Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 5/1 leq. 25
  • Na u sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litholoana—Tse Molemo le tse Mpe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • “Lifeiga” Tse Thabisang le Oona Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Na u na le ‘Pelo ea ho Tseba’ Jehova?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Na U na le ‘Pelo ea ho Tseba’ Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 5/1 leq. 25

Na u sa Hopola?

Na u balile litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa ka hloko? Haeba ho joalo, ntle ho pelaelo u tla hopola lintlha tsena:

● Re lokela ho utloisisa mantsoe a moapostola Pauluse a ho Liketso 20:18-21 joang?

‘Ha e sa le a fihlile’ Asia, Pauluse ‘a ba pakela hantle.’ Hona a ho etsa “pontšeng le ka matlung,” a batla batho ba nang le litšekamelo tsa moea, joale a ba ruta motheong oa ka mehla ’me hamorao a etsa maeto a bolisa kamoo ho hlokahalang. Hona hohle ho fana ka mohlala bakeng sa mosebetsi o etsoang ke Lipaki tsa Jehova kajeno.—1/15/80 maq. 11-13.

● Ho boleloa’ng ho Pesaleme ea 72:16 ka hore ‘mabele a tla ba holim’a lithaba’?

Ka tlhohonolofatso ea Molimo, mobu o tla bea haholo. Hangata, litlhoro tsa lithaba hase moo mabele a atlehang. Kahoo hona ke setšoantšo sa nala e neng e tla thabeloa, pele pusong ea Morena Salomone ’me qetellong tlas’a puso ea Jesu Kreste.—3/1/80 leq. 31.

● Ke hobane’ng ha Jeremia a buile ka Jehova e le “Morena oa lichaba”?—Jer. 10:7.

Jehova ke eena Morena e moholo, ea Phahameng, Eena ea okametseng marena a mang kaofela. Ea Holimo-limo o bontšitse borena ba hae bo phahameng ka ho nka bohato ka babusi le lichaba joalokaha a ne a neela Baiseraele hore ba hlole Marena Sihone le Oge.—2/15/80 maq. 10, 11.

● Ke hobane’ng ha Jeremia a itse: “Oho Jehova, u kile ua nthetsa”?—Jer. 20:7.

Jeremia o ile a thetsoa ka tsela e molemo. Lentsoe la Molimo le ne le bile le tšusumetso e phehellang ho eena. Jehova o ne a ipakahalitse a le matla ho feta bofokoli ba Jeremia, a mo nolofaletsa hore a mamelle tšebeletsong e halalelang ho isa qetellong ea eona.—3/1/80 leq. 23.

● Lifeiga tse “monate” le tse “mpe” tse boleloang ho Jeremia 24:1, 2 li fumanoa sefateng sefe, hona li emela eng?

Lifeiga tsa tšoantšetso li tsoa sechabeng sa Iseraele. ‘Lifeiga tse monate’ li ne li emela masala a bakileng a sechaba, ha ‘lifeiga tse mpe’ li emela ba sa tšepahaleng. Phethahatso ea kajeno e fumanoa ho Bakreste ba ’nete, ha ba bapisoa le Bojakane bo sa bakeng.—3/15/80 maq. 16, 17.

● Ke hobane’ng ha ’nete ka puso ea Kreste ea lilemo tse 1 000 e sothiloe?

Lekholong la pele la lilemo C.E. baapostola ba ne ba na le matla a thibelang a neng a boloka bohloeki ba thuto ea Bokreste. Leha ho le joalo, nakoana kamor’a hore ba shoe, ho koenehela tumelo ea ’nete ha etsahala. Hona ha qetella ho isitse ho hōleng ha maikutlo a mangata a loantšanang a lihlopha.—4/15/80 leq. 5.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela