Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 9 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Haeba litlhahiso tse leqepheng la 8 li ka sebetsa tšimong ea heno, li sebelise ho bontša kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa August 15 le Tsoha! ea September 8. Ho ka ’na ha sebelisoa linehelano tse ling. Ho buuoe le ka tokisetso ea monehelo. Hopotsa bamameli hore ba tle le libukana tsa bona tsa Seo a se Hlokang bekeng e tlang.
15 mets: “Mamello ea Putsoa.”a Akarelletsa litlhaloso tse khutšoanyane tse Molula-Qhooeng oa December 15, 2000, leqepheng la 22-3, serapeng sa 15-18.
20 mets: Ho Sebelisa Lipampitšana ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea November 2001, leqepheng la 3-4. Totobatsa hore re ikemiselitse ho ikamahanya le maemo a seithuti ka seng, joalokaha ho boletsoe serapeng sa 5. Lokisetsa hore ho be le pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tse khutšoanyane mabapi le se boletsoeng serapeng sa 8-10. Haeba ho e-na le katamelo e ’ngoe e atlehang sebakeng sa heno, e hlalose ’me u lokisetse hore ho be le pontšo ea eona. Kōpa bamameli ho pheta liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba tsamaisa pampitšana ea Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele?
Pina ea 74 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 16 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: Kenya ’Nete ka ho Teba Baneng ba Hao. Puo e thehiloeng bukeng ea Thabo ea Lelapa, leqepheng la 55-9. Tšohla litsela tse ’nè tseo ka tsona batsoali ba ka thusang bana ba bona ho ba le kamano e haufi le Jehova, ’me u bontše kamoo boitsebiso boo bo sebetsang kateng.
20 mets: “Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele”—Karolo ea 2.b Kopanyelletsa pontšo ea metsotso e mehlano. Mohoeletsi o botsa moholo hore na a ka thusa seithuti sa Bibele joang ho tsoela pele. Moholo o bolela hore bothata bo tloaelehileng ke ho qeta nako e telele haholo ho buisanoa ka lintlha tse nyenyane le tse sa hlokahaleng nakong eo thuto e tsoelang pele. A sebelisa thuto ea 9 ea bukana ea Seo a se Hlokang, o bontša mohoeletsi (1) kamoo a ka lebisang tlhokomelo lintlheng tsa sehlooho tsa thuto, (2) kamoo a ka sebelisang mangolo a sa qotsoang ka katleho le (3) kamoo a ka fetolang thuto hore e finyelle litlhoko tsa seithuti. O bolela hore ke habohlokoa ho lokisetsa hantle nako le nako pele thuto e khannoa.
Pina ea 85 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 23 August
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea liak’haonte. Na re ka hahamalla ho finyella tlhōrō e ’ngoe e ncha ea bahoeletsi ka August? Hopotsa bahoeletsi hore ba fe balebeli ba Thuto ea Buka ea Phutheho litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa August ka nako. Balebeli ba thuto ea buka ba lokela ho ikopanya le e mong le e mong ea sehlopheng sa bona e le hore litlaleho tsohle li be li tlatsitsoe ka la 6 September. Ba boetse ba lokela ho etsa bonnete ba hore litlaleho life kapa life tsa selemo sena sa tšebeletso tse saletseng morao li fuoa mongoli. Tlaleha tsoelo-pele e entsoeng tšimong e sa abuoang. Bolella phutheho litokisetso tse entsoeng bakeng sa September. Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli mabapi le katleho eo ba bileng le eona ho fihlela joale. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa September 1 le Tsoha! ea September 8. Pontšo e ’ngoe e be ea ho pakela tichere.
10 mets: “Tokisetso e Ncha ea ho Hlahloba Mananeo a Kopano.” Puo le puisano le bamameli e thehiloeng sehloohong se leqepheng la 4. Bolela hore na kopano ea potoloho le ea letsatsi la kopano e khethehileng li tla ba neng haeba lideiti li se li behiloe. Ba batlang ho kolobetsoa ba lokela ho tsebisa molebeli ea okamelang nako e sa le teng.
20 mets: Ho Tsamaisa Buka ea Tsebo ka September. Puo le pontšo. Bolela litlhaloso tseo ho ’nileng ha fanoa ka tsona mabapi le sengoliloeng sena. (w97-SU 1/15 leq. 25) Etsa tlhahlobo e akaretsang mabapi le se fuperoeng ke buka ena, ’me u totobatse lintlha tse khethehileng tse ka ’nang tsa ipiletsa ho batho ba tšimong ea heno. (km-SU 1/02 leq. 5; km-SU 3/98 leq. 8; km-SU 10/97 leq. 1) Bolela nehelano e bonolo e akarelletsang kenyelletso e tsoang bukeng ea Ho Bea Mabaka kapa Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso, lengolong, ntlheng kapa khaolong e ’ngoe ea buka ea Tsebo. Lokisetsa hore pontšo ena e etsoe ke mohoeletsi ea nang le bokhoni.
Pina ea 220 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 30 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fe balebeli ba Thuto ea Buka ea Phutheho litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa August nako e sa le teng.
15 mets: “Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi—Monyako o Moholo o Isang Tšebetsong.” Puo le puisano le bamameli. Kopanyelletsa litlhaloso tse Bukeng ea Selemo ea 2004, leqepheng la 239-40. Bolela hore ho tla ba le seboka sa ba thahasellang ho ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi kopanong ea potoloho. Khothalletsa ba tšoanelehang ho ba teng sebokeng sena.
20 mets: Na U Ruile Molemo? Puisano le bamameli. Hlahloba litlhahiso tse latelang tse ileng tsa hlaha Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso selemong sa tšebeletso se fetileng: Ngola kenyelletso pampitšaneng. (km-SU 10/03 leq. 12) Fana ka pabatso e tobileng, le ea sebele ho motho ka mong. (km-SU 11/03 leq. 1) Fana ka bopaki nakong eo batho ba leng teng malapeng. (km-SU 12/03 leq. 1) Ipehele nako e tobileng bakeng sa ho bala Bibele, ho lokisetsa liboka le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. (km-SU 1/04 leq. 4) Sebelisa bukana ea “Naha e Ntle” ha u etsa thuto ea botho le ha u bala Bibele. (km-SU 3/04 leq. 2) Ipehele pakane ea ho bala Bibele kaofela. (km-SU 4/04 leq. 1) Paka tšimong ea mabenkele. (km-SU 7/04 leq. 4) Sebelisa lipampitšana ho qalisa lithuto tsa Bibele. (km-SU 8/04 leq. 2) Kōpa bamameli ho fana ka litlhaloso mabapi le kamoo ba ruileng molemo kateng ka ho sebelisa litlhahiso tsena.
Pina ea 145 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 6 September
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
25 mets: “Bonahatsa Moea oa Bopula-maliboho.”c Ka bokhutšoanyane buisana le pula-maliboho a le mong kapa ba babeli. E-re ba hlalose kamoo mohlala oa batsoali, baholo, le ba bang o ba khothalitseng kateng hore ba phehelle tšebeletso ea nako e tletseng.
Pina ea 142 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.