Litemoso Tse Lokelang ho Eloa Hloko
ENE E le selemo ka selemo sa 1902. Sohle se ne se ikela ka tloaelo sehleke-hlekeng se setle sa Caribbean sa Martinique. Kotulo ea tsoekere e ne e bonahala e tšepisa ho hong, ’me, motseng o tumileng haholo oa sehleke-hleke oa St. Pierre, mapolotiki a ne a tšoarehile letšolong la likhetho.
Empa joale, ho elella mafelong a Tlhakubele, ha etsahala phetoho eo ho neng ho bonahala hore e tla fifatsa pono. Thaba ea Pelée, e hole ka lik’hilomithara tse 8 ho tloha St. Pierre, ea qala ho chesa. Qalehong batho ba se ke ba e ela hloko haholo. Ka ’Mesa, leha ho le joalo, ha mosi, molora le maqhetsoana a mafika li qala ho nyibokoloha, hammoho le mosi o nkhang hampe, batho ba motse ba belaela. Ho ea qetellong ea ’Mesa mosali e mong a ngolla ngoan’abo linaheng tse Kopaneng tsa Amerika:
“Motse o koahetsoe ke molora. Monko oa sebabole o matla hoo lipere tse tseleng li emang li thimola. Batho ba bangata ba tlameha ho ikoahela ka lisakatuku tse metsi ho itšireletsa mosi o nkhang ka matla.”
Mathoasong a Motšeanong ho nyibokoloha ha eketsa matla ka ho qhoma ho hoholo. Les Colones, koranta ea St. Pierre, ea bolela hore “ho tšoloha ha molora ha ho mohla ho khaotsang . . . ho feta ha makoloi a lipere ha ho sa utloahala litseleng. Ho bupetsoa lerata la mabili.” Moahi oa St. Pierre a ngolla ngoan’abo Marseilles, France:
“Ke ngola tlas’a maikutlo a hlonameng haholo, le hoja ke tšepa hore ke feteletsa boemo. Monna oa ka oa tšeha; empa kea bona hore o tletse lipelaelo. . . . Mocheso oa bupetsa. Ha ho letho leo re ka le tlohelang re sa le koahela, kaha lerōle le kena hohle, le chesa lifahleho tsa rōna le mahlo. Lijalo kaofela li senyehile.”
Ho ne ho tlameha ho totobala hore kotsi ea ’nete e ke ke ea qojoa. Empa na litemoso tse tsoang thabeng ea Pelée li ile tsa eloa hloko?
BOITŠOARO BA BAETA-PELE BA MOTSE
Kaha kotulo ea ’moba e ne e le haufi, bahoebi ba St. Pierre ba tiisetsa batho hore ha ho kotsi ea letho. Mapolotiki, a amehile ka likhetho tse tlang, le oona a ne a sa batle ha batho ba baleha, kahoo ba bua ka ho tšoanang. Ha e le hantle, molaoli oa motse ea tsoang motseng o mong a tla St. Pierre ho kholisa batho hore ha ho lebaka la ho tšoha. Baeta-pele ba bolumeli, baruti ba K’hatholike, ba sebelisana le bahoebi le lihlopha tsa mapolotiki ho leka ho phehella batho ba bona hore sohle se lokile.
Oa qhoma molato. Pelenyana ho 8 mantsiboea, ka la 8 Motšeanong, thaba ea Pelée ea qhoma ka ho rora ho hoholo. Maru a matšo a chesang ka ho fetisisa a maholo a potlakela ka lebelo le makatsang tlase ho leba St. Pierre. Mongoli o re:
“Litopo tse likete tse ngata masuping kaofela tsa bolela taba e tšoanang, ea lefu la tšohanyetso ha sefefo se lebelo se tsoang thabeng ea Pelée se fihla ho bona. Ha hoa ba nako ea ho leka ho baleha, kapa hona ho loana; ba makholo ba ichoella habonolo feela moo ba neng ba tsamaea. Moea o chesang oa phetha mosebetsi oa oona ka potlako, o felisa bophelo ba ba likete ka nako ea metsotso e ’meli kapa e meraro.”
Hoo e ka bang mang le mang St. Pierre a shoa—batho ba ka bang 30 000 kapa ho feta. Ha pholoha batho ba bararo feela, ’me ba babeli ho bona ba phakisa ba bolaoa ke likotsi tsa bona. Motho a le mong ea ileng a fola likotsing tsa hae ’me a phela ea e-ba motšoaruoa e monyenyane. O ne a kentsoe ntlong e ka tlase ea teronko moo a ileng a fumanoa kamor’a matsatsi ho qhomme.
Ho tla fihlela kajeno masupi a mangata, ho akarelletsa mokoti o ka tlase, St. Pierre, e le bopaki ba tlokotsi ena. Hape, letlapa le ngotsoeng le bolela ka makholo a timetseng Kerekeng ea K’hatholike ha a ile ’miseng.
Tlhalohanyo feela e ne e laela ho tloha St. Pierre ha moea o senyeha hoo ho phefumoloha ho thatafalang. ’Me hoja bahoebi, mapolotiki le baruti ba ile ba ameha haholo ka bophelo ba batho ba bona ho feta molemo o ba tlelang ka potlako, ho e-na le ho leka ho phehella batho hore ba lule, ba ka be ba balehile le bona. Ho ka be ho pholositse bophelo ba bona.
LITEMOSO KAJENO
Haufinyane ho ’nile ha phatlalatsoa hohle timetso e khōloanyane. Ke litemoso life tseo re buang ka tsona? E seng tsa thaba ea St. Helens, ea Sebaka sa Washington, U.S.A., mathoasong a selemo se fetileng. Moahi e mong oa moo a ngola: “Thaba ea ’na ea bululoha ka matla a maholo, joalokaha eka e re lemosa hore re itokisetse ho qhoma ha sebele.” Bahlanka ba ’muso ba Naha le ba sebaka ba phaella ka mantsoe a bona, hape ba bolela ka kotsi e khōlō ho ba sebakeng sa thaba e nyibokolohang.
Empa hase litemoso tsa timetso e lebelletsoeng ea sebaka se le seng tseo re li hopotseng. Ho e-na le hoo, ke litemoso tseo hajoale li phatlalatsoang lefatšeng ka bophara, tsa timetso e ke keng ea qojoa ea lefatše—Harmagedone—tseo re buang ka tsona. A bolela timetso ena pele ho nako, Jesu Kreste o itse: “Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.” (Matt. 24:21) Ho theiloe tlhalosong ea Jesu, ‘mahlomola a maholo’ ana a tla senya haholoanyane bophelo ba batho ho feta litlokotsi tsa pale ea motho li bokelletsoe hammoho.
“Ho ke ke ha etsahala!” Ke kamoo u bolelang? Leha ho le joalo, Jesu Kreste, moprofeta oa Molimo, ha ho mohla a kileng a fosa. ‘Ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle,’ eo ka tloaelo e bitsoang Harmagedone, ruri e tla tla. (Tšen. 16:14-16) E tla ba karolo e qetellang ea ‘mahlomola a maholo.’ Na joale hase ho utloahalang, ho nahana ka temoso tsa hore Harmagedone e haufi, nakong ea bophelo ba batho ba bangata ba phelang hona joale?
HARMAGEDONE—NENG?
Ka ‘mahlomola a maholo,’ ho akarelletsa Harmagedone, Jesu a bua tjena hape boprofeteng ba hae ba bohlokoa: “Joale ka ha ho bile mehleng ea Noe, le ho tleng ha Mor’a motho ho tla ba joalo. Hobane joale ka mehleng e bileng teng pele ho moroallo oa metsi, ha batho ba ne ba e-ja, ba e-noa, ba nyala, ba nyalisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Noe a keneng arekeng ka lona; ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona: ho tla ba joalo le ho tleng ha Mor’a motho.”—Matt. 24:37-39.
Kahoo Jesu a hlakisa hore timetso e tlang ea lefatše—e neng e tla feta le Moroallo ka boholo—e amana le boteng ba hae. Ke nakong ea ha ‘a tla ka khanya ’me a lula teroneng ea hae e khanyang’ ho busa e le morena. (Matt. 25:31) Na re na le tsela leha e le efe ea ho tseba nako ea Harmagedone?
E, ho joalo. Barutuoa ba Jesu ba ne ba thahasella litaba tsena. Potso e qalisitseng puo ea Jesu eo ho eona a buileng ka ‘mahlomola a maholo’ ke ena: “Lintho tsee li tla etsahala neng? Pontšo e tla ba efe ea ho tla ha hao le ea ho fela ha mehla.” (Matt. 24:3) Ruri re tlameha ho thahasella haholo ho khetholla “pontšo” eo Jesu a faneng ka eona.
U ka itlhahlobela “pontšo” eo e le uena. E tlalehiloe ho Mattheu likhaolo 24 le 25, Mareka khaolo ea 13 le Luka khaolo ea 21. Moo u tla fumana hore Jesu o itse boteng ba hae le bohaufi ba ‘mahlomola a maholo’ li tla tšoauoa ka likhathatso tse khōlō lefatšeng. Ho tla ba le lintoa, ho akarelletsa lichaba tse tsohelanang matla, litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, litlala, mafu a seoa, hammoho le bonokoane bo ntseng bo phahama hoo lerato la ba bangata le tla tapa. Hape, Jesu o hlile a bolela hore balateli ba hae ba tla hlorisoa, empa ‘litaba tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona . . . joale e be hona bofelo [ho akarelletsa Harmagedone] bo tla tla.’
Boprofeteng bo bong, moapostola Pauluse a bululelloa ho ngola: “Mehleng ea bofelo ho tla ba le linako tsa bothata. Batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, baithorisi, baikhantši, banyefoli, ba sa utloeng batsoali, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng. E tla ba batho ba se nang lerato, ba hanang ho boelanngoa le ba bang, ba buang batho hampe, ba hlokang boitšoaro, ba hlaha, ba hloileng tsohle tse lokileng, mahlabaphieo, ba sōrō, baikhōhōmōsi. Ba tla rata menate ea lefatše, ho e-na le Molimo; ba tla bonahala eka ba na le bolumeli, athe ba lahlile matla a bolumeli.”—2 Tim. 3:1-5, phet. e ncha.
Na u ka re boprofeta ba Jesu Kreste le moapostola Pauluse ka ‘mehla ea bofelo’ boa phethahala hona joale? Lipaki tsa Jehova tse fetang limillione tse peli li lumela hore ho joalo, ’me ke ka baka leo Lipaki tsa Jehova li leng hohle ho utloahatsa temoso ea hore Harmagedone e haufi. Li mema batho ho hlahloba bopaki ho lekanyetsa ka bobona hore na ho hlile litemoso tsena li na le motheo.
NA LI KA ELOA HLOKO?
Ka ho totobetseng, litemoso tse ling ha li na motheo, ’me ke bothoto ho li ela hloko. Empa ’nete ea hore ba bangata—ho akarelletsa litho tse tsebisahalang tsa motse—lia soma kapa li nyenyefatsa litemoso ha se motheo o lekaneng oa ho hlokomoloha litemoso. Hopola boemo ba thaba ea Pelée. Ka la 5 Motšeanong, matsatsi a mararo pele e qhoma haholo, seretse se nyibokolohang se chesang sa phalla ka matla ’me sa bolaea batho ba mashome tseleng ea sona. Batho ba bangata ba nka hona e le temoso e loketseng hore ba balehe, kamoo Peter Francis a ngolang kateng bukeng ea hae ea haufi tjena Volcanoes:
“Ba bangata ba leka ho tloha St. Pierre, ba leba Fort-de-France, Martinique motse oa teng o moholo oa bobeli. Baholo ba St. Pierre, leha ho le joalo, ba se ke ba khahloa ke ho tloha ha batho ba bangata haholo. Ntle ho bothata ba ho sebetsana le bongata bo balehang bo tšohileng, hape ho ne ho talimanoe le likhetho ka la 10 Motšeanong, ’me mekha ea lipolotiki e motseng e ne e chesehela hore ho se be letho le khathatsanang le tsona, kahoo ha etsoa boiteko bo boholo ho fokolisa kotsi e ka ’nang ea hlaha. ‘Moifo oa bahlalefi’ o entsoeng ka ba bang ba batho ba rutehileng haholo ba sehlekehleke oa theoa, ’me oa hlahisa litlaleho tse reretsoeng ho khutsisa matsoalo.”
Ba atleha, ka tekanyo eitseng, ho etsa sena. Batho ba lula, ’me ba timela kaofela, ntle ho a le mong!
Kajeno boprofeta ba Bibele ka ‘mehla ea bofelo’ boa phethahala. Litšobotsi tsohle tsa “pontso” e entsoeng ka lintho tse ngata e fanoeng ke Jesu e-ea bonahala. E, seo Kreste le baapostola ba hlileng ba bolela hore se tla etsahala pele ho ‘mahlomola a maholo’ sea etsahala hona joale. Bopaki bo bongata haholo. Joalokaha Jesu a hlile a bolela, ‘lefatšeng lichaba li tsielehile, ha li tsebe moo li tsoang le teng.’ Hape, ‘batho ba neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tlang lefatšeng.’—Luka 21:25, 26.
Ho bontša phethahatso ea lintho tsena ke litlhaloso tsa mohlophisi oa Miami Herald, Jim Hampton. Le hoja a sa talime Harmagedone ho hang ka maikutlo a Bibele, o ile a ngola ka la 4 Motšeanong, 1980:
“Na u utloa ho hōla botebong ho uena matsatsing aa, lefito le kang le hōlang ka ho ’na? Lefito le makatsang le u falimehisang bosiu bohle le u bolellang hore ho na le ntho e ’ngoe e fosahetseng haholo naheng ea heno, lefatšeng kaofela? Lefito le u thothometsang ka linako tse ling hobane u sa tsoa hlakeloa hore Harmagedone hase tšomo feela eo u balang ka eona ka Bibeleng, ke ntho ea sebele? Le hore ka lekhetlo la pele bophelong ba hao mollo o haufi le moea o kapang mollo hoo Harmagedone e tla fela e etsahale?
“Ke na le lefito leo. ’Me ha ke lihlong ho ho lumela, hobane ke botsitse metsoalle ea ka e mengata hore na le eona e na le lona, ’me ha ho lea mong ea le hlokang.”
Ho teng ba tla soma mohopolo oa hore Molimo o tla felisa bokhopo. Ba bang ba nyenyefatsa bopaki ba hore boprofeta ba Bibele boa phethahala. Empa Bibele e hlile ea bolela boemo bona, e re: “Mehleng ea morao, ho tla hlaha basomi ba tla tsamaea ka litakatso tsa bona, ba soma, ba re: E kae pallo ea ho tla ha hae? Hobane, ha e sa le ho e-shoa bo-ntate moholo, ntho tsohle li sa ntse li tiile, li sa le joale ka qalong, ha li hloloa.”—2 Pet. 3:3, 4.
Empa basomi ba joalo ba fositse. ’Nete ke hore, lintho li fetohile. Boprofeta ba Bibele boa phethahala. Bopaki bo hlakile joalo feela hore Harmagedone e haufi joalokaha ho ile ha hlaka mathoasong a selemo se fetileng hore thaba ea St. Helens e tla nyibokolla seretse. Leha ho le joalo ba bangata ba hana ho ela hloko litemoso tsa ho tloha sebakeng se kotsi. Ba lefa ka bophelo ba bona. Mosali e mong eo ho ileng ha buisanoa le eena thelevisheneng a hlalosa khanyetso ea hae ea lithibelo tsa ho tsamaea hole le sebaka seo. Kamor’a ho nyibokoloha a hlaha thelevisheneng hape ho leboha ka boikokobetso lithibelo tseo, tseo a itseng li bolokile bophelo ba hae.
MOO TŠIRELETSO E TLA FUMANOA
Ha u talimane le ho nyiboloha ha seretse se chesang, ho totobetse hore na u ka balehela kae—hole le sebaka seo. Ho makatsang, ‘sebaka sa lefu’ ho tloha ho nyibokoloheng ha St. Helens ho tlalehiloe e le sebaka sa lik’hilomithara tse 380 ka mahlakore ’ohle. Lifate li ne li rapaletse sebaka sa lik’hilomithara tse 23 ka mahlakoreng a mararo, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e chele limaele tse ngata ho tloha moo! Empa tšireletso e ka fumanoa hokae “mahlomoleng a maholo” a haufi haholo?
Ha e sebakeng se itseng sa lefatše. Joaloka Moroallong, Jehova Molimo o tla ba le mokhoa oa ho timetsa ba khopo leha ba ka leka ho ipata kae kapa kae. Ka matla oona ao, o tla tseba ho boloka leha e le bafe bao a ba khethang, ho sa tsotellehe hore na ba phela hokae. Senotlolo sa tšireletso se fanoa ke moapostola Johanne, ha a re: “Lefatše [la banyefoli] lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Joh. 2:17.
Sebaka feela sa tšireletso ke kamanong e loketseng ea motho le Jehova, se ka thabeloang feela ka ho etsa thato ea hae. Empa pele re ka etsa thato ea Jehova, re tlameha ho ithuta hore na o hloka’ng ho rōna. Hoo ho akarelletsa ho ithuta Lentsoe la hae, Bibele, joale le ho e sebelisa bophelong ba rōna. Na u rata ho etsa see? Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa. Ka mekhoa eohle, se ka lahla litemoso tse theiloeng Bibeleng tse bolelang ka ho atamela ha Harmagedone. Tsena ke litemoso tse hlokang tlhahlobo e hlokolosi—’me li eloe hloko.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Ba makholo, ba hanne ho utloa litemoso, ba balehela kerekeng ’me ba timela