Courtesy Jamie Christiani/Bulletin of the Atomic Scientists
LULANG LE FALIMEHILE!
Manaka a Oache e Bontšang ho Fela ha Lefatše a Atametse Har’a Mpa ea Bosiu
Ka la 27 January 2026, borasaense ba ile ba isa pele manaka a oachea e bontšang hore na lefatše le tla fela neng haufi le har’a mpa ea bosiu. Nako ea har’a mpa ea bosiu e emela nako eo ka eona batho ba tla baka tšenyo e tla felisa batho le lefatše.
Bulletin of the Atomic Scientists e re: “Kajeno Board ea Bulletin of the Atomic Scientists Science and Security e bontša hore ho setse metsotsoana e 85 pele ho har’a mpa ea bosiu, sena se bontša hore ho setse nakoana e seng kae pele ho pheletso e felletseng ea lefatše.”
Alexandra Bell, eo e leng mopresidente ebile e le mookameli oa Bulletin of the Atomic Scientists o re: “Borasaense ba sebelisa oache e bontšang hore na lefatše le fela neng hore bontša ntho e hlakileng. Maemo a lefatše a ntse a ba kotsi le ho feta ’me batho ha ba khone ho sebetsa hammoho ho rarolla mathata ana. Batho ba hloka ho etsa liphetoho ’me ba ka khona ho etsa joalo empa ba lokela ho bua le batho ba ba etellang pele hore ba nke khato ka pele.”
Na moloko oa batho le lefatše li haufi le ho fela? Na re lokela ho tšaba bokamoso? Bibele e re’ng?
Bokamoso bo re tšoaretse eng
Bibele e bontša hore “lefatše le lula le le teng ho ea ho ile” hape e bontša hore batho ba tla “phela ho lona ka ho sa feleng.” (Moeklesia 1:4; Pesaleme ea 37:29) Kahoo batho ba ke ke ba felisa lefatše kapa ba etsa hore ho seke ha e-ba le bophelo ho lona.
Leha ho le joalo, Bibele e bua ka bofelo ba lefatše. Ka mohlala, e re: “lefatše le. . . tla fela.”—1 Johanne 2:17.
E le hore u fumane hore na Bibele e bolela’ng ha e bua ka bofelo ba lefatše, bala sehlooho se re’ng “Na Lefatše Lea Fela? Apocalypse ke Eng?”
E le ho ithuta hore na Bibele e re’ng ha e bua ka nako ea liketsahalo tseo e leng hona li tla etsahala lefatšeng, bala sehlooho se re’ng “Lefatše le Tla Fela Neng?”
Lula u e-na le tšepo
Bibele e ka re thusa hore re lule re e-na le tšepo ho sa tsotellehe mathata a fapaneng a teng lefatšeng. Joang?
Bibele e re fa likeletso tse ka re thusang bophelong ba letsatsi le letsatsi. (2 Timothea 3:16, 17) Ka mohlala, bala sehlooho se re’ng “U ka Sebetsana Joang le ho Tšoenyeha?” e le ho bona hore na Bibele e ka u thusa joang hore u lule u e-na le tšepo, ho sa tsotellehe mathata a fapaneng ao re kopanang le ’ona.
Bibele e fana ka tšepo ea sebele ka bokamoso. (Baroma 15:4) E hlalosa liketsahalo tseo re ka li lebellang hona joale le nakong e tlang. Sena se re thusa hore re be le tšepo ho sa tsotellehe lintho tseo re tobanang le tsona.
E le hore u ithute ka ho eketsehileng ka Bibele, re u khothalletsa hore u ithute Bibele le rona mahala.
a “Oache e bontšang ho fela ha lefatše e etselitsoe ho lemosa batho hore ba bone hore na re haufi ha kae le ho felisa lefatše ka litheknoloji tse kotsi tseo re li etsang. Ena ke tšoantšetso kapa khopotso ea lintho tseo re lokela ho li etsa haeba re batla ho tsoela pele re ntse re phela lefatšeng ”—Bulletin of the Atomic Scientists.