng eohle le lipuong tsohle’ tsa batho, phethahatsong ea tšepiso ea Jehova Molimo e etselitsoeng ea neng a mo tšoantšetsa, Abrahama, “motsoalle” oa hae. (Tšenolo 7:9-17; Jakobo 2:23) ’Me ho bokelloa ha ‘linku tsena tse ling’ ha ho e-s’o fele. Ha re tsebe hore na li tla be li le kae ka palo qetellong ha Molisa e Moholo a qetile ho li bokella pele ho ho timetsoa ha Babylona e moholo le pele ho ntoa ea Molimo khahlanong le metsoalle ea eona ea lipolotiki ka Harmagedone.—Tšenolo 17:1–18:24.

15. Ho kopanela ha “linku tse ling” le masala a “ba-Iseraele bohle” ke qaleho ea tlhohonolofatso efe?

15 Ho kopanela ha “linku tse ling” le masala a “ba-Iseraele bohle” ‘mohlapeng o le mong’ tlas’a Jesu Kreste, Molisa ea Molemo, E Moholo ‘lelokong’ la Abrahama, ho ipakile e le qaleho ea ho hong. Ke hofe? E bile qaleho ea tlhohonolofatso e feletseng eo “ba-Iseraele bohle” ba sa ntsaneng ba tla e apesa “linku tse ling” Pusong ea Jesu Kreste ea Lilemo tse Sekete, eo li tla pholohela ho eona li sirelelitsoe ke Molimo.

16. “Linku tse ling” li ikemiselitse ho tsoela pele li sebeletsa Jehova li ipapisitse le masala a “ba-Iseraele bohle” hobane’ng?

16 Phethahatsong ea Tšenolo 7:14-17, “linku tse ling” li se li ‘hlatsoitse liaparo tse telele tsa tsona le ho li soeufatsa maling a Konyana.’ Ke ka lebaka leo, ka puo ea moea li lumelloang ho rapela Molimo “motšehare le bosiu tempeleng ea oona.” E, “Konyana ea Molimo,” Jesu Kreste, e se e ntse e ba fepa ka lijo tsa moea ’me ‘ha ba sa lapa.’ (Johanne 1:29) Ho feta moo, Molisa oa bona ea khabane o ba isa “lilibeng tsa metsi a bophelo,” ke ho re, bophelong lefatšeng la Paradeise. “Bongata bo boholo” bo tla tsoela pele bo sebeletsa Jehova bo ipapisitse le masala a khabane, bo leboha mahlohonolo ’ohle ao bo seng bo ntse bo a amohela ka masala a “ba-Iseraele bohle.” ‘Linku tsena tse ling’ li tla etsa joalo e le ‘mohlape o le mong’ tlas’a ‘molisa a le mong’ thahasellong ea ’Muso oa Molimo ka Jesu Kreste. Hona li ikemiselitse ho ho etsa ho fihlela ha ho felisitsoe lira tsohle tsa ’Muso lefatšeng, ‘bonamelo ba maoto’ a Molimo.—Esaia 66:1; Mattheu 5:34, 35; Liketso 7:49.

U ka Araba Joang?

◻ Ke hobane’ng ha Rephabliki ea Iseraele e se mokhoa oa Jehova oa ho hlohonolofatsa batho bohle?

◻ Ke hobane’ng ha joale ho ka thoe “lichaba kaofela” li phallela ‘ntlong ea Jehova’?

◻ Lipaki tsa Jehova li phethahatsa Esaia 2:4 joang?

◻ Jesu Kreste o ikutloa joang ka “linku tse ling,” ’me ho tla tloha ho fihla boemong bo phahameng joang?

◻ Ke tlhohonolofatso efe e seng e qalile ka ho kopanela ha “linku tse ling” le masala a “ba-Iseraele bohle”?

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

“Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao, ka baka la hobane u mametse lentsoe la ka.”—GENESE 22:18.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Lipaki tsa Jehova lia ratana ’me li ‘teile lisabole tsa tsona mehoma’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela