Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Ka ho re Jesu o “lekiloe” na Ba-Heberu 4:15 e supa hore Molimo o ne o sa tsebisise hantle hore na ebe Mora oa oona o tla tšepahala kapa che?
Che, hobane ha ho letho ka Mangolong le supang maikutlo a mang ntle ho hore Jehova o ne a tiile hore Mora oa hae o tla tšepahala. Ho hlakisoa ntlha esele ho hang ho Ba-Heberu 4:15, e baloang tjena: “Hobane moprista e moholo eo re nang le eena, hase ea ka sitoang ho re utloela bohloko mefokolong ea rona, hobane o lekiloe nthong tsohle joale ka rona, empa ha a ka a etsa sebe.”
Jehova o hlile a bolela hore, e le Messia, Mora oa hae o ne a tla tšepahala ho sa tsotellehe mahlomola. (Pes. 118:22; Esa. 53:3-7, 10-12) Molimo o ne o e-na le lebaka le utloahalang la ho tšepa hore Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, le hoja a ne a lutse e le motho ea nang le bolokolohi ba ho ikhethela, o ne a tla tšepahala tlas’a teko.
Ka tloaelano ea lilemo tse likete-kete le phihlelo le Mora oa hae, Jehova o mo tsebile ho feta mang kapa mang. (Matt. 11:27; Joh. 10:14, 15) Molimo o ne o tloaelane hantle le kelello ea Mora oa hae le boemo ba pelo ea hae. (Ba-Roma 15:5) Ka mohlala, le hoja Lentsoe e le eena ea bōpiloeng pele, ha a ka a batla hore a rapeloe, joalokaha ho entse sebopuoa sa moea se ileng sa fetoha Satane. (Ba-Fil. 2:5, 6) Ho fapana le mangeloi a se nang molao a ileng a rabela pele ho Moroallo, Mora ka mehla o batla ho khahlisa Ntat’ae. Kahoo, moapostola Pauluse o mo sebelisetsa mantsoe a mopesaleme, a re: “Terone ea hao e tiile ka ho sa feleng, ’me lere la ’muso oa hao ke lere la ho loka; u ratile ho loka, ’me u hloile bokhopo.” (Ba-Heb. 1:8, 9; Pes. 45:6, 7) Ho feta moo, ka mehla o ’nile a thahasella batho ka molemo oa bona. (Liprov 8:30, 31) ’Me nako le nako o ’nile a bontša ho itšetleha ha hae ka Ntate, eo a ileng a etsa thato ea hae ka takatso e kholo. (Juda 9; bapisa Johanne 12:27, 28.) Le pele Jesu a ka tsoaloa e le motho, Jehova o ne a ka tiisa hore o tla tšepahala.
Bang ba ’nile ba botsa: “Ho thoe’ng hoja Jesu a etsa sebe?” Empa hoo kannete ke khopolo-taba feela e se nang sepheo. E hanana le linnete. ’Nete ke hore ha a ka a etsa sebe. Ho mo tšepa ha Jehova, ho bontša tsebo e phethahetseng ea Molimo le bohlale, tsa lokafatsoa.
Ba-Heberu 4:15 e lebisa tlhokomela ea rōna litšoanelehong tsa Jesu e le Moprista e Moholo oa leholimo. Ka hore e be motho ea phethahetseng ea lekanang le Adama le ka ho ipaka a tšepahala ho fihlela lefung, Jesu a sebeletsa e le topollo. (Ba-Heb. 2:9) Empa hape ha e le motho o ile a fihlela liteko le litsieleho tsa mofuta o oelang batho ba loanelang ho tšepahala, ho kopanyelletsa le ba tla nkeloa leholimong e le “baena” le basebetsi hammoho le Jesu. (Ba-Heb. 2:14-17) O ne a utloa mokhathala oa tlhaho le masoabi. Ka ho fetisisa, a talimana le liteko tsa mahlomola le mathata. Ke ka nepo Pauluse a neng a ka bolela hore Kreste “o lekiloe nthong tsohle joale ka rōna.” Jesu kahoo a etsoa ea phethahetseng kapa ea tšoanelehelang karolo ea hae e le Moprista e Moholo ea ka ‘re utloelang bohloko mefokolong ea rona.’ ‘Le hoja baprista ba bang ba baholo ba ile ba tlameha ho nyehela mahlabelo bakeng sa libe tsa bona, Kreste e le Moprista e Moholo ‘ha a na sebe.’ Ho le joalo, ka hore e be nama le mali joaloka rōna, o tseba ho sebetsana le rōna ‘ka bonolo.’—Ba-Heb. 4:15, 16; 5:1, 2, 8; 7:28.
Ka baka leo, Ba-Heberu 4:15 e lokela ho re khothatsa. Ho e-na le ho fana ka maikutlo a hore Molimo o ne o sa tšepe Mora oa oona, e lokela ho haha tšepo ea rōna hore batho ba ka tšepahala ho Jehova. ’Me e lokela ho re kholisa hore ka ho atamela Jehova re na le Moprista e moholo ea bonolo, ea utloelang bohloko le ea utloisisang ea re sebeletsang.
● Daniele 12:1 e bea ‘ho hlaha’ ha Mikaele e le ho tlang pele ho matsatsi a matsoalo ao ho seng a kile a tšoana le oona. Na Mikaele o se ‘a hlahile,’ kapa na hoo ho tla etsahala pelenyana ho ‘mahlomola a maholo’?
Lipontšo li supa hore Mikaele o ‘se a hlahile.’ Daniele khaolo ea leshome le motso o le mong e fana ka boprofeta bo atolohileng ka morena oa leboea le morena oa boroa. Re utloisisa hore boprofeta bona bo hlalosa liphetoho tsa pale ho tloha mehleng ea Daniele ho tla fihlela joale. Joale khaolo ea 12 e qaleha tjena: “Mehleng eo, Mikaele, khosana eo e kholo, e emelang bara ba sechaba sa heno, o tla hlaha, ’me matsatsi a matsoalo a tla ba teng, ao a joalo a e-song ho be teng e sa le lichaba li hlaha, ho tla fihla nakong eo.”—Dan. 12:1.
Mikaele o ‘hlahile’ joang, hona ho ne ho tla etsahala neng?
Buka ea Daniele ka makhetlo a mangata e sebelisa ketso ea ‘ho hlaha’ ho hlalosa ho nka ha motho e mong borena. Ka mohlala, boprofeta bo buang ka ho nka ha Alexandere e Moholo borena bo baleha tjena: “Empa ho tla tsoha [hlaha] morena oa mohale, ’me o tla busa ka matla a maholo, a etse kamoo a ratang kateng.” (Dan. 11:3; bapisa Daniele 11:7, 21; 8:22, 23.) Ka ho loketseng, ‘ho hlaha’ ha Mikaele ho tla bolela ho nka ha hae borena kapa ho qala ho busa.
Kamor’a ho tsoha Jesu Kreste, eo re utloisisang ka Mangolo hore ke Mikaele lengeloi le leholo, o ne a tla ‘lula letsohong le letona la Molimo’ ho fihlela ha e le nako ea hore a ‘buse har’a lira tsa hae.’ (Pes. 110:1, 2; Ba-Heb. 10:12, 13) Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa bontša ka Bibele le ka ho phethahala ha eona paleng hore nako ea ho ‘lula’ ha Jesu e felletse ho loanoeng ha Ntoa ea I ea Lefatše hoetla ka 1914 C.E. Joale e bile nako ho eena ea hore ‘a hlahe’ kapa a amohele borena ba ’Muso maholimong, boo ho boleloang ka bona karolong ea pele ea Daniele 12:1.
Temana eo e tsoela pele ho bolela hore na ke eng hape e neng e tla etsahala. Ho ne ho tla tla “matsatsi a matsoalo a tla ba teng, ao a joalo a e-song ho be teng e sa le lichaba li hlaha.” Ho Mattheu 24:21, Jesu o bitsitse ana e le ‘mahlomola a maholo.’
Nakong e bileng lipakeng e sa le Mikaele ‘a hlahile,’ lichaba li bile le monyetla oa ho mo amohela le ho ipea tlas’a puso ea hae ea ’Muso. Empa li hanne ho etsa joalo ’me li bile li hlorisitse Bakreste ba bolelang hore Jesu ke eena morena ea neiloeng matla a ‘’muso oa lefatše.’ (Tšen. 11:17, 18) Ho bokellana hammoho ha lichaba ho mo loantša le batho ba hae ha hoa etsa hore Mikaele a lahle borena ba hae. Che, o bo phehelletse. Tsela eo lichaba li e nkileng e tla ba kotsi ho tsona. E tla li isa ho qhomeng ha ‘mahlomola a maholo,’ ao li tla robakoa likoto ho oona joalokaha pitsa ea letsopa e ka robakoa likoto ka tšepe. (Pes. 2:1, 2, 8, 9) Ka thabo, Daniele 12:1, 2 e bontša hore batho ba Molimo e le sehlopha ba tla pholoha ‘matsatsi ao a matsoalo’ ho kena Taolong e Ncha moo le bona ba lokileng ba shoeleng ba tla tsosoa.—Lik. 24:15.
● Ke hobane’ng ha mohlanka oa Molimo Samsone a ile a ea ha seotsoa motseng oa Bafilista oa Gaza?
Tlaleho e buang ka Samsone le seotsoa motseng oa Bafilista oa Gaza e baleha tjena: “Eaba Samsone o ea Gaza, a bona mosali oa seotsoa teng, ’me a kena ha hae.” (Baahl. 16:1) Ha ho letho tlalehong ena le fanang ka maikutlo a hore morero oa Samsone oa ho ea Gaza e ne e le ho ea bona seotsoa. Ho e-na le hoo, ha a le motseng, a bona mosali oa sebopeho sa hae, ’me, kaha o ne a le sebakeng sa Bafilista sa sera, ntlo ea mosali eo e bile sona sebaka feela seo a neng a ka fumana boroko bakeng sa bosiu. Hore morero feela oa hae e ne e le ho ea robala ho totobala ho seo re se balang kamorao ho moo: “Ha e le Samsone, a robala ha ba ha e-ba bosiu bo boholo; bosiu bo boholo a tsoha.” (Baahl. 16:3) Hlokomela hore tlaleho ha e re a robala le eena ea ba ea e-ba bosiu bo boholo.
Bafilista, leha ho le joalo, ba ne ba fihletse qeto ea hore Samsone o ne a mo hirile mosali eo oa seotsoa hore a mo sebeletse. Ha eba eo e ne e le qeto ea bona, ba ne ba tla kholoa hantle hore ba tla tseba ho mo tšoara hoseng. Hona, le hona, ho ne ho tla sebeletsa morero oa Samsone hore a loantšane le bona ka hore a koqole menyako ea Gaza ’me kahoo a siee motse o sa sireletsoa.