Lebaka Leo re sa Lokelang ho ba Karolo ea Lefatše Lena
“Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.”—JOHANNE 17:16.
1. Jesu o itse balateli ba hae ba ka lebella tšoaro ea mofuta ofe?
JESU KRESTE o ile a lahloa, a hlouoa le ho hlorisoa ke lefatše lena. Kahoo balateli ba hae ba ka lebella eng? Ha e le hantle, o ile a ba bolella: “Ekare ha lefatše le le hloea, le tsebe hobane le ntlhoile pele ho lōna. Hojane le le ba lefatše, lefatše le ka be le rata se sa lona; ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo lefatše le le hloile. Hopolang lentsoe leo ke le boleletseng lona, ha ke ne ke re: Mohlanka ha a moholo ho morena oa hae. Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna; ha ba bolokile lentsoe la ka, ba tla boloka le la lōna.”—Johanne 15:18-20.
2. (a) Ke “lefatše” lefe leo balateli ba Jesu ba fapaneng haholo le lona? (b) Ho e-na le ho ntša barutuoa ba Kreste lefatšeng, Jehova o etsa eng molemong oa bona?
2 E, balateli ba ’nete ba Jesu ba fapane hole le lefatše lena—mokhatlo oa batho oa boetsalibe o ikarotseng ho Molimo. Ke ka lebaka lena barutuoa ba Kreste ba hlouoeng le ho hlorisoa hakana ke lefatše lena. Empa ka ho se be ba lefatše, balateli ba Jesu ba khomarela mohlaleng oa hae o phahameng ka ho fetisisa, ’me Jehova Molimo o ba hlokomela tumellanong le thapelo ea Kreste: “Ha ke u rapele hore u ba tlose lefatšeng, empa e le hore u ba sireletse bobeng. Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše. U ba halaletse ka ’nete ea hao; lentsoe la hao ke ’nete.”—Johanne 17:15-17.
3. Mabapi le lefatše lena, ke lipotso life tse hlokang likarabelo?
3 Ho bolela eng ho ‘se be karolo ea lefatše’? Na ho bontša hore balateli ba Jesu ba tlameha ho qoba likamano tsohle le bao e seng Bakreste?
Bakreste ba ke ke ba Itšehla Thajana
4. Jesu o ile a abela balateli ba hae mosebetsi ofe, o etsang hore ba se ke ba itšehla thajana?
4 Ka sebele, Jesu o ne a sa lebella balateli ba hae hore ba itšehle thajana litikolohong tsa bolumeli tse ikarotseng. Ho e-na le hoo, o ile a ba fa mosebetsi o aparelang lefatše, a re: “Le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna, ’me le tla ba Lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:8) O boetse a ba laela: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me bonang, ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.” (Mattheu 28:19, 20) Le hoja ‘batho ba lichaba tsohle’ e ne e tla ba barutuoa, ho ne ho sa lokela ho lebelloa hore lichaba tsohle li tla amohela lithuto tsa Jesu Kreste.
5. Ke ka mekhoa efe e lumelloang ke Mangolo batho ba sokolleloang Bokresteng?
5 Empa ba bang ba ka ’na ba botsa: ’Na lichaba tsohle ha lia sokolleloa Bokresteng? Hona na ha li etse ho tsejoang e le Bojakane?’ Koana, babusi ba bang ba khethetse bafo ba bona bolumeli ’me ha ba tsila-tsile ho matlafatsa khetho eo ka mekhoa e sehlōhō le e khopo. Ho feta moo, batho ba ’nile ba sokolohela haholo Bokresteng ’mōtoana ka lebaka la ho tšaba tšōmo ea tlhokofatso ea mollo oa lihele. (Bapisa Moeklesia 9:5, 10.) Empa lintho tsena kaofela li hole hakaakang le tsela feela e lumelloang ke Mangolo ea ho hasa tumelo ea ’nete ea Bokreste! Tšebeletso eo e hlomphehang e lokela ho ntšetsoa pele ka ho paka, ho ruta le ho etsa barutuoa ka mafolo-folo. Baitlami ba banna le basali ba koaletsoeng libakeng tsa boitlami ba ke ke ba phetha mosebetsi oo kapa ba latela taelo ea Kreste ea hore ‘leseli la bona le ke le khanyetse batho.’ (Mattheu 5:14-16) ’Me “tšokollo” e qobelloang ha ho moo e amanang le ho paka, ho bolela le ho ruta ho thusang batho ba pelo li tšepahalang ba lichaba tsohle hore ba inehele ho Jehova Molimo ka boikutlo bo tlohang botebong ba pelo.
Lebaka leo ‘e Seng ba Lefatše’
6. Joalokaha ho tlalehiloe ho Johanne 13:35, ke hobane’ng ha ho ka thoe Lipaki tsa Jehova li tšoanela tlhaloso ea Jesu ea balateli ba hae?
6 Lentsoe “Bokreste” hangata le ipakile e le lebitso la bohata. Ke liketso tse kaakang tsa meharo, ho hapa, ho bolaea ntoeng le khatello ea batho tse ikarabellang ho ho bitsoang batho ba Bokreste le lichaba tsa Bokreste! Empa ha ho joalo ho hang ka balateli ba ’nete ba Kreste! Jesu o itse: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:35) Ka sebele, ho teng batho ba tšoaneloang ke tlhaloso eo kajeno—Lipaki tsa Jehova. Lerato har’a tsona le bolela hore ha ho tlhōlisano e sehlōhō, leqhooko le ho qhekellana ka boithati. Ho e-na le hoo, le bolela ho bua ka tumellano, ho se be le likarohano, ‘ho phetheha boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.’ (1 Ba-Korinthe 1:10; 13:4-8) Lipaki tsa Jehova li ithutile khopolo ea Molimo le ea Kreste ’me li tataisoa ke eona. (Ba-Roma 12:1, 2; 1 Ba-Korinthe 2:16) Karolo ea bohlokoa haholo ea khopolo eo ke hore Bakreste ba tlameha ho ’se be karolo ea lefatše.’—Bapisa Jakobo 1:27.
7. Mantsoe a Pauluse ho Liketso 17:30, 31a bontša joang hore Bakreste ha ba lokela ho ba karolo ea lefatše lee?
7 Ho na le mabaka a matle haholo a hore balateli ba Jesu e ‘se be karolo ea lefatše lena.’ Ka lilemo tse ka bang 4 000, batho ba bangata haholo ba ne ba ‘se na tšepo, ba se na Molimo lefatšeng.’ (Ba-Efese 2:12) Empa nako e telele ea ho ikarola ho Jehova ka baka la sebe sa motho e ke ke ea tsoela pele ka ho sa feleng. Makholong a leshome le metso e robong a lilemo a fetileng moapostola Pauluse o boletse hore Molimo o ne o “bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake,” hobane “O beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatše ka lona ka ho loka, ka monna eo o ’meetseng hoo,” Jesu Kreste. Pauluse a phaella ka hore Molimo o “lokiselitse bohle tšepiso ea teng ka ho mo tsosa bafung [Jesu].” (Liketso 17:30, 31) Hona ke pontšo e tiileng ea hore lefatše lena le khopo, ho akarelletsa Bojakane ba bokoenehi, le tla ahloloa, le nyatsuoe le ho tlosoa ka ho sa feleng. Joale, ke ho sa lokelang hakaakang hore ba ipolelang hore ke Bakreste e be karolo ea lefatše lena!
8. Ke mosebetsi ofe o bontšang hore “bofelo” bo haufi, kahoo o fana ka lebaka le leng ho batho ba Jehova la ho ’se be karolo ea lefatše’?
8 Ho fetile lilemo tse 1 900 hoba Jesu a tsohe, ’me ha ho pelaelo hore ho lihuoa ha kahlolo ea Molimo holim’a Bojakane ba bokoenehi le lefatše lohle la Satane hoa bonahala. (2 Petrose 3:10; 1 Johanne 5:19) Ho sa le joalo, Lipaki tsa Jehova li bolela molaetsa oa Molimo lefatšeng ka bophara ’me “mehla ea khatholoho” e thabeloa ke batho ba bakileng, ba ananelang. (Liketso 3:19-21) Tumellanong le mantsoe a boprofeta a Jesu bakeng sa mehla ea rōna, Lipaki tsa Jehova tse fetang 2 650 000 hona joale li bolela “Evangeli ena ea ’muso” linaheng tse 205. Ha mosebetsi oo o se o fane ka “bopaki ho lichaba tsohle” ho fihla moo Molimo o ratang, “e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Ka sebele, ha bofelo ba tsamaiso ena e khopo bo le haufi hakana, batho ba Jehova ba na le lebaka le feletseng la ho ‘se be ba lefatše.’
9. (a) Kaha lefatše la Satane le haufi le ho fela, re lokela ho talima lithahasello le litlhoko tsa ’Muso joang? (b) Ke lipotso life joale tse hlokang hore re li nahane?
9 Kaha lefatše la Satane le haufi le ho fela, ke habohlokoa hakaakang ho tiisa hore re hlile re batla ’Muso oa Molimo pele! (Mattheu 6:33) Ho sa tsotellehe lilemo tsa rōna, thuto kapa boemo bophelong, “bohle re tla emisoa pel’a setulo sa kahlolo sa Molimo.” (Ba-Roma 14:10) Na bophelong ba rōna re etsa lintho tse hlokoang ke ’Muso oo? Kapa re sa ntse re loanela ho lumellana le lefatše lee le hloileng Bakreste ba ’nete? Na re na le litakatso tsa maemo le litebello tse molemo tsa lefatše? Na re etsisa lifeshene tsa lefatše tseo e seng tsa mangolo? Hona na re rata litšoantšo tse rapeloang tsa Iona? Hopola hore ‘ho iketsa motsoalle oa lefatše ke ho ipea sera ho Molimo.’ (Jakobo 4:4) Kahoo, hore re se fetohe sera sa Molimo, re ka qoba ho senngoa ke lefatše joang? Lintho tse ling tse lefatšeng tseo re lokelang ho li qoba ke life?
Qoba ho Rata Lefatše
10. Johanne oa Pele 2:15, 16 e boletse lintho life tse tharo tseo batho ba Jehova ba sa lokelang ho li rata lefatšeng lee?
10 Moapostola Johanne o ngotse: “Se rateng lefatše, leha e le tse lefatšeng; ekare ha motho a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena. Hobane tsohle tse lefatšeng, takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo, ha li tsoe ho Ntate, empa li tsoa lefatšeng.” (1 Johanne 2:15, 16) Mona Johanne o boletse lintho tse tharo tsa motheo lefatšeng lena tseo batho ba Jehova ba sa lokelang ho li rata.
11. Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho inehela ‘takatsong ea nama’?
11 “Takatso ea nama” e ka re isa mekhoeng e mengata e kotsi le e bolaeang e tloaelehileng hakana lefatšeng lena le khopo le tlas’a taolo ea Satane. Har’a mekhoa ena ke “mesebetsi” ea nama ea boetsalibe—“ke ho feba, le ho bōka, ke bonyala, le bootsoa; ke ho rapela melimo ea bohata, le boloi, ke hloeano, le likomang, ke mōna, le bohale, le likhang, le liphapang, le likhaohano; ke mohono, le lipolao, le botahoa, le meharo, le lintho tse joalo.” Re ke ke ra hlokomoloha ka bolokolohi temoso ea moapostola Pauluse ea “hore ba etsang tse joalo, ba ke ke ba ba. ba rua ’muso oa Molimo.” (Ba-Galata 5:19-21) Ka sebele, ba etsang “mesebetsi ea nama” ba sa bake ke karolo ea lefatše lena ’me ba ke ke ba ba le karolo ’Musong o tšepisitsoeng o tla phahamisa lebitso la Jehova ’me o fetole lefatše paradeise. (Luka 23:43) Joale, ka ho hlakileng Bakreste ha ba lokela ho ineela ‘takatsong ea nama.’
12. (a) “Takatso ea mahlo” ke eng, hona e ka ama boemo ba motho moeeng joang? (b) Mabapi le “takatso ea mahlo,” bohle re ka ipotsa eng?
12 “Takatso ea mahlo” ke tšobotsi e ’ngoe ea bao e leng ba lefatše lena. Ha ba bokella maruo le matlotlo, ha ho mohla ba bonahalang ba khotsofala. Esita le ba bangata ba etseng hloko ’nete ea Bibele e hasoang ke Lipaki tsa Jehova qetellong ba inehela ‘takatsong ea mahlo’ ’me ka baka leo, ha ba tsoele pele moeeng. Ho lakatsa ha bona liphahlo tse ncha, likoloi, matlo, lisebelisoa le lintho tse ling tse ngata tse khahlisang mahlo ho ba matla hoo, joalokaha Jesu a boletse, “thetso ea lefumo, le litakatso tsa lintho tse ling, li kene, li pupetse lentsoe, ’me le nyope.” (Mareka 4:18, 19) Ho thahasellisang, Satane o ile a leka Eva ka ho mo etsa hore a lakatse ntho e ’ngoe e thibetsoeng eo a neng a ka e bona ka mahlo. Leha ho le joalo, o ile a hlōleha ka ho feletseng boitekong ba hae ba ho hlohlelletsa Jesu sebeng ka ho hahamalla lintho tse bonoang ka mahlo. (Genese 3:1-6; Luka 4:5-8) Empa ho thoe’ng ka uena? Na u la tela mohlala o tiileng oa Jesu? Kapa ho khotsofatsa “takatso ea mahlo” ho montse nako ea hao, tlhokomelo le matla hoo u hlokomolohileng lithahasello tsa ’Muso? Haeba ho ameha ha hao ka lintho tsa moea ho fokola, nka bohato kapele ho phekola boemo boo!
13. Joalokaha Pauluse a bontšitse le maeleng a mang, “takatso ea mahlo” e meharo e ka isa ho eng?
13 “Takatso ea mahlo” e meharo e ka isa ho se tšepahaleng, mohonong, takatsong le libeng tse ling tseo Molimo o sa li rateng. Joalokaha Pauluse a boletse, “ba lakatsang leruo” ba har’a ba ke keng ba “rua lefa la ’muso oa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Hape ka ho loketseng, maele a bohlale a lemosa: “Motho ea tšepehang o ruile mahlohonolo; empa ea ratang ho rua kapele a ke ke a hloka molato. Motho ea mahlo a honohelang o phallela leruo, athe ha tsebe hoba bofuma bo ea mo oela holimo.” (Liproverbia 28:20, 22) Esita le haeba bofuma bo sa oele batho ba meharo, le ba mohono kapele, ba tla shoela ka ntle ho mohau oa Molimo kapa ba tla ea qetellong e mpe bofelong ba tsamaiso ena ea lintho.—Mattheu 24:3; Luka 12:13-21.
14. (a) “Boikhantšo joa bophelo” bo ka iponahatsa joang? (b) Ke eng se motsong oa “boikhantšo” bo joalo, ho ithorisa le ho batla boemo? (c) Ke hobane’ng ha re hanela teko ea ho bontša seo re se fumaneng le maruo ao ho nahanoang hore re na le oona?
14 “Boikhantšo joa bophelo” le bona bo lokela ho qojoa ke bahlanka ba Jehova. E ka ba ho lekang hakaakang ho ikhantša ka liphahlo tse theko e boima! Hangata takatso e fosahetseng joalo ha e felle feela ka ho leka ho lekana le ba bang empa hape le ho loanela ho ba feta ka lintho tse bonahalang. Ho tšoanang le hona ke ho ithorisa ka seo motho a nahanang hore o se finyelletse. Ka tšepo ea ho fumana boemo kapa khau, a ka ’na a hlaolela ho etsa setsoalle le ho tšehetsa batho ba phahameng. Empa ba itumellang ho sebelisoa ka tsela ena ke lithoto, ’me motho ea lakatsang boholo ka ho feteletseng qetellong a ka ’na a tšoana le “ba hlokang borapeli” ba mehleng ea Juda bao ‘melomo ea bona e neng e bolela tsa boikhohomoso, ba neng ba talima tšobotsi ea batho ka takatso ea moruo.’ (Juda 3, 16) Boikhohomoso ba boetsalibe bo fumanoa takatsong ena ea ho batla maemo le boikhantšo. (Liproverbia 8:13; 16:18; 21:4) Ka sebele, re lokela ho hanela teko ea ho bontša seo re se fumaneng le maruo ao ho nahanoang hore re na le oona. Maele a matle ke ana: “Ho khora linotši tse ngata hampe ha ho monate; ho joalo ba ipatlelang hlompho, ba imeloa ke eona.” (Liproverbia 25:27) ’Me kaha boholo ba batho bo tsamaea tseleng e sephara e isang timelong, mantsoe a Jesu ke a nakong hakaakang, “Ho malimabe lōna, mohla batho bohle ba le rorisang”!—Luka 6:26.
“Lefatše Lea Feta”
15. (a) Moapostola Johanne o fana ka lebaka lefe la bohlokoa la ho ‘se be karolo ea lefatše’? (b) Bakreste ba tšepahalang ba lokela ho lebisa boiteko ba bona bo boholo ho eng?
15 Johanne o re fa lebaka la bohlokoahali la ‘ho se be ba lefatše’ ha a phaella: “ ’Me lefatše lea feta, le eona takatso ea Iona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) “Lefatše,” mokhatlo oa batho o khopo, le haufi le ho fela ‘mahlomoleng a maholo’ a atamelang ka potlako. (Mattheu 24:21) Nakong eo mesaletsa eohle ea lipolotiki tsa lefatše lena, moruo le mekha ea bolumeli ba bohata e tla timetsoa. Kahoo, ke joang lipaki leha e le life tsa Jehova tsa ’nete li ka nehelang nako eohle ea tsona, matla le maruo linthong tsee tse tla fela haufi? Ho e-na le hoo, Bakreste ba tšepahalang ba tla lebisa boiteko ba bona bo boholo ho hōliseng lithahasello tsa ’Muso le lintho tsa nako e telele, tse sa feleng. Ho feta moo, ka botšepehi le tumelo e joalo batho ba Jehova ba tla ‘hlōla lefatše’ la mokhatlo o khopo oa batho joalokaha Jesu Kreste a entse. (Johanne 16:33) E, ba tla phonyoha ha lefatše lena le feta ka timetso ea Molimo, feela joalokaha Noe le lelapa la hae ba ile ba phonyoha Moroallo.—2 Petrose 2:5.
16. Ke lipotso life tse salang hore re li nahane?
16 Kaha lefatše lena lea feta, joale Bakreste ba lokela ho talima ho itšunyatšunya litabeng tsa Iona tsa boahisani joang? Ba lokela ho ba le boikutlo bofe mabapi le thuto, litšebelisano tsa khoebo le boikhathollo? Lipotso tse kang tsena li salla hore re ke re li nahane ka hloko.
U Ne U Ka Re’ng?
◻ Ke lefatše lefe leo balateli ba ’nete ba Jesu e seng karolo ea lona?
◻ Barutuoa ba Kreste ba ke ke ba itšehla thajana hobane ba abetsoe mosebetsi ofe?
◻ Mabaka a mang ao Lipaki tsa Jehova e seng “ba lefatše” ka oona ke afe?
◻ E le hore ba ka latela keletso ea 1 Johanne 2:15-17, ke lintho life tse tharo tsa motheo tseo batho ba Jehova ba sa lokelang ho li rata?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Le hoja Lipaki tsa Jehova e ‘se karolo ea lefatše,’ li tšoarehile ho thusa batho ba lichaba tsohle moeeng
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Haeba re se ‘karolo ea lefatše,’ re ke ke ra ineela litakatsong tsa nama le tsa mahlo leha e le ho ikhantša ka lintho tsa rōna tsa bophelo