Ho Etsa Kutlo e Nyakallise
HO NAHANELA le ho ipea sebakeng sa ba bang ka sebele ke lioli tse thusang ho loetsa mochine oa likamano tsa batho. Hona ke ’nete ha litšoaneleho tsena li bonahatsoa ke ba lokelang ka tšoanelo ho khothalletsa kutlo ea ba bang. Batho ba bangata ba tenoa ke khopolo ea ho tlameha ho mamela; ’me hona ke ’nete ho bana le batho ba baholo. Empa ha batho ba nang le matla ba nahanela ba bile ba ipea sebakeng sa ba bang, kutlo e ka etsoa monyaka moo mohlomong e neng e ka ’na ea eba tšoanelo e boima.
Ka mohlala, batsoali ba na le matla ao ba a neiloeng ke Molimo holim’a bana ba bona. Empa ba a sebelisa joang? Batsoali ba bang ba ka ’na ba tsitlella hore bana ba bona ba ba utloe le haeba ke ka boithatelo kapa ka ho khopeha. Ntle ho pelaelo ho haelloa ke ho nahanela hona ho etsoang ke batho ba baholo ke lebaka le leng leo ka lona, ‘mehleng ena ea qetello’ bana ba “sa utloeng batsoali.” (2 Tim. 3:1, 2) Batsoali ba ka etsa hore kutlo e nyakallise bana ba bona joang? Ho thusang ka ho fetisisa ke hore ba bontše ho nahanela, hobane ho nahanela ho khothalletsa ho ipea sebakeng sa motho e mong. Ho nahanela ho bolela hore batsoali ba itekanye ba le sebakeng sa bana ba bona, kamoo re ka bolelang. Litaelo tse isoang ho bana li lokela ho fanoa ka mantsoe ao ngoana a ka a utloisisang habonolo le ponong ea ngoana. Ho hong ha bohlokoa ke hore taelo kapa kōpo e fanoe ka lentsoe le mosa, le lerato, empa e le le tiileng haeba ho hlokahala. Ho feta tsohle, ho se be mohla taelo e fanoang ka bohale bo sa laoleheng.
Ke ho thusang haholo, ha maemo le nako li lumela, ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha ntho eitseng e lokela ho etsoa. ’Me, koana, mabaka a teng kamehla. Ke ho hotle ho ba le hona ho sebetsa hammoho, le le ntate le mora, kapa ’mè le morali. Moo hoo ho ke keng ha etsahala, kōpo e ka ’na ea tsamaea le polelo e kang e reng ‘ha u ntse u etsa joalo, ’na ke tla tšoara mona.’ Hore kutlo e nyakallise, ho tsitsa le hona ho be teng. Batsoali ba lokela ho etsa seo ba se bolelang. Haeba ba batla hore bana ba bona ba ba hlonephe, ba lokela ho hlonepha ba boholong. Mabaka ’ohle a joalo, ho ka ’na ha boleloa hore a sebetsa ka matla a maholoanyane moo ho amehang batho ba baholo. Ho utloa ho bolela ho ikokobeletsa boholo kapa matla a sebelisoang ka tokelo ke e mong holim’a e mong, ho ka ’nang ha sekamela ho hanana le boithati kapa boiphahamiso ba motho. Ke ka hoo Bibele e bolellang Bakreste hore ‘ba se ke ba etsa letho ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.’—Ba-Fil. 2:3; bapisa Ba-Galata 5:26.
Basali ba bolelloa hore ‘ba ikokobetse ka tla’sa banna ba bona nthong tsohle.’ Empa haeba monna le eena a latela keletso ea Bibele ’me ‘a rata mosali oa hae joale ka ha a rata ’mele oa hae,’ haeba a bontša ho nahanela le ho ipea sebakeng sa motho e mong, joale mosali oa hae ka sebele o tla fumana ho mo utloa e le monyaka. (Ba-Ef. 5:22-28) Ho etsa papiso; monna ea pelo, ea utloisisang le ea kelello e nchocho o tla felehetsa likōpo tsa hae ka ho ipiletse monahanong, botšepehing le leratong la mosali oa hae. ’Me a ke ke a lebala ho mo rorisetsa ho mo tšehetsa hoa hae ho bohlale e le letsoho la hae le mahlaha-hlaha a hae, le linthong tse nyenyane.—Liprov. 31:10, 27-31.
Ka mokhoa o tšoanang, ke ho nahanela le ho ipea sebakeng sa motho e mong ho fana ka mabaka pele u etsa kōpo. Ka mohlala, monna a ka ’na a re: ‘Litšenyehelo tsa rōna khoeling ena e fetileng li ile tsa feta chelete eo re e amohelang haholo ’me haeba hona ho ka tsoela pele re tla sitoa ho ea phomolong selemong sena. Khoeling ena re mpe re leke ho phelela seo re nang le sona, na ho lokile, moratuoa?’ Ho sa lokelang ho hlokomolohuoa ke monna ke kutloisiso ea ho etsa likōpo, a ntse a hopola mantsoe a moapostola Petrose, a reng: “Le lōna banna, le phelisane le bona [basali ba lōna] ka hlokomelo, ka ho re, mosali ke pitsa e fetisang ka ho fokola.”—1 Pet. 3:7.
Metheo e tšoanang e ka ’na ea sebelisoa kamanong e pakeng tsa mosebeletsi le monghali oa hae, moeta-pele kapa molebeli. Bibele e laela ba nang le matla holim’a ba bang litabeng tsa lefatše hore ba se sebelise litšoso tse mpe, joalokaha benghali ba atisa ho sekamela ho hoo, e leng hoo ho hang ho sitisang hore kutlo e ka ba monyaka. Hape, Lentsoe la Molimo le laela ba joalo hore ba etse ba joalo “ka ho loka le ka tšoanelo.” Ha ho letho le sebetsang haholo ho tlosa monyaka mosebetsing ho feta ho tlameha ho sebetsa tlas’a maemo a leeme le a hatellang.—Ba-Ef. 6:9; Ba-Kol. 4:1.
Le hona mona, ho ipiletsa monahanong hoa thusa ho ithaopeng ha ba bang. Kahoo moholo ka phuthehong ea Bokreste a ka ’na a etella likōpo tsa hae kapa likabelo ka lentsoe la kananelo bakeng sa likabelo kapa tšebeletso ea boithaopo e ileng ea etsoa ka boithatelo nakong e fetileng. Molebeli a ka ’na a batla tšebelisano ea bao a sebetsang le bona ka hore ka mosa a kōpe hore na ebe ba ka lakatsa ho thusa mosebetsing ona kapa oane, kapa ka ho kopanela le bona moroalo o mong oa ho ntseng ho sebetsoa.
Ho hlileng ho thusang ka mokhoa o khethehileng ho etsa hore kutlo e nyakallise ke ho bolela kananelo bakeng sa mosebetsi o etsoang. Hona ke ntho e bonolo haholo e ka ’nang ea hlokomolohuoa e le e fetiloeng ke linako, empa e sa ntsane e sebetsa kajeno, joalokaha ho ile ha bontša tlaleho e neng e hlahile ho Today’s Health, ea Phato 1972. Ho ne ho le teng mosebeletsi eo mesebetsi ea hae e neng e akarelletsa ho fiela karolo e hare ea setoro sa feme. Lekhetlo la pele leo ka lona monghali a boneng hore na mosebeletsi enoa o fietse hantle hakaakang, a tsota: “Hei! U entse mosebetsi o motle moo.” Ha a hlalosa ka sena, mosebeletsi a re: “Ke phetho, ha ho ho hong hape, empa letsatsi le leng le le leng ha ke fietse o ne a bua ntho e ’ngoe e monate ka hona. . . . Mantsoe a bonolo joaloka ana a ka etsa hore motho a ikutloe hore o finyelletse ho hong. Motho e mong o tsotella seo u se etsang le hore seo u se etsang ke sa bohlokoa hakaalo. Ka hona letsatsi le leng le le leng ha u se etsa, u se etsa hamolemo haholoanyane.”
Ho bonolo hore batsoali ba tsietse bana ba bona, banna ba se ke ba nahanela ha ba sebelisana le basali ba bona le benghali kapa balebeli khoebong kapa mesebetsing e meholo ea lefatše hore ba nkehe haholo boikarabelong ba bona hoo ba hlokomolohang batho ha ba sebelisana le ba tlas’a matla a bona. Empa ho nahanela, ho khothalletsang ho ipea sebakeng sa motho e mong hakana, lebitsong la ba etsang likōpo kapa ba laelang ba bang, ho ka etsa ho hongata ho etsa hore kutlo e ba nyakallise, ho e-na le hore e be tšoanelo e phethoang ka monyebe.