Ho Etsa Mosebetsi oa Jehova ka Tsela ea Jehova
“Ka baka leo, rōna bohle ba phethehileng, a re ke re ikutloeng joalo; ’me . . . ha e le moo re setseng re fihletse teng, re ke re tsamaee ka molao o le mong.”—Ba-Fil. 3:15, 16.
1, 2. Ke tšebetso efe e habeli e hlokoang ho Bakreste ba ineetseng kajeno, joalokaha ho bontšoa ke mangolo afe?
MOSEBETSI oa Jehova ke ofe bakeng sa bao ba ineetseng bobona ho etsa thato ea hae le ho latela mehatong ea Jesu Kreste Mora oa hae? Ke mosebetsi o habeli o hlileng oa boleloa le ho laeloa ke Jesu Kreste.
2 O profetile hore: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Matt. 24:14) Kahoo, ho kopanela ho boleleng litaba tsena tse molemo tsa ’Muso ruri ke karolo ea bohlokoa ea ho etsa mosebetsi oa Jehova kajeno. Jesu o ile a laela barutuoa ba hae ba pele ho ea pele, a re: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matt. 28:19, 20) Bakreste ha ba ea tšoanela ho bolela feela, empa hape ba lokela ho ruta batho seo bona ka bobona ba se rutiloeng. Ba lokela ho thusa ba bang ho etsa lintho tseo Jesu ka boeena a li laetseng baapostola le barutuoa ba hae ba pele hore ba li etse.
3. Mangolo a supa eng ka hore na mosebetsi oa Molimo o lokela ho etsoa joang?
3 Mosebetsi oa Jehova Molimo o lokela ho etsoa joang? Na Mokreste e mong le e mong o lokela ho etsa mosebetsi ona kamoo a ikutloang ho o etsa kapa kamoo a nahanang hore o lokela ho etsoa? Ha ho joalo ho hang. Ho e-na le hoo, Lentsoe la Molimo le laela kamoo re lokelang ho o etsa. Motheo ona o ile oa laeloa morao koana hoo e ka bang mehleng ea Moshe, hobane ho Deuteronoma 12:8 rea bala: “Le ke ke la etsa kamoo re etsang mona kajeno, ha e mong le e mong a etsa seo a se lekanyang hore se lokile.” Ho fapana le hoo, re lokela ho etsa kamoo ho laeloang ho Deuteronoma 6:18: “U etse se lokileng le se molemo pel’a mahlo a Jehova, u tle u iketle.” Moapostola Pauluse o bontša hore metheo ena e sebetsa hape le phuthehong ea Bokreste: “Kea le rapela, banab’eso, . . . Le ke le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.” (1 Ba-Kor. 1:10) ’Me, ho Ba-Filippi 3:15, 16, Pauluse o bontša hore ho hopola, ho bua le ho sebetsa ka kutloano ke letšoao la Bakreste ba holileng tsebong. Ho kopana morerong le ketsong hona hoa hlokahala ho etseng mosebetsi oa Jehova Molimo ka tsela ea hae.
HO ETELLETSA MOSEBETSI OA MOLIMO PELE
4. (a) Mosebetsi oa Molimo o lokela ho ba le sebaka sefe bophelong ba rōna? (b) Ke lintho life tseo ka tokelo li ka re hlokang matla a rōna?
4 Joale tse ling tsa lintho tse akarelletsoang ho etseng mosebetsi oa Jehova ka tsela ea Jehova ke life? Ho hong, re lokela ho o etelletsa pele bophelong ba rōna. Joalokaha Jesu a ile a phehella: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele.” (Matt. 6:33) Re na le nako eitseng, re na le matla a ’mele le a kelello a itseng le melemo ea lefatše lena ka tekanyo e itseng. Ho na le lintho tse ngata haholo tse hlokang nako ea rōna ka ho nepahetseng. Ka mohlala: ntate o lokela ho lokisetsa lelapa la hae, e seng moeeng feela empa hape le lintho tse bonahalang, hape le ho lokisetsa boikhathollo ka tekanyo eitseng bakeng sa Iona. Lintho tsena kaofela li hlokoa ho eena.—Bapisa 1 Timothea 5:8.
5. (a) Mokreste a ka etelletsa mosebetsi oa Jehova pele joang mabapi le mosebetsi oa hae oa boipheliso? (b) Ntate e mong o ile a putsoa joang ka ho etsa joalo?
5 Leha ho le joalo, le mabapi le litlameho tse joalo, ho na le libaka tseo ho tsona Bakreste ba ka tsebang ho khetha. Ka mohlala, e le hore ho ka etelletsoa pele ’muso oa Molimo bophelong ba rōna, re ka ’na ra ba le hona ho etsa mosebetsi o tla re siela nako e ngata bo lekaneng hore re ka kopanela mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa le ho hlokomeleng lithahasello tsa moea tsa malapa a rōna. Ntate e mong ea neng a sebetsa e le setsebi sa ntlo ea litlhahlobo o ile a tlohela mosebetsi oo ’me a itšebetsa, a etsa mesebetsi ea mefuta eohle e ka bang teng, e le hore a ka neela nako e ngatanyana bakeng sa lithahasello tsa moea tsa bara ba hae ba bane le morali. Phello? Bana le bona ba hōla hore e be basebetsi ba batle ba Bakreste.
6. Ke boikhethelo bofe boo re lokelang ho bo etsa ka tšebeliso ea nako ea rōna ea khatholoho?
6 Joale ho teng taba ea nako ea boiketlo ba rōna. Bohle re hloka boikhathollo, empa bo bokae? Na bo tla pele bophelong ba rōna? Na ka matla re phehella boikhathollo ba mofuta oo re o ratang haholo hoo e leng hore lithahasello tsa rōna tsa moea li tsoa kotsi? Kapa, na re hlokomela seo re se hlokang moeeng pele ebe joale, ha nako e le teng, re kena boikhathollong ba mofuta o itseng? Hangata ke taba ea ho khetha, hobane hangata hase hona LE hoane, empa hona KAPA hoane. Na re nka mosebetsi oa Molimo e le taba ea sehlooho, kamoo re ka bolelang, ea bophelo ba rōna ’me lintho tse ling e le lihlohoana? Kapa, na ka ho se nahane re fetola boithabiso taba ea sehlooho ea nako ea rōna, matla le mekhoa ea bophelo, ’me mosebetsi oa Molimo e le sehlohoana? Na re iphetlela qosong ea ho ba “ba ratang menate ea nama, e seng Molimo”?—2 Tim. 3:4.
BOITEKANELO LE NAKO
7, 8. (a) Ho etsa mosebetsi oa Jehova ka tsela ea Jehova ho re hloka eng ka litsela tseo ka tsona re kopanelang le ba bang ‘litaba tse molemo’? (b) Nakong?
7 Jesu o boletse hore ha ho letho leo a le etsang a iqapela lona. O ne a latela haufi tataiso e fanoeng ke Ntate oa hae. (Joh. 14:10) Ka hona ke hantle ha re ithuta mohlala oa hae ka hloko ’me re tsoela pele ka ho bolela ‘litaba tse molemo’ ka litsela tseo a entseng ka tsona. Ka tsela ena re tla be re etsa mosebetsi oa Jehova ka tsela ea Jehova. Jesu ha a ka a emela hore batho ba tle ho eena, leha e le hore o kile a lekanyetsa ho bolela ha hae ‘litaba tse molemo’ ho batho bao a neng a se a tloaelane le bona. O ne a “ea le metse le metsana, a ntse a ruta, a bolela Evangeli ea ’muso oa Molimo.” (Luka 8:1) Ba etsisa mohlala oa hae, barutuoa ba hae ba nka boikhathatso ba ho atamela batho ba bang ka ‘litaba tse molemo’; ba ne ba pakela lihlopha tse libakeng tsa thekiso le libakeng tse ling moo batho ba neng ba bokana. (Lik. 16:13-15; 17:17-21) Kajeno Lipaki tsa Jehova li latela eona metheo eo. Li nka boikhathatso ho kopaneleng ‘litaba tse molemo’ le ba bang, le haeba bana ke metsoalle kapa basele. Ha ba tsoela pele le litaba tsa bophelo ba tsatsi le leng le le leng, ba kopana le beng ka bona le bao ba ahisaneng le bona, mosebetsing le sekolong; ’me ba leka ho sebelisa kopano ena ho abelana ’nete ea Bibele ka litsela tse loketseng. Empa hase e mong le e mong ea tla mamela ‘litaba tse molemo’ haeba re lekanyetsa tšebetso ea rōna ho bana. Ho na le ba bang bao ho seng mohla ho tla kopanoa le bona haeba re ne re ke ke ra ikisa malapeng a bona. Li e-na le lerato le atolohang hore le ka kopanyelletsa batho ba mefuta eohle, Lipaki tsa Jehova li iteka hore li ka fihla ho bohle ka molaetsa oa ’Muso. Na karolo ea hao ka bouena mosebetsing ona e bonahatsa pono ena e lekalekaneng ea Bokreste?—Matt. 5:46-48; 1 Tim. 2:3, 4.
8 Ho amanang haufi le boitekanelo ke taba ea nako. Ruri ho teng ‘nako ea tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi.’ (Moek. 3:1-8) Tumellanong le motheo ona, ha re le sebokeng sa phutheho ’me mosebeletsi oa Mokreste a fana ka puo, eo hase nako ea ho thibasela, ho hoeshetsa kapa ho bala ntho e ’ngoe e sa amaneng le taba eo ho buisanoang ka eona. Hape, mantsiboeeng ao ka oona ho tšoeroeng liboka hase nako eo ka eona ho etsoang maeto a ho boela kapa ho tšoareha mesebetsing e meng ea Bokreste e neng e ka ’na ea hlokomeloa ka nako e ’ngoe. Ho bonahala eka baholo ke bona bao ka ho khethehileng ho hlokahalang hore ba be hlokolosi tabeng ena ea nako. Hangata ba ka ’na ba kena molekong oa ho hlokomela litaba tsa phutheho hona nakong ea liboka. Ka tlhophiso e molemonyana, leha ho le joalo, lintho tsena li ka hlokomeloa hantle ka nako e ’ngoe.
HO ETSA MOSEBETSI OA MOLIMO KA KHOTSO, THABO
9, 10. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa mosebetsi oa Jehova ka khotso? (b) Ke hobane’ng ha hona e le bothata ka nako e ’ngoe?
9 Jesu o ile a eletsa baapostola ba hae, a re: “Le ahisane ka khotso.” (Mar. 9:50) Bonneteng ba taba, na Jehova hase “Molimo oa khotso,” ’me na Mora oa hae hase “Morena oa khotso”? (Ba-Fil. 4:9; Esa. 9:6) Hona na Jesu ha a ka a bolela hore ba lehlohonolo ke ba nang le khotso, ke hore ba etsang khahiso? (Matt. 5:9) Hona ho bolela hore re lokela ho ameha le hore re etse boiteko ba hore re be le khotso har’a rōna.
10 Ke hobane’ng ha ho sebetsa hammoho ka khotso ho hlahisa mathata ka nako e ’ngoe? Lebaka le leng ntle ho pelaelo ke hore bohle re na le botho bo sa tšoaneng. Ka hona na re ke ke ra ithaopela ho bula sebaka bakeng sa litsela tse sa tšoaneng tseo re nahanang re bileng re sebetsang ka tsona, re le ba utloisisang ho e-na le ba nyatsa-nyatsang? Lebaka le leng leo ka Iona ho leng thata ho boloka khotso ka linako tse ling ke hore re na le takatso e matla ea ho bona mosebetsi oa Molimo o etsoa ka tsela e molemo haholo e ka khonehang, ’me ka tlhaho re nahana hore tsela ea rōna ke eona e molemo haholo. Ka linako tse ling ho ka ’na ha e-ba joalo. Empa hangata ho teng litsela tse fetang e le ’ngoe tse amohelehang ho etsa ho hong. Nakong ea ha ho le joalo, ke habohlokoa haholo hore re sebetse hammoho ka khotso ho e-na le hore ntho e ’ngoe e etsoe ka mokhoa o tsoelletseng ka ho fetisisang.
11. Molemong oa khotso, moholo o lokela ho ithaopela ho etsa joang?
11 Haholo-holo baholo, ha ba bokana hammoho ho tla buisana ka litaba tse amanang le phutheho, ho hlokahala hore ba hopole bohlokoa ba ho boloka khotso. Moo ho seng molao oa motheo o tlamang o amehang, ’me taba e ikela feela ka hore na ho ratehang ke hofe kapa hore na ebe ho tlase ka litšenyehelo ke hofe, molemong oa khotso ea hlalefileng o tla ineela ho ea nang le boikutlo bo phahameng haholo ka taba. Haeba re tsitlella hore lintho li ee ka tsela ea rōna, re ka ’na ra baka boikutlo bo seng botle kapa mohlomong ra ba ra ikhaohanya le baena ba rōna. Ebe na joale ho hlōla ha hao ho bile molemo? Ho hang ha ho joalo! Ka hona ho etsa mosebetsi oa Jehova ka tsela ea hae ho boetse ho ama ho o etsa ka khotso, re hopola Pesaleme ea 133:1, e reng: “Bonang, ho hotle, ho monate hakaakang, ha bana ba motho ba phelisana ka khotso!”—Pes. 133:1, phet. e ncha.
12. Ke hobane’ng ha ho etsa mosebetsi oa Jehova ka thabo e le tlhokahalo e utloahalang?
12 Ntlha e ’ngoe ea bohlokoa ea ho etsa mosebetsi oa Jehova ke hore re o etse ka thabo. Joalokaha mosali oa lelapa ea sa thabang a hlahisa monna oa hae hampe ho joalo ka ho sebeletsa ha rōna Jehova re sa thaba ho ka mo bonahatsa hampe. Ho loketseng ka ho fetisisa, moapostola Pauluse o laela hore: “Ithabeleng Moreneng, ka mehla, ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.” (Ba-Fil. 4:4) Hona ke mabaka a makae ao Bakreste ba nang le oona kajeno a hore ba thabe. Ruri ‘’Nete e ba lokolotse’ (Joh. 8:32); ba na le tšoarelo ea libe (Lik. 13:38); ba bona tsebo ea ’nete e ntse e ngatafala haholo (Dan. 12:4); ba na le botsoalle bo botle har’a bona (Ba-Roma 1:11, 12); ba utloa thabo e khōlō e tlisoang ke ho fana (Lik. 20:35); ba thabela mahlohonolo a paradeise ea moea (2 Ba-Kor. 12:4); ’me ka ho lula ba tšepahetse baa tseba hore ba thabisa le eona pelo ea Molimo oa bona o moholo Jehova.—Liprov. 27:11.
HO ETSA MOSEBETSI OA JEHOVA KA LIATLA TSE HLOEKILENG
13. Ke ntlheng efe eitseng eo Iseraele ea boholo-holo e neng e atisa ho haelloa, ho etsa hore Jehova a ba laele hore ba etse joang?
13 Ntlha e ’ngoe ea ho etsa mosebetsi oa Jehova ka tsela ea hae ke ho o etsa ka liatla tse hloekileng, ke hore, ka bohloeki. Ho sena, ho haelloa ba bangata. Re ka ’na ra tšoareha kahohle kamoo re ka khonang mosebetsing oa Jehova, empa haeba re sa phele ka melao ea motheo ea Bibele ea boitšoaro ha ho thuse letho. Jehova Molimo o ile a hlakisa ntlha eo mabapi le batho ba hae ba boholo-holo ba Iseraele. A ba bolella hore o fumana mefuta e sa tšoaneng ea borapeli ba bona bo nang le ketso e le e nyonyehang ’me a re: “Itlhatsoeng, le itlhoekise; tlosang bolotsana ba liketso tsa lona pel’a mahlo a ka, lesang ho etsa hampe.”—Esa. 1:13-16.
14. Pauluse o iponahalitse e le mohlala joang ka boitšoaro, tumellanong le taelo efe ea boholo-holo?
14 Jehova Molimo o oa halalela, o hloekile ’me o lokile, ’me o laela hore bahlanka ba hae le bona ba halalele le ho hloeka joalo. “Halalelang, hobane kea halalela.” (1 Pet. 1:16) Bohle ha rea phethahala, ’me, ka baka leo, re loana ntoa ea ’nete ea hore re halelele re hloeke. Ka linako tse ling re ka ’na ra ikutloa ka tsela e tšoanang le moapostola Pauluse ha a ne a ngola hore lintho tseo a ratang ho li etsa ha a li etse, le hore lintho tseo a sa batleng ho li etsa o-oa li etsa. (Ba-Roma 7:19) Empa ha ho mohla a kileng a khaotsa ho loana le mefokolo e futsitsoeng, hobane o ile a ngola hore: “Ke mpa ke laea ’mele oa ka, ke ithapisetsa oona; e se re mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, ’na ka fumanoa ke sa lokeloa ke ho amoheloa.” (1 Ba-Kor. 9:27) Bajode ba neng ba khutla Babylona ea boholo-holo ba ile ba laeloa hore: “Itlhatsoeng, lōna, ba jarang lipitsa tsa Jehova.” Le hoja taelo ena e ne e ka ’na ea supa pele bohloeking ba balumeli, molao oa motheo hape o sebetsa le bohloeking ba boitšoaro.—Esa. 52:11.
15. Lebaka le eketsehileng la hore re alose boitšoaro ba rōna ke lefe?
15 Ke ho loketseng ka ho fetisisa hore re ipoloke re hloekile, e seng feela ka lebaka la molaetsa o hloekileng oo re o jereng, empa hape hore re se re ka khopisa ba bang. Jesu o ile a lemosa hore ke taba e tebileng haholo ho khopa e mong oa ba banyenyane ba hae. (Luka 17:1, 2) Pauluse o ne a le hlokolosi ntlheng ena, joalokaha ho totobatsoa ke mantsoe a hae: “Ha re lihele batho le ka nthoana e nyenyane, tšebeletso ea rōna e tle e se ke ea nyatsuoa. Re mpa re iketsetsa ka hohle kemelo e loketseng bahlanka ba Molimo, ka tiisetso e kholo . . . ka ho hloeka, . . . ka lerato le se nang boiketsiso.” Ruri ho etsa mosebetsi oa Jehova ka tsela ea Jehova ho bolela hore re be hlokolosi hore re etsa mosebetsi oa Jehova ka liatla tse hloekileng, re se tšohe ra tlisetsa Jehova thohako le phutheho ea hae hape le hore re se tšohe re khopa ba bang.—2 Ba-Kor. 6:3-10.
HOSE ETSE MOSEBETSI OA JEHOVA KA BOITHATI
16. Morena Davida o ile a rapella hore Molimo o mo etsetse joang, ho bolelang eng?
16 Ka holim’a tsohle, ho etsa mosebetsi oa Jehova ho ke ke ha re fumantša molemo oa letho ho hang haeba re sa o etse ka lerato, ntle ho boithati, le ka pelo e hloekileng. Morena Davida o ile a ananela bohlokoa ba sena, ’me ke ka lebaka leo a ileng a rapela, a re: “Jehova, mpontše tsela ea hao, ke tle ke tsamaee ’neteng ea hao! u tlamelle pelo ea ka eohle le tšabo ea lebitso la hao!” (Pes. 86:11) Ho sebeletsa ka pelo e likoto ho tla bolela hore joale boithati bo kenelle. Ho ka supa morero o mong o potelletseng. Ke ka baka leo re laeloang ho rata Jehova Molimo ka pelo, moea, kelello le matla tsohle tsa rōna.—Mar. 12:29-31.
17. Ke hobane’ng ha taba ea ho alosa sepheo sa motho e se bonolo?
17 Ha ho bonolo ho etsa ntho ena. Baiseraele ba ne ba haelloa nako le nako ntlheng ena. Hobane’ng? Hobane lipelo tse sa phethahalang tsa batho li mano ka mokhoa o fetisisang, li bolotsana, joalokaha re bala ho Jeremia 17:9. ’Me, joalokaha Jeremia a tsoela pele ho bontša, ke Jehova Molimo feela ea ka utloisisang ka botlalo pelo. Ke ka baka leo ho ithuta lentsoe la hae ho tlang ho re thusa hore re lemohe litšekamelo le merero ea rōna ea boithati, le hore re li loantše ka katleho. E, tšekamelo tse oeleng tsa lipelo tsa rōna ka linako tsohle li tsoile letšolo ho silafatsa kapa ho senya mesebetsi ea rōna e metle. Sepheo sa boithati kapa se potelletseng ke tsona tse ileng tsa bakela baeta pele ba mehleng ea Jesu ba bolumeli khathatso, e leng lebaka leo ka lona ba ileng ba hanyetsa Jesu hakana. Ho joalo le ka baruti ba Bojakane kajeno. Mahlong a batho ba sebeletsa Molimo, empa haele hantle ba amehile haholo ka lithahasello tseo e leng tsa bona.—Matt. 23:13-33.
18. Moapostola Pauluse o hlalosisa ntlha ea bohlokoa ba hore re sebeletse Jehova Molimo ntle ho boithati joang?
18 Moapostola Pauluse o totobatsa bohlokoa ba sepheo se nepahetseng hakaakang: “Leha nka bua lipuo tsa batho le tsa mangeloi, ha ke se na lerato, ke joale ka koporo e llang, leha e le cymbala e molumo o moholo. ’Me leha nka ba le neo ea boprofeta, kapa leha nka tseba liphiri tsohle le bohlale bohle, leha nka ba le tumelo eohle, ka ba ka falatsa le lithaba, ha ke se na lerato, ha ke letho. ’Me leha nka aba maruo a ka ’ohle, ka fana ka ’ona, kapa leha nka tela ’mele oa ka hore o chesoe, ha ke se na lerato, tseo ha li nthuse letho.”—1 Ba-Kor. 13:1-3.
19. Ke keletso efe e tsoelang pele e fanoang ke Mangolo ka lerato leo re tšoanelang ho le bontša?
19 Ho loketseng ka ho fetisisa, ka baka leo, Pauluse o-oa re eletsa, a re: “Litaba tsohle tsa Iōna li etsoe ka lerato.” (1 Ba-Kor. 16:14) Empa na Pauluse o tlohella litaba li felle hona moo? Che, a ananela kamoo lipelo tsa rōna tse oeleng li leng mano kateng, o re: “Lerato a le ke le hloke boikaketso.” (Ba-Roma 12:9) Ho bonolo hakaakang ho etsa liketso tsa lerato tseo ka sebele li hlileng li sa tsoeng pelong e susumelitsoeng ka mokhoa o nepahetseng! Ke ka baka leo Pauluse a ileng a rera ho ipuella e le e mong oa bahlanka ba Molimo ka ‘lerato la hae le se nang boiketsiso.’ (2 Ba-Kor. 6:6) E, ho hlokahala hore lerato la rōna le tsoe “pelong e hloekileng”; ’me, joalokaha moapostola Petrose a ho hlalositse, la rōna e be “lerato la boena le se nang boiketsiso.”—1 Tim. 1:5; 1 Pet. 1:22.
20. Ho phetha, ho etsa mosebetsi oa Jehova ka tsela ea Jehova ho re hloka eng, ho fella ka eng ho rōna?
20 Ho etsa mosebetsi oa Jehova ka tsela ea Jehova ho nka sebaka se pharalletseng hakaakang! Ho o fa sebaka sa pele bophelong ba rōna, ho o etsa ka bohlale, khotso, thabo, ka liatla tse hloekileng le pelo e hloekileng, ke sona seo Jehova Molimo a se batlang ho rōna. Ho etsa joalo, re ka ba le thabo e ngata hona joale le ho hapa kamohelo ea hae le bophelo bo sa feleng tsamaisong e ncha ea lintho e haufi hakana.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Tšebeletso e hlophisitsoeng hantle le e lerato ho Molimo, ho etelletsa lithahasello tsa ’Muso pele ka linako tsohle, ho ka fella ka thabo e ngata hona joale le matsatsing a tlang