Etsang Hore Lenyalo le Lule e le “Thapo e Meloho e Meraro”
“Thapo e meloho e meraro e ke ke ea khaoloa likoto tse peli kapele.”—MOEK. 4:12.
1. Ke mang ea ileng a kopanya batho ba babeli ba pele ka lenyalo?
KA MOR’A ho bōpa limela le liphoofolo, Jehova Molimo o ile a etsa motho oa pele, e leng Adama. Hamorao Molimo o ile a robatsa Adama boroko bo boholo, eaba O sebelisa khopo e ’ngoe ea Adama ho mo etsetsa mothusi ea phethahetseng. Ha a mo bona, Adama o ile a re: “Qetellong enoa ke lesapo la masapo a ka le nama ea nama ea ka.” (Gen. 1:27; 2:18, 21-23) Jehova o ile a bontša hore o ananela sena, ka ho kopanya batho ba babeli ba pele ka lenyalo eaba oa ba hlohonolofatsa.—Gen. 1:28; 2:24.
2. Satane o ile a qabanya Adama le Eva joang?
2 Ka masoabi, ho e-s’o ee kae tokisetso ea Molimo ea lenyalo e ile ea hlaseloa. Joang? Moea o mong o khopo, o ileng oa bitsoa Satane, o ile oa thetsa Eva hore a je tholoana ea sefate se le seng feela seo banyalani bana ba neng ba thibetsoe ho ja litholoana tsa sona. Ka mor’a moo, Adama o ile a etsisa mosali oa hae ka ho se mamele, ’me ka ho etsa joalo ba ile ba fetohela Molimo. (Gen. 3:1-7) Ha Jehova a ne a botsa banyalani bao hore na ba entse’ng, ho ile ha hlaka hore likamano tsa bona li ne li se li senyehile. Adama o ile a qosa mosali oa hae, a re: “Mosali eo u faneng ka eena hore a be le ’na, o mphile tholoana ea sefate kahoo ke e jele.”—Gen. 3:11-13.
3. Bajuda ba bang ba ne ba e-na le maikutlo afe a fosahetseng?
3 Ka lilemo tse makholo, Satane o sebelisitse mekhoa e fapa-fapaneng e bolotsana ho qabanya banyalani. Ka mohlala, ka linako tse ling o ile a sebelisa baeta-pele ba bolumeli ho ntšetsa pele maikutlo a khahlanong le Mangolo mabapi le lenyalo. Baeta-pele ba bang ba Bajuda ba ne ba khella melao ea Molimo fatše, hoo ba neng ba lumella banna ho hlala basali ba bona ka lebaka la lintho tse sa reng letho tse joaloka ho tšela letsoai le lengata lijong. Empa Jesu o ile a re: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, ’me a nyala e mong oa feba.”—Mat. 19:9.
4. Tokisetso ea lenyalo e hlasetsoe joang kajeno?
4 Satane o ntse a le maphathaphathe a leka ho senya tlamahano ea lenyalo. Manyalo a basodoma, batho ba sa nyalanang ba lulang hammoho le tlhalo e fumanehang habonolo, li paka hore o ntse a atleha haholo ntlheng ena. (Bala Baheberu 13:4.) Re le Bakreste, re ka etsa’ng e le hore re se ke ra susumetsoa ke maikutlo a atileng a fosahetseng mabapi le lenyalo? A re ke re tšohleng tse ling tsa lintho tse etsang hore batho ba thabe lenyalong le hore lenyalo la bona le atlehe.
Etsang Hore Jehova a Lule a le Teng Lenyalong la Lōna
5. Poleloana e reng “thapo e meloho e meraro” e bolela’ng lenyalong?
5 E le hore lenyalo le atlehe, Jehova o lokela ho ba teng lenyalong leo. Lentsoe la Hae le re: “Thapo e meloho e meraro e ke ke ea khaoloa likoto tse peli kapele.” (Moek. 4:12) Poleloana e reng “thapo e meloho e meraro” ea tšoantša. Ha tšoantšetso ena e sebelisoa lenyalong, e akaretsa monna le mosali, e leng lithapo tsa pele tse peli tse lohellaneng le Jehova Molimo, eo e leng thapo ea bohlokoahali. Ha Molimo a le teng lenyalong, sena se matlafatsa banyalani moeeng hore ba tsebe ho hlōla mathata ’me ke ntho ea bohlokoa e etsang hore ba thabe ka ho fetisisa lenyalong.
6, 7. (a) Bakreste ba ka etsa’ng ho tiisa hore Molimo o teng manyalong a bona? (b) Morali e mong oabo rōna o re ke sefe seo a se ratang ka monna oa hae?
6 Empa banyalani ba ka etsa’ng ho tiisa hore lenyalo la bona le ba joaloka thapo eo e meloho e meraro? Mopesaleme Davida o ile a bina a re: “Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka, molao oa hao o ka har’a litho tsa ka tse ka hare.” (Pes. 40:8) Ka ho tšoanang, lerato leo re ratang Molimo ka lona le re susumelletsa hore re mo sebeletse ka pelo eohle. Kahoo, banyalani ka bobeli ba lokela ho sebeletsa hore ba be le kamano e haufi le Jehova le hore ba thabele ho etsa thato ea hae. Banyalani ba boetse ba lokela ho loanela ho thusana ho matlafatsa lerato leo ba ratang Molimo ka lona.—Liprov. 27:17.
7 Haeba molao oa Molimo o hlile o le ka har’a litho tsa rōna tse ka hare, re tla bonahatsa lintho tse kang tumelo, tšepo le lerato ’me li tla re thusa ho matlafatsa tlamahano ea lenyalo. (1 Bakor. 13:13) Mosali oa Mokreste ea bitsoang Sandra, ea nang le lilemo tse 50 a nyetsoe o re: “Seo ke se ratang haholo ka monna oa ka ke tataiso eo a fanang ka eona linthong tsa moea, likeletso tsa hae le lerato leo a ratang Jehova ka lona le fetang leo a nthatang ka lona.” Banna, na ho ka buuoa joalo ka lōna?
8. Ho hlokahala eng e le hore re fumane “moputso o molemo” lenyalong?
8 Le le banyalani, na bophelong ba lōna le etelletsa pele litaba tsa moea le tsa ’Muso? Ho feta moo, na kannete u talima mohats’a hao e le molekane oa hao tšebeletsong ea Jehova? (Gen. 2:24) Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola a re: “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong, hobane ba na le moputso o molemo bakeng sa mosebetsi oa bona o boima.” (Moek. 4:9) Ka sebele, monna le mosali ba lokela ho sebetsa ka thata e le hore ba fumane “moputso o molemo” oa lerato le tlamahano e tšoarellang e hlohonolofalitsoeng ke Molimo.
9. (a) Banna ba na le boikarabelo bofe? (b) Ho ea ka Bakolose 3:19, monna o lokela ho tšoara mosali oa hae joang?
9 Se bontšang hore na Molimo o teng lenyalong kapa che ke boiteko boo monna le mosali ba bo etsang hore ba phele tumellanong le seo A se hlokang. Banna ke bona ba jarang boikarabelo ba ho hlokomela malapa a bona ka lintho tseo a li hlokang nameng le moeeng. (1 Tim. 5:8) Ba boetse ba khothalletsoa hore ba ele hloko lintho tseo basali ba bona ba li hlokang maikutlong. Ho Bakolose 3:19, rea bala: “Lōna banna, le ’ne le rate basali ba lōna ’me le se ke la ba halefela ka matla.” Setsebi se seng sa Bibele se ile sa hlalosa hore poleloana e reng “halefela ka matla” e akarelletsa ho “ba hlaba ka mantsoe, kapa ho ba otla, ho se ba bontše lerato, ho se ba baballe, ho se ba hlokomele, ho se ba sireletse le ho se ba thuse.” Ho hlakile hore boitšoaro bo joalo e ne e ke ke ea e-ba bo loketseng lelapeng la Bakreste. Haeba monna a sebelisa bohlooho ba hae ka tsela e lerato, mosali oa hae o tla batla ho ikokobelletsa bohlooho ba hae.
10. Basali ba Bakreste ba lokela ho bontša boikutlo ba mofuta ofe?
10 Basali ba Bakreste ba batlang hore Jehova a be teng manyalong a bona le bona ba lokela ho phela tumellanong le lintho tseo Molimo a li hlokang. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Basali ba ke ba ipehe tlas’a banna ba bona joalokaha ba ipeha tlas’a Morena, hobane monna ke hlooho ea mosali oa hae joalokaha Kreste le eena e le hlooho ea phutheho.” (Baef. 5:22, 23) Satane o ile a thetsa Eva, a jala leshano la hore ho ipusa ntle ho Molimo ho ne ho tla mo etsa hore a thabe ka ho sa feleng. Ho hlakile hore moea oa ho ipusa oa bonahala hona joale manyalong a mangata. Leha ho le joalo, basali ba tšabang Molimo bona ha ba sulafalloe ke ho ikokobelletsa hlooho ea bona e lerato. Baa hopola hore Jehova o ile a khetha Eva hore e be “mothusi” oa monna oa hae, e leng boemo boo ho hlakileng hore Molimo o ne a bo nka e le bo hlomphehang. (Gen. 2:18) Ka sebele mosali oa Mokreste ea latelang tokisetso eo ka ho rata “ke moqhaka” ho monna oa hae.—Liprov. 12:4.
11. Mor’abo rōna e mong o ile a hlokomela hore ba thusitsoe ke eng lenyalong la bona?
11 Ntho e ’ngoe e ka thusang hore Molimo a lule a le teng lenyalong ke hore banyalani ba ithute Lentsoe la Molimo hammoho. Gerald, ea nang le lilemo tse 55 a nyetse ’me a thabile lenyalong, o re, “Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e etsang hore lenyalo le atlehe ke ho bala le ho ithuta Bibele hammoho.” O phaella ka ho re, “Ho etsa lintho hammoho, haholo-holo lintho tsa moea, ho etsa hore banyalani ba atamelane haholo ba be ba atamele haholo ho Jehova.” Ho bala Bibele hammoho ho thusa lelapa hore le lule le hopola melao ea Jehova hantle, ho le matlafatsa moeeng ’me ho etsa hore le lule le hatela pele.
12, 13. (a) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hakaale hore banyalani ba rapele hammoho? (b) Ke mesebetsi efe e meng ea moea e matlafatsang lenyalo?
12 Banyalani ba thabileng lenyalong ba boetse ba rapela hammoho. Ha monna a ‘tšolla pelo ea hae’ a bolela lintho tse tobileng tse ba amang ka ho khetheha, ha ho pelaelo hore seo se tla matlafatsa tlamahano ea lenyalo. (Pes. 62:8) Ka mohlala, ho ne ho tla ba bonolo hakaakang hore ha uena le molekane oa hao le se le kōpile ea Matla ’Ohle hore a le thuse a be a le tataise, le lebale ka ho se lumellane hofe kapa hofe ho pakeng tsa lōna! (Mat. 6:14, 15) Tumellanong le thapelo eo, e tla ba ho loketseng hakaakang hore molekane ka mong a ikemisetse ho thusa e mong le hore ba ‘tsoele pele ba mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi.’ (Bakol. 3:13) Hopolang hore thapelo e bontša hore le tšepile Molimo. Morena Davida o ile a re: “Mahlo a bohle a talima ho uena ka tšepo.” (Pes. 145:15) Ha re talima ho Molimo ka tšepo ka hore re rapele, matšoenyeho a rōna aa fokotseha, kaha re tseba hore ‘oa re tsotella.’—1 Pet. 5:7.
13 Tsela e ’ngoe ea bohlokoa ea ho etsa hore Jehova a lule a le teng lenyalong ke hore banyalani ba be libokeng tsa phutheho hammoho ba be ba sebetse hammoho tšimong. Libokeng tsa rōna, banyalani ba ithuta ho loantša “maqiti” ao Satane a a sebelisang ho arola malapa. (Baef. 6:11) Monna le mosali ba tloaetseng ho sebetsa hammoho tšimong ba ithuta ho ba “ba tiileng, [le] ba sa sutheng.”—1 Bakor. 15:58.
Ha Mathata a Hlaha
14. Ke lintho life tse ka bakang mathata lenyalong?
14 Ke ’nete hore e ka ’na eaba litlhahiso tsena ha li ncha, empa na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo hore u buisane le molekane oa hao ka tsona ka bolokolohi? Bona haeba ho na le ntho eo le lokelang ho e ela hloko lenyalong la lōna. Leha ho le joalo, Bibele ea lumela hore esita le batho bao Molimo a leng teng manyalong a bona “ba tla ba le matšoenyeho nameng ea bona.” (1 Bakor. 7:28) Ka lebaka la ho se phethahale, tšusumetso e mpe ea lefatše lena le hlokang molao le maraba a Diabolose, esita le manyalo a bahlanka ba Jehova ba tšepahalang a ka ’na a e-ba mathateng a maholo. (2 Bakor. 2:11) Empa Jehova o re thusa ho loana le mathata ao. Ka sebele, re ka a loantša. Jobo ea tšepahalang o ile a lahleheloa ke leruo la hae, bahlanka ba hae le bana ba hae. Leha ho le joalo, Bibele e re: “Ho sena sohle Jobo ha aa ka a etsa sebe kapa a beha Molimo molato ka ntho leha e le efe e sa tšoanelang.”—Jobo 1:13-22.
15. Ho imeloa kelellong ho ka etsa hore batho ba itšoare joang, ’me balekane ba ka sebetsana le boitšoaro boo hamolemo joang?
15 Ka lehlakoreng le leng, mosali oa Jobo o ile a re ho eena: “Na u sa ntse u tšoareletse ka tieo botšepehing ba hao? Rohaka Molimo ’me u shoe!” (Jobo 2:9) Ke ’nete hore ha motho a hlaheloa ke litlokotsi kapa maemo a mang a boima, pherekano e bakoang ke sena e ka ’na ea etsa hore a etse lintho a sa nahana. Monna ea bohlale o re: “Khatello feela e ka etsa hore ea bohlale a etse ka bohlanya.” (Moek. 7:7) Haeba ka bohale molekane oa hao a u hlaba ka mantsoe ka lebaka la bothata bo itseng kapa “khatello,” leka ho khoba matšoafo. Haeba le uena u araba ka bohale, seo se ka ’na sa etsa hore e mong oa lōna kapa bobeli ba lōna le bue ntho e tla mpefatsa litaba. (Bala Pesaleme ea 37:8.) Kahoo hlokomoloha ‘puo leha e le efe e hlaha’ e ka ’nang ea bakoa ke ho ferekana kapa ho nyahama.—Jobo 6:3.
16. (a) Mantsoe a Jesu a ho Matheu 7:1-5 a sebetsa joang lenyalong? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho sheba lintho ka tsela e loketseng lenyalong?
16 Balekane ba lenyalo ha baa lokela ho lebella mehlolo. Molekane e mong a ka ’na a hlokomela mekhoa e itseng eo e mong a nang le eona eaba o re, ‘Nka mo fetola.’ Ka lerato le mamello u ka ’na ua thusa molekane oa hao hore butle-butle a ntlafatse mekhoa ea hae. Leha ho le joalo, u se ke ua lebala hore Jesu o ile a bapisa motho ea shebang liphoso tse nyenyane tsa motho e mong le motho ea bonang “lehlokoa” ka leihlong la mor’abo empa a sa bone “leballo” le ka leihlong la hae. Jesu o ile a re khothatsa a re: “Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa.” (Bala Matheu 7:1-5.) Sena hase bolele hore liphoso tse khōlō li lokela ho hlokomolohuoa. Robert, ea nang le lilemo tse ka bang 40 a nyetse, o ile a re: “Ho buisana ka bolokolohi le ka botšepehi le ho ikemisetsa ho amohela litlhahiso tse utloahalang tseo e mong a fanang ka tsona, ho ka ’na ha hloka hore banyalani ba etse liphetoho bophelong ba bona.” Kahoo, sheba lintho ka tsela e loketseng. Ho e-na le ho ikutloisa bohloko ka makhabane ao u neng u ka rata hore molekane oa hao a be le ’ona, ithute ho ananela le ho thabela makhabane ao a nang le ’ona hona joale.—Moek. 9:9.
17, 18. Ha mathata a e-hloa manolo holimo, re ka batla thuso hokae?
17 Liteko li ka ’na tsa hlaha ha maemo a fetoha bophelong. Banyalani ba ka ’na ba thulana le mathata ha ba e-ba le bana. Molekane kapa ngoana a ka ’na a kula haholo. Batsoali ba ntseng ba tsofala ba ka ’na ba hloka ho hlokomeloa ka tsela e khethehileng. Bana ba seng ba hōlile ba ka ’na ba fallela hōle le hae. Ho ka ’na ha e-ba le liphetoho tse ling ka lebaka la ho etsa mesebetsi e itseng ea puso ea Molimo. Liphetoho tsena kaofela li ka ’na tsa baka mathata le matšoenyeho a itseng lenyalong.
18 Haeba boima bo teng lenyalong la hao bo fihlile moo u ikutloang hore joale ho lekane, ke sefe seo u ka se etsang? (Liprov. 24:10) U se ke ua tela! Ha ho seo Satane a ka se thabelang ho feta hore e mong oa bahlanka ba Molimo a tlohele borapeli bo hloekileng. A ka thaba le ho feta haeba banyalani ba ka etsa joalo. Kahoo, etsang sohle se matleng a lōna ho tiisa hore lenyalo la lōna le lula e le thapo e meloho e meraro. Bibele e na le litlaleho tse ngata tsa batho ba ileng ba lula ba tšepahala ho sa tsotellehe liteko tse boima tseo ba ileng ba thulana le tsona. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng, Davida o ile a tšollela pelo ea hae ho Jehova, a re: “Mpontše mohau, Molimo, hobane motho ea shoang . . . o ntse a nkhatella.” (Pes. 56:1) Na u kile ua ikutloa u hateletsoe ke “motho ea shoang”? Ho sa tsotellehe hore na boima boo u bo utloang bo bakoa ke motho ea haufi le uena kapa ea hōle, hopola: Davida o ile a fumana matla a hore a mamelle ’me le uena u ka a fumana. Davida o ile a re: “Ke ile ka botsa Jehova, eaba oa nkaraba, a ntopolla linthong tsohle tseo ke li tšabang.”—Pes. 34:4.
Litlhohonolofatso Tse Eketsehileng
19. Re ka thibela litlhaselo tsa Satane ka tsela efe?
19 Nakong ena ea bofelo, balekane ba lenyalo ba lokela ho ‘’na ba tšelisana le ho hahana.’ (1 Bathes. 5:11) Le se ke la lebala hore Satane o bolela hore batho ba tšepahala ho Jehova ka mabaka a boithati. O tla sebelisa mokhoa ofe kapa ofe oo a ka o khonang, ho akarelletsa le ho baka pherekano lenyalong e le hore a senye botšepehi ba rōna ho Molimo. E le hore re thibele litlhaselo tsa Satane, re lokela ho tšepa Jehova ka botlalo. (Liprov. 3:5, 6) Pauluse o ile a ngola: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafil. 4:13.
20. Ke litlhohonolofatso life tse tlisoang ke ho etsa hore Molimo a lule a le teng lenyalong?
20 Ho na le litlhohonolofatso tse ngata tse tlisoang ke hore Molimo a be teng lenyalong. Ka sebele ho bile joalo ho Joel le mosali oa hae eo ba qetileng lilemo tse 51 ba nyalane. O re: “Kamehla ke leboha Jehova ka mosali oa ka le ka bolekane bo thabisang boo re nang le bona. E bile molekane ea molemo.” Ebe ba khona ho etsa see joang? “Kamehla re ’nile ra leka ho bontšana mosa, mamello le lerato.” Tsamaisong ena ea lintho, ha ho le ea mong oa rōna ea ka etsang lintho tsena ka mokhoa o phethahetseng. Leha ho le joalo, a re ikitlaelletseng ho sebelisa melao-motheo ea Bibele le ho etsa hore Jehova a lule a le teng manyalong a rōna. Haeba re etsa joalo, manyalo a rōna a tla tšoana le “thapo e meloho e meraro e ke [keng] ea khaoloa likoto tse peli kapele.”—Moek. 4:12.
Na U sa Hopola?
• Hore Jehova a be teng lenyalong ho bolela’ng?
• Banyalani ba lokela ho etsa’ng ha mathata a hlaha?
• Re tseba joang ha Molimo a le teng lenyalong?
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Ho rapela hammoho ho thusa banyalani hore ba khone ho sebetsana le mathata