Pesaleme
Ke Hobane’ng ha ho Leboha ho le Hotle?
MANGOLO a Halalelang nako le nako a re khothalletsa ho ipakahatsa re le batho ba lebohang. Moea o ananelang o haha ba bang, o ntšetsa pele khotso ʼme o phaella thabong ea rōna. Ke ho fapaneng hakaakang le batho ba se nang teboho! Lipelaelo tsa bona tse ngata le moea oa bona oa boikhabi li tsoala ho nyahama le ho utloa bohloko.
Moea oa ho leboha oo re lokelang ho loanela ho o hlaolela o bontšoa ho Pesaleme ea 92. Pesaleme ena e boetse e senola hore na ke hobane’ng ha ho hlaolela moea oa kananelo ho lokile ho bile ho le molemo. Rea bala: “Ho monate ho roka Jehova, le ho binela lebitso la hao, Mookameli ea phahameng! ho bolela mohau oa hao ka meso, le bokhabane ba hao ka masiu ʼohle, ka thomō e khole tse leshome le ka pesaleterine, ka harepa e molumo o monate. Hobane u nthabisa Jehova, ka liketso tsa hao, ke nyakalatsoa ke mesebetsi ea liatla tsa hao.”—Pes. 92:1.
Polelo ea pele feela ho Pesaleme ea 92 e fana ka lebaka le matla haholo la ho leboha Jehova. “Ho monate,” ke hore, ho nepahetse, ho loketse, hoa tšoaneleha. Ea Holimo-limo o lokeloa ke teboho ea rōna, hobane ke eena ea re neang bophelo ʼme o fane ka se hlokahallang ho boloka bophelo le ho sireletsa thabo le boiketlo ba rōna ka ho sa feleng. Hape, moea o ananelang o na le phello e molemo ho rōna. Ba sa ananeleng ha ho mohla ba thabileng.
Ntle ho ho bontša teboho ha ho rapeloa, hape re ka phahamisa mantsoe a rōna ho tlatsa liletsa. Kahoo re binela lebitso la Molimo, ke hore, Ea emeloang ke lebitso leo.
Ruri ke ho loketseng hore re qalise letsatsi la rōna ka ho bolela teboho ho mosa o sa tšoanelang oa lerato la Jehova, kameho ea hae e sebetsang ea ho nahanela. Ka pel’a rōna ke letsatsi le leng la bophelo, leo ho lona re ka rorisang Ntat’a rōna oa leholimo. Ha re tsoha hoseng ka moea o nang le kananelo joalo, hona ho ka re thusa ho sebelisa letsatsi hore re tlotlise le ho hlompha Jehova. Joale re tla loanela ho utloa keletso ea Bibele, e reng: “Leha le e-ja, leha le e-noa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.” (1 Ba-Kor. 10:31) Nakong ea ha re shebile bosiu le pele re ea liphateng, ke hantle ha re hopola “botšepehi” ba Jehova, bonnete ba hae, ho tšepahala ha hae joaloka ea phethahatsang lentsoe la hae la tšepiso. Re ka mo leboha ka mahlohonolo a letsatsi leo a tiisang hore ke Molimo o tšepahalang. Boikutlo bo ananelang joalo qetellong ea letsatsi le nakong ea bosiu bo ka re thoba, bo tlatsetsa ho thabeleng ha rōna boroko bo monate. Koana, ha se mahlohonolo a tsatsi le leng le le leng feela a fanang linako tsa ho roka Jehova Molimo, empa mesebetsi eohle kapa litšebelisano tsa hae le batho ba hae li fana ka lebaka la thabo. Ho akarellelitsoeng mesebetsing ea Molimo, eo re lokelang ho fumana thabo ho eona, ke mesebetsi ea hae ea pōpo le liketso tsa hae tsa ho pholosa.
A hlalosa ka mesebetsi ea Jehova le mehopolo, mopesaleme o tsoela pele, a re: “Mesebetsi ea hao e meholo hakaakang, Jehova, mehopolo ea hao e tebile hakakang! (Pes. 92:5) Mesebetsi ea Jehova ea pōpo le liketso tsa hae tsa ho pholosa li khōlō ka bobeli, li susumelletsa ho hlolloa. Kaha mehopolo ea hae e tebile, ha e utloisisoe habonolo. E hloka e fetang feela ho habanya lintho feela. Ha ho fihloa mabakeng a seo Jehova Molimo a se etsang le ho se lumella, batho ba sa nahaneng joaloka liphoofolo kapa ba boitšoaro bo silafetseng ho hang ba ke ke ba utloisisa. Ho joalokaha mopesaleme a boletse, a re: “Motho ea letlaopa ha a tsebe teng, leoatla ha le utloisise.”—Pes. 92:6; Juda 10.
Le hoja batho ba lokileng ba ka ʼna ba hlomoha ka nakoana, Ea matla ʼohle o sebetsa morero oa hae o moholo ho ba hlohonolofatsa. Hlokomela kamoo hona ho hatisoang litemaneng tsa 7 ho ea ho 15 tsa Pesaleme ea 92, moo re balang:
“Leha banyefoli ba mela eka meroho, le ba bolotsana kaofela ba atleha, ke hore ba senyehe ka ho sa feleng. Empa uena, Jehova, u ntse u le Mookameli ea phahameng ka ho sa feleng. Hobane lira tsa hao, Jehova, lira tsa hao lia fela, ba sebetsang bobe kaofela ba qhaloa. U emisa lenaka la ka joale ka la nare, ke tlotsitsoe ka oli e ncha; bahanyetsi ba ka ba tla thabisa mahlo a ka, litsebe tsa ka li utloe tšenyeho ea ba bolotsana, ea ba mphahamelang. Ba lokileng ba mela joale ka sefate sa palema ba hola joale ka kedare ea Lebanone. Ha e le moo ba hlomiloe ka tlung ea Jehova, ba atleha mabaleng a Molimo oa rōna; ba sa tla bea le boqhekung ba bona; ba sa le moko le botala; ba tle ba bolele hoba Jehova o lokile. Ke eena lefika la ka, ʼme ha ho bokhopo ho eena.”
Ha ho letho le phonyohang tlhokomelo ea Jehova Molimo ea lutseng maholimong a holimo-limo. Nako ea tla eo ba khopo ba ke keng ba hlola ba “bea,” ba atleha kapa ba e-ba naleng, empa ba tla fela. Ka ho totobetseng mopesaleme o buella bahlanka bohle ba Molimo ha a re “lenaka,” matla a hae, le tla phahamisoa ke Jehova le hore o tla tlotsoa ka oli, e emelang khatholoho le thabo. Ha ba babe ba timela, basebetsi ba ananelang ba ho loka ba ne ba tla atleha haholo joaloka lifate tsa lipalema, le likedare tse khōlō tsa Lebanone. Ba lemiloe, kamoo ho leng kateng, tlung ea Jehova, ke barapeli ba hae ba ineetseng. Ke ho eena, joalokaha eka ke oling e halalelang ea sehalalelo, ba fumana matla a bona. Le boqhekung ba tla atleha joaloka lifate tse phelang halelele. Ha e le hantle, ba tla nona ba khatholohe, ba thabele matla le bophelo bo botle. Ha ba sa phela ba tla pakela bokhabane ba Jehova, botšepehi ba hae lentsoeng la hae la tšepiso. Ea Holimo-limo ke “Lefika” le tšepahalang, sebaka sa botsitso, tširelo le tšireletso. O lokile ho hang.
E se eka le rōna, ka baka leo, re ka ipaka re e-na le teboho ho Jehova. Hona ho tla etsa hore re thabele bophelo bo thabileng le bo khotsofetseng hona joale, re talimile bokamoso bo sa feleng.