Lebitso le Isang Tumelong ea ’Nete
MOSALI e mong o ile a re ho e mong oa Lipaki tsa Jehova: “Ha le lumele ho Jesu le maling a hae a lopollang.” Monna e mong o ile a re: “Lōna le ipitsa Lipaki tsa Jehova, empa ’na ke paki ea Jesu.”
Maikutlo a hore Lipaki tsa Jehova ha li lumele ho Jesu kapa a hore ha li mo hlomphe ka ho lekaneng a tloaelehile. Leha ho le joalo, linnete ke life?
Ke ’nete hore Lipaki tsa Jehova li amehile haholo ka lebitso la Molimo, Jehova.a Itamar, Paki e ’ngoe ea Brazil, oa hopola: “Phetoho e khōlō bophelong ba ka e bile ha ke tseba lebitso la Molimo. Ha ke qala ho bala ka lona ka lekhetlo la pele, ho bile joalokaha eka ke tsoha borokong bo tebileng. Lebitso Jehova le ile la ntšisinya maikutlo le ho ntšusumetsa; la nkama ka ho tebileng moeeng.” Leha ho le joalo, oa phaella: “Pelo ea ka ea khaphatseha ke lerato leo ke ratang Jesu ka lona.”
E, Lipaki tsa Jehova lia hlokomela hore e le hore li fumane bophelo bo sa feleng, li tlameha ho beha tumelo ea tsona “lebitsong la Mora oa Molimo,” Jesu. (1 Johanne 5:13) Empa ke’ng se boleloang ke poleloana ‘lebitsong la Jesu’?
Se Emeloang ke Lebitso la Jesu
Poleloana “lebitsong la Jesu” le tse ling tse tšoanang le eona li fumanoa hohle ka Mangolong a Bakreste a Segerike, kapa a “Testamente e Ncha.” Ha e le hantle, lentsoe “lebitso” le sebelisitsoeng ha ho buuoa ka karolo eo Jesu a e phethang, le hlaha ka makhetlo a fetang 80, a ka bang 30 ka bukeng ea Liketso feela. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba kolobetsa ka lebitso la Jesu, ba phekola ka lebitso la hae, ba ruta ka lebitso la hae, ba ipiletsa lebitsong la hae, ba utloisoa bohloko ka lebaka la lebitso la hae, ’me ba tlotlisa lebitso la hae.—Liketso 2:38; 3:16; 5:28; 9:14, 16; 19:17.
Ho ea ka buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a Bibele, lentsoe la Segerike bakeng sa “lebitso” hangata le sebelisoa ka Bibeleng “ho hlalosa sohle seo lebitso le se bolelang, matla a ho laela, botho, boemo, boholo bo hlomphehang, matla, bokhabane, joalo-joalo, tse akaretsoang ke lebitso leo.” Ka hona, lebitso la Jesu le emela matla a hlollang le a maholo a ho liha kahlolo ao Jehova Molimo a mo fileng ’ona. Jesu ka boeena o ile a re: “Ke filoe matla ’ohle a ho laela leholimong le lefatšeng.” (Matheu 28:18) Ka mor’a hore Petrose le Johanne ba phekole monna ea holofetseng, baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ile ba botsa: “Ke ka matla afe kapa ka lebitso la mang le entseng see?” Joale Petrose a hlalosa ka sebete tumelo ea hae matleng a ho laela le matleng a emeloang ke lebitso la Jesu ha a tsebahatsa hore e bile “ka lebitso la Jesu Kreste Monazaretha, . . . ka enoa monna enoa o fela a eme mona ka pel’a lōna a phetse hantle.”—Liketso 3:1-10; 4:5-10.
Na ba Lumela ho Jesu Kapa ho Sesare?
Leha ho le joalo, ho bolela hore motho o na le tumelo e joalo lebitsong la Jesu, ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo. Joalokaha Jesu a ile a bolela esale pele, barutuoa ba hae ba ne ba tla ‘hlouoa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la hae.’ (Matheu 24:9) Hobane’ng? Hobane lebitso la Jesu le emela boemo ba hae e le ’Musi ea khethiloeng ke Molimo, Morena oa marena, eo lichaba tsohle li lokelang ho mo khumamela ka boikokobetso, e leng ntho eo li sa itokisetsang leha e le hona ho ikemisetsa ho e etsa.—Pesaleme ea 2:1-7.
Baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu le bona ba ne ba sa batle ho khumamela Jesu ka boikokobetso. Ba ile ba re: “Ha re na morena haese Sesare,” ka hona ba hana Mor’a Molimo. (Johanne 19:13-15) Ho e-na le hoo, ba ile ba beha tumelo ea bona lebitsong la Sesare—e leng pusong le matleng a ho laela—le ’musong oa hae o moholo. Ba bile ba etsa qeto ea hore Jesu o lokeloa ke ho shoa e le hore ba boloke boemo le bophahamo ba bona.—Johanne 11:47-53.
Makholo a lilemo ka mor’a lefu la Jesu, ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba ile ba bontša boikutlo bo tšoanang le boo ba baeta-pele ba Bajuda. Bana ba ipitsang Bakreste ba ile ba beha tumelo ea bona pusong le matleng a ho laela a ’Muso ’me ba itšunya-tšunya lintoeng tsa oona. Ka mohlala, lekholong la bo11 la lilemo, ka mor’a hore kereke e hlophise bahlabani ba sa sebetseng ho ba militia Christi, kapa masole a Bakreste, “boikarabelo ba boitšoaro ntoeng e lokileng bo ile ba tlosoa ho mebuso ea lefatše ea Bokreste-’mōtoana ’me bakeng sa eona ba nkoa ke kereke e sebelisa lekhotla la eona la masole a Bakreste.” (The Oxford History of Christianity) Tlaleho eo e phaella ka hore tse ling tsa liphatlalatso tsa mopapa li ile tsa lebisa masole a mangata a bolumeli ho lumeleng hore ka ho nka karolo lintoeng tsa bolumeli, “a etsa tumellano le Molimo le hore a tiisa libaka tsa ’ona Paradeiseng.”
Ba bang ba ka ’na ba pheha khang ea hore ho ka etsahala hore motho a tšepahale ka ho sa sekisetseng ho Jesu ha ka nako e tšoanang a ntse a kopanela litabeng tsa lipolotiki le lintoeng tsa lichaba. Ba ka ’na ba nahana hore ke boikarabelo ba Mokreste ho loantša bobe hohle moo bo ka bang teng le hore seo se ka ’na sa akarelletsa ho retelehela ntoeng haeba ho hlokahala. Empa na Bakreste ba pele ba ne ba e-na le pono ee?
Sehlooho se hlahang makasineng ea The Christian Century se re: “Bakreste ba pele-pele ha baa ka ba sebeletsa mabothong a hlometseng.” Se hlalosa hore ho fihlela lilemong tse leshome tsa 170-180 C.E., ha ho na pontšo leha e le e ’ngoe ea hore Bakreste ba ile ba sebeletsa lebothong la ntoa. Sehlooho seo sea phaella: “Empa butle-butle Bakreste ba ile ba tlohella khanyetso ea bona tšebeletsong ea sesole.”
Liphello e bile life? The Christian Century e re: “Mohlomong ha ho ntho e tlotlolotseng Bokreste ho feta tloaelo ea bona ea ho ba le boemo bo tšoanang le ba bao eseng Bakreste ntoeng. Hore Bakreste ka lehlakoreng le leng ba tšehetse tumelo ho Mopholosi ea mosa ha ka lehlakoreng le leng ba tšehetsa ka matla lintoa tsa bolumeli kapa tsa bochaba ho sentse tumelo haholo.”
Ho Etsisa Bakreste ba Pele Kajeno
Na ho ka etsahala hore Bakreste ba kajeno ba etsise mohlala o ikhethang oa Bakreste ba pele? Lipaki tsa Jehova tsa lekholong lena la lilemo li bontšitse hore seo se ka khoneha. Ha a bua ka tsona, mohlophisi oa Holocaust Educational Digest o re: “Ha ho Paki ea Jehova e tla ke e ee ntoeng. . . . Haeba bohle ba matleng a puso ba ne ba le tumelong ena, ho ka be ho se mohla [Ntoa ea II ea Lefatše] e kileng ea loanoa.”
Ho ka boleloa ntho e tšoanang le ka lintoa tsa morao tjena tsa libaka, joaloka e ileng ea kupa Ireland Leboea. Lilemong tse seng kae tse fetileng, e mong oa Lipaki tsa Jehova o ne a ntse a bolela ka ntlo le ntlo sebakeng se seng sa Boprostanta, motseng oa Belfast. Mong’a ntlo e mong, ka mor’a hore a tsebe hore Paki eo e ne e kile ea e-ba Mok’hatholike, o ile a botsa: “Ha u ne u sa le Mok’hatholike, na u ne u tšehetsa IRA [Irish Republican Army (Lebotho la Rephabliki ea Ireland)]?” Paki eo e ile ea hlokomela hore monna eo a ka ’na a ba mabifi kaha o ne a ile a tšoaroa ka mor’a hore a fumanoe a e-na le sethunya leetong la hae la ho ea bolaea Mok’hatholike e mong ’me o ne a sa tsoa lokolloa. Kahoo Paki eo e ile ea araba: “Hona joale ha ke Mok’hatholike. Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke le Mokreste oa ’nete, ke ne nke ke ka bolaea motho leha e le ofe ka lebaka la ’muso kapa motho leha e le ofe.” Ha a utloa seo mong’a ntlo o ile a mo tšoara ka letsoho ’me a re: “Ho bolaea ka kakaretso ho fosahetse. Lōna le etsa mosebetsi o molemo. Tsoelang pele ka oona.”
Se Boleloang ke ho Beha Tumelo Lebitsong la Jesu
Leha ho le joalo, ho beha tumelo lebitsong la Jesu ho bolela ho fetang feela ho se kenelle ntoeng. Ho bolela ho mamela litaelo tsohle tsa Kreste. Etsoe, Jesu o ile a re: “Le metsoalle ea ka haeba le etsa seo ke le laelang sona,” ’me e ’ngoe ea litaelo tsa hae ke hore re “ratane.” (Johanne 15:14, 17) Lerato le batla ho etsa ba bang hantle. Le felisa leeme lohle la merabe, la bolumeli le bochaba. Jesu o ile a bontša hore na joang.
Bajuda ba mehleng ea Jesu ba ne ba hloile Basamaria. Ka ho fapaneng, Jesu o ile a buisana le mosali oa Mosamaria, ’me ka lebaka la seo, eena le ba bang ba bangata ba beha tumelo lebitsong la hae. (Johanne 4:39) Jesu o boetse a re barutuoa ba hae e ne e tla ba lipaki tsa hae “Jerusalema hammoho le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) Molaetsa oa hae o fanang ka bophelo o ne o sa lokela ho lekanyetsoa ho Bajuda feela. Tumellanong le seo, Petrose o ile a laeloa hore a etele molaoli oa lekholo oa Moroma, Korneliase. Le hoja ho ne ho le khahlanong le molao hore Mojuda a etele motho oa morabe o mong, Molimo o ile a bontša Petrose hore ‘ha aa lokela ho bitsa motho hore ke ea silafetseng kapa ea sa hloekang.’—Liketso 10:28.
Li etsisa Jesu, Lipaki tsa Jehova li ithaopela ho thusa batho bohle—ho sa tsotellehe morabe oa bona, bolumeli, kapa boemo ba bona ba moruo—ho ithuta ka pholoho e tlisoang ke ho sebelisa lebitso la Jesu. Ho lumela lebitsong la Jesu ho li susumelletsa hore li ‘bolele phatlalatsa hore Jesu ke Morena.’ (Baroma 10:8, 9) Re u khothalletsa hore le uena u amohele thuso ea tsona e le hore le uena u ka tseba ho beha tumelo lebitsong la Jesu.
Ka sebele lebitso la Jesu le lokela ho susumelletsa maikutlo a thoriso, tlhompho le kutlo. Moapostola Pauluse o ile a re: “Lebitsong la Jesu lengole le leng le le leng le khumame la ba leholimong le ba lefatšeng le ba ka tlaase ho mobu, ’me leleme le leng le le leng le bolele pepenene hore le ela hloko hore Jesu Kreste ke Morena thorisong ea Molimo Ntate.” (Bafilippi 2:10, 11) Le hoja bongata ba baahi ba lefatše bo ka ’na ba se ke ba ikemisetsa ho ikokobelletsa puso ea Jesu, Bibele e bontša hore nako e atametse eo ka eona batho bohle ba tlang ho tlameha ho ikokobelletsa puso ea hae ho seng joalo ba tla timetsoa. (2 Bathesalonika 1:6-9) Ka hona, hona joale ke nako ea ho beha tumelo lebitsong la Jesu ka ho boloka litaelo tsohle tsa hae.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona bukana ea Lebitso la Molimo le Tla ’ne le be Teng ka ho sa Feleng, leqepheng la 28-31, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, 1984.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ka lebitso la Jesu ba limilione ba ’nile ba bolaea le ho bolaoa
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Jesu ha aa ka a koetla lehloeo la merabe. Na ho joalo le ka uena?