Miriame—A Fuoa Litokelo Bonyenyaneng le Botsofaling
MIRIAME, morali oa Molevi Amrame le mosali oa hae oa Molevi Jakobethe, o nkile karolo ea bohlokoa paleng ea pele ea Iseraele. Tsela eo Meriame a sebelisitsoeng ka eona ke Jehova Molimo e pakile hore o amehile ka sechaba seo. Ka moprofeta Mikea, Ea Matla ’ohle a bolela hore: “Ke u ntšitse lefatšeng la Egepeta, ke u lopolotse tlung ea bohlanka, ka ba ka u etella pele ka Moshe le Aarone le Miriame.”—Mik. 6:4.
BONYENYANENG
E sa le ngoana, Miriame a neoa tokelo ea ho ba le kabelo ho sebetsahaleng ha morero oa Jehova mabapi le khaitseli ea hae Moshe. Faro oa Egepeta o ne a laetse hore ngoana e mong le e mong e motona ea tsoalloang Baheberu a akheloe ka Nōkeng ea Nile. A sa tšoha taelo ea borena, Jakobethe a pata lesea ka likhoeli tse tharo. Empa ha a se a sa khone ho mo boloka a patiloe, a etsa areka ea lehlaka ’me a e bitiela hore e se kene metsi ka boka. Eaba joale o kenya areka, le mora oa hae e monyenyane ka hare har’a mahlaka a nōkeng ea Nile. Joale Miriamea a lula haufi le moo ho bona hore na ho tla etsahala joang.—Ex. 2:1-4; 6:20; Ba-Heb. 11:23.
Eare ha morali oa Faro, a e-na le makhabunyane a hae, a tlile ho tla hlapa nōkeng, a bona areka ’me a laela hore a e tlisetsoe. Ho bona ngoana ea llang ha susumetsa boikutlo ba hae, ’me a qenehela ngoana. Miriame a nka bohato ka potlako. A tobisa mantsoe a hae ho morali oa Faro, a re: “A nka ea, ka u bitsetsa moanyesi ho basali ba ba-Heberu, a tle a u anyesetse ngoana na?” Mantsoe a Miriame a hleka tsela bakeng sa ’mè oa Miriame hore e be moanyesi eo. Ke thabo e kaakang le teboho tse tlamehang hore e be li ile tsa phalla pelong ea Jakobethe! ’Me kahoo Moshe a pholosoa lefung ’me a hlokomeloa, hore a tle a fetohe mokhoa oo ka oona Baiseraele ba ntšoang Egepeta, ho ea meeling ea Lefatše la Pallo. Ka sebele, ke banana ba seng bakae ba kopanetseng ka ho toba joalo ho sebetsahaleng ha mohau oa Molimo joaloka Miriame.—Ex. 2:5-10.
BOTSOFALING
Lilemo tse mashome a robeli hamorao, Baiseraele ba tsoa Egepeta e le batho ba lokolohileng tlas’a boeta-pele ba Moshe. Eare ha Faro le makhotla a lebotho la hae ba ba phallela ka bohale, Jehova Molimo a etsa mohlolo o tsotehang, a phetla Leoatle le Lefubelu hore batho ba Hae ba fete. Empa Baegepeta ba ba lelekisang ba timetsoa, kaofela ha bona, kaha kamorao ho moo phohla e neng e entsoe e ile ea phakisa ea tlala metsi. Ka mose oane ho nōka, Miriame a etella pele basali ba Baiseraele ka pina le mehobelo, ba rorisa Jehova ka ho ba lopolla. Ka nako eo o ne a ka ba lilemo li 90 ’me a sebeletsa e le moprofeta oa mosali Iseraeleng.—Ex. 15:20, 21.
Selemong se latelang, leha ho le joalo, boemo bo hlomphehang boo Miriame a neng a bo thabela ba fetoha khopiso ho eena. A qala ho bua hampe ka Moshe ’me a susumetsa Aarone hore a kopanele le eena. Sesosa sa ho nyatsa Moshe e ne e le mosali oa hae oa Mokushe, ’me hona ha sebelisoa e le motheo oa ho qholotsa boemo ba hae bo khethollehileng. Tlaleho ea Bibele e-ea re bolella: “A ruri Jehova o buile ka Moshe feela na? Hleka ha a bue le ka rōna na?” Lipotso tsena tsa kenyelletsa hore Moshe o iphahamisetsa moholoane oa hae le khaitseliee, a iphahamisa joalokaha eka ke eena ’muelli oa Molimo a le mong.—Num. 12:1-3.
Pelaelo e ne e se na motheo ho hang, ’me Ea Holimo-limo a re ho Aarone le Miriame: “Mamelang mantsoe a ka hantle: moprofeta ha a le teng har’a lōna, ’na, Jehova, ke ipontša ho eena ka pono, ke bua le eena ka toro. Empa ha ho joalo le mohlanka oa ka, Moshe; o tšepehile tlung ea ka kaofela; ke bua le eena ka molomo o bapileng le molomo, ka ho iponahatsa, e seng ka mokhoa oa ho lotha; o boha sefahleho sa Jehova. Ha ho le joalo, ho ile ka’ng ha le sa ka la tšaba ho bua hampe ka mohlanka oa ka, Moshe, na?” (Num. 12:6-8) E, Moshe o ne a sa nka boemo bo phahametseng Aarone kapa setho leha e le sefe se seng sa sechaba sa Iseraele. O ne a khethiloe ka ho toba ke Jehova. Ke ka baka leo Aarone le Miriame ba neng ba le molato oa ho bua hampe ka Ea Holimolimo.
Tabeng ea Miriame, ho korotla ha hae ho ne ho ka ’na ha tsoaloa ke mōna oa ho ema ha hae e le moprofeta oa mosali. O ne a ka ’na a tšoha hore ngoetsi eabo e tla tsebisahala haholo sechabeng. Ka ho totobetseng boikhohomoso ba Miriame ba mo etsa hore a sitoe ho bona moo khang e leng teng—bohlokoa ba ho ikokobeletsa tokisetso ea Jehova.
Ka ho hatikela karolo eo a e abetsoeng ke Molimo le ka ho belaela ka ngoan’abo ntle ho mabaka, Miriame a otloa ka lepera. E bile bopaki bo tšabisang hakaakang ba ho se thabe ha Molimo. Aarone a ikopela mohau, ’me Moshe ka tieo a etsa thapeli ho Jehova lebitsong la khaitseliee, a re: “Oho Molimo, kea u rapela, mo folise hle!” Miriame a folisoa empa a tlameha ho jara nyeliso ea ho lula matsatsi a supileng ka ntle a beiloe thoko ho liahelo tsa Iseraele. (Num. 12:9-15) Leha ho le joalo, selemong seo ka sona Baiseraele ba keneng Kanana, Miriame a shoa a le mohaung oa Jehova.—Num. 20:1.
Bahlanka bohle ba Ea Holimo-limo ba ka fumana thuto ea bohlokoa phihlelong ea Miriame. Le hoja motho a ka thabela mahlohonolo a mangata, hona ka bohona ha ho mo etse ea ke keng a oa ka ho tebileng. Ruri hoa hlokahala ho rōna ho loanela ho lula re ikokobelitse pel’a Molimo oa rōna, re sa lumelle boikhohomoso ho re busa. E se eka ka mehla re ka bea ka pel’a rōna mantsoe a bululetsoeng: “Molimo o hanela baikhohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.”—Jak. 4:6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Miriame ha a boleloe tlalehong, ho boleloa feela ka “khaitseli” ea Moshe. Leha ho le joalo, kaha ha ho sesupo sa hore Moshe le Aarone ba ne ba e-na le likhaitseli tse ling, re tlameha ho fihlela qeto ea hore ho boleloa ka Miriame.—Num. 26:59.