Ho Balehela Setšabelong Pele ho “Matšoenyeho a Maholo”
“Ha le bona Jerusalema e lika-liketsoa ke mabotho a ntoa a liahelong, . . . ba leng Judea a ba qale ho balehela lithabeng.”—LUKA 21:20, 21.
1. Ke hobane’ng ha ho potlakile hore bao e ntseng e le karolo ea lefatše ba balehe?
HO BOHLE bao e leng karolo ea lefatše la Satane, ho baleha ho potlakile. E le hore ba ka sireletsoa ha tsamaiso ea hona joale ea lintho e timetsoa lefatšeng, ba tlameha ho fana ka bopaki bo kholisang ba hore ba eme ba tiile ka lehlakoreng la Jehova ’me ha e sa le karolo ea lefatše leo Satane e leng ’musi oa lona.—Jakobo 4:4; 1 Johanne 2:17.
2, 3. Re tla tšohla lipotso life mabapi le mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 24:15-22?
2 Boprofeteng ba hae bo boholo mabapi le bofelo ba tsamaiso ea lintho, Jesu o ile a hatisa tlhokahalo e potlakileng ea ho baleha ho joalo. Re atisa ho tšohla se tlalehiloeng ho Matheu 24:4-14; empa, se latelang ke sa bohlokoa ka ho tšoanang. Re u khothaletsa ho phetla Bibele ea hao hona joale ’me u bale temana ea 15 ho ea ho ea 22.
3 Boprofeta boo bo bolela’ng? Lekholong la pele la lilemo, “ntho e nyonyehang e bakang lesupi” e ne e le eng? Ho ba ha eona “sebakeng se halalelang” ho ne ho bontša eng e haufi le ho etsahala? Ketsahalo eo e bolela’ng ho rōna?
“’Mali a a Sebelise Temoho”
4. (a) Daniele 9:27 e itse ke eng e tla latela ho furalla ha Bajuda Mesia? (b) Ha a ne a bua ka sena, ke hobane’ng ha ka ho hlaka Jesu a ile a re, “’Mali a a sebelise temoho”?
4 Hlokomela hore ho Matheu 24:15 Jesu o ile a bua ka se neng se ngotsoe bukeng ea Daniele. Khaolong ea 9 ea buka eo ho na le boprofeta bo ileng ba bolela ho tla ha Mesia esale pele le kahlolo e neng e tla oela sechaba sa Bajuda ka lebaka la ho mo furalla. Karolo e qetellang ea temana ea 27 (NW) e re: “’Me holim’a mapheo a lintho tse nyonyehang ho tla ba le ea bakang lesupi.” Neano ea Bajuda ba boholo-holo e ne e sebelisa karolo eo ea boprofeta ba Daniele tabeng ea ho silafatsoa ha tempele ea Jehova e Jerusalema ke Antiochus IV lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Empa Jesu o ile a lemosa: “’Mali a a sebelise temoho.” Ho silafatsoa ha tempele ke Antiochus IV, le hoja ka sebele ho ne ho nyonyeha, ha hoa ka ha fella ka hore Jerusalema, tempele kapa sechaba sa Bajuda li etsoe lesupi. Ka hona ho hlakile hore Jesu o ne a lemosa bamameli ba hae hore phethahatso ea sena e ne e se ea nako e fetileng empa e ne e le ea nako e tlang.
5. (a) Ho bapisa litlaleho tsa Kosepele ho re thusa joang ho tseba “ntho e nyonyehang” ea lekholong la pele la lilemo? (b) Ke hobane’ng ha Cestius Gallus a ile a kenya masole a Baroma Jerusalema ka potlako ka 66 C.E.?
5 “Ntho e nyonyehang” eo ba neng ba lokela ho e ela hloko ke eng? Hoa hlokomeleha hore tlaleho ea Matheu e re: “Ha le . . . bona ntho e nyonyehang e bakang lesupi, . . . e eme sebakeng se halalelang.” Leha ho le joalo, tlaleho e tšoanang le eo e ho Luka 21:20 e re: “Ha le bona Jerusalema e lika-liketsoa ke mabotho a ntoa a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse.” Ka 66 C.E., Bakreste ba neng ba lula Jerusalema ba ile ba bona seo Jesu a neng a ile a se bolela esale pele. Letoto la liketsahalo tse amanang le khohlano pakeng tsa Bajuda le liofisiri tsa Baroma le ile la lebisa tabeng ea hore Jerusalema e be selao sa borabele khahlanong le Roma. Ka lebaka leo, pefo e ile ea qhoma ho pholletsa le Judea, Samaria, Galilea, Dekapolise le Foenisia, ka leboea ea kenella Syria, le ka boroa ea kenella Egepeta. E le hore a ka tsosolosa khotso ka tekanyo e itseng karolong eo ea ’Muso oa Roma, Cestius Gallus o ile a kenya ka potlako mabotho a tsoang Syria Jerusalema, eo Bajuda ba neng ba e bitsa “motse [oa bona] o halalelang.”—Nehemia 11:1; Esaia 52:1.
6. Ke joang e bileng ’nete hore “ntho e nyonyehang” e neng e ka baka lesupi e ne e “eme sebakeng se halalelang”?
6 Ho ne ho tloaelehile hore mabotho a maholo a sesole sa Roma a tšoare lifolakha, tseo a neng a li talima li halalela empa tseo Bajuda ba neng ba li talima e le borapeli ba litšoantšo. Hoa thahasellisa hore ebe lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “ntho e nyonyehang” bukeng ea Daniele le sebelisitsoe haholo-holo bakeng sa litšoantšo tse rapeloang le borapeli ba litšoantšo.a (Deuteronoma 29:17) Ho sa tsotellehe ho hanyetsa ha Bajuda, mabotho a Baroma a tšoereng lifolakha tsa ’ona tsa borapeli ba litšoantšo a ile a kena Jerusalema ka November 66 C.E. eaba a qalella ho cheka lebota la tempele ka tlaase ka leboea. Ho ne ho se pelaelo hore “ntho e nyonyehang” e neng e ka baka lesupi le feletseng Jerusalema e ne e “eme sebakeng se halalelang”! Empa ke joang mang kapa mang a neng a ka baleha?
Ho Baleha ho ne ho Potlakile!
7. Ka tšohanyetso lekhotla la ntoa la Baroma le ile la etsa’ng?
7 Ka tšohanyetso le ka lebaka leo motho a ke keng a le utloisisa, ha ho ne ho bonahala eka Jerusalema e ne e ka haptjoa habonolo, lekhotla la ntoa la Baroma le ile la checha. Marabele a Bajuda a ile a lelekisa masole a Baroma a chechang empa feela ho fihlela Antipatrise, bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 50 ho tloha Jerusalema. Eaba a khutlela morao. Ha a fihla Jerusalema, a ile a bokana ka tempeleng ho lokisetsa leano la ’ona la ntoa e tsoelang pele. Bacha ba ile ba thaotheloa ho matlafatsa mabotho a tšireletso le ho sebeletsa sesoleng. Na Bakreste ba ne ba ka tšoaseha ho see? Esita le haeba ba ne ba se qoba, na ba ne ba tla ’ne ba be sebakeng se kotsi ha makhotla a Baroma a khutla?
8. Bakreste ba ile ba nka bohato bofe bo potlakileng ka lebaka la ho mamela mantsoe a Jesu a boprofeta?
8 Bakreste ba neng ba le Jerusalema le Judea eohle kapele ba ile ba sebetsa tumellanong le temoso ea boprofeta eo Jesu Kreste a neng a fane ka eona ’me ba balehela kantle ho sebaka se kotsi. Ho baleha ho ne ho potlakile! Ka nako e loketseng ba ile ba ea sebakeng se lithaba, ho ka etsahala hore ebe ba bang ba ile ba lula Pella, profinseng ea Perea. Ba ileng ba ela hloko temoso ea Jesu ha baa ka ba khutla ka booatla ho leka ho sireletsa matlotlo a bona a bonahalang. (Bapisa le Luka 14:33.) Ba tloha tlas’a maemo a joalo, basali ba baimana le ba anyesang ruri ba ile ba fumana e le leeto le boima la maoto. Paleho ea bona ha ea ka ea sitisoa ke lithibelo tsa letsatsi la Sabatha, ’me le hoja mariha a ne a atametse, a ne a e-s’o fihle. Ba neng ba etse temoso ea Jesu hloko ea ho baleha ka potlako, kapele ba ne ba sireletsehile kantle ho Jerusalema le Judea. Bophelo ba bona bo ne bo itšetlehile ka sena.—Bapisa le Jakobo 3:17.
9. Mabotho a Baroma a ile a khutla kapele hakae, ’me e le ka phello efe?
9 Selemong se latelang feela, ka 67 C.E., Baroma ba ile ba nchafatsa maqheka a bona a ntoa khahlanong le Bajuda. Taba ea pele, Galilea e ile ea hlōloa. Selemong se latelang, Judea e ile ea etsoa lesupi. Ka 70 C.E., mabotho a Baroma a ile a lika-liketsa Jerusalema ka boeona. (Luka 19:43) Tlala e ile ea e-ba matla haholo. Ba neng ba qabeletsoe ka motseng ba ile ba hlaselana. Mang kapa mang ea neng a leka ho baleha o ne a bolaoa. Joalokaha Jesu a ne a boletse, seo ba neng ba thulana le sona e ne e le “matšoenyeho a maholo.”—Matheu 24:21.
10. Haeba re bala ka temoho, re tla hlokomela eng hape?
10 Na seo se ile sa phethahatsa ka botlalo seo Jesu a neng a se boletse esale pele? Che, likhōlō li ne li sa ntse li e-tla. Haeba, joalokaha Jesu a ile a eletsa, re bala Mangolo ka temoho, re ke ke ra hlōleha ho hlokomela se sa ntseng se tla etsahala. Hape re tla nahana ka ho teba ka seo se se bolelang bophelong ba rōna ka borōna.
“Ntho e Nyonyehang” ea Kajeno
11. Daniele o bua ka “ntho e nyonyehang” litemaneng life hape tse peli, ’me moo ho buuoa ka nako efe?
11 Hlokomela hore, ho phaella ho seo re se boneng ho Daniele 9:27 (NW), ho Daniele 11:31 le 12:11 (NW), ho buuoa ka ho eketsehileng mabapi le “ntho e nyonyehang e bakang lesupi.” Ha ho le o mong mehlaleng ena ea morao oo ho buuoang ka timetso ea Jerusalema ho oona. Ha e le hantle, se buuoang ho Daniele 12:11 se hlaha litemaneng tse peli feela ka mor’a hore ho buuoe ka ‘nako ea bofelo.’ (Daniele 12:9) Re ’nile ra phela nakong e joalo ho tloha ka 1914. Ka hona ho hlokahala hore re falimehele ho tseba “ntho e nyonyehang e bakang lesupi” ea kajeno ebe re tiisa hore re tsoa sebakeng sa kotsi.
12, 13. Ke hobane’ng ha ho loketse ho bolela hore Selekane sa Lichaba ke “ntho e nyonyehang” ea kajeno?
12 “Ntho [eo] e nyonyehang” ea kajeno ke eng? Bopaki bo bontša hore ke Selekane sa Lichaba, se ileng sa qala ho sebetsa ka 1920, kapele ka mor’a hore lefatše le kene nakong ea lona ea bofelo. Empa e ne e ka ba “ntho e nyonyehang e bakang lesupi” joang?
13 Hopola, lentsoe la Seheberu bakeng sa “ntho e nyonyehang” le sebelisoa ka Bibeleng haholo-holo ha ho buuoa ka litšoantšo tse rapeloang le mekhoa ea borapeli ba litšoantšo. Na Selekane see se ne se rapeloa? Ka sebele ho bile joalo! Baruti ba ile ba se beha “sebakeng se halalelang,” ’me balateli ba bona ba ile ba tsoela pele ho se fa boinehelo bo tebileng. Federal Council of the Churches of Christ e Amerika e ile ea phatlalatsa hore Selekane sena e ne e tla ba “pontšo ea lipolotiki ea ’Muso oa Molimo lefatšeng.” Senate ea United States e ile ea amohela qubu ea mangolo a tsoang lihlopheng tsa bolumeli a e phehellang ho amohela Tumellano ea Selekane sa Lichaba. Sehlopha se akaretsang sa Mabaptiste, Macongregational le Mapresbitheri Brithani se ile sa se thoholetsa e le “eona feela kofuto e fumanehang bakeng sa ho finyella [khotso lefatšeng].”—Bona Tšenolo 13:14, 15.
14, 15. Selekane sa Lichaba ’me hamorao Machaba a Kopaneng li bile “sebakeng se halalelang” ka tsela efe?
14 ’Muso oa Molimo oa Bomesia o ne o hlonngoe maholimong ka 1914, empa lichaba li ile tsa tsoela pele ho loanela bobusi ba tsona. (Pesaleme ea 2:1-6) Ha ho ne ho buelloa Selekane sa Lichaba, lichaba tse neng li sa tsoa loana ntoeng ea pele ea lefatše, esita le baruti ba neng ba ile ba hlohonolofatsa masole a tsona, ba ne ba se ba bontšitse hore ba ne ba furaletse molao oa Molimo. Ba ne ba sa itšetleha ka Kreste e le Morena. Kahoo ba ile ba abela mokhatlo oa batho karolo ea ’Muso oa Molimo; ba ile ba beha Selekane sa Lichaba “sebakeng se halalelang,” sebaka seo e neng e se sa sona.
15 E le mohlahlami oa Selekane sena, Machaba a Kopaneng a ile a hlaha ka la 24 October, 1945. Hamorao, bapapa ba Roma ba ile ba thoholetsa Machaba a Kopaneng e le “tšepo ea ho qetela bakeng sa kutloano le khotso” le “mocha o phahameng ka ho fetisisa oa khotso le toka.” E, Selekane sa Lichaba, hammoho le mohlahlami oa sona, Machaba a Kopaneng, ruri e ile ea e-ba setšoantšo se rapeloang, “ntho e nyonyehang” mahlong a Molimo le a batho ba hae.
Ho Baleha Eng?
16. Ho hlokahala hore ba ratang ho loka ba balehele kantle ho eng kajeno?
16 Ba ratang ho loka ha ba “bona” sena, ba hlokomela seo mokhatlo oo oa machaba o leng sona le kamoo o rapeloang, ho hlokahala hore ba balehele setšabelong. Ba balehele kantle ho eng? Kantle ho seo se tšoantšetsoang ke Jerusalema ea boholo-holo, e leng, Bokreste-’mōtoana, le kantle ho Babylona e Moholo, tsamaiso ea lefatše lohle ea bolumeli ba bohata.—Tšenolo 18:4.
17, 18. “Ntho e nyonyehang” ea kajeno e tla baka lesupi lefe?
17 Hape, hopola hore lekholong la pele la lilemo, ha lekhotla la Baroma ka lifolakha tsa lona tse rapeloang le ne le kena ka motseng o halalelang oa Bajuda, le ne le le moo ka morero oa ho etsa Jerusalema lesupi le ho felisa tsamaiso ea eona ea borapeli. Mehleng ea rōna lesupi ha le na ho tlela motse o le mong feela, leha e le hona hore le tla tlela Bokreste-’mōtoana feela, empa le tla tlela tsamaiso eohle ea lefatše ea bolumeli ba bohata.—Tšenolo 18:5-8.
18 Ho Tšenolo 17:16, ho boletsoe esale pele hore sebata sa tšoantšetso se ’mala o sekareleta, se ipakileng e le Machaba a Kopaneng, se tla hlasela Babylona e Moholo e kang seotsoa ’me se tla e felisa ka mabifi. Ha e sebelisa puo ea tšoantšetso, e re: “Linaka tse leshome tseo u li boneng, le sebata, tsena li tla hloea seotsoa ’me li tla se ripitla le ho se hlobolisa, ’me li tla ja kaofela likarolo tse linama tsa sona ’me li tla se chesa ka ho feletseng ka mollo.” Ho lemoha seo sena se tla se bolela hoa hlolla. Ho tla fella ka ho fela ha bolumeli ba bohata ba mefuta eohle likarolong tsohle tsa lefatše. Ka sebele sena se tla bontša hore matšoenyeho a maholo a qalile.
19. Ke mekha efe e ’nileng ea e-ba karolo ea Machaba a Kopaneng haesale a thehoa, ’me ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?
19 Hoa hlokomeleha hore kaha Machaba a Kopaneng a qalile ho sebetsa ka 1945, mekha e latolang boteng ba Molimo, e khahlanong le bolumeli e ’nile ea e-ba e hlahelletseng lithong tsa ’ona. Linakong tse sa tšoaneng lefatšeng lohle, mekha eo tšekamelo ea eona e leng ho etsa liphetoho tse feteletseng e ’nile ea sebelisoa bakeng sa ho etsa hore litšebeletso tsa bolumeli li khinoe haholo kapa li thibeloe ka ho feletseng. Leha ho le joalo, lilemong tse seng kae tse fetileng, libakeng tse ngata ho ’nile ha e-ba le ho khoehlisa khatellong ea ’muso lihlopheng tsa bolumeli. Ho batho ba bang ho ka ’na ha bonahala eka kotsi leha e le efe bolumeling e fetile.
20. Malumeli a lefatše a iketselitse botumo ba mofuta ofe?
20 Malumeli a Babylona e Moholo a tsoela pele ho ba tšusumetso e nang le tšitiso e matla lefatšeng. Hangata lihlooho tsa litaba li tsebahatsa mekha e loantšanang le lihlopha tsa likhukhuni ka ho bolela lebitso la bolumeli boo li bo tšehetsang. Mapolesa a merusu le masole a ’nile a tlameha ho itšohlometsa ka litempeleng ho thibela pefo pakeng tsa mekha e ’meli ea bolumeli e loantšanang. Lihlopha tsa bolumeli li ’nile tsa lefella liphetohelo tsa lipolotiki. Lehloeo la bolumeli le nyopisitse boiteko ba Machaba a Kopaneng ba ho boloka likamano tse tsitsitseng pakeng tsa merabe. Ha mekha e itseng ka har’a Machaba a Kopaneng e phehella pakane ea khotso le tšireletseho, e ka rata ho bona tšusumetso leha e le efe ea bolumeli e emeng tseleng ea eona e tlosoa.
21. (a) Ke mang ea tla lekanyetsa hore na Babylona e Moholo e lokela ho felisoa neng? (b) Ke’ng eo ho potlakileng ho e etsa pele ho moo?
21 Ho boetse ho na le tšusumetso e ’ngoe ea bohlokoa e lokelang ho nahaneloa. Le hoja linaka tse nang le matla a sesole tsa Machaba a Kopaneng li tla sebelisoa ho felisa Babylona e Moholo, pheliso eo ruri e tla ba pontšo ea kahlolo ea bomolimo. Ho lihuoa ha kahlolo ho tla tla nakong eo Molimo a e behileng. (Tšenolo 17:17) Hona joale re lokela ho etsa’ng? Bibele ea araba: “Tsoang ho eena”—tsoang ho Babylona e Moholo.—Tšenolo 18:4.
22, 23. Paleho e joalo e akarelletsa eng?
22 Ho balehela setšabelong hona hase ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng, ho kang hoo Bakreste ba Bajuda ba ileng ba ho etsa ha ba furalla Jerusalema. Ke ho balehela kantle ho malumeli a Bokreste-’mōtoana, e, kantle ho karolo leha e le efe ea Babylona e Moholo. Ho bolela ho ikarola ka ho feletseng e seng feela mekhatlong ea bolumeli ba bohata empa hape le litloaelong le maikutlong tseo bo li ntšetsang pele. Ke ho balehela setšabelong mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova oa puso ea Molimo.—Baefese 5:7-11.
23 Ha bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng ba qala ho tsebahatsa ntho e nyonyehang ea kajeno, e leng Selekane sa Lichaba, ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, Lipaki li ile tsa itšoara joang? Li ne li se li ntse li khaolitse ho ba litho tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Empa butle-butle li ile tsa hlokomela hore li ne li ntse li khomaretse meetlo le mekhoa e meng ea Bokreste-’mōtoana, e kang tšebeliso ea sefapano le ho keteka Keresemese le matsatsi a mang a phomolo a bohetene. Ha li hlokomela ’nete mabapi le lintho tsena, li ile tsa nka bohato hang-hang. Li ile tsa ela hloko keletso e ho Esaia 52:11: “Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama litšila, tsoang har’a bona! Itlhatsoeng, lōna ba jarang lipitsa tsa Jehova!”
24. Haholo-holo ho tloha ka 1935, ke bo-mang ba kopanetseng palehong?
24 Haholo-holo ho tloha ka 1935 ho ea pele, letšoele le ntseng le hōla la ba bang, batho ba neng ba e-na le tebello ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise, ba ile ba qala ho nka bohato bo tšoanang. Le bona ba ‘bone ntho e nyonyehang e eme sebakeng se halalelang,’ ’me ba hlokomela seo e se bolelang. Ka mor’a hore ba iketsetse qeto ea ho baleha, mabitso a bona a ile a tlosoa mathathamong a litho a mekhatlo eo e leng karolo ea Babylona e Moholo.—2 Bakorinthe 6:14-17.
25. Ho hlokahala eng ho phaella ho khaoleng maqhaama leha e le afe ao e ka ’nang eaba motho o na le ’ona le bolumeli ba bohata?
25 Leha ho le joalo, ho balehela kantle ho Babylona e Moholo ho akarelletsa ho hongata ho feta ho furalla bolumeli ba bohata. Ho ameha ho fetang ho ba teng libokeng tse seng kae feela Holong ea ’Muso kapa ho tsoa ho ea bolela litaba tse molemo tšebeletsong ea tšimo hang kapa habeli ka khoeli. Ho ka etsahala hore motho a be kantle ho Babylona e Moholo ka ’mele, empa na ehlile o e furalletse? Na o ikarohantse le lefatše leo Babylona e Moholo e leng karolo e ka sehloohong ea lona? Na o sa ntse a khomaretse lintho tse bontšang maikutlo a lona—maikutlo a nyefolang litekanyetso tse lokileng tsa Molimo? Na o nka boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali le ho tšepahala lenyalong habobebe? Na o nka lithahasello tsa botho le tsa lintho tse bonahalang e le tsa bohlokoa ho feta lithahasello tsa moea? O tlameha hore a se ke a itumella ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho.—Matheu 6:24; 1 Petrose 4:3, 4.
Le se ke la Lumella Letho ho le Sitisa ho Baleha!
26. Ke’ng se tla re thusa hore re se qale feela ho baleha empa re ho qetelle ka katleho?
26 Ha re balehela setšabelong, re tlameha hore re se ke ra lakatsa lintho tse ka morao. (Luka 9:62) Ho hlokahala hore re tsepamise likelello tsa rōna le lipelo ’Musong oa Molimo le ho loka ha hae. Na re ikemiselitse ho bontša tumelo ea rōna ka ho batla lintho tsee pele, re kholisehile hore Jehova o tla hlohonolofatsa tsela e joalo ea botšepehi? (Matheu 6:31-33) Tumelo ea rōna e thehiloeng Mangolong e lokela ho re susumelletsa pakaneng eo ha ka cheseho re letetse hore liketsahalo tsa bohlokoa li senolehe holim’a lefatše.
27. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho nahana ka ho teba ka lipotso tse botsitsoeng moo?
27 Ho lihuoa ha kahlolo ea bomolimo ho tla qala ka ho felisoa ha Babylona e Moholo. ’Muso oo oa bolumeli ba bohata o kang seotsoa o tla felisoa ka ho sa feleng. Nako eo e haufi haholo! Boemo ba rōna e tla ba bofe re le batho ka bomong ha nako eo ea bohlokoa e fihla? ’Me ha mahlomola a maholo a fihla sehlohlolong, ha tsamaiso eohle ea Satane e felisoa, re tla fumanoa ka lehlakoreng lefe? Haeba re nka bohato bo hlokahalang hona joale, re tiisetsoa tšireletseho. Jehova oa re bolella: “Empa ha e le ea nkutloang, eena o tla ikahela ka khotso, a se na ho tšoha kotsi.” (Liproverbia 1:33) Ka ho tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi bo sa sekisetseng le ka thabo qetellong ea tsamaiso ena, re ka ’na ra tšoanelehela ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., Moqolo oa 1, maqepheng a 634-5.
Na U sa Hopola?
◻ “Ntho e nyonyehang” ea kajeno ke eng?
◻ ‘Ntho e nyonyehang e sebakeng se halalelang’ ka kutloisiso efe?
◻ Ho balehela setšabelong ho akarelletsa eng hona joale?
◻ Ke hobane’ng ha bohato bo joalo bo potlakile?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
E le hore ba ka pholoha, balateli ba Jesu ba ile ba tlameha ho baleha ntle ho tieho