Lithapelo Tse Arabeloang
TAKATSO ea ho buisana le matla a mang a phahameng ke ea khale joaloka motho ka boeena. Ka mohlala, litšoantšo tse itseng tse betliloeng tsa Egepeta ea boholo-holo li na le lithapelo. Tse ling tsa tsona li ne li kōpa tšireletso ho molimo o mong o itseng, ha tse ling e ne e le lipolelo tsa thoriso kapa tsa tšepo ho molimo o rapeloang. Har’a Magerike a lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., lifela le lithapelo tsa lithothokiso le tsa tšebeletso li ne li tloaelehile. Lithapelong tsa Seroma, ho ne ho hlokahala tlhokomelo ha ho rapeloa molimo o itseng, kaha ho ne ho rapeloa melimo e mengata ka nako eo.
Ho tla fihlela kajeno, thapelo ke tšobotsi e tloaelehileng ea malumeli a maholo a lefatše. Mabuddha, Mahindu, Bajode, Masolomane, le ba ipolelang hore ke Bakreste ba tsebahala haholo ka ho sebelisa ha bona thapelo khafetsa. Le hoja ho sebelisoa ha thapelo ho atile bolumeling ba lekholo la bo20 la lilemo, ho fapana ho hoholo ha mefuta le mekhoa ea ho rapela ho makatsa ba bangata ba batlang hore lithapelo tsa bona li arabeloe.
Na Thapelo Efe Kapa Efe e Lokile?
Kaha thapelo e ka mekhoa e mengata, na thapelo efe kapa efe feela e tla sebetsa? Ba bang ba ikutloa hore hafeela motho ea rapelang a ho etsa ka tieo ’me a “lumela,” ha ho tsotellehe hakaalo hore na ho sebelisoa thapelo ea mofuta ofe. U nahana joang? Ka baka la hore ho na le maikutlo a mangata a sa tšoaneng tabeng ena, ho hlokahala hore re tlohele maikutlo a batho, ’me re batle boitsebiso bo senotsoeng mohloling o mong o phahameng.
Likarabelo tse maqepheng a latelang li nkiloe mohloling o joalo, Bibele e Halalelang. E bontša hore hase feela thapelo efe kapa efe e lokileng haeba motho a lebelletse hore thapelo ea hae e utluoe ’me e arabeloe.
Bibele E Hlalosa Hore:
Na lithapelo li lokela ho lebisoa ho mang
Na ke hobane’ng ha lithapelo tse ling li sa arabeloe
Na ke eng e ka ’nang ea kōptjoa thapelong
Motho ea etsang thapelo o phetha karolo efe?
Tlhokahalo e ka sehloohong ke tumelo, e seng feela ho lumela ka tieo hore Molimo o teng le hore o ka utloa lithapelo. (Ba-Heberu 11:6) Tumelo e joalo e bontšoa ka ho loanela ho phela tumellanong le melao-motheo e lokileng ea Molimo e boletsoeng ka Bibeleng. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu Kreste o ile a hatisa ntlha ena: “Hase e mong le e mong ea mpitsang ‘Morena, Morena’ ea tla kena ’Musong oa leholimo, empa e tla ba feela ba etsang seo Ntate oa ka oa leholimo a batlang hore ba se etse.”—Mattheu 7:21, Today’s English Version.
E le mohlala oa bao lithapelo tsa bona li neng li ke ke tsa utluoa, moprofeta oa Moheberu Esaia o ile a ngola: “Leha le ka atisa lithapelo tsa lōna, [’na Jehova Molimo] nke ke ka li mamela: matsoho a lōna a tletse mali.” (Esaia 1:15) Kahoo batho leha e le bafe ba sa hlompheng khalalelo ea bophelo ba ke ke ba lebella hore lithapelo tsa bona li utluoe, ho sa tsotellehe hore na ba rapela hangata hakae le ka moea oohle hakae.
Ke hobane’ng ha “balumeli” ba bang hangata ba sa fumane likarabelo lithapelong tsa bona?
Ho lumela ka bohona ha hoa lekana ho khahlisa Molimo le ho etsa hore o arabele lithapelo tsa rōna. Esita le motho ea lumelang ntho e ’ngoe le e ’ngoe a ka ’na a ipolela hore oa lumela. Hore ho lumela ho tle ho be le motheo, ho tlameha ho theoa tsebong e nepahetseng, e ka fumanoang feela ka thuto ea Bibele. Ho phaella moo, ho lumela le tumelo li tlameha ho pakoa ka mesebetsi eo li e hlahisang. “Joale ka ha ’mele o se nang moea o shoele, le eona tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.”—Jakobo 2:26.
Ho ne ho tla hlokahala hore molumeli oa ’nete a hopole Molimo letsatsi le leng le le leng, a sa balehele thapelong feela ha a talimane le tsietsi. Hape o ne a tla etsa liketso tse bontšang tumelo, mesebetsi e nepahetseng e akarelletsang ho bua le ba bang ka ho lumela ha hae le tumelo ho Molimo.
Thapelo e lokela ho ba ka mokhoa ofe?
Thapelo ha ea lokela ho ba moetlo feela, kapa hona hore e lokela ho baloa bukeng. Hape thapelo ha ea lokela ho ba le lipolelo tse phetoa-phetoang joalokaha eka ho pheta-pheta ho e etsa hore e be e sebetsang haholoanyane. Hape thapelo ha ea lokela ho “etsoa” bakeng sa mponeng kapa ho khahlisa ba bang. Jesu o ile a fana ka keletso ena e molemo ka mokhoa oo lithapelo tsa rōna li lokelang ho ba ka oona le hore na re lokela ho qoba eng: “Ha le rapela, le tlameha hore le se ke la ba joaloka baikaketsi; hobane ba rata ho rapela ba eme masynagogeng le likoung tsa litsela tse pharaletseng hore ba bonahale ho batho. . . . Ha le rapela, le se ke la pheta-pheta lintho li le ling, joalokaha batho ba lichaba ba etsa, hobane ba nahana hore ba tla utluoa ka ho sebelisa ha bona mantsoe a mangata.”—Mattheu 6:5-7, NW.
Ha ho boemo bo khethehileng ba ’mele bo hlalositsoeng bakeng sa lithapelo hore li tle li utluoe. Leha ho le joalo, ho ne ho tla hlokahala hore motho ea rapelang a ikokobetse le ho bontša tlhompho ka boemo ba ’mele le mantsoe ao a a sebelisang thapelong ea hae.
Lithapelo li lokela ho lebisoa ho mang?
Buka ea Bibele ea Baheberu e bua ka motho ea “atamelang Molimo.” (Ba-Heberu 11:6) Molimo oo ke mang? Ho na le Molimo o le mong feela o Matla ’Ohle, le hoja ho e-na le melimo e mengata e entsoeng ke batho eo e bileng e leng ea bohata. (1 Ba-Korinthe 8:5, 6) Molimo o Matla ’Ohle oa Bibele o bitsoa Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Ke ’Mōpi oa lintho tsohle, ’me ka baka lena thapelo e lokela ho lebisoa ho eena feela. Ka ho hlakileng Jesu Kreste o ile a ruta balateli ba hae ho rapela: “Ntat’a rōna ea maholimong.” (Mattheu 6:9) Che, Jesu ha aa ka a ruta barutuoa ba hae hore ba rapele eena, ’m’ae Maria, kapa motho leha e le ofe e mong. Empa joale Molimo o hloka hore re hlokomele boemo ba Mora oa oona le ho etsa lithapelo tsa rōna tsohle ka lebitso la Jesu. Ke ka baka lena Kreste a ileng a bolella balateli ba hae: “Ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na.”—Johanne 14:6.
Joale, hore lithapelo li tle li amohelehe ho Molimo, li tlameha ho lebisoa ho Jehova Molimo ka Mora oa hae, Jesu Kreste. Ke hore, li tlameha ho etsoa ho Molimo ka lebitso la Jesu.
Ke eng e ka ’nang ea kōptjoa lithapelong?
“Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang tumellanong le thato ea oona, oa [Molimo] re utloa.” Tiiso ena eo ho bonahalang ho le thata ho e lumela e tlalehiloe ho 1 Johanne 5:14, NW. Empa na u hlokometse tlhokahalo ea motheo—“tumellanong le thato ea oona”? E, lebaka le ka sehloohong leo ka lona lithapelo tse ngata li sa arabeloeng ke hore motho ea rapelang ha aa qala pele ka ho leka ho fumana hore na thato ea Molimo ke efe.—Liproverbia 3:5-7.
E le tataiso e thusang kapa mohlala, Jesu o ile a nea barutuoa ba hae thapelo e tsebahalang haholo kajeno e le “Thapelo ea Morena.” (Mattheu 6:9-13) Le hoja e sa lokela ho etsoa e le moetlo, e bea lintho tse tlang pele tse loketseng. Pele ho tla lebitso la Molimo le morero oa oona. Ho latele litlhoko tsa nama tse thathamisitsoeng, tšoarelo, le ho lopolloa ho lekoeng ke e mobe. Polelo “Ntat’a rōna” e ka ’na ea thusa motho ea rapelang hore a atolose lithapelo tsa hae le monahano oa hae hore li se akarelletse feela litho tsa lelapa le beng ka eena empa hape le ba bang ba batlang ho khahlisa Moetsi oa bona.—Liketso 17:26, 27.
Lithapelo li lokela ho ba telele hakae?
Bibele ha e bolele ka ho toba hore na lithapelo li be telele hakae. Li ka ’na tsa e-ba khutšoanyane haholo kapa li ka ’na tsa etsoa motho a khutsitse. (Nehemia 2:4, NW; 1 Samuele 1:12, 13) Ka lehlakoreng le leng, lithapelo li ka ’na tsa hla tsa e-ba telele. Ho na le lekhetlo le leng leo ka lona Jesu a ileng “a qeta bosiu a ntse a rapela Molimo.” Ho bonahala eka mona e ne e le ha a kōpa tataiso ea bomolimo ha a khetha baapostola ba hae ba 12. (Luka 6:12) Kahoo bolelele ba lithapelo tse amohelehang bo tla fapana ho latela litlhoko.
Ntle le Tika-tiko Lithapelo Lia Arabeloa
Bibele e tletse tlaleho ea lithapelo tse ileng tsa arabeloa ke ‘Moutloi e moholo oa thapelo,’ Jehova Molimo. (Pesaleme ea 65:2, NW) Mohlala o totobetseng ke oa ‘thapelo e lekang’ mehleng ea moprofeta Elia, e tlalehiloeng ho Marena a pele khaolo ea 18. Lekholong la pele la lilemo, barutuoa ba Jesu ba ile ba e-ba le phihlelo ea karabelo ena e tlang hang-hang ea thapelo: “Eitse hobane ba rapele, nģalo eo ba phuthehetseng ho eona ea sisinyeha, ’me bohle ba tlala Moea o Halalelang, ’me ba bolela lentsoe la Molimo ka matla.”—Liketso 4:23-31.
Har’a liphihlelo tse mashome-shome tse amohetsoeng ke bahatisi ba koranta ena ho na le tsa banna le basali ba lilemo tsohle ba neng ba ikutloa hore ba fihlile boemong boo litaba li fetohang ho bona. Ka baka la liphello, ba kholisehile hore lithapelo tsa bona li ile tsa utluoa ’me tsa arabeloa.
Ho etsa mohlala: Mohlankana e mong ea phelang phuleng ea thaba e hōle ea Switzerland haufi le moeli oa Italy o re: “Ho hloka ha ka matla a ho fumana tharollo [mathateng a bophelo] ho ne ho hlakile hoo ke neng ke lakatsa ho shoa feela. . . . Ke ile ka etsa ntho e le ’ngoe feela e ileng ea tla kelellong ea ka. Ke ile ka rapela: ‘Oho Molimo o sa tsebjoeng, e tlameha e be u teng, ’me e tlameha e be u Molimo o lerato. Nthuse! Nke ke ka tsoela pele ho feta mona—nthuse ho fumana ’nete.’” Matsatsi a seng makae hamorao, banyalani ba bacha bao e neng e le Lipaki tsa Jehova ba ile ba fihla ha monna enoa. Ho ile ha lokisetsoa thuto ea Bibele, ’me hona joale ke paki e kolobelitsoeng ea Jehova.
Mooki ea nang le mangolo ea neng a phela bophelo bo hlokang thabo ka baka la botekatse ba monna oa hae bo ileng ba etsa hore ba qetelle ba arohane o ne a chesehela bolumeli ka ho tebileng. Ka tsatsi le leng o ile a rapela a tsielehile haholo, a kōpa hore Molimo o mo tsebise haeba o e-na le morero oo a ka o phelelang. Motšeareng oa mantsiboea ’ona ao, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tla ha hae mosebetsing oa tsona oa boboleli ba ntlo le ntlo. O ile a li memela katlung, a botsa lipotso tse ngata, ’me a thabela ho fumana likarabelo tsa Mangolo. Kamor’a nako, mooki ka boeena a fetoha ’moleli oa “litaba tse molemo” ’me o ne a khanna thuto ea Bibele.—Mattheu 24:14, NW.
E mong oa Lipaki tsa Jehova o ne a ntse a bala Molula-Qhooa ka koloing ea hae ha ka tšohanyetso motho e mong a mo khama. O ile a rapela Jehova Molimo ka moea oohle. Ea mo hlasetseng o ile a ema tlekelele ’me a tlohela ho mo khama. Paki e ile ea lumisa koloi, ea phahamisetsa monna eo letsoho hore a sale hantle, ’me ea mo siea a eme joaloka seemahale ka har’a ’mila.
Lefatšeng lena leo ho se lumele bolumeling le ho tlala khoao ho ntseng ho eketseha, batho ba ratang Molimo le ’nete ba ka khothatsoa ke tiiso e kholisang ea hore lithapelo tse etsoang ho Jehova Molimo, ka mocha o nepahetseng, ka mokhoa o nepahetseng, le ka boikutlo bo nepahetseng ba kelello le ba pelo lia utluoa. Molimo o matla ’ohle ha o na ho utloa lithapelo tse joalo feela empa hape o tla li arabela ntle le phoso, tumellanong le thato ea oona ea bomolimo le ka nako ea oona e khethiloeng.
[Lebokose le leqepheng la 4]
Mekhoa e Fapa-fapaneng ea Thapelo
Tlhahlobo e khutšoanyane ea mekhoa e fapa-fapaneng ea thapelo e sebelisoang kajeno e tla ipaka e le e re beang leseling.
Thapelo ea motheo e sebelisoang hangata bolumeling ba Hindu ke e isang hlompho ho molimo o khethiloeng kapa molimotsana, eo ho nahanoang hore ho na le e 330 000 000, e rapeloang litempeleng tse ka bang 10 000. Leha ho le joalo, hangata haholo Mahindu a sebelisa mokhoa o phahameng haholoanyane oa thapelo o ka ’nang oa e-ba ka mekhoa e ’meli—e ka ba ho thuisa (dhyana) kapa thoriso (stotra). Ho hatelloa haholo ho etsa lithapelo ka lentsoe le phahameng.
Matlong a baitlami ba Machaena ba Mabuddha le Matao, ho etsoa lithapelo kamehla ka makhetlo a mararo ka letsatsi (hoseng-seng, motšeare o moholo, le bosiu). Lithapelo tsena li tsamaea le molumo oa tšepe e nyenyane. Ho ba thusa ho rapela, baitlami ba Mabuddha ba roala khole e nang le lifaha tse 108. Ba bang bao e leng batho feela le bona ba sebelisa mokhoa ona oa rosari ho bala makhetlo ao lithapelo li etsoang ka ’ona.
Ho Masolomane a chesehang, karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea borapeli ba bona ke thapelo ea letsatsi le leng le le leng (salat). E lokela ho phetoa ka makhetlo a mahlano ka letsatsi ho talimiloe Mecca e Saudi Arabia.
Lithapelo tsa Bajode li akarelletsa tse nkiloeng ka ho toba ka Bibeleng, tse kang Lipesaleme. Lithapelo tse ling li akarelletsa tse ekelitsoeng ke bo-rabbi ba fapa-fapaneng.
Har’a ba ipolelang hore ke Bakreste, ho na le motsoako o moholo oa lithapelo le mekhoa ea ho rapela. Tsena li fapana ho tloha ka lithapelo tse phetoang motho a tšoere rosari ka letsoho ho ea ho lithapelo tse ngotsoeng, ’moho le mantsoe a fokolang a boleloang a sa lokisetsoa esale pele.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Lithapelo tsa Jesu li ile tsa arabeloa. Le tsa hao li ka arabeloa