Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 9/15 maq. 21-26
  • “Sechaba se Sengata” se Kopaneng sa Molimo ho Tlatsa Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Sechaba se Sengata” se Kopaneng sa Molimo ho Tlatsa Lefatše
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khetha “Linku” ho “Lipōli”
  • Ho Bolela re Kopane
  • Khōlo e Potlakileng e Tsoang Qalehong e Nyenyane
  • “Sechaba se Sengata” se Tlala Lefatšeng
  • Tseko ea ’Muso e Itlhomme Pele!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • “Bonngoe ba Moea” Mohlapeng o Holang ka Potlako
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • ’Muso O Tla Tlisa Paradeise
    ’Muso O Tla Tlisa Paradeise
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 9/15 maq. 21-26

“Sechaba se Sengata” se Kopaneng sa Molimo ho Tlatsa Lefatše

“E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata. ’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.”—ESAIA 60:22.

1, 2. (a) Ho etsahetse’ng ka bonngoe ba lefatše le taolo? (b) Har’a lefatše le hlephileng, ho etsahala’ng ho bahlanka ba Jehova?

BATHO ba nang le tsebo baa lumela ho re lefatše lena le ntse le arohana le ho ferekana ho feta leha e le neng pele. Maikutlo a mongoli oa The New York Times a boletse: “Pefo ea bopolotiki e tlala lefatše ho feta pele. . . . Hona joale ho na le pefo e ngata hoo ho leng thata ho e latellisa.” A hlokomela: “’Nete ke hore ha ho na ea busang lefatše le ho boloka taolo.” Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le profetile ho oa hona bakeng sa mehla ea rōna.—2 Timothea 3:1-5, 13; Mattheu 24:3-13.

2 Ho bahlanka ba Jehova ba kopaneng, ho ata ha pherekano ke letšoao le tiileng la hore tsamaiso ea lintho ea khale e haufi le ho fela, ha tsamaiso e ncha ea lintho e hlaha. (Luka 21:28) Empa, har’a lefatše lena leo nako le nako le etsisang molimo oa Iona ea hlephileng, Satane Diabolose, Jehova o hloekisa batho ba hae le ho ba isa Tsamaisong e Ncha e khanyang. O ba bokella borapeling ba hae bo hloekileng, bo phahamisitsoeng joalokaha e ka bo thabeng, bo phahametse mekhoa eohle e meng ea borapeli. Ba retelehelang borapeling bona bo kopaneng ba Molimo oa ’nete joale ba re ho ba bang: “Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.” (Esaia 2:2, 3) Ba tlisitsoeng borapeling bona bo kopaneng ba lebelletse ka matla ‘maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho tla ikahela teng.’—2 Petrose 3:13.

Ho Khetha “Linku” ho “Lipōli”

3, 4. (a) Ke liketsahalo life tse ’nileng tsa etsahala ho tloha ka 1914? (b) Batho ba khetheloa pholoho joang?

3 Ho ea ka lenaneo la Molimo la boprofeta ba Bibele, “maholimo a macha” (’Muso oa Molimo oa leholimo o tlas’a puso ea Kreste) a ile a hlongoa ka selemo se mahlōnōkō sa 1914. Ho tloha ka nako eo ho phethiloe ka kakaretso khetho ea “maholimo a macha” a ba 144 000 ba tla busa le Kreste. (Tšenolo 14:1-4) Hona joale Jehova o bitsetsa batho ho ba bafo ba lefatšeng ba ’Muso oo. Ba tla ‘tsoa mahlomoleng a maholo’ e le baphonyohi ba tla qala ho haha tsamaiso e ncha e lokileng tlas’a tsamaiso ea ’Muso.—Tšenolo 7:9, 14; Mattheu 24:21.

4 Jesu o profetile pokello ena ka mantsoe ana: “Mohla Mor’a motho [Kreste] a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae [matleng a ’Muso oa leholimo], mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli. O tla bea linku ka letsohong la hae le letona, a bee lipōli ho le letšehali.” Ka phello efe? Jesu o boletse: “Ke moo Morena a tla bolella ba ka letsohong la hae le letona [batho ba kang linku], a re: Tlong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le amohele ’muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa. . . . Joale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letšehali [batho ba kang lipōli]: Tlohang ho ’na, lōna ba rohakiloeng, le ee mollong o sa feleng [timetso e sa feleng], o lokiselitsoeng Diabolose le mangeloi a hae. . . . ’Me bona bao ba tla ea bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ea bophelong bo sa feleng.”—Mattheu 25:31-46.

5. Mohau oa Jehova o bonahala joang hona joale?

5 Empa, Jehova ke Molimo o mohau, o lerato. “O sa mameletse ka baka la rōna; ho bane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.” (2 Petrose 3:9) Ka hona, pele Molimo o felisa lefatše lena le arohaneng, le loanang, ke thato ea hae hore bahlanka ba hae ba tsamaise molaetsa oa tšepo ea bophelo bo sa feleng Tsamaisong e Ncha ea ho loka. Kahoo, Mora oa hae o itse: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Mattheu 24:14.

6. Jehova o sebelisa bo-mang mosebetsing oa boboleli ba ’Muso?

6 Ke bo-mang ba lokelang ho etsa boboleli boo ba ’Muso pele bofelo bo e-tla? Ka ho hlakileng, Jehova a ke ke a sebelisa ba sa rateng ho mo sebeletsa. Bao a ba sebelisang mosebetsing oa boboleli ba ’Muso ke ba ikokobeletsang eena ka ho rata. Boprofeta bo se bo phethahalitsoe holim’a masala a Iseraele oa moea: “Ke tla ba bea hammoho joale ka linku tse har’a lesaka.” (Mikea 2:12) Hona joale “linku tse ling” li kopanela bonngoe boo le oona. (Johanne 10:16) Kaofela bana ke Lipaki tsa Jehova tse kopaneng tsa machaba. Ba kopanyelletsa maqheku le bana, ba batona le ba batšehali, hobane lipesaleme tse bululetsoeng li re: “Bokang Jehova! . . . bahlankana le baroetsana, maqheku hammoho le bana! A ba ke ba rorise lebitso la Jehova.” ‘Basali ba bolelang litaba tse molemo ke lekhotla le leholo.’—Pesaleme ea 68:11, NW; 148:1, 12, 13.

Ho Bolela re Kopane

7. (a) Lipaki tsa Jehova li na le bonngoe bofe? (b) Re ka tiisa joang hore bonngoe bona bo tla bolokoa?

7 Jehova, Jesu Kreste le mangeloi a halalelang baa bona hore phutheho ea baboleli ba ’Muso ea lefatšeng e bolela molaetsa oa Molimo e kopane. (Mattheu 28:19, 20; Johanne 14:26; Tšenolo 14:6, 7) Kahoo Lipaki tsa Jehova li etsa seo Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le se bolelang. Ba “kopane ka ho feletseng, ka monahano o le mong feela le ka morero o le mong.” ‘Bohle hammoho ba tle ba tlotlise Molimo, e leng Ntat’a Morena oa bona Jesu Kreste, ka molomo o le mong.’—1 Ba-Korinthe 1:10, Today’s English Version; Ba-Roma 15:6.

8. Habohlokoa ke’ng ha ho phahamisoa bonngoe ba borapeli?

8 Ho finyella bonngoe bona ba monahano, ba morero le ba ho bolela, Lipaki sa Jehova li ithuta kamehla Lentsoe la Molimo la ’nete. Li etsa sena boinotšing, likopanong tsa selemo hape le libokeng tse hlano tsa beke le beke tsa phutheho. Ka tsela ena li amohela lijo tsa moea tse kopanyang tse tsoang tafoleng ea Jehova. (Mattheu 24:45-47; Ba-Heberu 10:24, 25) Thuto ena ea Bibele e hlokomeloa e le senotlolo sa borapeli ba tsona bo kopaneng. Joalokaha Mongoli oa K’hatholiki William Whalen a boletse makasineng oa U.S. Catholic: “Holo efe le efe ea ’muso [ea Lipaki tsa Jehova] e fana ka thuto ea ba baholo e ngata ka khoeli ho feta kamoo likolo tsa bolumeli tsa K’hatholike li etsang ka selemo.” E, thuto ea Bibele ke senotlolo sa ho ba le “monahano o le mong,” “morero o le mong,” “molomo o le mong.”

9. Re ka khetholla bao Jehova a ba sebelisang ho bolela molaetsa oa ’Muso joang?

9 Haeba u belaela hore na ke bo-mang bao Jehova a ba sebelisang ho bolela ‘litaba tsa hae tse molemo tsa ’muso,’ ipotse: Ke bo-mang ba etelang malapa ba bua ka Jehova le ’Muso oa hae? Hoa tsebahala hore ke Lipaki tsa Jehova. Ke hangata hakae batho ba malumeli a mang ba u etelang ho tla bua ka Jehova le ’Muso oa hae? Ke hangata hakae batho ba joalo ba keng ba bue lintho tsee, kae kapa kae? Batšehetsi ba malumeli a lefatše lena le arohaneng ba thōtse ka Jehova le ’Muso oa hae. Ke ba moelana ho bona ba tsebang le hore na Jehova ke mang kapa hore na ’Muso oa hae o tla bolela eng bakeng sa lefatše lena. Empa, Jehova le ’Muso oa hae ke litaba tse sisinyang lefatše, hobane, joalokaha Daniele 2:44 e profetile, haufinyana ’Muso oa Jehova o tla ‘robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla busa ka ho sa feleng.’

Khōlo e Potlakileng e Tsoang Qalehong e Nyenyane

10. Bahlanka ba Jehova ba ne ba le bangata hakae pele ho 1914, empa re lokela ho talima se finyelletsoeng ka nako eo joang?

10 Ho boleloa ha ’Muso mehleng ea kajeno ho qalile ka tsela e nyenyane. Ho tloha ka bo 1870 ho tla fihla tlhorong ea selemo sa 1914, palo ea baboleli ba ’Muso e ne e fokola. Empa bao ba tšepahalang ba ile ba rala motheo bakeng sa se neng se tla tla. Leha qalo eo e ne e le nyenyane, e hopotsa lengolo le reng ho se ‘nyelisoe letsatsi la taba tse nyenyane.’ (Zakaria 4:10) Bakeng sa bahlanka ba Jehova e ne e le “letsatsi la taba tse nyenyane” pele ho 1914, empa haufi ho ne ho e-tla likhōlo.

11, 12. (a) Ke bopaki bofe bo neng bo le teng ba tšebetso ea moea o halalelang kamor’a 1914? (b) Ke tlhaloso efe e ileng ea etsoa ka mosebetsi oa ’Muso lilemong tse fetileng tse 30, hona re ka re’ng ka oona hona joale?

11 Ka ho qhoma ha Ntoa ea I ea Lefatše ka 1914, tsamaiso ea khale ea lintho ea kena ‘mehleng ea eona ea qetello.’ (2 Timothea 3:1) Puso ea ’Muso le eona ea qala ka 1914. (Tšenolo 12:10-12) Ka hona Kreste a neoa matla a ho qala ho khetha “linku” ho “lipōli.” Kahoo, moea o halalelang oa Molimo oa qala ho sebetsa ka matla holim’a bahlanka ba hae ba khabane. (Bapisa Liketso 2:16-21.) Lilemong tse 30, baboleli ba ’Muso ba eketseha ho tloha ho 4 000 ka 1918 ho feta 260 000 ka 1948. Hoo e ka bang ka nako eo, C. S. Braden, moprofesa oa histori ea bolumeli, a ngola: “Lipaki tsa Jehova ka sebele li koahetse lefatše ka bopaki ba tsona. . . . Ka ’nete ho ka boleloa hore lihlopheng tsa bolumeli ba lefatše, ke Lipaki tsa Jehova feela tse bontšitseng cheseho le ho phehella ka boiteko ba ho hasa litaba tse molemo tsa ’Muso.”

12 Leha ho le joalo, hoo ke lilemong tse fetang 30 tse fetileng! Kajeno ho na le baboleli ba ’Muso ba ka menang haleshome ba neng ba le teng ka lefatše lohle ka 1948! Joalokaha Braden a hlokometse, Lipaki tsa Jehova li “koahetse lefatše” ka boboleli ba ’Muso morao koo, ho ka thoe’ng ka ho pharalla ha mosebetsi oa ’Muso hona joale? Re ka bolela hona ka tšepo: Haufinyana ho tla tla likhōlo!

13. Ke tsoelo-pele efe lefatšeng lohle e bontšang hore Esaia 60:22 e-ea phethahala?

13 Litlaleho tse tsoang linaheng tse fetang 200 li bolela ka keketseho ea baboleli ba ’Muso. Ho lumellana le sena, meaho e mecha kapa e atolositsoeng ea lekala la Watch Tower e se e raliloe kapa ke hona e ntseng e raloa. Ho na le mechine e mecha, mekhoa ea ho hatisa e mecha le e potlakang, “li-computer” li sebelisoa ka tekanyo e khōlō, le basebetsi ba ratang ba eketseha malapeng a hōlang a Bethele lefatšeng lohle. Katoloso ena eohle e potlakileng e re bolella hore re bona ho phethahatsoa ka pel’a mahlo a rōna tšepiso e khothatsang e entsoeng khale mabapi le bahlanka ba Molimo ba khabane le ba nang le mamello: “E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata. ’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.” (Esaia 60:22) Ha ho pelaelo ka ’nete ea hore Lipaki tsa Jehova li hlomelletsoe moeeng le hore ka phutheho li hlomelletsoe ho fana ka bopaki bo boholo ho Jehova le ho ’Muso oa hae historing ea lefatše!

14. Ke hobane’ng ha re ka re bahlanka ba Jehova ba tseleng ea bona ea ho ba “sechaba se sengata”?

14 Kajeno ho na le basebeletsi ba Bakreste ba mafolo-folo ba litaba tse molemo ba fetang limillione tse peli le halofo. Ba fumanoa liphuthehong tse fetang 46 000 lefatšeng lohle. Ha Lipaki tsa Jehova li bokane ka la 29 Tlhakubele, 1983, ho ikhopotsa lefu la Kreste, batho ba 6 767 707 ba kopana, kahoo ba bontša thahasello ea bona ’Musong oa Molimo. Palo eo e feta ea baahi ba lichaba tse ling tsa lefatše! Ka sebele, bahlanka ba Jehova ba kopaneng ba tseleng ea bona ea ho ba “sechaba se sengata,” le hoja ba le banyenyane haholo ha ba bapisoa le baahi ba lefatše bao ka kakaretso ba ka bang libillione tse ’nè le halofo.—Mattheu 7:13, 14.

15. Ho etsahetse’ng lilemong tse seng kae tse fetileng mabapi le ho bokelloa ha batho ba kang linku?

15 Haufinyana, ho bokelloa ha batho ba kang linku ho ekelitse lebelo. Hona joale batho ba sekametseng ho lokeng ba bokana phuthehong ea Jehova bakeng sa borapeli. Ka ho etsa joalo, ba kopanela phethahatsong e hlollang ea tšepiso ea Molimo ho Haggai 2:7, moo Jehova a reng: “Ke tla sisinya le lichaba tsohle, ’me tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka khanya.” Batho bana ba lakatsehang, ba ikokobelitseng ba re ho bahlanka ba Jehova: “Re tla ea le lōna, hobane re utloile hoba Jehova o na le lōna.”—Zakaria 8:23.

16, 17. Jehova o tla sebelisa batho ba hae joang pele a timetsa tsamaiso ee ea lintho ea bonyefoli?

16 Phutheho e bonahalang e atolohang ea Jehova e atamela nako eo a tla e sebelisa ka tsela e ’ngoe e matla: ho fana ka molaetsa oa hae oa ho qetela oa kahlolo tsamaisong ena. Hona ho ka tšoantšoa le nakong ea ha Baiseraele, ba neng ba se ba potile Jeriko hang ka letsatsi ka matsatsi a tšeletseng, ba ne ba laeloa: “Ka tsatsi la bosupa, le potolohe motse hasupa, ’me baprista ba letse literompeta. . . . Ha le utloa molumo oa terompeta, sechaba kaofela se hlabe litlatse tse kholo; ’me lerako la motse le tla heleha kaofela.” Ka hona ka letsatsi la ho qetela mosebetsi oa potlaka ka makhetlo a supileng! Joale literompeta tsa letsoa, batho ba hlaba litlatse tsa ntoa ’me “lerako la heleha kaofela.”—Joshua 6:25, 20.

17 Kajeno metsi a “bonolo” a ’nete a isoa ho batho ho ba khothaletsa ho retelehela ho Jehova. Empa haufinyane ho tla tla letsatsi leo molaetsa o tla ba “thata.” O tla tsebahatsa bofelo bo haufi ba tsamaiso ena eohle ea bosatane. Metsi a bonolo a ’nete a tla fetoha ’nete e thata joaloka sefako. Melaetsa ena ea kahlolo ea ho qetela e tla ba matla hoo e tlang ho tšoantšoa le “sefako se seholo, se boima bo kang ba talenta,” ke ho re, sa boima bo boholo haholo. Ke ka lebaka leo Tšenolo 16:21 e reng: “E bile kotsi e kholo haholo.”

“Sechaba se Sengata” se Tlala Lefatšeng

18. (a) ’Muso oa Molimo ke oa sebele hakae? (b) Daniele 2:35 e bontša hore qetellong ’Muso o tla etsa eng?

18 ’Muso oa Molimo oo Lipaki tsa Jehova li o tšehetsang pele ka sebele ke ’muso oa sebele. O na le Kreste le ba busang le eena ba 144 000 e le babusi ba leholimo. O na le melao ea sebele le “molao oa motheo”—Lentsoe la Molimo. ’Muso ona oa sebele o boetse o na le bafo ba sebele ba etsang sechaba se hōlang, ba limillione ba bona ba kopane e le batho ba le bang. ’Me Bibele e profeta hore kamor’a hore ’Muso ona oa Messia o robake mebuso eohle ea lefatše, o e tlose, o tla “tlala lefatše lohle.” (Daniele 2:35) Hoo ho tla etsahala joang?

19, 20. Bahlanka ba Jehova e tla ba “sechaba se sengata” joang ka kutloisiso e tletseng?

19 Ba pholohang Harmagedone ba tla qala ho haha Paradeise eo Jesu a buileng ka eona ho Luka 23:43. (Tšenolo 16:14, 16) Joale, ka nako ea teng, “tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete matleng a ’Muso, bohle ba tla fuoa monyetla oa ho emela puso ea ’Muso. Ba sa batleng puso ea ho loka ba tla tlosoa tseleng. (Tšenolo 20:6, 11-15) Ka lebaka leo, qetellong ea lilemo tse sekete, e mong le e mong ea phelang holim’a lefatše e tla ba morapeli ea ineetseng oa Jehova! Joale ho ka thoe Esaia 11:9 e tla phethahatsoa ka kutloisiso e feletseng: “Lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.”

20 Eo e tla ba nako e khanyang hakaakang! Motho e mong le e mong eo u kopanang le eena e tla be e le morapeli oa Jehova, ka “monahano o le mong,” “morero o le mong,” “molomo o le mong.” Barapeli ba joalo ba kopaneng ba Libillione, ba phahamiselitsoe phethehong ea botho, ba tla tlala lefatše la Paradeise. Joale e tla ba “sechaba se sengata,” ka ’nete, sechaba se sengatahali ho feta seo lefatše le kileng la se bona. Che, lelapa la motho le kopaneng hase toro feela. Le se le ntse le tsoela pele hona joale! Na u karolo ea Iona?

Lipotso tsa Tlhahlobo

◻ Ha lefatše le ntse le e-ba moferefere ho feta, ho etsahala’ng ho batho ba Jehova?

◻ Ke mosebetsi ofe o moholo oa ho khetha o ntseng o tsoela pele hona joale?

◻ Ke hobane’ng ha re ka tšepa hore bonngoe ba bahlanka ba Jehova bo tla bolokoa?

◻ Phutheho ea Jehova e bonahalang e tsoela pele joang ho ba “sechaba se sengata,” ’me hoo ho isa hokae?

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Joalokaha molisa a khetha linku ho lipōli, le Jesu Kreste matleng a ’Muso o khetha batho kajeno

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Mahae a Bethele le lifektri tse kang tsena li ntse li hahuoa kapa ho atolosoa ho ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli na ’Muso

Ebina, Japan

Abidjan, Ivory Coast

Ingleburn, N.S.W. Australia

Enebakk, Norway

Ajalvir (Madrid), Spain

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela