Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 8/15 maq. 4-7
  • Thuso e Tiileng e Tsoang Lentsoeng la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso e Tiileng e Tsoang Lentsoeng la Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO SEBETSANA LE HO IKUTLOA MOLATO
  • HO THIBELA MŌNA
  • HO QOBA HO KHOPISOA KE LEEME
  • HO TŠOENYEHA KA TSA BOPHELO
  • LEBA BIBELENG
  • Letsoalo le Molato—“U Ntlhoekise Esita le Sebeng sa Ka”
    Khutlela ho Jehova
  • Lerato le Hlōla Poulelo e sa Lokelang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Jehova, Molimo ea ‘Lulang a Loketse ho Tšoarela’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Molimo ea ‘Ikemiselitseng ho Tšoarela’
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 8/15 maq. 4-7

Thuso e Tiileng e Tsoang Lentsoeng la Molimo

HO HLOKAHALA hore motho a be le tšusumetso e matla e le hore a se ineele boikutlong bo senyang. Bibele e hlile e fana ka tšusumetso e joalo, e thusa batho ho sebelisana ka katleho le boikutlo ba ho ba molato, mōna, lipelaelo ka hore na ba tla phela joang le mabaka a mang a mangata a boikutlo ba botho a neng a ka ba kotsi bophelong.

HO SEBETSANA LE HO IKUTLOA MOLATO

Hangata, ho ikutloa molato ho baka kapa ho totisa maloetse a itseng. Mohlomong motho o ile a kopanela boitšoarong bo tšoenyang letsoalo la hae. Phihlelo ea hae e ka ’na ea tšoana le ea Davida, morena oa Moiseraele ea neng a phela lilemong tse fetileng tse ka bang 3 000. Ha a hlalosa phello ea boikutlo ba hae ba molato, Davida a ngola hore: “Masapo a ka a na a felisoa ke ho bobola ha ka ka letsatsi lohle . . . metsi a bophelo ba ka a na a omeletse joale ka hola ke lebatama la selemo.” (Pes. 32:3, 4) Mantsoe ana a fana ka maikutlo a hore boiteko ba Davida ba ho hatella khathatso ea letsoalo le molato bo ne bo mo khathatsa. Joaloka sefate se se nang mongobo o hlokahalang nakong ea komello kapa ha ho chesa haholo ’me ho omeletse lehlabula, matla a Davida a ne a monyehile ho eena. A pholoha joang?

A ipolela libe tsa hae ka ho phethahetseng ho Molimo ’me, ka tumelo, a amohela tšoarelo ea bomolimo. Ke ka baka leo Davida a neng a ka ngola: “Ho lehlohonolo eo tšito ea hae e tšoaretsoeng, eo sebe sa hae se apesitsoeng! Ho lehlohonolo motho eo Jehova a sa ’malleng bokhopo ba hae.”—Pes. 32:1, 2.

Bibele e senola hore mang le mang ea retelehelang ho Molimo ka pako e tiileng, motheong oa sehlabelo se phekolang libe sa Jesu Kreste, a ka tšoareloa libe tsa hae. Moapostola oa Mokreste Johanne o ngolile: “Ha re ipolela libe tsa rōna, Molimo oa tšepeha, o lokile, hore o re tšoarele libe tsa rōna, ’me o re hlatsoe bokhopo bohle. . . . [Jesu Kreste] ke eena e leng pheko ea libe tsa rōna; e seng ea tsa rōna feela, empa e le le ea tsa lefatše lohle.’—1 Joh. 1:9; 2:2.

Koana, haeba motho a sa lumele hore Molimo o mo tšoaretse libe tsa hae, o tla tsoela pele ho utloa liphello tse bohloko tsa letsoalo le khathatsehileng. Kahoo, ke habohlokoa hore motho ka mong a tiise tumelo ea hae tabeng ea hore Molimo o ithaopela ho tšoarela libe. Hona a ka ho etsa ka ho hlahloba se boleloang ke Bibele ka tšoarelo ea bomolimo le batho bao a ileng a ba tšoarela litlōlo.

Ka mohlala, Baiseraele ba ile ba bolelloa: “Leha libe tsa lōna li ka ba khubelu joale ka krimsone, li tla soeufala joale ka lehloa; leha li ka ba khubelu joale ka sekarelata, li tla ba tšoeu joale ka boea ba nku.” (Esa. 1:18) Kaha Ea Holimo-limo a ne a ikemiselitse ho tšoarela liketso tse feteletseng tsa Baiseraele ba sa tšepahaleng, re ka tiisa hore o tla tšoarela ka mokhoa o tiileng joalo ba bakileng kannete ba kajeno. Bibele e re ho rōna: “’Na Jehova, ha kea fetoha.”—Mal. 3:6.

Nka mohlala o mong, Morena Manasse: “A etsa bobe bo bongata mahlong a Jehova, ho mo halefisa. Hape, Manasse a tšolla mali a mangata a se nang molato, a tlatsa Jerusalema ka ’ona kahohle.” (2 Mar. 21:6, 16) Hamorao, a isoa botlamuoeng Babylona. Phihlelo ena e bohloko ea etsa hore Manasse a ikokobeletse Molimo. Ea Holimo-limo a tšoarela morena ea bakileng ’me a mo khutlisetsa ‘Jerusalema teroneng ea hae.’ (2 Likron. 33:11-13) Ke batho ba ’maloa ba entseng tlaleho e mpe ea libe joalokaha ho entse Manasse. Leha ho le joalo, kaha o ile a baka, a tšoareloa. Hona ke khothatso e kaakang ho batho ba hlasetsoeng ke boikutlo ba letsoalo le molato.

Taba e ’ngoe e ka suptjoang ke ea motho ea ileng a fetoha moapostola oa Mokreste Pauluse. Pele a sokoloha, e ne e le “monyefoli pele, le mohlorisi, le morori.” (1 Tim. 1:13) “Empa,” Pauluse a ngola, “ke rekolohetsoe, hore Jesu Kreste a bonahatse ka ’na, ke leng oa pele, mohau oohle oa hae, ho tle ho etsoe mehlala ka ’na ho bohle ba tlang ho lumela ho eena, hore ba be le bophelo bo sa feleng.” (1 Tim. 1:16) Ke ho tiisang tumelo hakaakang ho nahana seo Molimo, ka Kreste, a se entseng mabapi le Pauluse! Le hoja a ne a hlorisitse balateli ba Kreste ka sehlōhō, a entse ka boikhohomoso ho bona ’me a nyefotse Molimo ka ho se tsebe, Pauluse a tšoareloa ha a baka. Kamor’a moo a sebelisoa ka mokhoa oa mohlolo ho thuseng ba bang hore e be Bakreste le ho tiisa balumeli hammoho le eena. Ho feta moo, o bile le tokelo e phahameng ea ho ngola a mangata haholoanyane a Mangolo a bululetsoeng a Bakreste ho feta motho leha e le ofe e mong.

Ka linako tse ling batho ka bomong ba ka ’na ba ikutloa ba ahlotsoe pelong, ba tšohile hore libe tsa bona li mpe haholo hore li ka tšoareloa. Leha ho le joalo, se boleloang ke Bibele se fana ka motheo o tiileng bakeng sa ho lumela Molimo e le o tšoarelang libe. Hona ho boleloa ka matla lengolong le latelang la moapostola Johanne: ‘Re ka tšepisa lipelo tsa rōna pel’a oona. Hobane leha lipelo tsa rōna li re nqosa, Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna, ’me o tseba tsohle.’ (1 Joh. 3:19, 20) Ho tšepa ha rōna mantsoe ana a bululetsoeng ho ka bolela topoloho e ntle hakaakang boikutlong ba letsoalo le molato ho rōna!

HO THIBELA MŌNA

Ntle ho boikutlo ba molato, mōna o bohloko ho ba bang o ka ’na oa baka kapa oa totisa hloreho ea ’mele. Mōna o ka sitisa motho ho robala, oa baka hore methapo e meng e tiee ’me e ope, ’me oa baka likhathatso tsa qaati le mathata a mang a bophelo. Kaha Bibele e ka thusa motho ho lokoloha boikutlong ba letsoalo le molato bo senyang, hape e ka thusa motho ho hlōla mōna kapa lehloeo le tebileng. Pele, leha ho le joalo, motho o tlameha ho hlokomela hore o fela a e-na le bothata ka ho koetla lehloeo.

Ho ea ka Bibele, tšoaneleho ea lerato e-ea hlokahala e le hore ho ka hlōloa mōna. Mangolo a re bolella hore “lerato . . . ha le na mōna.” (1 Ba-Kor. 13:4) Ho hlōla lehloeo, ho hlokahala hore re amohele ’me re nke bohato tumellanong le ’nete ena ea Bibele. Re ka ’na ra fumana ho thusa ho iteka hore re tloaelane hamolemo le bao re ba hloileng, re loanela ho bona litšoaneleho tsa bona tse ntle. Ka ho hlakileng, ha ho motho ea ka etsang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me batho bohle ba na le liphoso. Kahoo, re seli hore re se ke ra phahamisa ka ho fetisisa mahlale a rōna, re ananela hore ho hongata ho ka finyelloa haeba, ho e na le hore e be motho a le mong feela ea fanang ka mahlale a hae le tsebo, e be ba bangata ba etsang joalo ho etsa mosebetsi o tšoanelehang.

Bibele e hlakisa hore re itšetlehile ka ba bang. A sebelisa ’mele oa motho e le mohlala oa seo e ka bang ’nete ka phutheho ea Bokreste, moapostola Pauluse o ngolile: “Efela ’mele hase setho se le seng, empa ke litho tse ngata. Hoja leoto le ka re: Ereka ha ke se letsoho, ha ke oa ’mele, na hase la ’mele leha ho le joalo na? ’Me tsebe leha e be e ka re: Ereka ha ke se leihlo, ha ke oa ’mele, na hase ea ’mele leha ho le joalo na? Hoja ’mele oohle e ka ba leihlo, kutlo e ka ba kae? Ha ’mele oohle e ka ba kutlo, kutlo ea nko e ka ba kae na? ’Me joale, Molimo o beile litho ’meleng, se seng le se seng sa tsona, kamoo o ratileng kateng.” (1 Ba-Kor. 12:14-18) Tumellanong le mantsoe ana, ke hantle ha re nahana ka seo re ka se etsang ho haha ba bang ho e-na le ho ba honohela ka mahlale a bona, boemo kapa seo ba se finyellang.

Ka bomong, ha ho letho leo re ka ithorisang ka lona. Ha rea ka ra inea matla a ho ntlafatsa lineo kapa matla a itseng ao re nang le oona. Mangolo a bea litaba ponong e loketseng, a re: “Hobane ke mang ea u khethang ho e mong? ’me u na le eng eo u sa kang ua e fuoa? ’Me ekare ha u e filoe, u ka ithorisa joang, joale ka hoja u sa ka ua e fuoa?” (1 Ba-Kor. 4:7) Ho feta moo, hoo e leng habohlokoa kannete hase mahlale a rōna empa ke hore na re batho ba mofuta ofe? Lineo tse khethehileng ke tsa bohlokoa bofe haeba ea nang le tsona a sa tsebe ho buisa batho hantle, e le moithati ea lehloeo? Kahoo, ho e-na le ho ineela boikutlong ba lehloeo ke hantle ha re latela khothatso ea Bibele ea ho phehella tsela ea lerato, re ipakahatsa re le batho bao ka boithatelo re arabelang ka cheseho ho se hlokoang ke batho ba bang. (1 Ba-Kor. 14:1) Ruri ke bothoto ho koetla mōna, kahoo re senya bophelo ba ’mele ea rona ’me re sitoa ho ba batho bao e ka bang mohloli oa khathollo le khothatso ho ba bang.

HO QOBA HO KHOPISOA KE LEEME

Ha ho bonolo ho mamella leeme kapa ho felloa ke matla ha ho bonahala batho ba bang ba hatelloa kapa ba tlatlapuoa ke batho ba senyehileng. Hona ho ka baka boikutlo bo senyang ba pherekano ba botho. Mona, le teng, se boleloang ke Bibele e ka ba thuso ho qoba pherekano ea ka hare e ka bang kotsi bophelong.

Mangolo a hlakisa hore re ka etsa ho honyenyane haholo. Lintho tse ngata li khopame lefatšeng hoo motho a ke keng a otlolla ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Bibele e hlakile haholo ha e re bolella hore: “Ho khopameng ho ke ke ha inamoloha, ’me se hlokehang se ke ke sa baloa.” (Moek. 1:15) Motho ea khopisoang ke leeme le ka ’nang la etsetsoa ba bang ha ho letho leo a ka le etsang ho fetola boemo kapa ho khoehlisa bothata bakeng sa mang kapa mang. Koana, haeba re ka ntšetsa pele tsela e molemo ea toka, hona e ka ba ho loketseng ka sebele. Ha re rate ho koala mahlo a rōna ka sehlōhō mahlomoleng a batho ba hlokang.

Leha ho le joalo, tabeng ea maemo a lokelang ho amoheloa le ho mamelloa, re ka tšelisoa ke tšepiso ea Bibele hore Jehova Molimo o tla otlolla litaba tsohle. Ka letsatsi le tlang la ho lokisa litaba, Mangolo a re bolella hore ’Molimo ka Kreste Jesu o tla ahlola liphiri tsa batho.’ (Ba-Roma 2:16) Kaha letsatsi la kahlolo le teng, ha ho leeme leo re ka oelang ho lona lefatšeng lena le ka fellang ka kotsi e sa feleng. Ha re e-na le tumelo hore ’Mōpi o tla otlolla tsohle, re iphokoletsa pherekano e ngata ea boikutlo ba botho e tebileng.

HO TŠOENYEHA KA TSA BOPHELO

Ho batho ba bangata, ho tšoenyeha ka hore na ba tla phela ka’ng ke moroalo o boima haholo. Moroalo ona o ka ba boima hoo o ka isang mathateng a tebileng a bophelo. Ntlheng ena, Bibele e fana ka keletso efe e thusang? Jesu Kreste o itse: “Le se ke la belaela ka ho re: Re tla ja’ng? kapa, re tla noa’ng? kapa, re tla ikapesa ka’ng? Hobane ntho tseo tsohle ke tse batloang ke bahedene; empa Ntat’a lōna ea maholimong o tseba hoba le hloka lintho tseo tsohle. Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa. Ka baka leo, le se ke la belaela tsa hosasane; hobane hosasane ho tla ipatlela se sa hona. Letsatsi ka leng le lekanoa ke tsietsi ea lona.”—Matt. 6:31-34.

Ka sebele, ho tšoenyeha leha e le hofe ha maikutlo kapa ho belaela ho ke ke ha re nolofaletsa bophelo. Letsatsi ka leng, kamoo Bibele e bolelang le “Lekanoa ke tsietsi ea lona,” mathata a lona. Letsatsi ka leng le na le mathata a lekaneng ntle ho ho tšoenyeha ka maima a ka hlahang hosesane. Jehova Molimo a ke ke a tlohella ba mo ratang ba utloe bohloko ntle ho lebaka kapa ntle ho morero, empa o tla arabela seo re kōpang ho thusoa ho sona. Ha re ntse re lumela ho Molimo hore ke Molokisetsi, ha re ntse re phetha karolo ea rōna ho fumaneng lintho tse hlokahallang bophelo ka mosebetsi o tšepahalang, re tla ba le seo re se hlokang. Phihlelo ea rōna e tla tšoana le ea Davida, ea ileng a ngola hore: “Nkile ka ba mocha, ’me joale ke tsofetse; empa ha ke e-so ho bone ea lokileng a tloheloa, leha e le litloholo tsa hae li sikila bohobe.”—Pes. 37:25.

LEBA BIBELENG

Ho sa tsotellehe hore na mohlomong u talimane le khatello ea mofuta ofe, ka Bibeleng ho teng boitsebiso bo ka u thusang. Ka baka leo hlahloba Mangolo, u fetola tataiso ea oona e phahameng haholo karolo e sebetsang ea letlotlo la hao la tsebo. Joale, ka ho sebelisa metheo ea Bibele bophelong ba hao ba tsatsi le leng le le leng, u ka tsoela pele u thabela letsoalo le letle ’me u ka hanela ho ineela boikutlong ba botho bo ka ntšang bophelo ba hao kotsi. Habohlokoa haholo, u tla be u tsamaea ka tsela e isang bokomosong bo sa feleng. “Ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Joh. 2:17.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela