Ke Hobane’ng ha ba se na Bana?
DELE le Fola,a ke banyalani, ba ne ba lula le ho sebetsa ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower ea Nigeria. Nakoana ka mor’a hore ba qale ho sebetsa moo, ’mè oa Fola o ile a ba etela. O ile a tloha hōle ho tla buisana le bona ka taba e mo hlobaelitseng boroko ka nako e telele.
O ile a re ho bona: “Le nketsetsa lintho tse molemo haholo. Le nthomella limpho, le bile lea nketela. Lipontšo tseo tsa lerato ke tsa bohlokoa ho ’na. Empa hape lia ntšoenya hobane ke ipotsa kamehla hore na ke mang ea tla le etsetsa lintho tse joalo ha le lekana le ’na. E se e le lilemo tse peli le nyalane joale, ’me ha le na bana. Na ha le nahane hore ke nako ea hore le tlohe Bethele ’me le qale ho ba le bana?”
’Mè enoa o ne a nahana ka tsela ena: Dele le Fola ba qetile nako e lekaneng Bethele. Joale ke nako ea hore ba nahane ka bokamoso ba bona. Ka sebele batho ba bang ba ka etsa mosebetsi oa bona. Ha ho hlokahale hore Dele le Fola ba tlohele tšebeletso ea nako e tletseng, empa ba ka etsa mofuta o mong oa tšebeletso, o tla ba lumella ho ba le bana ’me ba latsoe thabo ea botsoali.
Seo ’mè Enoa a Amehileng ka Sona
Seo ’mè enoa a neng a amehile ka sona se ne se utloahala. Takatso ea ho ba le bana ke ea tlhaho ebile e tloaelehile litsong tsohle le mehleng eohle. Ho ba le bana ho tsosa maikutlo a tebileng a thabo le tšepo. Bibele e re: “Tholoana ea popelo ea mosali ke moputso.” E, matla a ho ba le bana ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho ’Mōpi oa rōna ea lerato.—Pesaleme ea 127:3.
Lichabeng tse ngata, banyalani ba talimana le khatello e khōlō sechabeng ea hore ba be le bana. Ka mohlala, Nigeria, moo mosali feela ea tloaelehileng a bang le bana ba tšeletseng, ho tloaelehile machatong ho utloa ba lakaletsang ba sa tsoa nyalana mahlohonolo ba re: “Ka mor’a likhoeli tse robong ho tloha hona joale, re lebeletse ho utloa lesea le lla ka tlung ea lōna.” Ho ka etsahala hore monyali le monyaluoa ba fuoe bethe ea lesea e le mpho ea lechato. Bo-’mè matsale ba sheba almanaka ka hloko. Haeba monyaluoa a sa ime pele selemo se fela, ba etsa lipatlisiso ho bona hore na ho na le bothata bo itseng boo ba ka thusang ho bo rarolla.
Ho bo-’mè ba bangata lebaka la hore batho ba nyalane ke hore ba be le bana le ho ntšetsa leloko pele. ’Mè oa Fola o ile a re ho eena: “U nyaletsoe’ng haeba u sa tl’o ba le bana? Ho na le ea u belehileng; le uena u lokela ho beleha bana ba hao.”
Ntle le moo, ho na le litaba tse utloahalang tse lokelang ho hlahlojoa. Lichabeng tse ngata tsa Afrika, ho na le litokisetso tse fokolang bakeng sa ho hlokomela ba hōlileng. Ka tloaelo ke bana ba hlokomelang batsoali ba bona ba hōlileng, joalokaha batsoali bao ba ile ba ba hlokomela ha ba sa le banyenyane. Ka hona, ’mè oa Fola o ile a fana ka mabaka a hore ntle le haeba bana ba hae ba ne ba e-na le bana, lilemong tsa botsofali ba ne ba ipeha kotsing ea ho jeoa ke bolutu, ho se be le motho ea ba batlang le ho ba mafutsana a se nang motho ea ka a patang ha a e-shoa.
Ho pholletsa le karolo e khōlō ea Afrika, ho se be le bana ho nkoa e le thohako. Libakeng tse ling, basali ba bile ba lebelloa ho bontša hore ba ka ba le bana pele ho lenyalo. Basali ba bangata ba sa emoleng, ka pherekano ba batla meriana le lipheko ba leka ho fetola bonyopa ba bona.
Ka lebaka la maikutlo ana, ho nahanoa hore banyalani bao ka boomo ba lesang ho ba le bana ba itima ntho e ’ngoe e molemo. Hangata ba talingoa e le ba makatsang, ba sa hlalefang le ba hlomolang.
Thabo le Boikarabelo
Batho ba Jehova ba hlokomela hore le hoja ho ba le bana ho tlisa thabo, ho boetse ho tsamaea le boikarabelo. Bibele ho 1 Timothea 5:8, e re: “Ka sebele haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa bao e leng litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.”
Batsoali ba lokela ho hlokomela malapa a bona nameng le moeeng, ’me sena se hloka nako e ngata le boiteko bo matla. Ha ba na maikutlo a hore kaha Molimo o fana ka bana, tlhokomelo ea bona e tlohelloa ho Molimo. Baa hlokomela hore ho hōlisa bana ho latela melao-motheo ea Bibele ke boikarabelo ba nako eohle boo Molimo a bo fileng batsoali; ha boa lokela ho fetisetsoa ho ba bang.—Deuteronoma 6:6, 7.
Mosebetsi oa ho hōlisa bana o thata ka ho khetheha ‘matsatsing ana a ho qetela’ a “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1-5) Ntle le maemo a moruo a mpefalang, ho se tšabe Molimo ho ntseng ho eketseha mokhatlong oa batho ho eketsa liphephetso tsa ho hōlisa bana kajeno. Leha ho le joalo, hohle lefatšeng, banyalani ba Bakreste ba se nang palo ba amohetse phephetso ena ’me ba atleha ho hōlisa bana ba tšabang Molimo “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Jehova o rata le ho hlohonolofatsa batsoali bana ka lebaka la mosebetsi oa bona o thata.
Lebaka Leo ka Lona ba Bang ba Lulang ba se na Bana
Ka lehlakoreng le leng, banyalani ba bangata ba Bakreste ha ba na bana. Ba bang ha ba na thari empa ha ba nke bana ba batho ba bang hore e be ba bona. Banyalani ba bang ba nang le thari ba etsa qeto ea ho se be le bona. Banyalani ba joalo ha ba ikhethele ho lula ba se na bana hobane ba baleha boikarabelo kapa ba tšaba ho tobana le liphephetso tsa botsoali. Ho e-na le hoo, ba ikemiselitse ho lebisa tlhokomelo ea bona e feletseng mefuteng e sa tšoaneng ea tšebeletso ea nako e tletseng eo ho hōlisa bana ho ke keng ha ba lumella ho e etsa. Ba bang ba sebetsa e le baromuoa. Ba bang ba sebeletsa Jehova ka ho etsa mosebetsi oa ho tsamaea kapa oa Bethele.
Joaloka Bakreste bohle, ba hlokomela hore ho na le mosebetsi o potlakileng o lokelang ho etsoa. Jesu o itse: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” Mosebetsi ona oa etsoa kajeno. Ke mosebetsi oa bohlokoahali, kaha “bofelo” bo tla bolela ho timetsoa ha ba sa kang ba ela hloko litaba tse molemo.—Matheu 24:14; 2 Bathesalonika 1:7, 8.
Nako ea rōna e tšoana le nako ea ha Noe le lelapa la hae ba ne ba haha areka ea tonanahali e ileng ea ba pholosa Moroallong o moholo. (Genese 6:13-16; Matheu 24:37) Le hoja bara ba Noe ba bararo ba ne ba nyetse kaofela, ha ho le ea mong ea bileng le bana ho fihlela ka mor’a Moroallo. Lebaka le leng la seo, e ka ’na ea e-ba hore banyalani bana ba ne ba batla ho lebisa tlhokomelo ea bona e feletseng mosebetsing oo ba neng ba o etsa ka nako eo le ho sebelisa matla ’ohle a bona ho oona. Le leng e ka ’na ea e-ba hore ba bile leqe ho tlisa bana lefatšeng le litšila le le mabifi moo ‘bobe ba motho bo neng bo le bongata ’me tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea hae e le mpe feela ka linako tsohle.’—Genese 6:5, NW.
Le hoja sena se sa bolele hore ho ba le bana kajeno ke phoso, banyalani ba bangata ba Bakreste ba lesa ho ba le bana e le hore ba ka ameha ka ho feletseng haholoanyane mosebetsing o potlakileng oo Jehova a o fileng batho ba hae. Banyalani ba bang ba ile ba leta ka nako e itseng pele ba ka ba le bana; ba bang ba entse qeto ea ho lula ba se na bana ’me ba nahana ka monyetla oa ho ba le bana lefatšeng la Jehova le lecha la ho loka. Na see ke bothoto? Na ba fetoa ke monyetla o itseng bophelong? Na ba lokela ho hauheloa?
Bophelo bo Sireletsehileng le bo Thabileng
Dele le Fola, bao ho buuoeng ka bona pejana, hona joale ke lilemo tse fetang leshome ba nyalane, ’me ba lutse ba ikemiselitse ho tsoela pele ba se na bana. Dele o re: “Beng ka rōna ba sa ntse ba re phehella hore re be le bana. Ba amehile haholo ka ho sireletseha ha rōna nakong e tlang. Kamehla re ba bolella hore rea ananela ha ba re nahanela, empa ka bohlale re hlalosa hore re thabela haholo seo re se etsang. Mabapi le tšireletseho, re hlalosa hore re tšepile Jehova, ea amehileng ka boiketlo ba bohle ba lulang ba tšepahala ho eena. Re boetse re hlalosa hore ho ba le bana ha ho tiise hore ba tla hlokomela batsoali ha ba se ba tsofetse. Batho ba bang ha ba tsotelle batsoali ba bona, ba bang ha ba khone ho ba thusa, ’me ba bang hape ba shoa pele ho batsoali ba bona. Ka lehlakoreng le leng, ha ho na tikatiko ka bokamoso ba rōna ho Jehova.”
Dele le ba bang ba kang eena ka kholiseho ba tšepa tšepiso ena ea Jehova ho bahlanka ba hae ba tšepahalang: “Ho hang ha nka ke ka u tlohela leha e le hore ka mokhoa leha e le ofe nka u furalla.” (Baheberu 13:5) Ba boetse ba lumela hore “letsoho la Jehova ha le lekhutšoanyane hore le sitoe ho pholosa, le litsebe tsa hae ha lia thibana, hore a sitoe ho utloa.”—Esaia 59:1.
Lebaka le leng la ho ba le tšepo ke ho bona kamoo Jehova a tšehetsang bahlanka ba hae ba tšepahalang kateng. Morena Davida o ngotse: “Nkile ka ba mohlankana, ke se ke tsofetse, leha ho le joalo ha ke e-s’o bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng.” Ak’u nahane ka seo. Na u tseba mohlanka leha e le ofe oa Jehova ea tšepahalang ea kileng a “tloheloa ka ho feletseng”?—Pesaleme ea 37:25, NW.
Ho e-na le hore ha ba hetla morao ba ikoahlaee, ba sebelelitseng Jehova le Bakreste-’moho le bona bophelong ba bona baa khotsofala ha ba nahana ka hona. Mor’abo rōna Iro Umah o bile tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse 45 ’me hona joale o sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang Nigeria. O re: “Le hoja ’na le mosali oa ka re se na bana, re hopola hore Jehova o ’nile a re hlokomela moeeng le nameng. Ha ho letho leo re kileng ra le hloka. A ke ke a re furalla ha re ntse re hōla. Lilemo tsena tseo re bileng tšebeletsong ea nako e tletseng ka tsona e bile tsa thabo e fetisisang bophelong ba rōna. Rea leboha hore ebe re ka sebeletsa barab’abo rōna, ’me barab’abo rōna ba ananela tšebeletso ea rōna, ’me baa re thusa.”
Le hoja banyalani ba bangata ba se na bana, ba na le bana ba mofuta o mong: barutuoa ba Bakreste ba rapelang Jehova. Moapostola Johanne o ne a le lilemo tse ka bang 100 ha a ne a ngola, a re: “Ha ke na lebaka le leholoanyane la ho leboha ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” (3 Johanne 4) Botšepehi ba “bana” ba Johanne—e leng bao a ba boleletseng ‘’nete’—bo ne bo mo tlisetsa thabo e khōlō.
Eona thabo eo e ngata kajeno. Bernice oa Monigeria, o se a e-na le lilemo tse 19 a nyetsoe, ’me o ikhethetse ho se be le bana. Lilemong tse fetileng tse 14, o sebelelitse e le pula-maliboho. Ha a ntse a atamela nako eo ka eona a seng a ke ke a ba le bana, ha a ikoahlaele ho nehela bophelo ba hae ho etseng barutuoa. O re: “Ke ikutloa ke thabetse ho bona bana ba ka ba moea ba hōla. Le haeba ke ne ke e-na le bana, kea ipotsa hore na ba ne ba tla ba haufi le ’na ho feta bao ke ba thusitseng ho ithuta ’nete. Ba ntšoara joalokaha eka ke ’mè oa bona oa sebele, ba buisana le ’na ka se ba thabisang le ka mathata a bona ’me ba kōpa keletso ho ’na. Baa ’ngolla, ’me rea etelana.
“Ba bang ba nka ho se be le bana e le thohako. Ba bolela hore u tla ba mahlomoleng botsofaling ba hao. Empa ha ke bone taba ena ka tsela eo. Kea tseba hore hafeela ke sebeletsa Jehova ka moea oohle, o tla mputsa le ho ntlhokomela. Le ka mohla a ke ke a ntahla ha ke tsofala.”
Ho ba Bao Molimo a ba Ratang le Bao a Nkang e le ba Bohlokoa
Ba belehileng le ho hōlisa bana ba ‘tsoelang pele ho tsamaea ’neteng’ ba na le lintho tse ngata tseo ba ka li lebohang. Ha ho makatse hore ebe Bibele e re: “Ntat’a ea lokileng o tla nyakalla haholo; ea tsoetseng ngoana ea bohlale o tla thaba ka eena. A a ke a thabe, ntat’ao, le eena ’m’ao; a nyakalle, ea u belehileng”!—Liproverbia 23:24, 25.
Bakreste ba sa kang ba e-ba le thabo ea ho tlisa bana lefatšeng ba hlohonolofalitsoe ka litsela tse ling. Bongata ba banyalani bana bo phethile karolo ea bohlokoahali ho ntšetseng pele haholo lithahasello tsa ’Muso. Ho theosa le lilemo ba bile le phihlelo, bohlale le tsebo tse ba nolofalletsang ho tlatsetsa hamolemo mosebetsing oa ’Muso. Ba bangata ba ka pele-pele mosebetsing ona.
Le hoja ba ntse ba se na bana ka lebaka la lithahasello tsa ’Muso, Jehova o ba hlohonolofalitse ka lelapa la moea le lerato le ananelang ka ho teba boitelo ba bona. Ho joalokaha Jesu a boletse a re: “Ha ho le ea mong ea siileng [ka ho toba, “ea lesitseng”] ntlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ’mè kapa ntate kapa bana kapa masimo ka lebaka la ka le ka lebaka la litaba tse molemo ea se nang ho fumana halekholo hona joale nakong ena, matlo le barab’abo le baralib’abo le bo-’mè le bana le masimo . . . ’me tsamaisong ea lintho e tlang bophelo bo sa feleng.”—Mareka 10:29, 30.
Bohle ba tšepahalang ke ba bohlokoa hakaakang ho Jehova! Kaofela ba joalo ba tšepahalang, ba nang le bana le ba se nang bona, moapostola Pauluse oa ba tiisetsa: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho sebeletsa.”—Baheberu 6:10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso ana a fetotsoe.
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Malapa a se nang bana a hlohonolofalitsoe ka lelapa la moea le lerato