Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 11/1 maq. 27-28
  • Lehlohonolo la Kopano ea Boena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lehlohonolo la Kopano ea Boena
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lelapa la Jehova le Thabela Bonngoe ba Bohlokoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho Kopana ka Kutloano
    Binelang Jehova Lithoriso
  • Ho Sebetsa Hammoho ka Kutloano
    Binelang Jehova Lithoriso
  • Na U Khatholla ba Bang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 11/1 maq. 27-28

Lehlohonolo la Kopano ea Boena

KOPANO ruri ke lehlohonolo. Ka boiteko bo kopaneng ba ba bangata, ho ka finyelloa ho hongata ho feta ho ka etsoang ke motho a le mong. Ha batho ba tsoella hantle hammoho, ba thaba haholo ke ho sebetsa hammoho.

Davida o ngolile tlas’a pululelo ka lehlohonolo la kopano ea boena. Kaha Baiseraele bohle e ne e le bana ba motho a le mong Jakobo, mantsoe a Davida a ho Pesaleme ea 133 a hlile a sebetsa ho sechaba kaofela. Kajeno Bakreste ba ineetseng ke litho tsa boena bo ka lefatše lohle ’me kahoo ba lokela ho loanela ho boloka kopano e lakatsehang e hlalositsoeng ke mopesaleme. “Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang! Ho joale ka oli e hlokoang, e tšeloang hlohong, e qhitsetsang litelung, litelung tsa Aarone, e qhitsetsang ho isa le mosehong oa seaparo sa hae. Ho joale ka phoka ea Hermone, e theohelang lithabaneng tsa Sione, hobane ke moo Jehova a laeletseng hlohonolofatso le bophelo ka ho sa feleng.”—Pes. 133:1-3.

Ha meloko eohle ea Iseraele e ne e tla Jerusalema bakeng sa mekete e meraro ea selemo, e ne e e-na le monyetla oa ho lula hammoho ka kopano. Le hoja ba e-tsoa melokong e sa tšoaneng, e ne e le lelapa le le leng la baena. Ho ba ha bona hammoho ho ne ho e-na le tšusumetso e hahang le e molemo. Phello ea ho lula hammoho hona ka kopano e ne e tšoana le oli e ntle ea tlolo, motsoako o khathollang o nang le monko o tšoarellang o monate. Oli e neng e qhatsetsoa hloohong ea Aarone e ne e qhitsetsa litelung tsa hae tse telele ’me e qhitse ho ea fihla molaleng oa seaparo sa hae. Ka mokhoa o tšoanang, phello e molemo ea hore Baiseraele ba be hammoho e ne e e-na le tšusumetso e laolang, e phallang ho ea fihla ho batho ba bokaneng. E ne e fella ka ho tlosa likhang le khethollo. Ho ne ho tšoana le ha oli e monate e tlositse ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Tlotla ea sena, koana, e ne e tla ea ho Jehova Molimo eo mahlohonolo ’ohle a phallang ho eena.

Ka ho tšoanang, ha kopano e joalo ea boena e kang e hlalosoang ke mopesaleme e le teng har’a Bakreste, ha ho be teng likomang, ho tšoaeana liphoso kapa lipelaelo tse sa feleng. Empa ho kopana ha bona hammoho ke ho molemo, ho hahang le ho putsang. Ba kopane tlamong ea lerato, ba amehile ka ho sebetsang e mong ka e mong ’me ba thabela ho ba hammoho. Kopano ea bona e ba tlisetsa thabo kapa nyakallo ka baka la ho khothatsa le ho hahana ho hlahang moo. Ho se utloisisane leha e le hofe kapa mathata li ka tlosoa ha bohle ka ho kopaneng ba atamela Jehova Molimo ka boikokobetso, ba batla tataiso ea hae, thuso le tšoarelo bakeng sa litlōlo tsa bona.

Ho lula ha Iseraele hammoho ka kopano e ne e boetse e le ho kang phoka Thabeng ea Hermone. Thaba eo, e phahame ka 2 700 m ka holim’a leoatle, e roetse lehloa hoo e ka bang selemo kaofela tlhorong ea eona. Tlhoro e lehloa ea Hermone e sebeletsa ho hoamisa meholi ea bosiu ’me ka tsela ena e hlahisa mongobo o mongata oa phoka o bolokang lijalo nakong ea komello e telele. Moea o batang o tsoang mokolokong oa Hermone le oona o ka jara meholi ho ea fihla ka boroa ho Thaba ea Sione, hore moo o eo hoama e le phoka. Kahoo ke ka nepo mopesaleme a buileng ka “phoka ea Hermone, e theohelang lithabaneng tsa Sione.” Taba e fana ka setšoantšo sa tšusumetso ea ntho e theohang, tšusumetso e khathollang, e tlatsetsang ho bolokoeng ha lijalo.

Kopano ea baena ba Bakreste ke e thabisang ka ho tšoanang. Le eona e na le matla a phelisang. Ho joalo hobane, ha ba bona lerato le teng pakeng tsa bahlanka ba ’nete ba Molimo kajeno, batho ba bangata ba qala ho ipotsa ka mohloli oa kopano ena. Ho batlisisa ha bona joale ho ba etse hore ba qale ho kena tseleng e isang bophelong.

Pele ho theoa phutheho ea Bokreste, Sione, kapa Jerusalema, e ne e le setsi sa borapeli ba ’nete. Kahoo, kaha sena e ne e le sebaka se khethiloeng ke Jehova Molimo, ke hona moo Ea Holimo-limo a neng a laetse hore tlhohonolofatso e be teng. Eena, Mohloli oa mahlohonolo ’ohle, o ne a lula ka boemeli sehalalelong se Jerusalema; ke ka hoo ho neng ho ka boleloa hore mahlohonolo a hlaha moo. Ka kutloisiso ena, bophelo bohle ba sechaba sa Iseraele bo ne bo tlamane le Jerusalema, kapa Sione.

Kaha borapeli ba ’nete ha bo sa itšetlehile ka sebaka leha e le sefe, lerato le har’a bahlanka ba Molimo le lokela ho totobala hohle. (Joh. 4:21, 23, 24) Lerato lena e hlile ke lona le khethollang barutuoa ba ’nete ba Jesu Kreste. Mora oa Molimo o itse: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Joh. 13:35) Ruri re lokela ho etsa ka matla ho bontša lerato lena e le hore kopano ea rōna le balumeli hammoho le rōna e ka tšoantšoa le monko o monate oa oli ea tlolo le phoka e khathollang ea Thaba ea Hermone.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela