“Latsoang le Bone Hoba Jehova o Molemo”
MEMO ena—ea ho ‘latsoa le ho bona hoba Jehova o molemo’—e ile ea etsoa ke mopesaleme oa Bibele Davida. (Pes. 34:8) Na u amohetse memo? U ka e amohela joang?
Pele, ke habohlokoa hore re tsebe se boleloang ka Lentsoeng la Molimo. Hona ho tsoaloa ke hobane ke Bibeleng moo Jehova a bolelang ka lintho tse molemo tseo a tla li nea bahlanka ba hae. “Neo ea mohau ea Molimo ke bophelo bo sa feleng,” ke Bibele e bolelang joalo. (Ba-Roma 6:23) Empa Molimo o nea bahlanka ba oona ba tšepahalang ho fetang hona. Hape o ba tšepisa khotso e ka hare le khotsofalo ea sebele bophelong, leha e le hona joale.
Ke joang, he, re ka “latsoang” le ho fumana hore na ebe Jehova o hlile o tla tla ka lintho tse molemo joalo? Ho hlokahala hore re ikokobeletse eena ka kutlo e bonolo, joalokaha a mema: “Mora oa ka, u se ke ua lebala thuto tsa ka, pelo ea hao e ke e boloke likeletso tsa me.” (Liprov. 3:1) Ka ho phela bophelo ba rōna tumellanong le melao le litaelo tsa Jehova, bonneteng, re latsoa le ho bona hore na ebe hona ho fella ka molemo ho rōna.
PHIHLELO EA DAVIDA
Mopesaleme Davida o entse joalo. Ke ’nete, o ne a etsa liphoso. Empa Davida o ne a lakatsa ho tloha botebong ba pelo ea hae ho sebeletsa Jehova, ’me ka kutlo o ne a etelletsa pele thato ea Molimo bophelong ba hae. Hona o ne a sa ho etse ka bonolo ka mehla. Ha e le hantle, ho ne ho bea Davida kotsing e kholo ka linako tse ling.
Ho na le nako eo ka eona Morena oa Moiseraele Saule, ka baka la mōna, a ileng a leka ho bolaea Davida. Ka hona Davida a qobelloa hore a balehele sebakeng sa sera sa Bafilista. Moo a iketsa eo e kang ha a phele hantle hloohong ka ho itšoara bohlanya, ’me a tseba ho balehisa bophelo ba hae. Ke ka lekhetlo lena, ha bophelo ba hae bo ne bo le kotsing e kholo, moo Davida a ileng a qapa Pesaleme ea 34. Hlokomela kamoo ho utloisisa maemo ana ho fanang ka tlhaloso e khōloanyane mantsoeng a hae:
“Ka na ka batla Jehova, ’me a nkaraba, a ba a mpholosa ho tšabeng ha ka kaofela. Lengeloi la Jehova le lara pel’a ba mo tšabang, lea ba boloka. Latsoang, le bone hoba Jehova o molemo! Ho lehlohonolo motho ea tšabelang ho eena! Mahlomola a ea lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntša ho oona kaofela.”—Pes. 34:4, 7, 8, 19, le sehlooho.
Ho sebeletsa Jehova hangata ho phetlela motho thohakong le mahlorisong—mahlomola—kamoo ho bontšitseng liphihlelo tsa Davida. Kaha hona ke ’nete, batho ba bang ba ka ’na ba lika-lika ho ineela ba sa siee letho tšebeletsong ea Molimo. Empa, a bua ka tsebo, Davida o re phehella hore ‘re latsoe ’me re bone hoba Jehova o molemo.’ E, Davida o tsebile hore, ho sa tsotellehe mathata ao ho ka ’nang ha thulanoa le oona, bahlanka ba Molimo ba ne ba tla hlokomela letsoho le matla le sireletsang la Jehova le “khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle.”—Ba-Fil. 4:7.
HOA TŠOANA LE BAHLANKA BOHLE BA MOLIMO
Hona e bile phihlelo ea bahlanka ba Molimo paleng eohle. Hlahloba tlaleho e ho Baheberu khaolo ea 11 ea batho bao ba tumelo mehleng ea pele ho Bokreste; bala litlaleho Melaetseng e mene ea bophelo ba mohlanka ea ka sehloohong oa Jehova, Jesu Kreste; nahanisisa ka liphihlelo tsa baapostola ba Bakreste bukeng ea Bibele ea Liketso. Re fumana eng?
Re fumana sena: Hore ho sebeletsa Jehova hangata ho fella ka mahlomola a ho tšehoa, ho hlorisoa le mathata ka mefuta eohle, ka linako tse ling le ka lefu le bohloko, joaloka tabeng ea Jesu. Leha ho le joalo bahlanka bana ba Molimo ba ne ba thabile. Ba ne ba thabela khotso e ka hare le khotsofalo ka baka la ho tseba hore ba ne ba khahlisa Ntate oa bona oa leholimo, le ho tseba hore ba tla fumana moputso oa hae oa bophelo bo sa feleng. Bala, e le mohlala, Liketso 5:40-42.
Ema u ipotse: Ke’ng seo ke hlileng ke se batlang bophelong? Na ke sepheo sa ka hore ke be mohlanka ea tšepahalang oa Jehova? Kapa na tsela eo ke phelang ka eona e senola hore lithahasello tse ling ke tsa bohlokoa haholoanyane ho ’na? Mantsoeng a qalang a Pesaleme ea 34, Davida o boletse boikutlo boo re lokelang ho ba le bona kaofela: “Ke tla rorisa Jehova ka mehla; thoko ea hae e tla ba molomong oa ka ka mehla.” (Pes. 34:1) Na sena, le teng, ke takatso e tlohang boteng ba lipelo tsa rōna? Na re susumeletseha hore re sebelise bophelo ba ’mele ea rona, matla le mekhoa ho roriseng Jehova? Re ka etsa eng ho rorisa le ho roka Jehova?
NA HO “PHELA BOPHELO BO BOTLE” HO LEKANE
Batho ba bang ba lumela hore ho phela feela “bophelo bo botle”—ba le mosa ho bao ba ahisaneng le bona, ba rata baena ba bona le likhaitseli, ba hlokomela matlo ka makhethe, ba e-ba botho bo botle—ke sohle se hlokahalang ho roka le ho rorisa Jehova. Empa, ka sebele, ho ameha ho hongata. Thoriso e lokela ho tloha molomong, joalokaha ho boletse Davida. Ho roka Jehova ka tsela ena ke tlhokahalo e khethehileng ho Bakreste ba ’nete. Jesu Kreste o bonahalitse hona ka ho phethahatsa letšolo la pontšeng la ho bolela le ileng la phahamisa lebitso la Ntate oa hae le ’muso.—Luka 4:43.
Joale, ho isa qetellong ea bophelo ba hae ba lefatšeng, Jesu o itse: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matt. 24:14) Ho ne ho tla bolela bo-mang? Moapostola Petrose o ile a bolella Kornele le ba ntlo ea hae, a re: “[Kreste] o re laetse ho bolella sechaba, le ho paka.”—Lik. 10:42.
Na taelo ee e ne e sebetsa feela ho baapostola le baholo ba bang ba Bakreste? Che, Bakreste bohle e ne e lokela hore e be baetsisi ba Kreste, ba etsa mosebetsi oa boboleli joaloka eena. Ho finyella boboleli tekanyong ea lefatše lohle eo Jesu a e boletseng hore bo tla etsoa ka eona ho hloka boiteko bo kopaneng ba Bakreste kaofela—banna, basali le bana. Har’a Lipaki tsa Jehova boiteko bona bo kopaneng boa bonahala—bohle ba kopanela boboleling bona bo boholo ba ’Muso.
Bakeng sa bao maemo a bona a ba lumellang hore ba kopanele ka botlalo mosebetsing ona oa boboleli, ho na le tokisetso ea tšebeletso ea “bopula-maliboho.” Pula-maliboho ke e mong oa Lipaki tsa Jehova ea ka sebetsang lihora tse 90 ka khoeli, kapa bonyane lihora tse 1 000 ka selemo, mosebetsing oa boboleli. Selemong se fetileng Lipaki tse fetang 119 000, ka karolelano khoeli le khoeli li bile le hona ho bula maliboho. Ba etsa mosebetsi oa bohlokoa hakaakang! Joale boikutlo ba bopula-maliboho bana le bahlanka ba bang ba Molimo e lokela hore e be bofe?
MOTHEO O NEPAHETSENG OA BOITHORISO
Davida o re thusa ho ananela sena, ha a tsoela pele Pesalemeng ea 34: “Moea oa ka o ithorise ka Jehova.” (Pes. 34:2) Ho tseba Jehova le ho ba e mong oa bahlanka ba hae ka sebele ke ntho eo ho ka ithorisoang ka eona. Koana, e tlameha e be boithoriso bo se nang tlhahiso leha e le efe ea ho itokofatsa, hobane ha re ithorise ka borona empa, kamoo Davida a boletseng, “ka Jehova.”—Bona le Ba-Galata 6:14.
Re ka ithorisa ka seo Jehova a re etselitseng sona, kamoo a re bolokileng, a re tataisa, a re lokisetsa. Ka lehlakoreng le leng, e tla ba ho sa lokelang ho ithorisa kahobane mohlomong, ka baka la maemo, re ka ba le hona ho kopanela ka botlalo haholoanyane mosebetsing oa boboleli. Moapostola Pauluse o ile a hlokomela: “Leha ke bolela Evangeli, teng ha ke na seo nka ithorisang ka sona, kahobane molao oa teng o ntlamile.”—1 Ba-Kor. 9:16.
HO KHOTHATSA BA BANG
Ho latelang, Davida, ka kananelo e tlohang botebong ba pelo bakeng sa Jehova, o itse: “Kopanang le ’na ho tlotlisa Jehova: bohle, re holiseng lebitso la hae hammoho.” (Pes. 34:3) Na uena, joaloka Davida u susumeletseha ho khothalletsa ba bang ho kopanela ho roriseng Jehova? Hangata hohle ho hlokoang ke mohlanka oa Molimo ho qalisa tšebeletsong ea bopulamaliboho ke khothatso. Hlokomela mehlala e latelang ea batho bao hajoale ba thabileng hore e be ba ile ba qalisa:
Don le Earlene Steele ba ngolile: “Re ne re tsila-tsila ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng ea bopula-maliboho hobane re ne re e-na le maikutlo a hore re batla ho ba le polokelo ea chelete eitseng. . . . ra tlosa maikutlo ao ’me ra ngolla Mokhatlo [oa Watch Tower] ho bolela hore re bolokile chelete e lekaneng ho re thusa hore re tsoele pele ka likhoeli tse peli bonyane! . . . re bile le hona, ka thuso ea Jehova, ho ’na re tsoela pele, e seng feela ka likhoeli tse peli, empa ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e supileng.”—The Watchtower, 1971, maq. 186-190.
Paul Wrobel o itse: “Empa joale [ka 1946] boloetse bo ile ba bonahala eka bo tla ba teng ’me ho bonahala bo tla nthibela ho kena tšebeletsong ea nako e tletseng. Ngaka ea ka ea bolela hore ka nako ea lilemo tse peli ke lebelle ho shoa letheka ka lehlakoreng le letona la ’mele. . . . ka fihlela qeto ea ho sebelisa lilemo tseo tse peli tšebeletsong ea nako e tletseng le ho etsa se molemohali seo nka se khonang. Ho sa le joalo, ho fetile lilemo tse mashome a mabeli a metso e supileng.”—The Watchtower, 1973, maq. 376-379.
Heinrich Dickmann, kamorao ho lilemo tse mashome-shome tšebeletsong ea nako e tletseng, o ile a hatisa hore, “mathata ’ohle le haeba ke a ’meleng kapa a lichelete, a ’nile a rarolloa ka mosa o sa tšoanelang oa Jehova. . . . tšepa lebitso la Jehova ruri ho fana ka tšireletseho.”—The Watchtower, 1972, maq. 395-399.
Likete-kete, e, mashome a likete a bopula-maliboho, ba latsoitseng le ho bona hoba Jehova o molemo, ba ne ba tla kopanela le Davida ho fetiseng memo e reng: “Kopanang le ’na ho tlotlisa Jehova; bohle re holiseng lebitso la hae hammoho.” (Pes. 34:3) Hase feela hore bo-pula-maliboho bana ba khothatsa batho bao ba ithutang Bibele le bona hore ba etse hona empa, kamor’a ho latsoa molemo oa tšebeletso ea bopula-maliboho, ba ka buella bopulamaliboho ho bahlanka ba bang ba Molimo.
BOPULA-MALIBOHO BO KA RE THUSA HO LATSOA
Tšebeletso ea bopula-maliboho e ka re thusa hore re latsoe ka ho feletseng haholoanyane molemo oa Jehova. Ka ho bua ka lintho tsa moea tsatsi le leng le le leng, re hola tsebong. Hona, le hona, ho matlafatsa tumelo ea rōna. Re tšoaneleha hamolemo ho sebelisa keletso ea Bibele ho hlōleng mathata. Re ithuta ho tšepa Jehova haholoanyane, ho etsa lintho ka matla a hae, e seng a rōna.
Hape, re tetse lintho ka boithatelo, lintho tsohle, melemo eitseng e bonahalang hore re nke tšebeletso ea bopula-maliboho, re itšetleha haholoanyane ka thuso ea Jehova ka tsela e bonahalang. Davida o boletse ho itšetleha ha rōna ka Jehova ha a bua ka kamoo ‘litauona li ka hlokang, tsa lapa; empa ba batlang Jehova ba ke ke ba haelloa ke molemo leha o le mong.’—Pes. 34:10.
Jesu Kreste o ile a tšehetsa pesaleme e-na ea Davida ka hore a re ho barutuoa ba hae; “Le se ke la belaela ka ho re: Re tla ja’ng? kapa, re tla noa’ng? kapa, re tla ikapesa ka’ng? . . . Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” (Matt. 6:25-34) Kahoo, le haeba re tšebeletsong ea bopula-maliboho kapa che, ba batlang ’Muso pele ba na le tšepiso ea Mora oa Molimo ka boeena hore Jehova o tla ba lokisetsa seo ba se hlokang nameng. Na re ka lebella ho fumana tšepiso e tsoang mohloling o tšepahalang ho feta ona?
Le ka tsela ea ’meleng tšebeletso ea bopula-maliboho e ka re thusa hore re latsoe haholoanyane molemo oa Jehova. Moea o hloekileng, ho ithapolla ’meleng, boikutlo ba ho phetha ho hong le botsoalle bo botle kaofela li ka tlatsetsa bophelong bo botle ba ’mele.
Maele a Sejeremane a re: “Ea phomolang o ba mafome.” Batho ba bangata ba ‘phomotseng’ ka ho phomotsoa ke botsofali mosebetsing ba ipolokile ho ‘beng mafome’ ka ho nka tšebeletso ea bopula-maliboho. Nahana, ka mohlala, pula-maliboho oa Berlin Bophirimela, Jeremane, eo ha a le lilemo li 86 a ileng a botsa ngaka ea hae hore na e be ho tla ba molemo ho tlohela bopula-maliboho ba hae. Karabelo ea ngaka ea e-ba hore “U se ke ua tlohela, ha u ka tlohela, u tla shoa.” Ka hona kajeno moena oa rona oa Mokreste a le lilemo li 92 o ntse a le tšebeletsong ea bopula-maliboho. O-oa hlalosa: “Ke laetsoe ke ngaka hore ke se ke ka tlohela ho bula maliboho.”
MELEMO E SA FELENG
Batho ba bangata, kamor’a ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ba e entse tšebetso ea bona. Hona hoa babatseha. Ba bang ba bile le hona ho bo thabela ka nakoana. Le teng ha ho letho leo ba ikoahlaelang lona. Qeto ea bona ea ho tlohela tšebeletso ea bopula-maliboho, ka baka la maemo a fetohileng, mohlomong e ne e se a utloahalang feela bothong empa hape e le e loketseng ka Mangolo. Na nako ea ho bula maliboho ha bona e bile tšenyo? Le hanyenyane.
Haeba e keneloa ka sepheo se loketseng le ka takatso ea ho tsoela pele moeeng, tšebeletso ea bopula-maliboho e tla be e ba thusitse ho hōlisa pono e sekametseng moeeng haholo. E tla be e ba thusitse ho leka-lekana. Mohlomong ba ithutile lintho tse tla ba thusa hamorao bophelong, lintho tse kang ho tseba ho lekanyetsa nako ka bohlale, kamoo ho ka tšoaroang lichelete le kamoo ho ka khotsofalloang se hlokahalang bophelong. Ho ka thusa bacha hore hamorao e be balekane ba lenyalo ba molemo le batsoali ba molemo ho feta kamoo ba neng ba ka etsa kateng. E, melemo ea tšebeletso ea bopula-maliboho e ka ba ea ka mehla.
NA BO U LOKETSE
Jehova o bonahatsa molemo oa hae ho batho bohle ba hae; ho hang ha oa lekanyetsoa ho ba tšebeletsong ea bopula-maliboho. Ka hona ba sa bo nkeng ka baka la mabaka a utloahalang le ka mohla ba se ke ba tšoha hore Jehova o tla etsa hore ba lahleheloe ke mohau oa hae. Empa e mong le e mong ho rona a ke a tšepahale ho eena ka boeena. Na u re, “Moea o-oa rata, empa nama e ea fokola”? Empa na moea o hlile o-oa lakatsa. A re qobeng ho sebelisa bofokoli ba nama e le lebaka la moea o sa lakatseng.
Haeba kamorao ho ho nahanisisa ka thapelo u ntse u lika-lika, joale ak’u hopole mantsoe a Malakia 3:10: “Le nteke ka hoo, [Le latsoe ’me le bone!] . . . ’me le bone ha nke ke ka le thibollela liphororo tsa leholimo, ke be ke le tšollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisisang.” Ke mang, he, ntle ho lebaka le utloahalang, a neng a ke ke a rata ho amohela memo e kang eo?
Bakeng sa ba sitoang ho nka tšebeletso ea bopula-maliboho hona joale, ba hopole sena: E mong le e mong ho rona a ka rapela Jehova ka kutloisiso e feletseng ka ho ba ka moea ’ohle boineelong ba rōna le tšebeletsong ho eena. Kahoo, lula u ntse u bontša moea oo o phelang hantle oa bopula-maliboho! Tsoela pele u sebeletsa Jehova ka moea ’ohle ’me u tla ’ne u ‘latsoe ’me u bone hoba Jehova o molemo.’