Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 9 leq. 48-leq. 51
  • ‘Ba Bontšitse Tumelo ka Hore ba mo Pate’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ba Bontšitse Tumelo ka Hore ba mo Pate’
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • Tumelo ea Batsoali e Ile ea Putsoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • “Binelang Jehova”!
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Moshe o Khetha ho Sebeletsa Jehova
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lesea Moshe Lea Pholosoa
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 9 leq. 48-leq. 51

9 SHIFRA, PUA, AMRAME, JOKEBEDE LE MIRIAME

‘Ba Bontšitse Tumelo ka Hore ba mo Pate’

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

HO NE ho se ho fetile lilemo tse ka holimo ho 60 Josefa a hlokahetse. Baegepeta ba ne ba se ba lebetse ka eena le hoja Jehova a ne a ile a mo sebelisa hore a ba pholose ha ho ne ho e-na le tlala naheng ea Egepeta. Hona joale ho se ho busa Faro e mocha naheng ea bona ’me o hloile Baiseraele ebile oa ba tšaba hobane Jehova oa ba hlohonolofatsa ’me sechaba sa bona se lula se eketseha. Kahoo, Baegepeta ba ile ba etsa Baheberu makhoba eaba baa ba sotla. Leha ho le joalo, makhoba ana a ile a tsoela pele ho ata.

Faro o ile a tla ka leqheka la hore a etse ntho e sehloho. O ile a re ho bitsoe basali ba babeli ba babelehisi ba Baheberu, e leng Shifra le Pua eaba o ba laela hore ha ba thusa basali ba Baheberu ho beleha, ba bolaee bana bohle ba bashanyana. Ak’u nahane feela hore na ba ile ba ikutloa joang ha morena a ba laela hore ba etse ntho e sehloho joalo. Basali bao ba babeli ba sebete “ba ne ba tšaba Molimo oa ’nete.” Ba ne ba tseba hore ha ho na motho leha e le ofe ho sa tsotellehe hore na o matla hakae, ea ka ba qobellang hore ba se ke ba mamela Jehova, ’Musi oa Lintho Tsohle. Kaha ba ne ba hlompha Jehova haholo, ntho eo e ile ea ba thusa hore ba be sebete e le kannete. “Ha baa ka ba etsa kamoo morena oa Egepeta a neng a ba boleletse kateng.” Ho e-na le hoo, ba ile ba etsa ntho e fapaneng. Ba ile ba etsa sohle se matleng a bona ho sireletsa le ho pholosa bana ba bangata ba Baheberu. Faro o ile a halefa haholo hobane Shifra le Pua ba ne ba le bohlale ’me ba etsa lintho tsena tsohle ba ipatile. Empa Jehova o ne a bona lintho tsohle tseo ba li etsang. Kahoo, o ile “a hlohonolofatsa babelehisi bao.” Hamorao o ile a ba hlohonolofatsa ka ho ba fa malapa.

Haeba babelehisi, batsoali ba Moshe le khaitseli ea hae ba sa ka ba ba sebete, ho ka be ho etsahetse’ng ka Moshe ha e sa le lesea?

Ha Faro a hlokomela hore leqheka la hae ha lea sebetsa, o ile a laela hore ho etsoe ntho e bohloko bo otlang pelo. O ile a re Baegepeta ba bolaee bana bohle ba bashanyana ba Baiseraele ka ho ba lahlela Nokeng ea Nile. Nakong eo e thata, Amrame le Jokebede e leng banyalani ba bang ba Baheberu ba ile ba iphumana ba tlameha ho etsa qeto e boima. Ba ne ba se ba ntse ba e-na le bana ba babeli, e leng Miriame le Arone. Empa ha Jokebede e e-ba moimana ka ngoan’a bona oa boraro, eena le Amrame ba ne ba tseba hore ngoan’a bona o tl’o ba kotsing e kholo ha e ka ba moshanyana. Lesea la bona le ile la feela la hlaha e le moshanyana eaba ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho le pata. Empa ha ho bonolo ho pata ngoana. Ha ngoana eo a se a le likhoeli li tharo, Jokebede a nka baskete, a e tlotsa ka sekontiri se thata le se metsi eaba o kenya ngoana eo ka moo. A tsamaea a e’o pata baskete eo har’a lehlaka lebopong la Noka ea Nile. Khaitseli ea lesea leo, Miriame, ea emella hojana hore e bone hore na ho tla etsahala’ng ka ngoan’abo.

Jokebede o na le Miriame lehlakoreng la hae, o beha Moshe ka har’a baskete ea loli har’a lehlaka lebopong la Noka ea Nile.

Ho e-s’o ee kae, morali oa Faro a tla Nokeng ea Nile ho tl’o hlapa. Ha a ntse a le nokeng, a bona baskete eo eaba o re le leng la makhoba a hae le mo latele eona. Ha a e bula, a fumana ngoana oa moshanyana ea motle ka moo a ntse a lla eaba o mo utloela bohloko. A etsa qeto ea hore o tla ikholisetsa eena empa o ile a hlokomela hore ngoana enoa o tl’o hloka ’mè ea tla mo nyantša. Miriame a tlola matjato, a mathela ho morali oa Faro ka sebete, a mo bolella hore a ka mo batlela motho ea ka nyantšang ngoana eo. Morali oa Faro a lumela. Miriame o ile a khutla a e-na le ’mè oa hae. U se u ka inahanela feela hore na ’mè oa hae, Jokebede, o ne a thabile hakae ha a bona hore o tl’o khona ho nyantša lesea la hae le ratehang le ho le hlokomela a se a sa tšoha hore Baegepeta ba tla le bolaea a be a patalloe ho etsa seo. Eena le mohats’a hae, Amrame, ba ile ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho ruta moshanyana eo ka Jehova. Ka masoabi, letsatsi le ile la fihla la hore ba khutlisetse ngoana ho morali oa Faro, ea ileng a mo reha lebitso la Moshe.

Ha ho pelaelo hore Jehova o ile a putsa Amrame, Jokebede le Miriame ka lebaka la tumelo le sebete seo ba ileng ba se bontša. Amrame le Jokebede ba ile ba holisa Miriame le Arone hore ebe bahlanka ba tšepahalang ba Jehova. Ba ile ba hlokomela hore Jehova o ne a sireletsa Moshe. Bibele ha e bolele hore na batsoali ba Moshe ba ile ba phela nako e telele hakae hore ba bone hore na Moshe e ile ea qetella e le motho ea joang. (Ex. 6:20) Empa Miriame le Arone bona ba phetse le eena, ba ba ba bona ha Jehova a mo sebelisa ho etsa mehlolo. Kaofela ha bona ba ile ba bontša tumelo le sebete se tsotehang ha ba ntse ba sebeletsa Jehova hammoho. Khaolong e latelang, re tla ithuta hore na Moshe o ile a holela maemong a joang le hore na ke hobane’ng ha a ile a etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova.

Bala litemana tsena:

  • Exoda 1:6–2:10

  • Liketso 7:​17-21

  • Baheberu 11:23

U ka re’ng?

Lelapa la bo Moshe le babelehisi ba ile ba bontša joang hore ba sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Baepolli ba lintho tsa khale ba bontšitse joang hore tlaleho ee ea Bibele e nepahetse? (g04 4/8 20 ¶4-5)

  2. 2. Bibele e re Moshe o ile a kenngoa ka har’a baskete e entsoeng ka lehlaka le hore Faro o ile a fana ka taelo ea hore ho bolaoe bana ba Baheberu. Ke bopaki bofe bo bontšang hore litaba tsee ehlile ke ’nete? (g04 4/8 20 ¶6–21 ¶1) A

    Monna oa Moegepeta o etsa sekepe ka lehlaka la loli.

    Christine Osborne Pictures/Alamy Stock Photo

    Setšoantšo A: Le mehleng ena ho ntse ho sebelisoa lehlaka ho etsa likepe

  3. 3. Ke’ng seo re se tsebang ka basali ba Baheberu ba babelehisi, hona ba ile ba hlohonolofatsoa joang? (w03 11/1 8 ¶3-4; it “’Melehesi”-wcgr) B

    Babelehisi ba babeli ba patile lesea la moshanyana. E mong oa bona o ntse a hloelisa masole a Baegepeta ha a ntse a kokota menyako a batlana le masea a bashanyana.

    Setšoantšo B

  4. 4. Miriame o ile a bontša joang hore o na le tumelo e matla leha a se a holile? (ijwia sehlooho sa bosupa ¶14-18)

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Batsoali ba ka ithuta’ng ho Amrame le Jokebede?

  • Bana ba motho ba ka ithuta’ng ho Miriame? C

    Litšoantšo: Bana ba motho ba ithuta lithuto tsa bohlokoa ho Miriame ha a sa le monyenyane. Litšoantšo tsena lia phetoa khaolong ena. Ngoanana o lutse le ngoan’abo oa moshanyana, o ntse a mo balla buka ha ngoan’abo a ntse a toroea liketsahalo tse hlahang ka Bibeleng. Ngoanana eo o ntse a tsamaea le ngoan’abo ba iqoqela hamonate ba bile ba tšoere lintho tse monate ka matsohong. Ngoanana eo o arabela ka libokeng ’me ngoan’abo o mo shebile a thabile.

    Setšoantšo C

  • U ka etsisa sebete seo Shifra le Pua ba ileng ba se bontša joang?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • Ke lipotso life tseo u ka ratang ho li botsa batho ba hlahang tlalehong ee ha ba se ba tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

Bona hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa basali ba ileng ba hana ho mamela taelo ea morena.

“Basali ba Ileng ba Thabisa Pelo ea Jehova” (w03 11/1 8-9 ¶3-5)

Re tseba joang hore Jehova o hlokomela batho bao ka sebete ba mo mamelang ho e-na le ho mamela batho ba bang?

Re Batho ba Jehova (6:55)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela