Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 March maq. 14-19
  • U se ke oa Lumella Letho ho u Sitisa ho Etsa Lintho Tsa Bohlokoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se ke oa Lumella Letho ho u Sitisa ho Etsa Lintho Tsa Bohlokoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE LINTHO LIFE TSE KA RE SITISANG?
  • JESU O ILE A HLOLA LINTHO TSE NENG LI KA MO SITISA JOANG?
  • RE KA HLOLA LINTHO TSE RE SITISANG JOANG?
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2025-2026 ka Molebeli oa Potoloho
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2025-2026 ka Moemeli oa Lekala
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 March maq. 14-19

LA 18-24 MAY 2026

PINA EA 35 ‘Lemohang Hore na Lintho Tsa Bohlokoa Haholo ke Life’

U se ke oa Lumella Letho ho u Sitisa ho Etsa Lintho Tsa Bohlokoa

“Le lule le utloisisa hore na thato ea Jehova ke efe.”—BAEF. 5:17.

NTLHA-KHOLO

Kamoo re ka etelletsang pele lintho tsa moea ho sa tsotellehe maemo a ka etsang hore re tlose kelello ea rona ho tsona.

1, 2. Ke joang ntho ea bohlokoa e ka re sitisang?

U QETETSE neng ho loantšana le lintho tse u sitisang ho etsa lintho tsa bohlokoa? Mohlomong ho na le ntho e ileng ea etsa hore u tlose kelello ea hao nthong eo u ntseng u e etsa ’me oa tlameha ho khetha hore na ke efe ea bohlokoa eo u tlamehang ho e etsa pele. Ka mohlala, a re re u ntse u khanna ’me fono ea hao ea lla. Mohlomong u hloka ho e araba empa oa hlokomela hore ka nako eo ho e araba ho tla u sitisa ho khanna. U tsepamisa kelello ho khanneng hobane ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ka nako eo.

2 Kaofela ha rona re na le lintho tse ngata tsa bohlokoa tseo re lokelang ho li etsa. Rea tseba hore ho tsepamisa kelello linthong tsa moeaa le kemisong ea rona ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. (Mat. 6:33) Joaloka bakhanni ba hlokolosi, batho ba Jehova ba leka ho sheba hore na ke lintho life tse ka ba sitisang ho tsepamisa likelello linthong tsa bohlokoa.—Liprov. 4:25; Mat. 6:22.

3. Sehlooho see se tla re thusa joang ho loantša lintho tse ka re sitisang?

3 Ha ho le ea mong oa rona ea batlang hore ho be le ntho e mo sitisang ho etsa lintho tsa moea. Leha ho le joalo, kaofela ha rona re tobana le maemo a ka re sitisang habonolo. (Luka 21:​34-36) Kahoo, re tl’o hlahloba (1) hore na ke lintho life tse re sitisang, (2) hore na Jesu o ile a etsa’ng hore ho se ke ha e-ba le letho le mo sitisang hore a etse thato ea Molimo le (3) hore na re ka hlola lintho tse re sitisang joang mehleng ena e le ho re thusa hore ho sebeletsa Jehova e be ntho e tlang pele bophelong.

KE LINTHO LIFE TSE KA RE SITISANG?

4-6. Ke lintho life tse ka re sitisang habonolo?

4 Kaofela ha rona re na le lintho tsa bohlokoa tseo re lokelang ho li etsa. Ka mohlala, mohlomong rea kula kapa ho na le mathata a lelapa kapa a botho ao re lokelang ho sebetsana le ’ona. Ke ’nete hore lintho tsena ke tsa bohlokoa ’me re lokela ho sebetsana le tsona. Empa na li ka re sitisa? E, li ka re sitisa haeba re lula re nahana ka tsona haholo ebile li re jella nako le matla.

5 Ho ekelletsa moo, boholo ba rona re angoa ke maemo a lipolotiki a sa tsitsang, ho putlama ha moruo, maloetse le lintoa tse sa feleng tse bontšang hore re phela mehleng ea bofelo. (2 Tim. 3:1) Ha re hlaheloa ke lintho tse kang tsena, re ka ’na ra tšoenyeha hoo re ka iphumanang re lula re nahana ka tsona.

6 Mohlomong re tseba batho ba ileng ba tsukutloa ke maemo a kang ana. Hoa utloahala hore maemo ao a ka ’na a etsa hore ba tšoaroe ke stress. Batho ha baa etsetsoa hore ba qete nako e telele ba tšoenyehile. Ha se feela ba bang ba utloang eka ha ho na thuso ho phela hobane ba lula ba mamelletse maemo a thata. Sena se etsa hore ba bang ba leke ho tlosa stress ka hore ba phelele menate kapa boithabiso. Re ka etsa’ng haeba re iphumana re le maemong aa? A re hlahlobeng hore na re ithuta’ng ho Jesu e tla re thusa hore re hlole lintho tse ka re sitisang borapeling ba rona.

JESU O ILE A HLOLA LINTHO TSE NENG LI KA MO SITISA JOANG?

7. Ke eng e ka beng e ile ea sitisa Jesu ho sebeletsa Molimo?

7 Ho na le lintho tse ngata tse ka beng li ile tsa sitisa Jesu ho sebeletsa Molimo, tse joaloka maemo a sechaba le a lipolotiki. Mehleng ea hae, batho ba bangata ba ne ba sotlehile ba bile ba kula. (Mat. 14:14; Mar. 14:7) Ba ne ba tšoaroa ka ho hloka toka ke Baroma le Bajuda-’moho le bona. Ha batho ba bona hore Jesu o na le matla le bokhoni ba ho etsa mehlolo, ba ile ba batla ho mo etsa morena oa bona. (Joh. 6:​14, 15) Ho ekelletsa moo, Satane o ile a leka Jesu ’me a leka hore a mo etse morena oa lefatše. (Mat. 4:​8, 9) Ka le leng, e mong oa metsoalle e haufi ea Jesu e leng moapostola Petrose, o ile a khothalletsa Jesu hore a se ke a ikimetsa, ha a re ho eena: “Ikhauhele, Morena.”—Mat. 16:​21, 22.

8. Jesu o ile a hlola lintho tse neng li ka mo sitisa joang?

8 Jesu o ile a hlola lintho tse ka beng li ile tsa mo sitisa ho sebeletsa Molimo joang? Ka litsela tse tharo. Ea pele, o ile a etsisa tsela eo Jehova a nahanang ka eona. (Joh. 8:28; 14:9) Ea bobeli, o ile a lula a phathahane ka lintho tsa moea. (Mat. 9:35) Ea boraro, o ne a utloisisa hantle hore na ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke efe. (Joh. 4:34) O ile a hanela liteko tsa Satane ka sebete. O ne a tseba hore Petrose o batla ho mo thusa empa seo Petrose a neng a se bua se ne se le khahlanong le thato ea Jehova. (Mat. 4:10; 16:23) Jesu o ile a hana ho lumella hore lintho tseo batho ba li nahanang, ba li buang kapa tseo ba li etsang li mo sitise hore a phethahatse morero oa Molimo. Ke ’nete hore re ka tobana le litšitiso tse fapaneng le tsa Jesu. Empa ha re etsa lintho tsena tse tharo tseo Jesu a ileng a li etsa, re ka khona ho hlola lintho tse re sitisang ho sebeletsa Jehova.

RE KA HLOLA LINTHO TSE RE SITISANG JOANG?

9. Ho bolela eng ho ‘lula re utloisisa hore na thato ea Jehova ke efe’? (Baefese 5:17)

9 Ithute ho nahana joaloka Jehova. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore ‘u lule u utloisisa hore na thato ea Jehova ke efe.’ (Bala Baefese 5:17.) Re ka ithuta ho thabisa Jehova ka hore re bale Lentsoe la hae le ho thuisa ka lona. Re ka etsa sena le haeba Bibele e sa bue ka boemo ba rona ka ho toba. Joang? Ka hore re tloaelane le tsela eo Jehova a nahanang ka eona le hore re ikemisetse hore re tataisoe ke eona.

10. Re ka ithuta tsela eo Jehova a nahanang ka eona joang?

10 Re ka ithuta tsela eo Jehova a nahanang ka eona ka hore re ithute Bibele le ho hlahloba hore na o thusa batho joang. (Jer. 45:5) Ha re bala litlaleho tse ka Bibeleng, re ka ipotsa lipotso tse kang: ‘Tlaleho ee e nthuta’ng ka Jehova? E ka nthusa joang hore ke lokise tsela eo ke nahanang ka eona?’ Ke ’nete hore tsela ea Jehova ea ho nahana e phahametse ea rona. (Esa. 55:9) Kahoo, ke hantle hore e be eena ea re rutang hore na re etse thato ea hae joang. (Pes. 143:10) Hape re mo rapela re kholisehile hore o tla re thusa hore re utloisise tsela eo a nahanang ka eona ’me re e etsise.—1 Joh. 5:14.

11. Jehova o re batlela eng?

11 Ha re ntse re ithuta ho nahana joaloka Jehova, rea utloisisa hore o batla re qobe lintho tse ka re sitisang e le ho bontša hore re malala-a-laotsoe bakeng sa bofelo ba lefatše lena. (Mat. 24:44) Ha a batle hore re imeloe ke mathata. (Mat. 6:​31, 32) Kahoo, ha re tšoenngoa ke ho kula, mosebetsi, lehae la rona kapa lintho tse ling tsa botho le tsa amang lelapa la rona, Jehova o tla re thusa. O re re itšetlehe ka eena bakeng sa ho re fa bohlale le matla ao re a hlokang e le hore re tobane le mathata ana.—Pes. 55:22; Liprov. 3:​5-7.

12. Tsela e ’ngoe eo re ka sebetsanang le ho tšoenngoa ke liketsahalo tsa lefatše ke efe? (Matheu 5:3)

12 Phathahana ka lintho tsa moea. Kaofela ha rona re tšoenngoa ke liketsahalo tsa lefatše, tseo re se nang taolo holim’a tsona. Kahoo, e le hore re qobe ho sitisoa ke lintho tseo re ke keng ra khona ho li laola, re lokela ho tsepamisa likelello tsa rona linthong tsa moea. Re tla thaba haeba re hlokomela hore re hloka Molimo, e leng tlhoko eo Jehova a re bopelletseng le eona. (Bala Matheu 5:3.) Re ka bontša hore re hloka Jehova ka hore re ithute ka eena ka Lentsoeng la hae Bibele, le ka hore re etse sohle seo re ka se khonang hore re mo sebeletse likarolong tse fapaneng tsa tšebeletso e halalelang tseo re ka li khonang. Ha re etsa joalo, re tla thabisa Jehova hobane re tla be re sebelisa nako ea rona hamolemo.—Liprov. 23:15.

13. Re ka ‘sebelisa nako ea rona hantle’ joang?

13 Joaloka Bakreste, re ikemiselitse hore re “sebelise nako ea [rona] hantle.” (Baef. 5:​15, 16) Rea hlokomela hore Bibele ha e re khothalletse feela hore re sebelise nako ea rona hantle letsatsi le letsatsi. Ho e-na le hoo, e re phehella hore re khethe ka hloko hore na re tla sebelisa nako ea rona joang pele Jehova a felisa lefatše lena le khopo. Re ka sebelisa nako ea rona hantle joang? Haeba re ka sebelisa nako e ngata re mamela litaba tse bohloko tsa morao-rao, li ka re sitisa ho sebeletsa Jehova, tsa re nyahamisa tsa ba tsa etsa hore re se ke ra chesehela borapeli ba rona. Ho bohlokoa haholo hore re ipehele meeli ea litaba tseo re tla li shebella kapa tseo re tla li bala. Ha re etsa joalo, re tla ba le nako e ngata le matla a ho etsa lintho tsa moea tse hahang. Hape re etsa hantle haeba re eketsa tšebeletso ea rona haeba ho khoneha, joaloka ho etsa maeto a ho boela a eketsehileng. Rea utloisisa hore ke habohlokoa hore re nke monyetla o mong le o mong oo re bang le oona ho thusa batho hore “ba pholohe le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete.”—1 Tim. 2:4.

14. Ho lula re phathahane ka lintho tsa moea ho ka re thusa ka tsela efe? (Sheba setšoantšo.)

14 Ha re phathahana ka lintho tsa moea, seo se re thusa hore re be le maikutlo a nepahetseng ka nako eo re phelang ho eona. Ha re ntse re bona maemo a lipolotiki a sa tsitsang a ntseng a tsoela pele, ho putlama ha moruo le mafu a ntseng a eketseha, ha re thekesele. Rea hlokomela hore na lintho tsena li bolela’ng. Ke bopaki ba hore boprofeta ba Bibele boa phethahala. Ho e-na le hore re tšohe ho feta tekano, re kholisehile hore morero oa Jehova oa ho tlisa lefatše le lecha o tla phethahala. Re ka lula re khobile matšoafo ha re tsoela pele re tšepa hore Jehova o tla re thusa hore re mamelle.—Pes. 16:8; 112:​1, 6-8.

Banyalani ba tsamaea ba nkile literoli tsa bopaki ba phatlalatsa ba shebile pele ka kholiseho. Litšoantšo: Liketsahalo tsa lefatše tse hlobaetsang. 1. Letšoele la batho ba ipelaetsang ba halefile. 2. Palo ea livoutu tsa likhetho tsa mekha ea lipolotiki. 3. Masole a ntoeng. 4. Meriana. 5. Chate e bontšang boleng ba liabo tsa k’hamphani tse ntseng li oela ka potlako.

Ho sa tsotellehe maemo a lefatše a hlobaetsang, lula u etsa lintho tsa moea (Sheba serapa sa 14)b


15. Ho itšoara hantle ho tla re thusa hore re etse eng? (1 Petrose 4:7)

15 U se ke oa lebala lintho tsa bohlokoa haholo. Boholo ba batho bo amehile ka boithabiso eseng taba ea hore lefatše lena le haufi le ho fela. Le hoja boithabiso bo e-na le nako ea bona, re lokela hore re “itšoare hantle” e le hore re qobe ho susumetsoa ke lefatše lena. (Bala 1 Petrose 4:7.) See se bolela’ng? Re be le teka-tekano tabeng ea boithabiso le ho etsa liqeto tse bohlale. Liqeto tse joalo li tla bontša hore re nahana joaloka Jehova le hore rea utloisisa hore na lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa ke life.—2 Tim. 1:7.

16. Ha Jesu a le haufi le ho shoa, o ile a nka ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e le efe?

16 Jesu o ne a lula a hopola seo e leng sa bohlokoa. Ha a le haufi le ho shoa, o ne a tseba hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore a lule a tšepahala le ho etsa thato ea Molimo. Ka lebaka leo, o ile a rapela ka matla empa baapostola ba hae ha baa ka ba mo etsisa. Ho e-na le hore ba lule ba rapela, ba ile ba robala. Baapostola ba ne “ba saretsoe.”—Luka 22:​39-46; Joh. 19:30.

17. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sebelisa marangrang, hona a ka ba sitisa joang? (Sheba setšoantšo.)

17 Joaloka barutuoa ba Jesu, ka linako tse ling re ka ikutloa re imetsoe maikutlong. Liketsahalo tse bontšang hore re phela mehleng ea bofelo li ka etsa hore re tšoenyehe. Batho ba bangata ba qeta nako e ngata ba le marangrang e le hore ba lebale mathata a bona. Ba sebelisa marangrang ho romella ba lelapa le metsoalle linepe le ho ba bolella hore na ho etsahala’ng bophelong ba bona. Ba boetse ba a sebelisetsa ho ithabisa kamehla. Empa ho na le lintho tse ngata tse ncha tseo ba li balang le ho li shebella tse ba jellang nako le matla letsatsi le letsatsi. E le ho re thusa hore re be le pono e nepahetseng ka marangrang, re ka ipotsa potso ena, ‘Na tsela eo ke sebelisang marangrang ka eona ea nkhatholla kapa e etsa hore ke se ke ka bona seo e leng sa bohlokoa ka ho fetisisa?’

Morali oa bo rona o leka ho bala Bibele a le hae ’me o sitisoa ke melaetsa e kenang fonong ea hae e tsoang mecheng ea puisano, melaetsa e buang ka li-movie le ea mabenkele a hlahang Inthaneteng.

Ho ba le kahlolo e molemo ho tla re thusa hore re qobe ho sitisoa ke marangrang, boithabiso le boikhathollo (Sheba serapa sa 17)


18. Ke hobane’ng ha re hloka ho ba le kahlolo e molemo ha re khetha boithabiso?

18 Re lokela ho ba le kahlolo e molemo ha re shebella li-movie, TV, livideo tse khutšoanyane tse hlahang Inthaneteng kapa ha re bapala livideo game. Lintho tsena li ka re natefela ’me tsa re thusa hore re khatholohe. Re boetse re hloka ho ba le kahlolo e molemo ha re khetha mofuta oa boithabiso le hore na re tla nka nako e kae re ithabisa. Mafapha a livideo a lula a lokolla livideo tse ncha ’me re ka lekeha hore re shebelle video e ’ngoe le e ’ngoe ha e tsoa. Tse ling tsa livideo tsena li ka ’na tsa hlahisa ntoa kapa boitšoaro bo bobe. Sena ke se ileng sa etsahalla mor’abo rona e mong oa Asia. O ile a qala ka ho shebella livideo tse khutšoanyane tse bontšang lintlha-kholo tsa li-movie Inthaneteng. Ha a ntse a tsoela pele ho shebella livideo tsena tse khutšoanyane tse neng li khothalletsoa, o ile a iphumana a se a shebella li-movie tse nang le boitšoaro bo bobe. Qetellong, o ile a shebella pornography. Ka thuso ea baholo le metsoalle e haufi o ile a ikemisetsa ho hlakola li-app tseo tsa livideo ’me a ipehela nako ea hore na o tla sebelisa fono ea hae neng. Phihlelo ena e bontša ka ho hlaka hore na ke hobane’ng ha re hloka ho ba le kahlolo e molemo ha re khetha boithabiso.

19. Ho ka etsahala eng haeba ho ikhatholla e ba eona ntho e ka sehloohong bophelong ba rona?

19 Re boetse re lokela ho ba le kahlolo e molemo ha ho tluoa tabeng ea ho ikhatholla le ho nka matsatsi a phomolo. Kaofela ha rona re hloka ho phomola le ho nka khefu hanyane mosebetsing oo re o etsang letsatsi le letsatsi. Sena se tla re thusa hore re lule re phetse hantle. Empa haeba re qeta matla a rona boikhathollong, re ka iphumana re se na nako ea ho etsa lintho tsa bohlokoa haholo. (Bafil. 1:10) Kaofela ha rona re lokela ho khetha hore na re tla etsa’ng le hore na re tla qeta nako e kae re etsa ntho e itseng. Ha re etsa liqeto tse joalo, re ka ipotsa: ‘Na nako eo ke e qetang ke ikhatholla le eo ke e qetang ke le matsatsing a phomolo e bontša hore ke na le kahlolo e molemo? Na ke tla be ke itokisetsa “qetello ea lintho tsohle” le ho lemoha hore na lintho tsa bohlokoa haholo ke life?’

20. Re rua molemo ofe ha re sa lumelle letho ho re sitisa ho etsa thato ea Jehova?

20 Re rua molemo haholo ha re sa lumelle letho ho sitisa kemiso ea rona ea ho etsa lintho tsa moea. (Esa. 48:17) Jehova o tla re thusa hore re khone ho mamella liteko leha e le life tse tla re hlahela bophelong. Lintho tse etsahalang lefatšeng li ke ke tsa re tšoenya haholo. Hape re tla qoba ho etsa hore ho ikhatholla e be eona ntho e tlang pele bophelong ba rona. Kahoo, a re tsoeleng pele ho ikemisetsa ho nahana joaloka Jehova, ho lula re phathahane ka lintho tsa moea le ho ba le pono e hlakileng ea seo e leng sa bohlokoa e le kannete. Ha re etsa joalo, re ke ke ra sitiseha habonolo ’me re tla ‘lula re e-na le tšepo e matla ea hore re tla fumana bophelo ba sebele.’—1 Tim. 6:19.

U KA HLOLA LITŠITISO JOANG KA . . .

  • ho ithuta ho nahana joaloka Jehova?

  • ho lula u phathahane ka lintho tsa moea?

  • ho lula u e-na le pono e hlakileng ea seo e leng sa bohlokoa e le kannete?

PINA EA 129 Re Tla Lula re Mameletse

a TLHALOSO: Lintho tsa moea li bolela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le borapeli ba rona ho Jehova, joaloka ho bala Bibele, ho ea libokeng, ho nka karolo borapeling ba lelapa le ho etsa mosebetsi oa boboleli. Li boetse li akarelletsa ho hlokomela le ho haha libaka tsa rona tsa borapeli, ho tšehetsa mosebetsi oa liphallelo le ho ithaopa likopanong kapa ho sebeletsa Bethele.

b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Banyalani ba lula ba phathahane mosebetsing oa boboleli, ho e-na le ho sitisoa ke maemo a lefatše a hlobaetsang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela