Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 3/1 maq. 8-10
  • ’Nete le Tumelo Lia Hlōla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Nete le Tumelo Lia Hlōla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tumelo e-ea Sebetsa
  • Tumelo le ’Nete li Hlōtse
  • Ba Bolaetsoe Tumelo ea Bona!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Babolai Baa Ahloloa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Pepesa Sephiri sa Kimbilikiti
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ba Hlorisetsoa ho Bua ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 3/1 maq. 8-10

’Nete le Tumelo Lia Hlōla

LIPAKI TSA JEHOVA li ikemiselitse ho rapela Molimo “ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23, 24) E, molaetsa oa Bibele oo li o bolelang o hlile o pepesa phoso, empa joaloka moapostola Pauluse lia botsa: ‘Hleka re fetohile lira ho Iōna, ka ho le bolella ’nete na?’ (Ba-Galata 4:16) Che ho hang! Bakreste bana ba rata baahelani ba bona ’me ba rata hore le bona ba thabele bolokolohi ba moea bo ka fumanehang feela ka ’nete.—Johanne 8:32.

Lipaki li boetse li ikemiselitse ho boloka tumelo e matla, esita leha li hlorisetsoa ho bua ’nete. Ka sebele, tumelo ea Bakreste ba ikokobelitseng Pangi e fana ka bopaki ba hore ka thuso ea Jehova bahlanka ba hae ba ka tšepahala ho eena ho fihlela qetellong. Hoo e ka ba bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho kapa ho shoa ha motho ka botšepehi, mohlomong a tobane le tlhoriso e sehlōhō, le e susumetsoang ke bolumeli.—Mattheu 24:13.

Tumelo e-ea Sebetsa

Barati bao ba ’nete ba bolailoeng ka sehlōhō seterekeng sa Kivu ha se bona feela ba bontšitseng tumelo e matla. Ka mohlala, nahana ka Bingimeza Bunene, khaitseli ea tsofetseng. Bara ba hae ba babeli, Malala Ramazani le Akilimali Walugaba, ba ne ba le har’a ba bolailoeng Pangi. Ho feta moo, banna ba hōlileng ba morabe ba susumelletsa monna oa hae hore a kenye letsoho ho bolaeeng mochana oa hae, Amisi Melende. Ha bara ba hae ba babeli le mochana oa hae ba bolaoa, a lahloa ke lelapa la hae lohle, ho akarelletsa le monna oa hae. Leha ho le joalo, a tšelisoa ke mantsoe a mopesaleme: “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.” (Pesaleme ea 27:10) Baena ba hae le likhaitseli tsa hae tumelong ba mo amohela ’me ba mo tšelisa, ka likhopotso tse lerato tsa tšepo e babatsehang ea tsoho.

Monna oa khaitseli enoa, Ramazani Musombwa, o ile a kenngoa teronkong ka ho ameha lefung la mochana oa hae, empa qetellong a lokolloa. Kamor’a moo, a lumela hore o khahliloe ke sebete sa mosali oa hae le lerato leo Lipaki hammoho le eena li mo bontšitseng Iona le lingoetsi tsa hae tse shoetsoeng. Hona joale o itšoabela haholo ’me o tsamaea le mosali oa hae ho ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova. Ka baka la phetoho ea hae e feletseng, o fetohile ea hanyetsoang haholo le ho songoa empa o ikemiselitse ho sebeletsa Jehova ho tloha joale ho ea pele.

Bahlolohali bohle ba bacha ba ile ba hanoa ke malapa a habo bona ka lebaka la ho tšaba ho bolaoa ke Kimbilikiti. Basali bana ba bacha kaofela ba ema ba tiile ’me ba hana ho latola tumelo ea bona ho Jehova. Ba ile ba phuthoa ke balumeli hammoho le bona ’me ba utloa seo Jesu a se profetileng ha a re: “Ha ho motho ea ka tlohelang ntlo, kapa banab’abo, leha e le bo-khaitselie, kapa ntat’ae, leha e le ’m’ae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la ka le la Evangeli, ea ke keng a neoa halekholo, joale, mehleng ena, matlo, le banab’abo, le likhaitseli, le bo-’m’ae, le bana, le masimo, hammoho le lihloriso; ’me mehleng e tla tla, a neoe bophelo bo sa feleng.”—Mareka 10:29; 30.

Tumelo le ’Nete li Hlōtse

Kajeno, maemo a Lipaki tsa Jehova sebakeng sa Pangi a khutletse malulong. Batho bohle ba shoeletsoeng le batho ba khahlehang ba ileng ba tlameha ho balehela metseng le litoropong tse ling ba khutletse malapeng a bona. Lipaki li boetse li bolela molaetsa oa ’Muso moo, ka cheseho e nchafalitsoeng le boikemisetso bo bocha. Ho sa tsotellehe ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba fetileng ho eona, ba tšoana le ‘baena ba ileng ba khothala ke litlamo tsa Pauluse ’me ba bontša matla a ho bolela lentsoe la Molimo ba se na tšabo.’—Ba-Filippi 1:14.

E, ho teng ho sareloa ka polao e sehlōhō ea banna ba robeli ba tšepahalang ba Bakreste ba Phutheho ea Pangi. Empa mosebeletsi e mong oa pula-maliboho hona joale o sebeletsa e le molebeli ea okamelang, ’me batho ba Jehova mono khubung ea Afrika ba na le tšepo leratong leo Molimo o ba bontšitseng Iona ka Kreste, joalokaha le boletsoe mantsoeng a Pauluse: “Ke mang ea tla re arohanya le lerato la Kreste na? Na a ke botubo, kapa tsietsi, kapa hloriso, kapa tlala, kapa bofuma, kapa timelo, kapa lerumo? . . . Che! Empa nthong tseo tsohle, re hlōla ka ho fetisisa ka ea re ratileng.”—Ba-Roma 8:35-39.

Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Jehova a lumelletse ho bolaoa ha lipaki tsee tse tšepahalang? Lefatšeng la kajeno le befileng, ho bile le liketsahalo tse ngata tseo Jehova ka ho totobetseng a sirelelitseng batho ba hae. Ka ho etsa joalo, o bontša kamoo a ka ba fetisang ‘mahlomola a maholo’ ba sireletsehile. (Mattheu 24:21; Esaia 26:20) Empa, feela joalokaha Jesu a boletse ho Johanne 16:1-3, ho ka ’na ha e-ba le linako tseo a lumellang bahanyetsi ho hla ba bolaea batho ba bang har’a Lipaki tsa Jehova. Ho tšepahala ha tsona maemong ana, joalokaha ho entse baena ba rōna ba tšepahalang seterekeng sa Kivu, ho sebeletsa e le bopaki le tiiso ea hore bahlanka ba Molimo ba ikemiselitse ho tšepahala le ho isa lefung.—Jobo 27:5; Liproverbia 27:11.

Re hopotsoa ka bopaki bo boholo bo ileng ba beoa kamor’a lefu la Setefane moshoela-tumelo oa lekholo la pele la lilemo. (Liketso 8:1-8) Kahoo ho ka ’na ha etsahala hore e be polao e sehlōhō e tšabehang e tla etsa hore ba bangata ba morabe oa Rega le ba bang Zaire le kae-kae ba nahane ’nete ea Bibele ka ho teba. Lipaki tsa Jehova li tla thabela hakaakang ho thusa batho ba joalo ba pelo li tšepahalang ho lokoloha tšabong le tumela-khoeleng e amanang le bolumeli ba Kimbilikiti! Hona e tla ba bolokolohi bo bokaakang bo tla thabeloa ke bohle ba amohetseng ’nete ea Molimo e babatsehang!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela