Bacha—Na Le Tseleng e Isang Katlehong ea Sebele?
LILEMONG tse fetileng tse fetang lekholo mongoli oa Moamerika R. W. Emerson, o ile fana ka taelo ea hae bakeng sa bacha hore ba finyelle katleho. A eletsa ka hore: “Hokella koloi ea hao naleling.” Emerson o ne a bolela hore bacha ba lokela hore ba finyelle lipheo tse holimo. Empa hore mocha a atlehe, o tlameha hore a ipee ka thuso ea tlhakiso e nang le taeo ho isa sepheong seo.
Bacha, na le etsa litokisetso tse nepahetseng hona joale bakeng sa kamoso? Ho tla ba bohlale ho bea sepheo le ho ikemisetsa ho se finyella.
Bocha ke nako eo ka eona bophelo bo fupang. Ke nako ea bolokolohi bo boholo boikarabelong bo boima; nako ea ho lebella ho fumana thabo e khōlō le nyakallo. Bahlankana le baroetsana ba tletse matla le bophelo, ka litebello tse thabileng.
Ka masoabi, karolo e khōlō ea bacha ba kajeno e hlōleha hore e ka itlama ka sepheo se phahameng bophelong. Ho e-na le hoo, patlong e sa reng letho ea bolokolohi le boitaolo boikarabelong, ba bangata ba batla tsela ea ho tsoa ka lithethefatsi, likamano tsa botona kapa botšehali tsa bootsoa le booatla bo bong. Ke habohlokoa, leha ho le joalo, ho hlokomela keletso ena: “Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.”—Ba-Gal. 6:7.
KENYA MOLIMO SEPHEONG SA HAO
Bibele e re: “Mohlankana [le moroetsana], thabela bocha ba hao, ʼme pelo ea hao e ke e u nyakalatse matsatsing a bocha ba hao, u tsamaee ka lithato tsa pelo ea hao le ka chalimo ea mahlo a hao.” (Moek. 11:9) Kahoo Jehova ʼMōpi o batla hore bacha ba thabele bophelo. Ha a talime hampe maikutlo a lithahasello tsa bocha le se ipiletsang litakatsong tsa pelo le mahlo a manyenyane. Karolong e shebaneng le bona, bacha ba lokela ho hopola hore ba ikarabella ho Molimo bakeng sa liketso tsa bona.
Mangolo a tsoela pele a re: “Leha ho le joalo, u ’no u tsebe hoba Molimo o tla u ahlola ka tseo tsohle [tsela ea bophelo eo u ikhethelang ho e latela], Suthisa masoabi pel’a pelo ea hao, u bee bolotsana hole le ʼmele oa hao.” (Moek. 11:10a) Le hoja a lumella bacha bolokolohi ba ho ikhethela, Ea Holimo-limo a ke ke a ba sireletsa liphellong tse babang tsa ho latela tsela e fosahetseng.
Mongoli eena eo oa Bibele o phaella ka hore: “Hobane bongoana le bocha ke lefeela.” (Moek. 11:10b) Hobane’ng? Ntlheng e le ʼngoe, motho ka ho totobetseng ha a lule a le mocha ka ho sa feleng. Le bona batho ba bocheng baa kula ba be ba shoe. Mocha ea hlokomolohang tsena mohlomong a ka sitoa ho sebelisa seo a nang le sona ka bohlale, a senya hampe matla a hae a bocha le bohlale bophelong boo a tlang ho thatafatsa lilemo tsa boholo ba hae haholo.
Ka baka la sena, batho ba bacha ba lokela ho etsa joang? Bibele e-ea bolela, e re: “U mpe u hopole ʼMōpi oa hao matsatsing a bocha ba hao.” (Moek. 12:1) Ho hopola Molimo ka mokhoa o tsoelang pele joalo ho tla ntšetsa pele boitšoaro bo botle le ho tiisa kamano ea mocha le Jehova lilemong tsohle tsa bocha ba hae.
“JOKO” EA BORUTUOA BA BOKRESTE
Bibele e supa hore ho hlokahala hore bacha ba tsamaise matla a bona ka ho a tobisa sepheong se bohlale bophelong. Ho seng joalo, matla a joalo a tla qetella a qetiloe ka ho finyella sepheo se se nang molemo.
Jesu o ile a khothatsa batho ba imetsoeng hore: “Inkeleng joko ea ka, ʼme le ithute ho ʼna; hobane ke mosa le pelo e nolo, ʼme le tla fumanela meea ea Iōna phomolo. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.” (Matt. 11:29, 30) Na hase tokelo e lakatsehang ho ba morutuoa oa Jesu Kreste? Ebe ke tsela efe e ʼngoe hape e molemo ho feta eo ho phela lilemo tsa bocha ka eona? Empa hona ho hloka hore motho a nke bohato bo tebileng ba kolobetso ea Bokreste. Ke hoo feela motho a ka italimang e le e mong oa “barutuoa” ba Jesu.
HO FUMANA TLHAKISO E HLOKAHALANG
Ha a sa le monyenyane, Jesu o ile a koetlisoa ho ba ʼmetli ke ntate oa hae ea mo hōlisitseng, Josefa. (Mar. 6:3) Kahoo, kajeno, bacha ba Bakreste ba ipea ka mokhoa o molemo tlas’a nako ea thuto ea motheo. Hona ho bolela ho amohela thuto ea lefatše e tlang ho ba hlomella hore ba iphelise ha ba se ba le lilemong tsa boholo.
Hangata Bakreste ba ʼnile ba fumana ho le molemo ho iphumantša molemo oa koetliso ea lefatše e lekaneng ea moo ba phelang teng. Amerika hangata thuto ea sekolo se phahameng ke ea bohlokoa bo sebetsang.
Ntle ho lithuto tsa motheo, tse kang “mathematics,” histori le puo ea naha ea moo u phelang teng, likolo tse ngata li fana ka lithuto lebaleng la lintho tse kang tšebeliso ea mechine, ho betla, motlakase, ho tea makoloi, le khatiso. Banana ba ka kenela lithuto tsa tlhokomelo ea malapa, ho ngola ka mochine le mahlale a mang a bongoli, menyetla ea ho sebetsa joaloka bathusi ba lingaka le mesebetsi e meng e thahasellisang le e sebetsang e bulehetseng basali.
HO NAHANA LINTHO TSA NAKO E TLANG
Bacha ba bangata ba fihla moo ba etsang liphetoho lilemong tse qetellang tsa sekolo se phahameng. Boikhethelo bo bongata boa ba bulehela ka nako eo.
Nakong e joalo ea phetoho, ke hantle ha bacha ba etsa qeto ea hore na ba tla etsa joang mabapi le ho sebeletsa Jehova. Lilemo tse qetellang tsa thuto e joalo li fana ka monyetla o motle bakeng sa ho ithuta mahlale a ka isang ho fumaneng mosebetsi o tlang ho lumella nako e ngata bakeng sa mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa oo Jesu a ileng a o etsa.—Matt. 24:14; 28:19, 20.
‘HO JALLA MOEENG’
Bacha, na bokamoso ba lōna bo hahiloe ho potoloha ʼmuso oa Molimo, kapa ho potoloha lithahasello tsa lefatše? Lipheo tsena tse hananang li hlahisa liphello tse hananang. (1 Joh. 2:15-17) Jesu o bontšitse ka ho hlaka hore batho ba ke ke ba sebeletsa marena a mabeli. (Matt. 6:24) Bacha ba hlalefileng ba bea lipelo tsa bona ho Jehova Molimo. Ba tsoela pele ho tiisa kamano ea bona ea botho le Molimo. Bacha ba Bakreste ha ba bolele ‘litaba tse molemo, tsa ‘muso’ feela ka mehla, empa hape ba utloa keletso ea Bibele e reng: “Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.”—Ba-Heb. 13:16; bapisa Jakobo 1:26, 27.
Litšekamelo tsa boetsalibe li sekamisetsa batho bohle boithating le litakatsong tsa lintho tse bonahalang. Bacha ho hlokahala hore ka linako tsohle ba loantšane le seo Bibele e se hlalosang e le “litakatso tsa bocha.” (2 Tim. 2:22) Ba bangata ba ʼnile ba etsa “libe tsa bocha” tse sa hlalefang tseo bakeng sa tsona, lilemo hamorao, ho ikoahlauoang haholo.—Pes. 25:7.
Bacha, ikemisetseng ho qoba liphoso tse ka senyang bokamoso ba lōna! Ba ratang ho ‘itjalla meutloa’ ka boitšoaro ba bootsoa, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le mekhoa e meng ea bophelo bo hlephileng hangata ba kotula liphello tse bohloko lilemong tsa morao. Ka liphihlelo tse bohloko ba ithuta bonnete ba polelo e bululetsoeng, e reng: “Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola.”—Ba-Gal. 6:8a.
Na ha ho molemo ho batla kamano e ntle le Molimo le phuthetho ea Bokreste? Ka tsela ena ka thabo u tla fihlela hore “ea jallang Moea, o tla kotula Moeeng bophelo bo sa feleng.”—Ba-Gal. 6:8b.
Bacha ba lumelang linnete tsena tsa Mangolo ba tla qoba maemo ʼohle a ka isang litšileng kapa bohloleng. (1 Ba-Kor. 6:18) Bacha ba lakatsang ho khahlisa Molimo ba tlameha ho batla metsoalle har’a batho ba tlang ho ba matlafatsa ka boitšoaro ba bomolimo. “Tsebe e mamelang taeo e pholosang, e tla lula har’a bahlalefi.” (Liprov. 15:31) Na u batla ho tloaelana le batho ba bontšang bohlale ba bomolimo? (Bona Jakobo 3:17, 18.) Lentsoe la Molimo lea bolela: “Ea tloaelanang le maoatla o tla senyeha.” (Liprov. 13:20) Na tsela eo u phelang ka eona e bontša hore u lumela seo?
Bacha ba tšabang Molimo ba mamela melao ea Mangolo, e reng: “Motho ka mong a ikokobetse ka tlas’a borena.” (Ba-Roma 13:1) “Ho se ke ha e-ba e mong har’a lōna ea utloisoang bohloko ke hobane e le ’molai, kapa lesholu, kapa sesenyi, kapa ea ikenyang tabeng tsa ba bang.” (1 Pet. 4:15) Ho ikokobetsa tlas’a “borena” ba ba boholong ba mebuso ho bolela ho ba ea lumellanang le molao ka tsela e ʼngoe le e ʼngoe, ho kopanyelletsa ho hlokomela melao eohle ea tsela.
Na bophelo ba hao bo lumellana le tataiso e joalo e tsoang Lentsoeng la Molimo? Bacha ba leng tseleng e isang katlehong ea ʼnete ka mehla ba tla utloa keletso e bululetsoeng e reng: “Leha le e-ja, leha le e-noa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.”—1 Ba-Kor. 10:31.