“Morena oa Lichaba”—Tšepo Feela ea Rona
“Ea ka beng a sa tšabe ke mang, Morena oa lichaba? Hobane u lokeloa ke ho tšajoa, hobane har’a ba hlalefileng kaofela ba lichaba le har’a mebuso eohle ea tsona ha ho ea joale ka uena.”—Jer. 10:7.
1. Mohoo oa thuso o tsoa ho bo-mang lefatšeng ka bophara, hona hobane’ng?
“THUSA! THUSA!” Likhutlong tsohle tsa lefatše ho phahama mohoo ona. O tsoa ho batho ba bonang tsela eo lefatše le ntseng le e nka le liphello tse kotsi tseo le tla fella ka tsona haufi. Pono e ea ba tšosa ’me e ba isa masoabing a maholo. Ba sekamela ho bua joalokaha ho buile moprofeta Jeremia nakoana pele ho ho timetsoa ha Jerusalema, hoo a ileng a ho profeta, a re: “Oho! hojane ebe hloho ea ka e le metsi le mahlo a ka e le seliba sa meokho, nka be ke llela ba bolailoeng ba morali oa sechaba sa ka [sa Iseraele] motšehare le bosiu!”—Jer. 9:1.
2. Ke ka baka la pono efe motho ea nang le kutloelo bohloko a ka ’nang a bokolla kajeno?
2 Ke hobane’ng ha motho ea qenehelang a sa lokela ho lla kajeno? Hobane hona joale ho haufi ho oela holim’a batho seo e leng khale se tšoantšelitsoe ka tlokotsi eo Jeremia a ileng a bolelloa hore a re ka eona: “Le rute barali ba lōna ho bina pina ea bofifi, motho a rute oa habo koli ea malla. Hobane lefu le tlōlela ka lifenstere tsa rōna [hona ka matlung a rōna], le kena ka matlung a khabileng, ho tla bolaea bana seterateng, le bahlankana mapatlelong. . . . Le litopo tsa batho li tla oa, li be joale ka moiteli naheng [o aloang joaloka monontša], le joale ka liqoapi tsee mokotuli a li siileng, ho se ea li thonakang.”—Jer. 9:20-22.
3. Ha ho talingoa khathatso ea lefatše e hlileng ea bonoa ka ho hlakileng, batho ba batla tataiso ho mang kapa ho eng?
3 Ke mang ea ka reng ha a bone khathatso ea lefatše lohle e ka pele, e mpe ho feta tsohle paleng ea motho? Ha ho hlokahale hore re be le pono e tlang pele ea boprofeta ea Jeremia oa khale hore re bone sena. Kahoo, he, ke joang leha e le mang ho rōna a ka pholohang le seo bahlokomeli ba sa bululeloang ba liphetoho tsa lefatše ba se profetang kajeno? Ka pono e nyarosang, le bona batho bao e seng ba bolumeli ka mokhoa o itlisang ba susumeletseha ho ipiletsa ho e mong ea holingoana le ho hong ho phahametseng motho hore ho kenelle ’me ho pholose lelapa la motho. Babusi ba lipolotiki, le bona ba Bojakane, ba bonana le linohe ka tsieleho e khōlō. Ho se nepisise ha bona ka ho nka bohato leha bo le bong feela ba bohlokoa, ba batla balepi hore ba bone litaba tsa bona linaleling ’me ba ba balle lipontšo tsa leholimo. Ba bang ba ipiletsa ho melimo ea bona, litšoantšo tsa bona tse entsoeng ka mahong ’me tsa tlotsoa ka silevera le gauda le ho khabisoa ka liaparo tse ntle tse rokoang ka letsoho kapa tse entsoeng ka mechine. Na lintho tse joalo tsa mekhoa e tloaelehileng ke lintho tseo ho ka shejoang thuso ho tsona hona joale ha boemo ba lefatše bo fetoha bo nyarosang haholoanyane ’me bo hlalosa hore tlokotsi ea lefatše e haufi haholo? Che!—Jer. 10:1-5.
4. Ke hobaneng ha hona joale “lehlohonolo la Molimo nthuse” le sa boneng le le seng bohlale e se lona tšepo feela ea rona, ’me thuso ea ’nete e hokae?
4 Thuso ea sebele e hokae? Thuso feela ea rōna ke eng kapa ke mang? Ha se feela se tlang ka “molimo nthuse” e sefofu le e seng bohlale. E tlameha hore e be motho oa sebele ea bonang likotsi tse boemong ba rōna hantle joalokaha ho bolela linohe tsa rōna tse hlalefileng tsa bopolotiki, e, ea bohlale ho feta batho bao ba bohlale haholoanyane. Hobane kannete ntho e seng bohlale ho hang e ke ke ea thusa batho ba bohlale joaloka rōna. Thuso feela ea rōna ke Ea bileng bohlale ka ho lekaneng hore a ka etsa bokahohleng bohle, ho kopanyelletsa le rōna ba hlalefileng. O “phahametse” boemo. Ke Eena eo moprofeta a mo bitsang “Morena oa lichaba.”
5. Ho Jeremia 10:6-8, moprofeta o hlalosa tšepo feela ea rōna joang?
5 Na rea botsa hore na Eo ke mang? Ke ea ke keng a bapisoa le letho, hobane Jeremia o re: “Ha ho ea joale ka uena, Jehova; u moholo, lebitso la hao le leholo ka baka la matla a hao. Ea ka beng a sa u tšabe ke mang, Morena oa lichaba? Hobane u lokeloa ke ho tšajoa [joalo], hobane har’a ba hlalefileng kaofela ba lichaba le har’a mebuso eohle ea tsona ha ho ea joale ka uena. Bohle [lichaba le borena ba tsona] hammoho ke maoatla le lithoto; thuto ea bona ke bohata, ke sefate [setšoantšo sa lehong se tlotsitsoeng ka silevera le ka gauda ’me se apesitsoe ka liaparo joaloka molimo].”—Jer. 10:6-8.
6. Lichaba tsa pele tse peli tse boletsoeng kamorao ho moroallo oa mehleng ea Noe ke life, ’me Bibele e bontša eng ka hore na Jehova e ne e le Morena oa tsona kapa che?
6 Ke ka tsela efe Jehova Molimo e neng e le “Morena oa lichaba” mehleng ea Jeremia? Na Lichaba tseo e seng Bajode kapa Balichaba li ne li mo nka e le Morena oa tsona? Na ke eena ea neng a hlomile mebuso ea tsona kapa borena ba tsona? Na ke eena ea neng a li neile mefuta ea tsona ea puso le melao kapa ho kena selekaneng le tsona e le hore a ka li kenya kamanong e tlamang le eena? Lichaba tsa pele tseo Bibele e li bolelang kamor’a moroallo oa mehleng ea Noe ke Babylona (Babele) le Assyria. Na re ka utloisisa hore Jehova e ne e le Morena oa tsona? Ho ka ba joalo joang? Hobane Genese 10:8-12 e re bolella hore:
“Kushe [setloholo sa Noe] a tsoala Nimrode; ke eena ea qalileng ho ba matla lefatšeng. Ke eena eo e bileng setsomi sa senatla pel’a Jehova; ke moo ho eeng ho thoe: Eka Nimrode, setsomi sa senatla pel’a Jehova. Qalo ea ’muso oa hae ea e-ba Babele [Babylona], le Ereke, le Akkade, le Kalne, fatšeng la Shineare. Ha tsoa fatšeng leo Assure, ’me a haha Ninive, le motse oa Rehobothe, le Kalah, le Resene pakeng tsa Ninive le Kalah; ke oona motse o moholo.”—Hlokomela Genese 2:14; 1 Likronike 1:10.
7. Ke setšeeetso sefe sa boholo-holo se neng se tla bontša hore na ebe Jehova e ne e le Morena oa ’Muso o Moholo o mocha oa Babylona oa mehleng ea Jeremia?
7 Ha bahahi ba Babylona (Babele) ba ne ba tšoarehile ho haheng ‘tora ea bona ea Babele,’ kapa tempele, bakeng sa borapeli, ke eng se ileng sa ba sitisa hore ba phethe mosebetsi? E, Jehova a nka bohato kamoo a itseng: “Re ferekanye puo ea bona hona teng, hore e mong a se ke a utloa puo ea e mong.” Ha fella ka eng? Lichaba, tse buang lipuo tse sa tšoaneng; hobane rea bala: “Eaba Jehova o ba qhalanya teng joalo [Babele], ba ea le lefatše lohle, ba lesa ho haha motse. Ka baka leo, motse oo oa reoa Babele [Pherekanyo], kahobane ke moo Jehova a ferekantseng teng puo ea lefatše lohle.” (Gen. 11:7-9) Ka ho totobetseng, he, Jehova e ne e se Morena oa ’Muso oo o Moholo oa pele oa Babylona joalokaha e ne e se Morena oa ’Muso o moholo o mocha oa Babylona oa mehleng ea Jeremia. Molimo oa ‘Muso oo o moholo o mocha oa Babylona e ne e le Bel kapa Merodake (Marduke), eo ’Musisi Nebukdnezare a neng a mo rapela. (Jer. 50:1, 2) Jehova e ne e se molimo oa Babylona.
8, 9. (a) Ke bo-mang bao lichaba tse ling tsa Balichaba li neng li ba rapela e le babusi ba baholo? (b) Satane o bontšitse joang ho Jesu hore o ne a le seo Jesu a mo bitsitseng sona, “morena oa lefatše lena”?
8 Batho ba bang ba Balichaba ba ne ba e-na le melimo ea bona eo ba neng ba e nka e le babusi ba bona le eo ba neng ba e etsetsa litšoantšo tseo ba neng ba li rapela. Ka mohlala, sechaba sa Baamone se ne se rapela molimo oa bohata o bitsoang Moloke, lebitso le bolelang “Ea Busang,” kapa “Morena.” (Lev. 18:21; 20:2-5; 1 Mar. 11:7; Lik. 7:43) Lichaba tse joalo kannete li ne li rapela bademona ba moea kapa bodiabolose. (1 Ba-Kor. 10:20) Ea phahametseng bademona bana bohle ba sa bonahaleng ke Satane Diabolose. Ho 2 Ba-Korinthe 4:4 o bitsoa “molimo oa lefatše lena.”
9 A ipolela hore ke morena oa lichaba tsohle tsa lefatše, Satane Diabolose a leka ho leka Jesu Kreste ka hore a re: “Ke tla u nea borena boo bohle, le khanya ea mebuso eo [ea lefatše leo ho ahiloeng ho lona], etsoe ke li neiloe, ’me ke li nea eo ke ratang ho mo nea. ’Me joale, uena, ha u khumama pel’a ka, tsohle e tla ba tsa hao.” (Luka 4:5-7) Empa Jesu a hana ho ba morena oa motho tlas’a sera se seholo sa Molimo. Kahoo, nakoana pele ho lefu la hae, Jesu o buile ka Satane Diabolose e le “morena oa lefatše lena.” (Johanne 12:31; 14:30; 16:11) Buka ea ho qetela ea Bibele, e ngotsoeng lilemo tse makholo a supileng kamorao ho mehla ea Jeremia, e bolela hore “lefatše lohle” le ne le rapela Satane Diabolose le tsamaiso ea hae e bonahalang ea bopolotiki, e tšoantšetsoang e le sebata se hlooho li supileng.—Tšen. 13:3, 4.
10. (a) Ke motheong ofe Jehova e neng e le Morena oa sechaba sa Iseraele feela ho fihlela se lahla Messia? (b) Le hoja ‘’muso oa lefatše’ o fetse oa fetoha oa Jehova le oa Kreste oa hae ka 1914, lichaba li hana ho etsa joang?
10 Khale-khaleng Baiseraele ba ne ba amohela Jehova Molimo e le Morena oa bona le ’Musi. Tumellanong le seo mopesaleme ea bululetsoeng a tsoela pele hore: “O senoletse Jakobo lentsoe la hae, o neile Iseraele melao ea hae le likahlolo tsa hae. Ha a ka a etsa joalo bakeng sa lichaba tse ling kaofela, ’me ha li tsebe likahlolo tsa hae. Bokang Jehova.” (Pes. 147:5, 19, 20; 145:1, 12, 13) Ka baka leo, lichaba tsa lefatše tsa Balichaba e ne e se mebuso ea Jehova Molimo. ’Muso oa puso ea leholimo oo a ileng a o hloma Iseraeleng oa boholo-holo mehleng ea moprofeta Moshe e bile oona feela ’muso oa Molimo lefatšeng ho fihlela ha sechaba sa Iseraele se hana Mora oa Molimo, Jesu Kreste, hore ke Messia ea tsoang ho Molimo. (Ex. 15:18-21; Deut. 33:2-5; 1 Likron. 29:11, 12, 23; Matt. 21:43) Ka lekhetlo la pele ho tloha bofelong ba Mehla ea Balichaba ka 1914 C.E. ‘’muso oa lefatše o fetse oa fetoha ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae’; empa leha ho le joalo lichaba tsa lefatše li santsane li hana hore Jehova e be Morena oa tsona.—Tšen. 11:15-18.
“MORENA OA LICHABA” JOANG?
11. Ke kutloisisong efe Jeremia a bitsitseng Jehova e le “Morena oa lichaba”?
11 Ke kutloisisong efe he, Jeremia a neng a ka bitsa Jehova “Morena oa lichaba”? Kutloisisong ea hore har’a bohle bao e neng e le marena a lichaba ’me kahoo ba lutse setulong sa borena E ne e le Morena ea fetisisang. O ne a busa e le Morena oa marena, Morena ea Phahameng, Eena ea laolang marena a mang kaofela. Moshe o itse, ho Iseraele morao koana ka 1473 B.C.E., “hobane Jehova, Molimo oa lōna, ke Molimo oa melimo, le Morena oa marena, Molimo o moholo, o matla, o tšabehang.” (Deut. 10:17) Hamorao, mopesaleme ea bululetsoeng o itse ho batho ba Jehova: “Rorisang Molimo oa melimo: Efela mohau oa hae ke o sa feleng. Rorisang Morena oa marena: . . . A timeletsa marena a maholo: . . . Sihone, morena oa ba-Amore: . . . Le Oge, morena oa Bashane: . . . A neela naha ea bona e be lefa: . . . E be lefa la Iseraele, mohlanka oa hae.” (Pes. 136:2, 3, 17-22) Ka tsela ena o busa holim’a ‘lichaba tsohle,’ ho sa tsotellehe hore li na le borena ba tsona ba bademona le ba batho.—Jer. 9:25, 26.
12. Jehova o bontšitse le ho hlalosetsa Jeremia joang hore ke “Morena oa Lichaba”?
12 Kahoo, he, Jehova o ne a ka re ho Jeremia: “Tsatsing lena ke u [rōmela ho phahamela] lichaba le mebuso.” (Jer. 1:10, bapisa NW) Hore ke ka nepo Jeremia a ileng a mo bitsa “Morena oa lichaba,” Jehova o mo bontšitse hona. Jehova a mo laela hore a ee tlung ea ’mōpi. Hoba ’mōpi a etse pitsa eo ho ileng ha bonahala e senyehile ’me a boele a etse letsopa leo bocha ho etsa pitsa eo a e batlang, Jehova a re:
“Ha ke re, le ’na nka etsa ka lōna, ntlo ea Iseraele, kamoo ’mōpi eo a entseng kateng? . . . Bonang, joale ka ha letsopa le le letsohong la ’mōpi, le lōna, ntlo ea Iseraele, le joalo letsohong la ka. Ere ha ke bolela sechaba kapa ’muso, hore ke tla se epolla, ke se heletse, ke se imetse, ha sechaba sena ke se boletseng se sokoloha bokhopong ba sona, le ’na ke tla khutla bobeng boo ke neng ke bo hopotse, ho bo etsetsa sona. Ekare ha ke bolela sechaba kapa ’muso hore ke tla se ahisa le ho se hloma, ha se ka etsa bobe pel’a ka, sa hana le ho utloa lentsoe la ka, le ’na ke tla khutla molemong oo ke neng ke boletse hore ke tla o etsetsa sona.”—Jer. 18:1-10; hape hlokomela Jeremia 1:10.
13. Jehova, ’Mōpi e Moholo o latetse bona boemo boo ba molao oa ketso joang ho Egepeta oa boholo-holo le ho Iseraele?
13 Makholo a lilemo pele ho polelo ena, Jehova o ne a bontšitse molemo ho naha ea Egepeta mehleng ea ha Josefa mora oa Jakobo a entsoe moabi oa lijo ho eona. Empa nakoana kamor’a lefu la Josefa, ha Bofaro ba Egepeta ba qala ho hatella batho bahabo Josefa, bana ba Jakobo (kapa, Iseraele), ba bile ba leka le ho ba felisa hore ba se be teng ho hang, Jehova a kenella. A otla naha ea Egepeta ’me a timetsa Faro le makhotla a hae a ntoa ’me A lokolla bakhethoa ba hae, Baiseraele. (Pes. 136:10-16; Ba-Roma 9:17, 18, 21-24) Ka oona molao oo, ha ’muso oa Juda o fetohela Molimo oa selekane sa oona ’me o phehella litsela tsa oona tse mpe, Jehova ’Mōpi e Moholo a itherela ho liha ’muso oa Baiseraele. (Jer. 18:11-17) Bafetoheli bao ba ba ba etsa hampe le moprofeta oa Jehova Jeremia ka molemo oo a neng a batla bo ba etsetsa oona. Hoba ba bile ba rera ho bolaea Jeremia. (Jer. 18:18-20, 23) Kahoo, qetellong, Jeremia le eena a ba a lumela hore likahlolo tse iphetetsang tsa Jehova li phethahatsoe holim’a bafetoheli bao.—Jer. 18:21, 22.
14. Ke hobane’ng ha rōna kajeno, re le batho ka bomong, re lokela ho tebisa pelong mehlala ea pale ea litšebelisano tsa ’Mōpi e Moholo?
14 Mehlala ena ea pale ke ea lichaba tsohle, haholo tseo tsa Bojakane, hore li e tebise pelong kajeno. Bonyane, ke rōna batho feela, re le batho ka bomong, re lokelang ho etsa joalo. Jehova ’Mōpi e Moholo o ntse a phahame, ’me o tloha a bontša batho bohle hore e ntse e le “Morena oa lichaba.” Kajeno, ho feta leha e le neng pele, mantsoe a latelang a Jeremia e ntse e le ’nete:
“Empa [ha ho bapisoa le melimo ea bohata e tsoa hlalosoa pele ho sena] Jehova ke Molimo oa ’nete, ke Molimo o phelang, ke Morena oa ka mehla le mehla; lefatše le sisinyeha ke khalefo ea oona, lichaba li ke ke tsa ema pel’a bohale bo chesang ba oona. Le tla ba bolella joalo, le re: Melimo e sa kang ea etsa maholimo le lefatše, eona e tla tlosoa lefatšeng le ka tlas’a leholimo.a Ke oona o entseng lefatše ka matla a oona, o lokisitse lefatše le ahiloeng ka bohlale ba oona, ka hlalefo ea oona o sarolotse maholimo.”—Jer. 10:10-12.
15. Ke hobane’ng ha Jehova a e-na le lebaka le utloahalang la ho halefela lichaba, ’me o tla bo bontša joang?
15 Na ho hlile ho teng lebaka la sebele la hore Jehova Molimo ’Mōpi a halefe kajeno? E, a re nahaneng ka ho hlompholloa ha melao ea hae ho tletseng hohle, ho nyelisoa ha lebitso la hae, bonokoane, lerato la menate ho e-na le lerato la Molimo, boitšoaro bo bobe, boikaketsi ba bolumeli, ho hlorisoa ha bao kajeno ba theang sehlopha sa kajeno sa Jeremia, ho hana ho ikokobeletsa ’muso oa Jehova ka Kreste ho etsoang ke lichaba. Ka sebele, har’a lintho tsena tsohle, ho teng mabaka ’ohle a utloahalang a hore Jehova Molimo ’Mōpi e Moholo a halefe. O tla tloha a bo bontša, joalokaha a ile a ho etsa mehleng ea Jeremia ka ho timetsa Jerusalema le ’muso oa Juda.
16. Ke hobane’ng ha lichaba tse khopo li ke ke tsa ‘ema’ tlas’a bohale bo bontšoang ba Jehova?
16 Lentsoeng la hae le ngoliloeng, Bibele, Jehova o latotse bokhopo bohle. Haufinyane o tla timetsa lintho tseo a li latotseng. Ha a bontša bohale ba hae, ‘ha ho sechaba se tla ema.’ “Melimo” ea tsona, lintho tseo ba li rapetseng, li tla ipakahatsa li se na thuso ’me li timele. Barapeli ba tsona ba tla timela le tsona.
17. Mehoo e nyoloha ho bo-mang bakeng sa thuso e-ea ho Thuso feela ea rōna, hona hobane’ng?
17 Ka ho utloahalang, thuso feela ea rōna ke Molimo o le mong o phelang le oa ’nete, “Morena oa lichaba.” Mehoo ea thuso e nyolohela ho eena e hlaha kahohle, e tsoa ho bao, joaloka Jeremia, ba hlomohileng ke maemo a khopo le ho bohle “ba feheloang, ba bobolang ka baka la manyala ’ohle a etsoang,” haholo-holo Bojakaneng ba boikaketsi. (Ezek. 9:4) Lipelo tsa bona lia qhalana ka baka la “leqeba” le kang le hlalosoang ke Jeremia le leketlile holim’a lichaba tsohle ka baka la ’nete ea hore babusi ba tsona ha baa batla Jehova e le eena thuso feela ea rōna. (Jer. 10:19-22) Mokhatlo oa bona oa Machaba a Kopaneng o tla hlōleha e le boemeli ba khotso le tšireletseho ea lefatše. Mano ’ohle a batho bakeng sa ho tsamaisa pale le ho bipa timetso e matsohong a ’Mōpi e Moholo a tla ipakahatsa e le lefeela.
18, 19. Babusi ba lipolotiki ba leka ho tsamaisa mehato ea bona ea molao joang, ’me ho tla pakoa joang hore ha ho matleng a bona ho etsa joalo?
18 Hoba re hlahlobe mehlala e lemosang ea pale, re tlameha ho lumellana le Jeremia ha a re: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.”—Jer. 10:23.
19 Kaha motho a ka tsamaea a ka ’na a nahana hore a ka tsamaea ka tsela leha e le efe eo a e ratang eaba o ntse a fihla moo a batlang ho ea. A ka ’na a ikutloa hore ha ho moo Jehova Molimo a amehang tabeng. Kahoo babusi ba lipolotiki ba leka ho tsamaisa litaba tsa lichaba ha ba hlokomoloha se ka ithutoang historing. Ba soma sehlopha sa kajeno sa Jeremia ka ho bolela e sa le pele tlokotsi ea lefatše ‘mahlomoleng a maholo.’ (Matt. 24:3, 21, 22) Ha ba ele hloko boprofeta ba Bibele ’me ba nahana hore ba ka itekanyetsa hore na se tla hlaha ke eng, ba tsamaisa mehato ea bona ho ea khotsong le naleng ea ka ho sa feleng. Ho sa le joalo, le hoja ba tsamaea kamoo ba ratang bopolotiking, moruong le bolumeling, Jehova e le “Morena oa lichaba” o tla ba etsa hore ba oele timetsong e hlileng ea boleloa ‘mahlomoleng a maholo’ a ke keng a qojoa.
20. Ho tšoana le Jeremia, re rapela Jehova hore a re khalemele ho fella kae, hona hobane’ng?
20 Khalemelo e tsoang ho Molimo ke seo re se hlokang bohle. Joale re tla rata ho rapela joaloka Jeremia, ka takatso ea ho qoba hore re etsoe lefeela hammoho le batho: “Jehova, u nkhalemele, empa e be ka tekano [ke hore, ho latela se hlokahalang]; e seng ka khalefo ea hao [mahlomoleng a maholo], e se re ua mphelisa. U ke u tšollele khalefo ea hao lichabeng tse sa u tsebeng [kapa tse u hlokomolohileng] le merabeng e sa rapeleng lebitso la hao; hobane [Babylona le metsoalle ea bona] ba jele Jakobo, ba mo jele le ho mo qeta, ba ripitla leaho la hae.”—Jer. 10:24, 25; Pes. 79:6, 7.
21. Ke ho mang moo re ka siang taba ea ho phethahatsa kahlolo ea ho loka ho ba lekang ho re felisa ka baka la tsela eo re etsang ka eona?
21 Thapelo eo e tobisitsoe ho “Morena oa lichaba.” Re ka tlohella ho eena taba ea ho phethahatsa kahlolo ea hae e lokileng holim’a ba mo hlokomolohang ’me ka lehloeo ba leka ho felisa bohle ba amohelang le bao ka botšepehi ba phahamisang borena ba hae ba bokahohle. Re phahamisa mehoo ea rōna ea thuso ho e lebisa ho eena e leng thuso feela ea rōna.
“Empa re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng. Ka baka leo, baratuoa, ereka ha le lebeletse tse joalo, itiiseng hore le tle le fihleloe ke eena le e-na le khotso, le se na letheba le sekoli. ’Me le lemohe hobane mamello ea Morena oa rōna, ke poloko; joale ka ha Pauluse, ngoan’abo rōna ea ratoang, a le ngoletse le eena, ka bohlale boo a bo neiloeng.”—2 Pet. 3:13-15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng” (1963) maq. 221-308.