Sebe na se sa Tsotelleha?
“RE LE sechaba, ka molao re khaolitse ‘ho etsa libe’ lilemong tse fetileng tse ka bang mashome a mabeli.” Ke kamoo ho hlalositseng Dr. Karl Menninger bukeng ea hae Whatever Became of Sin? A hlokomela hore lekhetlo la ho qetela leo ka lona mopresidente oa Amerika a kileng a bolela sebe e le kameho e khōlō ea bosechaba e bile khoeletsong ea 1953.
Linaheng tsa Bochabela, maikutlo a bang teng ka sebe ha hoa tloaeleha hore a be matla joaloka maikutlo a bang teng ka hlompheho, kapa hlompho ea lelapa. Empa linaheng tsa Bophirima ka nako e ’ngoe e kile ea nkoa e le ntho ea bohlokoa haholo. Ha motho a ne a qosoa ka ho etsa sebe, hona ho ne ho le kotsi haholo. Hona joale, ho bonahala lintho li fetohile. Ha batho ba re ba entse sebe, hangata ba ho bolela ba ntse ba bososela. Sebe ha e sa le ntho e tšosang. Na ke kamoo se lokelang ho talingoa?
Hantle-ntle sebe ke eng? ’Nete ke hore, ba bang le ho tsebisisa ha ba tsebisise. Pele, batho ba ne ba bua ka “libe tse bolaeang tse supileng”: boikhohomoso, meharo, takatso, bohale, bonyollo, mohono le botsoa. Kajeno, litšobotsi tsena li bonahala e le ntho feela. Boikhomoso bo khothalletsoa linthong tse kang boikhantšo ba bosechaba kapa bomorabe. Ho thata ho bona kamoo tsamaiso e sebelisang lintho linaheng tse ngata tse ruileng e ka tsoelang pele ho se meharo, mohono le bonyollo har’a batho. Bofebe, bosodoma le bohlola—mekhoa e sa tšoaneng ea takatso e se nang ho kholoa—lia mamelloa kapa lia khothalletsoa, le ke baeta-pele ba bang ba bolumeli. ’Me botsoa bo khothalletsoa ka matla ke lintho tse qaptjoang morao tjena tse kang thelevishene.
Maikutlo a Mang?
Ka linako tse ling batho ba re: ‘Ha feela u lumella letsoalo la hao hore le u tsamaise, u ke ke ua etsa sebe.’ Ke ’nete hore letsoalo ke thuso eo re e filoeng ke Molimo ho re thusa ho hlokomela se setle le se sebe. Hoja ha se ka letsoalo, tsamaiso ea batho e ka be e le khale e ne e oele pherekanong e fetisisang le bobataneng.—Ba-Roma 2:14, 15.
Empa letsoalo le ka lahla motho ka nako e ’ngoe. Ka mohlala, batho ba bangata ba hlokomela hore ho bolaea ke sebe. Leha ho le joalo ho bolaea ho ne ho behelletsoe ka thōko bakeng sa barapeli ba molimo oa mosali oa Mohindu Kali, hammoho le makhotla a bolumeli a Roma e K’hatholike a Mehleng e Bohareng. Jesu a hlokomelisa balateli ba hae hore: “Nako ea tla, eo e mong le e mong ea le bolaeang a tla hlōma eka o sebeletsa Molimo.” (Joh. 16:2) Le hona kajeno, masea a e-song ho tsoaloe a ka bang limillione tse 50 a bolaoa selemo le selemo ka ho ntšoa ha limpa, hangata e le ka tumello ea molao oa naha.
Ho phaella moo, ba bang ba hlalefile haholo hoo ba tsebang ho koba matsoalo a bona. Joalokaha ho ile ha boleloa tjena ke ramoloao e mong, matsoalo a bona a fetoha “bopakimotšoaeli” ba bona ho e-na le ho ba “tataisa.” Kahoo, ke ’nete hore ba bangata ba tla talima ho utsoa e le sebe, haholo ha e le chelete ea bona e utsoitsoeng. Empa bo bong ba mathata a maholo a tlōlo ea molao Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika ke tlōlo ea molao khoebong, ho akarelletsa ho utsoa lintho tse nyenyane, bolotsana ka li-insurance, limpho tsa qeko le likalimo tse etsoang ka lekunutu. Batho ba baloang ka limillione bao e leng batho feela ba ho etsa. Na matsoalo a bona a ba tšoenya? Ha ho bonahale eka ho joalo. Hobane’ng? Mohlomong hobane ha ba senolehe, kapa hobane “ho etsoa ke e mong le e mong.”
Kahoo, le hoja letsoalo le e-na le karolo eo le e phethang ho hlokomela hore na sebe ke eng, ho bonahala hore ho hlokahala hore le tataisoe. Empa tataiso e tsoa hokae? Hangata, ba ipolelang hore ke litsebi tabeng ena ba hanyetsana kapa ba ikhanyetse bona ka bobona.
Kerekeng ea Roma e K’hatholike, ka mohlala, ka nako e ’ngoe ho ne ho nkoa e le sebe ho ja nama ka Labohlano. Hona joale, ka bo-Labohlano ba bangata selemong, ha ho sa le joalo. Ba bangata baa ipotsa: ‘Phapang ke efe pakeng tsa nakong eo le hona joale?’
Eona phutheho ena ea bolumeli e ho nka e le sebe se tebileng ho sebelisa mekhoa ea “maiketsetso” ho lekanyetsa lelapa. Leha ho le joalo ba bangata, ho akarelletsa le oona Mak’hatholike, ba sheba ka letsoalo baahi ba lefatše ba ntseng ba penyana ’me joale ba nahana ka ho fapaneng. Ntle ho pelaelo ba lumellana le Dr. Karl Menninger tlhalosong ea hae: “Ho se tsotelle, boiphapanyo, ho hloka boikhalemelo tabeng ea ho etsoa ha bana, kapa ho hloka tsebo le ho iphapanyetsa liphello tseo ho li hlahisetsang lefatše ho ’na ho bonahala e le pontšo ea sebe se sebe ka ho fetisisa.” Hoo e leng sebe ke hofe—ho lekanyetsa kapa ho khothalletsa keketseho ea baahi?
Lintho tse joalo li ferekanya maikutlo a batho. Phuputso e tsoa etsoa ea Maroma K’hatholike Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika e fumane ‘ho sa hlaka hantle ho Mak’hatholike hore na sebe hantle-ntle ke eng.’ Ba bangata ba lumela hore ba ‘ferekane ka hore na sebe ke eng,’ ’me kahoo ‘ha ba tsebe hore na ba ka ipolela eng.’
Bahlalefi ba bang ba bile ba ipotsa hore na sebe se sa le teng. Ba ikhethela ho bua ka ‘ho kula’ ho e-na le “sebe.” Ka Jim Jones, mokhothalletsi oa ho ipolaea ho akaretsang ho sa tsoa etsahala ha balateli ba hae Guyana, setsebi sa thuto ea bolumeli se qotsitsoeng makasineng ea Time se hlalosa hore: “Ke lumela hore ho hlileng ho etsahalang ka batho ba kang Hitler le Jones empa e le feela ho se phele hantle kelellong. Karabelo ea taba, kamoo ’na ke bonang, ke qenehelo bakeng sa bohle ba amehang, e seng boitšoaro bo bobe.”
Na Se Hlile Sea Tsotelleha?
Ha e le mona maikutlo a fapana hakana, na sebe se sa tsotelleha? Haeba re tsotella ka malapa a rōna le bao re ahisaneng le bona, haeba re batla tšepo bakeng sa nako e tlang ’me re lakatsa ho phela bophelo bo thabileng le bo khotsofatsang hona joale, karabelo e tlameha ho ba “E.”
“Sebe” ka linako tse ling se hlalosoa e le “ho roba molao oa bolumeli kapa molao oa motheo oa boitšoaro.” Ho boleloa ha “molao oa bolumeli” ho re hopotsa ’nete ea hore, ha e le hantle, Motho feela ea ka re bolellang ka tokelo hore na sebe ke eng le hore na re ka se qoba joang ke Moqapi oa bolumeli ba ’nete, Jehova Molimo. O bōpile motho hore a phele ka melao e itseng ea boitšoaro. Ha re roba melao ea tlhaho—e kang melao ea tlhaho ea ho tsitsisa lintho fatše—phello e ka ba kotsi. Ka ho tšoanang, ha re roba melao ea Molimo ea boitšoaro—ke hore, ha re etsa sebe—phello e qetella e le kotsi ka ho tšoanang. Bibele ea re lemosa: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.”—Ba-Gal. 6:7.
Phello e kotsi ea sebe ho motho e senoloa ka mantsoe ana a Ezekiele 18:4: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” Phello ea sona e mpe ho lichaba ka kakaretso e bontšoa ho Liproverbia 14:34 e reng: “Ho loka ho holisa sechaba; empa bokhopo bo se apesa ka nyeliso.”
E, sebe sea tsotelleha. Molemong oa rōna, re hlokometse hore na ke eng, ’me re ka ithuta hore na re se qobe joang. Ho ka etsahala joang? A re boneng lihlohong tse latelang.