Na re Hloka Thuso ho Utloisisa Bibele?
KA ’MESA ngohola ofisi ea lekala ea Watch Tower Society ea Brazil e ile ea fumana lengolo le latelang:
“Ke le ngolla ka boikokobetso ho le tsebisa hore ke motho ea tlase ea ngolang likoranta, ea etsang libaesekopo, le ea nkang litšoantšo, . . . ’me ke entse sohle seo ke batlang ho se etsa. Empa ho etsahetse hore ke haelloe ke ntho e khōlō: Tumelo ho Molimo. E se e le lilemo tse peli joale ke bala libuka tsa Watch Tower Bible and Tract Society, ’me ke rata thuto ea ‘Lipaki tsa Jehova,’ ’me ke rata ho ba e mong oa tsona, ’me ke etsetse batho ntho e ’ngoe e molemo. Ke khathetse ke ho ngola litaba tsa libaesekopo, lipale le litaba tse bileng li khothalletsang botekatse, ho bolaea, ho sebelisa lithethefatsi, phutuhelano, le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe e hatisoang ke likoranta ka pele, le e baloang ka cheseho e khōlō ke batho ba baholo le bana. Ke tlameha ho fetoha. Ke sa na le nako ea hore ke sebelise monahano oo Molimo o mphileng oona molemong oa banab’eso.
Ka lebaka lena, ke lakatsa ho le kōpa ka tieo ho ntsebisa hore na nka etsa joang ho qala thutong ea ‘Lipaki tsa Jehova.’
“Ka hlompho, ’me ke emetse karabo ea lōna e mosa.”
Na ho ne ho ka lekana ho bolella monna enoa ka bonolo feela hore a bale Bibele le ba bang ba ka ratang ho etsa joalo? Ho bonahala hore o ne a ntse a bala Bibele. Empa ho totobetse ho eena hore o batla thuso e fetang eo.
O ne a tšoana le monna oa Ethiopia ea boleloang Molaetseng o ngoliloeng ke Luka ho Liketso, khaolo ea 8. Moethiopia enoa, ha a palame koloi ea hae, o ne a bala ka lentsoe le phahamileng boprofeta ba Esaia. Ka tšusumetso ea moea o halalelang oa Molimo, ’moleli oa evangeli Filipi a atamela koloi eo. Ha a utloa monna a bala ho seo kajeno e leng karolo ea Esaia khaolo ea 53, Filipi a botsa: “Na u utloisisa seo u se balang na?” Moethiopia a arabela: “Nka utloisisa joang ha e mong a sa nkenye tseleng?”—Lik. 8:30, 31.
E, ka boeena Moethiopia o ne a ke ke a tseba ea boleloang ke Esaia ha a ngola: “O huletsoe hlabong joale ka nku, hape o na le joale ka konyana e semumu pel’a mokuti oa eona, ’me ha a ka a ahlamisa molomo oa hae.” Kahoo Filipi a hlalosa hore boprofeta bona bo phethahetse ho Jesu Kreste. Monna eo a amohela bopaki ’me a kōpa hore a kolobetsoe ha ho hlaha monyetla oa pele.—Lik. 8:32-38.
BOHLOKOA BA TLHALOSETSO
Bohlokoa bona bona ba tataiso bo bontšoa tlalehong e buang ka barutuoa ba babeli ba Jesu. Banna bana ba ne ba le tseleng e lebang Emmause, ka letsatsi la boraro Jesu a shoele. Ba ne ba tloaelane le Mangolo a Seheberu, empa ba ntse ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a tlameha ho utloa bohloko le ho shoa. Ha Jesu ea tsositsoeng a teana le bona, ha baa ka ba mo lemoha, kaha Jesu ho totobetse hore o ne a le ka sebopeho se fapaneng. Jesu a etsa joang ho thusa barutuoa bana ba lifahleho li saretsoeng?
Tlaleho ea Bibele e re: “Eaba o qala ka Moshe, a isa ho baprofeta bohle, a ntse a ba hlalosetsa Mangolong ’ohle tseo a boletsoeng ka tsona.” Ka phello efe? Hoba Jesu a itsebahatse, ’me a ba nyamelle, ba re: “Ana lipelo tsa rōna li ne li sa chese ka hare ho rōna, ha a ntse a bua le rōna tseleng, a re hlalosetsa Mangolo na?”—Luka 24:27, 32.
Hamoraonyana hona mohlang oo barutuoa bana ba babeli ba kopana le baapostola ba 11 phaposing ea Jerusalema ’me ba ba bolella phihlelo ea bona. Ha ba sa ntsane ba bua ka lintho tsena, Jesu a hlaha har’a bona ka tšohanyetso. Na Jesu o ile a ba bea leseling ka ho eketsehileng? E, hobane o hlalositse: “Ke tsona litaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lōna, ka re: Tsohle tseo ke ngoliloeng ka tsona molaong oa Moshe le baprofeteng le lipesalemeng, e ka khona li etsahale.” ’Me Luka a phaella a re: “Ea e-ba hona a bulang kutloisiso ea bona, hore ba utloisise Mangolo.”—Luka 24:44, 45.
Boemo ba Apollose, ea “tsebang mangolo haholo,” le bona bo bontša bohlokoa ba tataiso e tsoang mohloling o nepahetseng. Apollose e ne e le ’moleli ea matla le ea kholisang ka hore Jesu ke Messia. Empa leha ho le joalo ho ne ho hlokahala hore banyalani ba neng ba tloaelane haholo le moapostola Pauluse, ba mo tataise ka Mangolo. Ha banyalani bana ba Bakreste ba utloa Apollose a bolela, ba bona hore ho hlokahala hore a hlakisoe lithutong tse ling. Tabeng e ’ngoe, o ne a tseba feela ka kolobetso ea Johanne Mokolobetsi.—Lik. 18:24-26.
MOCHA OA BATHO
Ka liphihlelo tse joalo ho ka bonoa hore Jehova Molimo o entse hore Bibele e ngoloe ka tsela eo ho hlokahalang hore motho a kopane le mocha oa Hae oa batho pele a ka e utloisisa ka botlalo le ka nepo. Ke ’nete, re hloka thuso ea moea o halalelang oa Molimo, empa thuso ea oona e boetse e re tlela haholo-holo ka ho kopanela le mocha oo Jehova Molimo a bonang ho loketse ho o sebelisa.—1 Ba-Kor. 2:6-10.
E bontša hore Molimo o tla ba le phutheho e hlophisitsoeng e neng e tla fana ka taeo, Bibele e re: “’Me e sa le eena ea beileng ba bang baapostola, ba bang baprofeta, ba bang baboleli ba evangeli, ba bang balisa le baruti, ho phethisisa bahalaleli, ho etsa tšebetso ea bolisa, ho hahisa ’mele oa Kreste; re tle re be re finyelle bohle bonngoeng ba tumelo le ba tsebo ea Mora oa Molimo, re be re fihlele boholo ba monna ea phethehileng, le tekano ea boemo bo phethehileng ba Kreste; hore re se hlole re e-ba bana.”—Ba-Ef. 4:11-14.
Lekholong la pele la lilemo tokisetso e joalo ea phutheho ke eona eo ho neng ho lebelletsoe tataiso ho eona. Hona ka mohlala, ho hlokomeloa nakong ea ha potso e hlaha ea hore na basokolohi ba Balichaba ba lokela ho bolla kapa che. Ka lekhetlo leo, na moapostola Pauluse o ile a bua ntho e kang ee: ‘Bonang mona, ’na Jesu Kreste o iponahalitse ho ’na ka boeena, o entse hore ke bone lintho tse phahametseng tlhaho, o mphile neo ea ho profeta le pululelo ’me o ’nolofalelitse ho etsa mesebetsi e matla; e reng ke le bolelle hore na eng ke eng ka potso ena ea lebollo’? Le hanyenyane!
Moapostola Pauluse le bao a tsamaeang le bona ba nyolohela Jerusalema ho ea bonana le sehlopha se busang sa phutheho, se entsoeng ka baapostola le banna ba hōlileng. ’Me ea ileng a bolela qeto ka lebollo e ne e se moapostola Pauluse empa Jakobo, ngoan’abo Jesu, eo, ka nako eo, ho bonahalang hore e ne e le molebeli ea okamelang oa phutheho ea Jerusalema. Kamorao ho moo, Pauluse, Silase le ba bang ba isa liqeto tsena ho baena.—Lik. 15:1-35.
Maeto a Pauluse a boromuoa oona ho thoe’ng ka oona? Na o ile a itšebeletsa ka bolokolohi ho kabelo ea Jehova ho eena e le moapostola sehlopheng se itseng? Che, empa ka boikokobetso a amohela kabelo ea hae, ’me hona ha hlokomeleha ho “litšia” tsa sehlopha se busang se Jerusalema, joalokaha Ba-Galata 2:9 e re: “Eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neiloeng, ba re nea matsoho a bolekane, ’na le Barnabase, hore rōna re ikele ho ba-lichaba, ’me bona ba ee ho ba lebollo.”—Lik. 9:15; 13:1-4; 22:17-21.
Hamorao, ha Pauluse a fihla Jerusalema ka lekhetlo la ho qetela, Bajode ba moo ba ne ba fumane litlaleho tse thetsang ka eena. Kahoo “baholo” ba Jerusalema ba eletsa Pauluse hore na a etse joang ka boiteko ba ho khutsisa litlaleho tsena. ’Me Pauluse a hla a amohela tataiso ea bona.—Lik. 21:17-36.
Ho re thusa ho utloisisa Lentsoe la Molimo ‘mehleng ena ea qetello,’ Jehova Molimo o lokiselitse ka lerato phutheho e bonahalang tlas’a Kreste—“mohlanka ea khabane, ea bohlale.” Tsela eo ka eona Jehova Molimo a atlehisitseng liketso tse entsoeng tlas’a tsamaiso ea hae ha li siee khoao ea letho likelellong tsa Bakreste ba ineetseng ka hore na Jehova Molimo o mo amohetse.—Matt. 24:45-47.
KHOPOLO E KHABANE
Re ka talima lijo tsa moea tse lokisetsoang ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale” enoa joang? Na li ka talingoa ka nyatso—‘Oh, e ka ’na eaba ke ’nete empa hape mohlomong ha ho joalo ’me kahoo re lokela ho li shebisisa ka nyatso e khōlō’? Ba bang mohlomong ba ’nile ba ikutloa ka tsela eo ka tsona. Ho tšehetsa monahano oa bona ba qotsa Liketso 17:11, e reng batho ba neng ba sa tsoa thahasella ba Berea: “Bao ba fetisa ba Thessalonika ka bokhabane, ba amohela lentsoe ka cheseho e kholo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi ’ohle, ho tseba hore na litaba tseo li joalo ruri na?”
Empa na hoo ho bolela hore batho bana ba Berea ba ne ba batla likoli molaetseng oo ba o utloang, kapa hore boikutlo ba bona e ne e le ba pelaelo? Na hona ho bea mohlala bakeng sa ho nka ka lekhonono libuka tse etsoang ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” ka maikutlo a ho fumana phoso? E seng joalo ho hang!
Pele ho tsohle, a re hlokomeleng mokhoa oo polelo ea ba Berea ba bohlale e beiloeng ka eona. Pauluse, a na le Silase, o ne a le leetong la hae la bobeli la boromuoa. Ka baka la mahloriso a ileng a hlaha, baena ba Thessalonika ba ba rōmela Berea. Berea ba kopana le Bajode ba tiileng ba neng ba lumela Lentsoe la Molimo ka matla. Bana e ne e-so ho be Bakreste. Ba ne ba thahasella feela ho ikhotsofatsa hore seo Pauluse a ba bolellang sona se tšehetsoa ke Mangolo a Seheberu.
Ho tla fihlela nakong ena, Bajode bana ba ineetseng ba Berea mohlomong ba ne ba e-so ho utloe ka Jesu Kreste. Seo Pauluse a neng a ba bolella sona se ne se le secha ho hang. Kahoo Bajode bao ba khabane ba Berea ba batlisisa ka Mangolong tsatsi le leng le le leng ho tiisa hore litšupiso tsa Pauluse e ne e fela e le karolo ea Lentsoe la Molimo. Hona ba ne ba phehelletse boithuto ba bona ka kelello efe? Ka boikutlo bo lekhonono, ba leka ho paka hore Pauluse o fositse? Che, ba ne ba fapane ho hang le banyatsi ba Pauluse Leralleng la Mars, hobane re bala hore ba ile ba mamela bopaki ba Pauluse ka “cheseho e kholo.”—Lik. 17:11, 32.
Baberea bana ba mamela ka bolokolohi bo boholo, e, ka cheseho, ho lumela. Hase feela hore likelello tsa bona li ne li le batsi, empa ba ne ba batla hore ‘litaba tsena tse molemo’ li pakoe hore ke ’nete. Ha e le hantle, hore motho a fumane tumelo o tlameha a ‘rate ho lumela.’ Haeba a sa ikemisetsa ho lumela, ha ho bopaki leha bo ka ba bokae bo ka mo kholisang; hobane ha motho a batla mabaka a ho ikemela o tla a fumana ka mehla hore a se ke a amohela boikarabelo boo a tla bo jarisoa ke ho lumela: Joalokaha ka nepo moapostola Pauluse a itse: “Tumelo hase ea bohle.” (2 Ba-Thess 3:2) Empa ba Berea ba ne ba rata ho lumela: Ba nahana seo ba se utloang ka kelello e amohelang. Ka baka leo, ‘Ba bangata har’a bona ba lumela, le basali ba hlomphuoang ba ba-Gerike, le banna ba bangatanyana.’—Lik. 17:12.
Barutuoa ba Jesu ba ngolla liphutheho tsa Bokreste mangolo a mangata, le batho ba neng ba se ba le ‘tseleng ea ’nete.’ (2 Pet. 2:2) Empa ha ho kae kapa kae moo re balang hore baena bao ba ile ba qala ka maikutlo a lekhonono ho hlahloba Mangolo ho tiisa hore mangolo ao a tšehetsoa ke Mangolo, hore bangoli ba ne ba hlile ba tseba seo ba ngolang ka sona.
MAIKUTLO A RŌNA KA “MOHLANKA”
Re ka rua molemo ka monahano ona. Hang feela ha re tiisitse hore na ke kofuto efe e sebelisoang ke Molimo e le “mohlanka” oa hae ho aba lijo tsa moea ho batho ba oona, ruri Jehova ha a khahlisoe ke hore re amohele lijo tsena joalokaha eka li na le chefu. Re lokela ho tšepa mocha o sebelisoang ke Molimo. Ntlo-kholo ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn eo libuka tsa Lipaki tsa Jehova li tsoang ho eona ho na le Bakreste ba bangata haholo ba hōlileng tsebong ba baholo, ba “masala” le ba “linku tse ling,” ho feta kae kapa kae lefatšeng.
Ke ’nete, baena ba lokisang libuka tsena baa fosa. Seo ba se ngolang ha sea bululeloa joaloka ka se ngotsoeng ke Pauluse le bangoli ba bang ba Bibele. (2 Tim. 3:16) ’Me kahoo ka linako tse ling, ho ’nile ha hlokahala hore ho lokisoe maikutlo ha kutloisiso e hlaka haholoanyane. (Liprov. 4:18) leha ho le joalo, hona ho felletse ka ho hloekisoa ho tsoelang pele ha ’nete e theiloeng Bibeleng e fumanoang ke Lipaki tsa Jehova. Ho theosa le lilemo, ha litokiso li ntse li etsoa ka sehlopha seo sa ’nete, e ’nile ea e-ba ho hlollang haholo le ho sebetsang bophelong ba rōna ‘mehleng ena ea qetello.’ Bahlalosi ba Bibele ba Bojakane le bona ha baa bululeloa. Ho sa tsotellehe ho ipolela ha bona hore ba na le tsebo e khōlō, ba sitiloe le ho phahamisa linnete tse ka sehloohong tsa Bibele—tse kang ho tla ha Paradeise lefatšeng, bohlokoa ba lebitso la Molimo, le boemo ba bafu.
Ho e-na le hoo, tlaleho eo phutheho ea “mohlanka ea khabane ea bohlale” e e entseng ka lilemo tse fetileng tse fetang 100 e re qobella ho tla qetong e boletsoeng ke Petrose ha Jesu a botsa hore na baapostola ba hae le bona ba batla ho mo tlohela, e leng, “Re ka ea ho mang?” (Joh. 6:66-69) Ha ho pelaelo. Bohle re hloka thuso ea ho utloisisa Bibele, ’me re ke ke ra tataisoa ke Mangolo kamoo re hlokang ka ntle ho phutheho ea “mohlanka ea khabane, ea bohlale.”