Itšetlehe ka Matla a Fanoang ke Molimo
Lintlha tse Khōlō tsa Timothea oa Bobeli
JEHOVA o fa bahlanka ba hae matla a ho mamella liteko le mahloriso. ’Me Timothea le Bakreste ba bang ba ne ba hloka matla a fanoang ke Molimo! Menyenyetsi e bolela hore Moemphera Nero o ne a ikarabella ka mollo o timelitseng Roma ka 64 C.E. Ha a itšireletsa, o ile a beha Bakreste molato, kamoo ho bonahalang ka teng hona ho ile ha hlohlelletsa mahloriso a matla. Mohlomong ka nako eo (hoo e ka bang ka 65 C.E.), moapostola Pauluse o ne a tšoeroe hape Roma. Le hoja a ne a talimane le lefu, o ile a ngola lengolo la hae la bobeli le eang ho Timothea.
Lengolo la Pauluse le ile la lokisetsa Timothea ho hanela bakoenehi le ho ema a tiile ha a tobane le mahloriso. Le mo khothallelitse ho hatela pele moeeng ’me le boletse ka maemo a Pauluse teronkong. Lengolo lena le boetse le thusa babali ho tšepa matla a fanoang ke Molimo.
Utloisoang Bohloko ’me le Rute ka Mosa
Molimo o re neha matla a hore re mamelle mahloriso joaloka baboleli ba litaba tse molemo. (1:1-18) Ha ho mohla Pauluse a ileng a lebala Timothea lithapelong tsa hae, ’me o ne a hopola tumelo ea hae e se nang boikaketsi. Molimo ha oa neha Timothea ‘moea oa bokoala, empa o mo file oa matla, lerato, le kelello e nang le kahlolo e molemo.’ Kahoo a se ke a ba le lihlong ha a paka le ho utloisoa bohloko ka baka la litaba tse molemo. O ile a boela a phehelloa hore a “tiisetse mohlaleng oa litaba tsa pholoho” tseo a li utloileng ho Pauluse, joalokaha le rōna re lokela ho iphaphatha haufi-ufi le ’nete ea sebele ea Bokreste le hoja ba bang ba e fetohela.
Lintho tseo Pauluse a neng a li ruta li ne li lokela ho fetisetsoa ho banna ba tšepahalang ba neng ba tla ruta ba bang. (2:1-26) Timothea o ile a phehelloa ho ba lesole le letle la Kreste, le tšepahalang ha le utloisoa bohloko. Pauluse ka boeena o ile a utloisoa bohloko litlamong tsa teronko ka lebaka la ho bolela litaba tse molemo. O ile a khothalletsa Timothea ho etsa ka hohle kamoo a ka khonang ho itlhahisa e le mosebeletsi ea lumellehang ho Molimo, ea qobang lipolelo tsa mafeela tse senyang ho halalelang. ’Me o ile a bolelloa hore lekhoba la Morena le tlameha ho ruta ba bang ka mosa.
Bolela Lentsoe!
Matla a fanoang ke Molimo a tla hlokahala ho tobana le mehla ea qetello le ho tšehetsa ’nete ea Mangolo. (3:1-17) Har’a batho ba sa tšabeng Molimo ho ne ho tla hlaha batho ‘ba ithutang kamehla, empa e le ba sitoang ho fihla tsebong ea ’nete.’ Bao ba ‘lonya, ba thetsang ba ea ’ne ba tsoele pele tšenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetsoa.’ Leha ho le joalo, Timothea o ne a lokela ho ‘tsoela pele linthong tseo a ithutileng tsona.’ Le rōna re lokela ho etsa joalo, re tseba hore ‘Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, ho khalemela, ho otlolla lintho, ho laea ka ho loka, hore motho oa Molimo a tle a tšoanelehe hantle, ’me a hlomelloe ka ho felletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’
Timothea o ne a lokela ho hanela bakoenehi ’me a phethe tšebeletso ea hae. (4:1-22) O ne a ka etsa joalo ka ho ‘bolela lentsoe’ ’me a lule ho lona. Hona e ne e le ha bohlokoahali, kaha phutheho e ne e tobane le “nako e tletseng mathata,” (NW) hobane ba bang ba ne ba ruta thuto ea bohata. Lipaki tsa Jehova le tsona li khomarela Lentsoe la Molimo hona joale, li le bolela ka ho potlakileng ka phuthehong le ho batho ba ka ntle, esita le maemong a seng matle. Pauluse o “bolokile tumelo”, le hoja a ne a lahliloe ke ba bang. Empa ‘Morena a mo kenya matla hore polelo ea evangeli ea hae e phethehe ka eena.’ E se eka le rōna re ka itšetleha ka matla a fanoang ke Molimo ’me ra tsoela pele re bolela litaba tse molemo.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 31]
Lesole le Letle: Pauluse o phehelletse Timothea: “Joaloka lesole le letle la Kreste Jesu e-ba le kabelo ho utloisoeng bohloko. Ha ho motho ea sebeletsang e le lesole ea ikenyang litabeng tsa khoebo tsa bophelo, e le hore a tle a fumane kamohelo ea ea mo hirileng e le lesole.” (2 Timothea 2:3, 4, NW) Lesole le tsamaeang ka maoto la Moroma le ne le ‘utloisoa bohloko’ ha le jere libetsa tse boima, selepe, baskete, lijo tsa matsatsi a mararo, le lintho tse ling. (Wars of the Jews ea Josephus, Buka 3, khaolo 5) Le ne le sa phehelle lithahasello tsa khoebo, hobane hoo ho ne ho ke ke ha khahla mookameli oa lona, ’me litšenyehelo tsa lona li ne li koaheloa. Ka ho tšoanang, Mokreste o hlaheloa ke liteko tse tsamaisanang le ho ba “lesole le molemo la Kreste.” Le hoja a ka sebetsa mosebetsi oa boipheliso ho phetha litlamo tsa Mangolo, ha aa lokela ho lumella hore kamano le lintho tse bonahalang e mo tlohelise ho loana ntoa ea moea. (1 Ba-Thessalonika 2:9) Ka ho paka ka ntlo le ntlo, o tsokotsa “lerumo la Moea, e leng lentsoe la Molimo,” ’me o thusa batho ho lokoloha liphosong tsa bolumeli. (Ba-Efese 6:11-17; Johanne 8:31, 32) Kaha bophelo bo kotsing, e se eka masole ’ohle a Bakreste a ka tsoela pele ho khahlisa Jesu Kreste le Jehova Molimo ka tsela ena.