Liithuti Tsa Lentsoe la Molimo Tse Abeloang Mangolo
KA HO etsisa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, Lipaki tsa Jehova li tsebahala lefatšeng ka bophara ka ho bolela ha tsona ka ntlo le ntlo. Mosebetsi ona o ile oa hatisoa lipolelong tse bulang lenaneong la kabo ea mangolo ea sehlopha sa bo102 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower.
Ka la 1 March, 1997, Albert Schroeder, setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, o ile a lebisa tlhokomelo sehloohong se seng sa morao tjena sa koranta ea Fora ea Le Point. Se ne se bontša ka litokisetso tsa Roma e K’hatholike tsa ho qalisa ho bolela ka ntlo le ntlo Italy. Sehlooho sena se itse: “E le hore [baromuoa ba Vatican] ba se ke ba fihla ba sa tšoara letho ha ba hlōlisana le Lipaki tsa Jehova tšimong ea tsona, Vatican e bile ea hatisa likopi tse milione tsa Kosepele ea Mohalaleli Mareka hobane manģosa a eona a tobana le litsebi [Lipaki] mosebetsing oa ntlo le ntlo oa ‘ho tsamaisa’ lentsoe le molemo.”
Liithuti tsena tse 48 li har’a ba ileng ba etsisa mekhoa ea Jesu ea ho bolela e bontšang botsebi ha ba hasa Lentsoe la Molimo. Ha li e-tla Setsing sa Thuto sa Watchtower se Patterson, New York, li ne li e-tsoa linaheng tse robeli. Likhoeling tse hlano tseo li bileng sekolong ka tsona, li ithutile Bibele kaofela. Thupelo ea tsona e ne e boetse e akarelletsa histori ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo, lintlha tseo ba ka li sebelisang bophelong ba boromuoa, le litholoana tsa moea oa Molimo. Sena sohle se ne se etsoa ho nahannoe ka pakane e le ’ngoe—ho li lokisetsa tšebeletso ea boromuoa linaheng lisele tse 17 tseo li neng li romeloa ho tsona. Ha li ntse li abeloa mangolo, bamameli ba 5015 ba lichaba tse sa tšoaneng ba ile ba kopanela thabong ea ketsahalo ena. Liithuti tsee tsa Gileade li ile tsa fumana keletso efe ea ho qetela e sebetsang?
Khothatso e Nakong Bakeng sa Baromuoa ba Bacha
Ka mor’a lipolelo tse bulang tsa molula-setulo, Ralph Walls, mothusi oa Komiti ea Basebetsi ea Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo ea pele e khutšoanyane e nang le keletso eo baromuoa ba bacha ba ka e sebelisang. Sehlooho sa hae se ne se re “Hopola ho Rata.” O ile a bontša hore Bibele, ho 2 Timothea khaolo ea 3, e boletse esale pele hore lefatše le ne le tla hloka lerato ka ho eketsehileng. O ile a fana ka khopotso ena e nakong ho baromuoa bana ba bacha, tumellanong le tlhaloso ea lerato e fumanoang ho 1 Bakorinthe 13:1-7: “Lōna, joaloka baromuoa, le ka ’na la sebetsa lihora tse ngata ho feta tseo le lebeletsoeng ho li sebetsa. Le ka ’na la ba le tsebo e ngata eo le e fumaneng koetlisong ea lōna ea Gileade. Kapa rōna re ka ’na ra sebetsa ka cheseho ka nako e eketsehileng likabelong tsa rōna tsa lekala. Empa boiteko bohle ba rōna le boitelo e ba lefeela haeba re lebala ho rata.”
Ea ileng a latela lenaneong e bile Carey Barber, oa Sehlopha se Busang, ea ileng a tšohla sehlooho sena “Jehova o re Etella Pele ho ea Tlhōlong.” Ho sa tsotellehe mahloriso, ho tloha ho qaliseng ha bona ho honyenyane ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, Jehova Molimo o eteletse bahlanka ba hae ba tšepahalang pele ho ea tlhōlong tabeng ea ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae. Ka 1931 Liithuti tsa Bibele, e leng kamoo ba neng ba tsejoa kateng ka nako eo, li ile tsa amohela lebitso la Lipaki tsa Jehova, le ileng la ferekanya baruti ba Bokreste-’mōtoana. Mor’abo rōna Barber o ile a re: “Sehlopha sa bo102 sa baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade hona joale se na le tokelo e hlollang ea ho ba le karolo e khōlō mosebetsing o babatsehang oa ho fa ba bangata kamoo ho ka khonehang monyetla oa ho ithuta lebitso leo le halalelang.” Ba kopanyelletsoa lethathamong le lelelele la baromuoa ba 7131 ba koetlisitsoeng Sekolong sa Gileade le ba thusitseng ho atolosa boboleli ba Lentsoe la Molimo ho tloha linaheng tse 54 ka 1943 ho ea ho tse 233 kajeno.
Sebui se latelang, Lloyd Barry, eo le eena e leng setho sa Sehlopha se Busang, e bile seithuti sa sehlopha sa bo11 sa Gileade ’me a sebeletsa e le moromuoa Japane ka lilemo tse fetang 25. O ile a fana ka khothatso ka sehlooho sa hae se reng, “Lula Linthong Tsena.” O ile a re ho liithuti, “le tla fumana thabo e khōlō ka ho mamella.” Ke meputso efe e tlang ka ho mamella mosebetsing oa boromuoa kapa kabelong leha e le efe ea puso ea Molimo? “Ka holimo ho tsohle, mamello ea rōna e thabisa pelo ea Jehova . . . Ho na le khotsofalo e khōlō e ka fumanoang ka ho tšepahala ha re lekoa . . . Etsa tšebeletso ea boromuoa mosebetsi oa hao oa bophelo bohle . . . Moputso oa hao e tla ba ‘u entse hantle’ e thabisang.” (Matheu 25:21; Liproverbia 27:11) Ha a phetha puo ea hae, Mor’abo rōna Barry ka mofuthu o ile a khothalletsa baromuoa ba bacha ho “lula linthong tsena” ka ho ikemisetsa hore tšimo ea boromuoa e hle e be bophelo ba bona.—1 Timothea 4:16.
“U Tla Bona Eng?” e bile potso e ileng ea phahamisoa ke Karl Adams, ea bileng le karolo ho ruteng lihlopha tse ngata tsa Gileade. O ile a bontša hore seo baromuoa ba bacha ba neng ba tla se bona likabelong tsa bona ha sea itšetleha feela ka seo ba tla se bona ka mahlo a bona a nama empa se itšetlehile hape ka mahlo a lipelo tsa bona. (Baefese 1:18) Sena se ile sa tšoantšoa le seo lihloela tsa Baiseraele li ileng tsa se bona ha li hlahloba Naha e Tšepisitsoeng. Lihloela tse 12 kaofela li ile tsa bona lintho tse tšoanang ka leihlo la nama, empa ke tse peli feela tse ileng tsa bona Naha e Tšepisitsoeng ka leihlo la Molimo. Baromuoa le bona ba ka bona lintho ka litsela tse sa tšoaneng. Linaheng tse ling tseo ba tla beng ba sebeletsa ho tsona, ba ka ’na ba bona bofutsana, bohloko le ho hloka tšepo. Empa ha baa lokela ho arabela ka mokhoa o seng motle ’me ba tloha naheng eo. Mor’abo rōna Adams o ile a bua ka moromuoa e mong sehlopheng sa morao tjena ea ileng a re: “Liphihlelo tsena li ile tsa etsa hore ke hlokomele hore ke tlameha ho lula mona. Batho bana ho hlokahala hore ba be le tšepo ka nako e tlang. Ke batla ho etsa hore ho be le phapang bophelong ba bona.” Mor’abo rōna Adams o ile a qetella ka ho khothalletsa baromuoa ba bacha ho talima linaha tseo ba li abetsoeng joaloka libaka tseo Jehova a rerileng ho li etsa karolo ea Paradeise ea Hae ea lefatše lohle le ho talima batho ba moo e le bao e ka bang litho tsa mokhatlo oa lefatše le lecha.
Puo ea ho qetela karolong ena ea lenaneo e ne e le ea Wallace Liverance, ea ileng a sebeletsa tšimong ea boromuoa ka lilemo tse ngata pele e e-ba morupeli oa Gileade. Sehlooho sa hae se ne se re “Sebetsa ka ho Utloisisa Mesebetsi ea Molimo e Babatsehang.” Ho sebetsa ka kutloisiso ho akarelletsa ho sebetsa ka bohlale, masene le kahlolo e molemo. Eo ke ntho eo Morena Saule oa Iseraele a ileng a hlōleha ho e etsa.—1 Samuele 13:9-13; 15:1-22.
Tsela e ’ngoe ea ho sebetsa ka kutloisiso ke ea ho amohela liphephetso tsa ho itloaetsa tsela e ncha ea bophelo, ho akarelletsa le ho ithuta puo e ncha le ho tseba batho. Liphihlelo tseo baromuoa ba bang le tsona ha ba thulana le liphephetso le ho hlōla litšitiso li ka ba matlafatsa moeeng ka tsela eo Joshua le Kalebe ba ileng ba matlafatsoa ka eona ha ba hapa naha eo Molimo a neng a ba abetse eona.
Lipuisano
Karolo e latelang ea lenaneo e ne e akarelletsa letoto la lipuisano. Harold Jackson o ile a buisana le Ulysses Glass, mongolisi le morupeli oa nako e telele oa Sekolo sa Gileade, eo hona joale a leng lilemo li 85. Baromuoa ba bangata ba ntseng ba le tšimong ba hopola hantle lilemo tseo ka tsona a neng a ruta le ho koetlisa ka botšepehi. Ho ile ha latela Mark Noumair, morupeli oa Gileade ea ileng a qeta lilemo tse ngata a sebeletsa linaheng lisele Afrika pele e e-ba e mong oa basebetsi ba Sekolo sa Gileade. O ile a buisana le liithuti ka tšebeletso ea tsona nakong ea likhoeli tse hlano tsa ha li ntse li le sekolong. Liphihlelo tsa tsona li ile tsa bontša ka ho hlaka hore ho na le batho ba thahasellang Lentsoe la Molimo tšimong ea sebaka seo.
Eaba Robert Ciranko le Charles Molohan ba bua le banna ba nang le phihlelo ba neng ba le sekolong se seng mehahong eo, sekolo sa basebetsi ba makala. Keletso ea bona sehlopheng sena se abeloang mangolo e ne e akarelletsa tlhokahalo ea ho ikokobetsa le ho tlatsetsa bonngoeng ba phutheho. Ba ile ba etsa tlhahiso ea hore ba abeloang mangolo ba se be le maikutlo a itseng ka se tla etsahala mosebetsing oa boromuoa pele ba se tseba empa, ho e-na le hoo, ba mpe ba ikemisetse ho amohela boemo bofe kapa bofe boo ba thulanang le bona. Ntle ho pelaelo ho sebelisa keletso ena ho tla thusa baromuoa ba bacha ho phethahatsa likabelo tsa bona joaloka matichere a Lentsoe la Molimo.
Qetellong, Theodore Jaracz, setho sa Sehlopha se Busang o ile a bua le bamameli ka sehlooho se reng, “Ke Eng e Susumetsang Mang?” O ile a hlalosa hore ha rōna joaloka Bakreste re bonahatsa litholoana tsa moea, re ka ba tšusumetso e molemo ho batho ba bang. O ile a re: “Baromuoa ba romeloang ke mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng ba bile le tlaleho e babatsehang ea ho susumetsa batho ka tsela e molemo, ea moea.” Joale o ile a qotsa litlhaloso tse ling tse ileng tsa etsoa ke batho ka bomong ba thusitsoeng ho sebeletsa Molimo ka lebaka la mehlala e metle e behiloeng ke baromuoa. O ile a phetha: “E se eka le ka boloka botumo boo batho ba Jehova ba bileng le bona ’me la tsoela pele ho kokota menyakong eo e kabelong ea lōna linaheng lisele le ntse le batla ba tšoanelehang . . . Hape, ka boitšoaro ba lōna bo khabane, bo hloekileng, hanelang moea oa lefatše lena, ’me le be tšusumetso e molemo thorisong le tlotlisong ea Jehova.”
Ho akaretsa lenaneo, molula-setulo o ile a fetisa litumeliso tse tsoang hōle le haufi, eaba o fana ka mangolo ’me a phatlalatsa likabelo tsa baromuoa. Ka mor’a moo, e mong oa liithuti o ile a bala qeto ea sehlopha e bontšang teboho bakeng sa thupelo e fanoeng. Ho hlakile hore lenaneo la ho abela sehlopha sa bo102 mangolo le ile la etsa hore bohle ba neng ba le teng ba ikemisetse haholoanyane ho tsoela pele ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Sehlopha sa Bo102 se Abeloang Mangolo sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower
Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona moleng ka mong.
(1) Duffy, C.; Alexis, D.; Harff, R.; Lee, J.; Corey, V.; Nortum, T.; Mora, N.; Journet, F.
(2) Djupvik, L.; Singh, K.; Hart, B.; Kirkoryan, M.; Lee, S.; Rastall, S.; Zoulin, K.; Kollat, K.
(3) Singh, D.; Pitteloud, J.; Pitteloud, F.; Bokoch, N.; Torma, C.; Muxlow, A.; Richardson, C.; Nortum, D.
(4) Harff, J.; Journet, K.; Barber, A.; Loberto, J.; Loberto, R.; Muxlow, M.; Mora, R.; Hart, M.
(5) Torma, S.; Rastall, A.; Diaz, R.; Diaz, H.; Weiser, M.; Weiser, J.; Kirkoryan, G.; Zoulin, A.
(6) Alexis, R.; Barber, D.; Djupvik, H.; Duffy, C.; Kollat, T.; Richardson, M.; Bokoch, S.; Corey, G.