Latela Tsela e Fetisisang ea Lerato
JEHOVA MOLIMO ke lerato. (1 Johanne 4:8) Mor’a hae, Jesu Kreste, o itse re lokela ho rata Molimo le moahisani oa rōna. (Mattheu 22:37-40) E, Molimo o laola bokahohleng bohle motheong oa tšoaneleho ena! Kahoo, re tlameha ho latela tsela ea lerato e le hore re ka fumana bophelo bo sa feleng leha e le hokae.
Molimo o ile oa bontša lerato sechabeng sa Iseraele empa hamorao oa lahla mokhatlo oo o hlophisitsoeng ka baka la ho se tšepahale. Eaba o tsebisa phutheho ea barutuoa ba Jesu joaloka mokhatlo oa Oona o mocha o hlophisitsoeng. Joang? Ka lipontšo tse khethehileng tsa moea o halalelang o ba nehang matla a ho bua ka lipuo lisele le ho profeta. Ka hona, ka Pentekonta ea 33 C.E., Bajode le basokolohi ba 3 000 ba ile ba fetoha balumeli ’me ba tlohela mokhatlo o hlophisitsoeng oa khale ho kena ho o mocha oa Molimo. (Liketso 2:1-41) Kaha ka mor’a moo limpho tsa moea li ile tsa fanoa ka baapostola ba Jesu, lipontšo tse joalo li ile tsa fela ha ba e-shoa. (Liketso 8:5-18; 19:1-6) Empa ka nako eo limpho li ne li pakile hore mohau oa Molimo o ne o le Iseraeleng ea moea.—Ba-Galata 6:16.
Mehlolo e etsoang ke limpho tsa moea e ne e le molemo. Leha ho le joalo, ho bontša lerato kapa kameho e se nang boithati ho ba bang ke habohlokoa ho feta ho ba le limpho tsa moea. Moapostola Pauluse o ile a bontša sena lengolong la hae la pele ho Ba-Korinthe (hoo e ka bang ka 55 C.E.). Ho lona o ile a bua ka lerato e le “tsela e fetisisang.” (1 Ba-Korinthe 12:31) Tsela eo e tšohloa ho 1 Ba-Korinthe khaolo 13.
Ntle ho Lerato, ha re Letho
Pauluse o itse: “Leha nka bua lipuo tsa batho le tsa mangeloi, ha ke se na lerato, ke joale ka koporo e llang, leha e le cymbala e molumo o moholo.” (1 Ba-Korinthe 13:1) Ntle le lerato, ho ke ke ha bolela letho ho bua ka puo ea batho e fanoang ke moea kapa puo esele ea mangeloi a leholimo. Pauluse o ne a khetha ho bua mantsoe a mahlano a rutang ho e-na le a likete tse leshome ka puo esele eo batho ba sa e utloisiseng. (1 Ba-Korinthe 14:19) Motho ea se nang lerato a ka ba joaloka “koporo e llang”—terompeta e lerata, e tenang—kapa “cymbala e molumo o moholo” e se nang morethetho o monate. Ho bua ka lipuo lisele ho se nang lerato e ne e se tsela e tšelisang, e hahang moeeng ea ho rorisa Molimo le ho thusa batho ba oona. Kajeno, re bontša lerato ka ho sebelisa puo e utloahalang tšebeletsong ea Bokreste.
Moapostola o ile a boela a re: “Leha nka ba le neo ea boporofeta, kapa leha nka tseba liphiri tsohle le bohlale bohle [“tsebo eohle,” “NW”], leha nka ba le tumelo eohle, ka ba ka falatsa le lithaba, ha ke se na lerato, ha ke letho.” (1 Ba-Korinthe 13:2) Ho profeta ka mohlolo, kutloisiso e khethehileng ea liphiri tse halalelang, le tsebo e fanoang ke moea li ka ’na tsa tsoela ba bang molemo empa eseng ba nang le limpho tse joalo haeba ba nang le tsona ba se na lerato. Pauluse o ne a sebelisa kutloisiso e khethehileng ea liphiri tse halalelang ho thusa ba bang, ’me mpho ea tsebo e ile ea etsa hore a bolele esale pele ho pholoha ha batho ba ka sekepeng se senyehileng leoatleng. (Liketso 27:20-44; 1 Ba-Korinthe 4:1, 2) Leha ho le joalo, e ne e ke ke ea ba letho mahlong a Jehova haeba a e-na le ‘tsebo eohle le tumelo eohle’ empa a se na lerato.
Kajeno, moea oa Jehova o nolofalletsa Lipaki tsa hae ho utloisisa boprofeta ba Bibele le liphiri tse halalelang ’me o li tataisa ho neheng ba bang tsebo e joalo. (Joele 2:28, 29) Hape moea o hlahisa tumelo e hlokoang ho hlōla litšitiso tse kang lithaba. (Mattheu 17:20) Kaha moea o etsa lintho tsena, ho fosahetse ho ipatlela thoriso ka tsona. Ha re letho ntle leha re etsa lintho thorisong ea Molimo ’me re o rata le ho rata batho ba bang.—Ba-Galata 5:6.
Sehlabelo se se Nang Lerato ha se Thuse Letho
Pauluse o itse: “Leha nka aba maruo a ka ’ohle, ka fana ka ’ona, kapa leha nka tela ’mele oa ka hore o chesoe, ha ke se na lerato, tseo ha li nthuse letho.” (1 Ba-Korinthe 13:3) Ntle ho lerato, Pauluse o ne a ke ke a fumana molemo haeba a ne a ka nehela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e ruile ho fepa ba bang. Molimo o re putsa bakeng sa lerato le susumelletsang limpho tsa rōna, eseng bakeng sa bohlokoa ba theko ea tsona kapa hobane re batla thoriso joaloka ba fanang, joaloka Ananiase le Safira ba leshano. (Liketso 5:1-11) Pauluse o ile a beha mohlala o motle ka ho itela ka lerato mabapi le tšebeletso ea liphallelo bakeng sa balumeli ba Judea.—1 Ba-Korinthe 16:1-4; 2 Ba-Korinthe 8:1-24; 9:7.
Esita le ho shoela tumelo ho se nang lerato joaloka bopaki ba ’nete ha ho bolele letho ho Molimo. (Liproverbia 25:27) Jesu o ile a bua ka sehlabelo sa hae empa ha a ka a ithorisa ka sona. Ho e-na le ho ithorisa o ile a itela ka ho rata a susumetsoa ke lerato. (Mareka 10:45; Ba-Efese 5:2; Ba-Heberu 10:5-10) Banab’abo ba moea ba ‘behela ’mele ea bona e le sehlabelo se phelang’ tšebeletsong ea Molimo eseng ho shoela tumelo ha boithoriso empa ka litsela tse patehileng tse rorisang Jehova le ho bontša lerato la bona ho eena.—Ba-Roma 12:1, 2.
Litsela tse Ling Tseo ka Tsona Lerato le Tla Re Susumelletsa ho Etsa Lintho
Pauluse o ngotse: “Lerato lea mamella ’me le mosa.” (1 Ba-Korinthe 13:4a, “NW”) Ho ba bangata, mamello ea Molimo ho tloha sebeng sa Adama e tlisitse pako e lebisang polokong. (2 Petrose 3:9, 15) Haeba re e-na le lerato, re tla ruta ba bang ’nete ka mamello. Re tla qoba bohale ’me re tla nahanela ba bang le ho ba tšoarela. (Mattheu 18:21, 22) Hape lerato le mosa, ’me re atamela ho Molimo ka baka la mosa oa oona. Tholoana ea moea oa oona ea mosa e re thibela ho batla ho hongata ho ba bang ho feta seo o se batlang ho rōna. (Ba-Efese 4:32) Lerato le re etsa hore re be mosa esita le ho batho ba sa leboheng.—Luka 6:35.
Pauluse o ile a phaella: “Lerato ha le boulele, ha le ikhantše, ha le ikhohomose.” (1 Ba-Korinthe 13:4b, “NW”) Ho boulela ke mosebetsi oa nama o ka ntšetsang motho ka ntle ’Musong oa Molimo. (Ba-Galata 5:19-21) Lerato le re thibela ho boulella maruo a batho ba bang kapa maemo a boiketlo. Haeba a fumana tokelo ea tšebeletso eo re neng re e rata, lerato le tla etsa hore re thabe le eena, re mo tšehetse, le ho leboha Molimo hore a ka sebelisetsoa ho tsoela phutheho molemo.
Kaha lerato “ha le ikhantše,” ha le etse hore re ithorise ka seo Molimo o re lumellang ho se etsa tšebeletsong ea oona. Bakreste ba bang ba ne ba ithorisa joalokaha eka ke bona ba qalileng limpho tsa moea, empa li ne li tsoa ho Molimo, joaloka litokelo mokhatlong oa oona o hlophisitsoeng oa kajeno. Joale, ho e-na le ho ithorisa ka boemo ba rōna mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo, a re hlokomeleng hore re se ke ra oa. (1 Ba-Korinthe 1:31; 4:7; 10:12) Lerato “ha le ikhohomose,” empa monahano oa motho ea se nang lerato o ka ’na oa tlala ka ho inka e le oa bohlokoa. Batho ba nang le lerato ha ba inke ba phahametse ba bang.—1 Ba-Korinthe 4:18, 19; Ba-Galata 6:3.
Ha le Etse ho Soabisang, Ha le na Boithati, Ha le Halefe
Lerato “ha le etse ho soabisang, ha le ipatlele tsa lona, ha le halefe.” (1 Ba-Korinthe 13:5a) Le khothalletsa mekhoa e metle, boitšoaro ba bomolimo, ho hlompha bolaoli, le boitšoaro bo hlomphehang libokeng tsa Bokreste. (Ba-Efese 5:3-5; 1 Ba-Korinthe 11:17-34; 14:40; bapisa le Juda 4, 8-10.) Kaha lerato le etsa bohle ba ikutloe ba hlokahala, joaloka likarolo tsohle tsa ’mele oa motho, phutheho e nang le lerato ke sebaka sa khotso le tširelo. (1 Ba-Korinthe 12:22-25) Ho e-na le ho ‘ipatlela tsa lona’ ka boithati, lerato le etsa hore ka linako tse ling re tele litšoanelo tsa rōna ’me re bontše thahasello ho ba bang le boiketlong ba bona. (Ba-Filippi 2:1-4) Lerato le etsa hore re ‘be ntho tsohle ho batho ba mefuta eohle, hore mohlomong re boloke ba bang’ ka tšebeletso ea rōna.—1 Ba-Korinthe 9:22, 23, NW.
Lerato “ha le halefe.” Bohale ke mosebetsi oa nama ea boetsalibe, empa lerato le etsa hore re ‘liehe ho halefa.’ (Jakobo 1:19; Ba-Galata 5:19, 20) Esita le haeba re halefa ka ho utloahalang, lerato ha le re lumelle ho lula re halefile, ebe re neha Diabolose sebaka. (Ba-Efese 4:26, 27) Haholo-holo baholo ba tlameha ho qoba bohale haeba molumeli-’moho a hlōleha ho phethahatsa tlhahiso e itseng.
Hape Pauluse o itse ka lerato: “Ha le hopole bobe.” (1 Ba-Korinthe 13:5b) Lerato ha le boloke lethathamo la liphoso, joaloka litlaleho tse ngotsoeng bukeng ea likoloto. Le bona molemo ho balumeli-’moho ’me ha le iphetetse bakeng sa liphoso tsa ’nete kapa tse inahaneloang. (Liproverbia 20:22; 24:29; 25:21, 22) Lerato le re thusa ho “hahamalla lintho tse hlahisang khotso.” (Ba-Roma 14:19, NW) Pauluse le Barnabase ba ile ba ba le qabang ’me ba ikela ka litsela tse arohileng tšebeletsong ea Molimo, empa lerato le ile la felisa phapang ’me la ba thibela ho koetla khopiso.—Levitike 19:17, 18; Liketso 15:36-41.
Le Sekametse ho Lokeng le ’Neteng
Mabapi le lerato, Pauluse o ile a tsoela pele ho re: “Ha le thabele bokhopo, le mpa le thabela ’nete.” (1 Ba-Korinthe 13:6) Ba bang ba thabela ho sa lokang hoo ba sa ‘robaleng ha ba e-s’o ka ba etsa bobe.’ (Liproverbia 4:16) Empa ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ha re phehisane kapa ho thaba haeba e mong a tšoasitsoe ke sebe. (Liproverbia 17:5; 24:17, 18) Haeba ho ne ho bile le lerato le lekaneng ho Molimo le bakeng sa ho loka phuthehong ea Korinthe, boitšoaro bo bobe bo ne bo ke ke ba lumelloa. (1 Ba-Korinthe 5:1-13) Har’a tse ling, lerato la ho loka le re thibela ho thabela lipontšo tse sa lokang thelevisheneng, libaesekopong, kapa liholong tsa litšoantšiso.
Lerato “le thabela ’nete.” Mona ’nete le ho se loke lia fapanngoa. Kamoo ho bonahalang ka teng sena se bolela hore lerato le etsa hore re thabele tšusumetso ea ho loka eo ’nete e nang le eona bathong. Re fumana thabo linthong tse hahang batho le tse ntšetsang pele tsela ea ’nete le ea ho loka. Lerato le re thibela ho bua leshano, le re neha thabo ha ba lokileng ba pakoa ba se molato, ’me le etsa hore re thabele ho hlōla ha ’nete ea Molimo.—Pesaleme ea 45:4.
Kamoo Lerato le Sebelisanang le Lintho Tsohle
Ha a tsoela pele ka tlhaloso ea hae ea lerato, Pauluse o ngotse: “Le jara lintho tsohle, le kholoa lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.” (1 Ba-Korinthe 13:7, “NW”) Kaha “le jara lintho tsohle,” lerato le thibela khalefo joalokaha marulelo a sa lutleng a thibela pula. Haeba motho ea itseng a re siteloa empa a kōpa tšoarelo, lerato le etsa hore re jare khopiso, re tšoarele ea re sitetsoeng ho e-na le ho seba litaba. Ka lerato re leka ho ‘rua ngoan’abo rōna.’—Mattheu 18:15-17; Ba-Kolosse 3:13.
Lerato “le kholoa lintho tsohle” tse ka Lentsoeng la Molimo ’me le etsa hore re lebohe lijo tsa moea tse fanoang ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Mattheu 24:45-47) Le hoja re se batho ba kholoang feela, lerato le re thibela ho ba le pelo e sa lumeleng ’me le re thibela ho qosa balumeli-’moho ka merero e itseng e mebe. (Moeklesia 7:21, 22) Hape lerato “le tšepa lintho tsohle” tse tlalehiloeng ka Mangolong, joaloka linnete tse mabapi le ’Muso oa Molimo. Re susumetsoa ke lerato, rea tšepa le ho rapella ho fumana liphello tse molemo maemong a lekang. Hape lerato le re susumelletsa ho bolella ba bang lebaka la tšepo ea rōna. (1 Petrose 3:15) Ho phaella moo, lerato “le mamella lintho tsohle,” ho akarelletsa litšito khahlanong le rōna. (Liproverbia 10:12) Hape ho rata Molimo ho re thusa ho mamella mahloriso le liteko tse ling.
Pauluse o ile a phaella: “Lerato ha le hlōlehe le ka mohla.” (1 Ba-Korinthe 13:8a) Joalokaha Jehova a sa hlōlehe, kahoo lerato ha le hlōlehe. Kaha Molimo oa rōna oa bo-sa-feleng ke mothofatso oa lerato, le ka mohla tšobotsi ena e ke ke ea fela. (1 Timothea 1:17; 1 Johanne 4:16) Bokahohle bo tla busoa ka lerato ka mehla. Ka hona, a re rapeleng hore Molimo o re thuse ho hlōla litšobotsi tsa boithati le ho bontša tholoana ena ea moea oa oona e sa hlōleheng.—Luka 11:13.
Lintho tse Neng li Tla Fela
A supa pele, Pauluse o ngotse: “Athe ha e le boprofeta, bo tla fela; leha e le lipuo, li tla lesa ho ba teng, le eona tsebo e tla fela.” (1 Ba-Korinthe 13:8b) ‘Limpho tsa ho profeta’ li ne li etsa hore ba nang le tsona ba bolele boprofeta bo bocha. Le hoja limpho tse joalo li ile tsa fela ka mor’a hore phutheho ea Bokreste e thehoe joaloka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo, le ka mohla matla a oona a boprofeta a ke ke a fela, ’me Lentsoe la oona le na le boprofeta bohle boo re bo hlokang hona joale. Hape tsebo ea ho bua lipuo lisele tse fanoang ke moea li ile tsa lesa ho ba teng, ’me tsebo e khethehileng e ile ea “fela,” joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele. Empa Lentsoe le felletseng la Jehova le re neha seo re hlokang ho se tseba bakeng sa pholoho. (Ba-Roma 10:8-10) Ho feta moo, batho ba Molimo ba tletse moea oa oona ’me ba hlahisa litholoana tsa oona.
Pauluse o ile a tsoela pele: “Hobane re tseba ka nģa e le ’ngoe, ’me re profeta ka nģa e le ’ngoe feela. Empa mohla ho hlahang phetheho ke moo se leng ka nģa e le ’ngoe feela se tla felisoa.” (1 Ba-Korinthe 13:9, 10) Limpho tsa tsebo le boprofeta li ne li sa fella. Kamoo ho bonahalang ka teng, boprofeta bo joalo bo ne bo sa kenelle ka ho teba litabeng, ’me moprofeta e mong le e mong o ne a sa phethahala ho tsebiseng bokamoso, a haelloa ke tsebo e phethahetseng ka seo a se bolelang esale pele. Leha ho le joalo, butle-butle kutloisiso ea boprofeta e ntse e phethahala joale. Ka mohlala, linnete tse phethahatsang boprofeta ba Bibele li tiisa hore Jesu o nehiloe matla a borena holim’a batho ka 1914. Haesale ho tloha moo, re bile “nakong ea bofelo” ’me re thabela khōlo e tsoelang pele tsebong le kutloisisong ea moea ea boprofeta ba Bibele. (Daniele 12:4) Kahoo, re fihla phethahalong ea tsebo ’me e tlameha e be “phetheho” e haufi.
Tšoaneleho e Khōlō ka ho Fetisisa ea Sala
Pauluse ha a bua ka tsoelo-pele ea phutheho, o ile a ngola: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke bua joale ka ngoana, ke ne ke hopola joale ka ngoana, ke ne ke lekanya joale ka ngoana; mohla ke fetohileng monna, ke lahlile tsa bongoana.” (1 Ba-Korinthe 13:11) Kaha ngoana o etsa lintho motheong oa tsebo e lekanyelitsoeng le khōlo ea ’mele, a ka isoa koana le koana, joalokaha eka o koietsoa betheng ea hae. Empa monna o tiile haholoanyane ’meleng, o na le tsebo e eketsehileng, ’me hangata ha a isoe koana le koana habonolo. O tlositse menahano, maikutlo, le mekhoa ea bongoana. Ka ho tšoanang, ka mor’a hore mokhatlo oa lefatšeng o hlophisitsoeng oa Molimo o tsoe bongoaneng, O ile oa etsa qeto ea hore ha o hloke limpho tsa moea tsa ho profeta, lipuo lisele, le tsebo. Le hoja litho tsa phutheho ea kajeno, eo joale e leng lilemong tsa botsofali, li sa bone tlhoko ea limpho tse joalo, li thabela ho sebeletsa Molimo tlas’a tataiso ea moea oa oona.
Pauluse o ile a phaella: “Efela joale, re bona ka seipone; ka lerotho; mohlang oo, re tla senola, lifahleho li talimane; joale, ke tseba nģa e le ’ngoe feela; mohlang oo, ke tla tseba joale ka ha ke tsebiloe le ’na.” (1 Ba-Korinthe 13:12) Nakong ea bongoana ba phutheho, e ne e se nako ea Molimo ho senola lintho tse itseng. Kahoo, li ne li bonoa ka lerootho, joalokaha eka Bakreste ba ne ba shebile seiponeng se se nang bokaholimo bo bontšang hantle. (Liketso 1:6, 7) Empa re fetile ponahalo e lerootho. Phethahalo ea boprofeta le litšoantšetso li bonahala ka ho hlakileng, hobane ena ke nako ea Molimo ea tšenolo. (Pesaleme ea 97:11; Daniele 2:28) Le hoja Pauluse a ne a tseba Molimo, tsebo e phahameng ea Jehova le kamano e haufi haholo le Eena e ne e tla tla ha moapostola a tsosetsoa bophelong ba leholimo, ka hona a fumana moputso o felletseng oa bophelo ba hae ba Bokreste.
Ha a phetha tlaleho ea hae ea mothofatso oa lerato, Pauluse o ngotse: “Leha ho le joalo, joale ho setse tsena tse tharo, tumelo, tšepo, lerato; empa e khōlō ka ho fetisisa ho tsena ke lerato.” (1 Ba-Korinthe 13:13, “NW”) Ho sa tsotellehe ho ba sieo ha limpho tsa mohlolo tsa moea, phutheho joale e na le tsebo le mabaka a felletseng a tumelo, tšepo, le lerato tse enneng haholoanyane. E na le tumelo hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo o e tšepisitseng ho tšoana leha e se e phethahetse. (Ba-Heberu 11:1) Litšobotsi tsa tumelo li tla fela ha lintho tse boletsoeng esale pele Lentsoeng la Molimo li finyelloa. Likarolo tsa tšepo li tla fela ha re bona lintho tse lebelletsoeng. Empa lerato le tla sala ka ho sa feleng. Kahoo, e se eka Lipaki tsa Jehova tsohle li ka tsoela pele ho latela tsela e fetisisang ea lerato.