Iketsetse Botumo ba Hao bo Botle Hona Joale!
“Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nqalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.”—Moek. 9:10.
1. Ke ka nako efe re tlamehang ho iketsetsa botumo bo botle ho Molimo?
HO JOANG haeba ba bang ba re, ‘Ho thoe’ng haeba bofelo bo sa tle bophelong ba ka? Ho theosa le makholo a lilemo batho ba ’nile ba nahana hore bofelo bo tla tla bophelong ba bona ’me ha hoa ba joalo’? Re sa hane ’nete ea hore litebello tsa bona ha lia ka tsa phethahala, bophelong ba bangata ba bona e ne e ntse e le nako ea hore ba iketsetse botumo bo botle ho Molimo, ka ho lumela ho Mora oa Molimo, hore ba ka fumana tsoho e isang bophelong bo sa feleng “ka letsatsi la bofelo.” (Joh. 6:40; 11:24) Khale pele ho mehla ena ea ho qetela ea hona joale moapostola Pauluse o ne a ka re: “Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka oa ho loka.” Ka nako efe kapa efe eo motho a phelang ka eona, ke nako ea ho iketsetsa botumo bo botle, le haeba bofelo ba lefatše bo haufi kapa che.—2 Tim. 4:8; Ba-Heb. 11:4-38.
2. (a) Na ho na le ho hong, linthong tse bonahalang kapa ka tsela e ’ngoe, eo motho a ka e nkang ha a shoa? (b) Ke temoso efe e loketseng moo?
2 “Joale ka ha a na a tsoile mpeng ea ’m’ae, o tla ikhutlela a le feela, a ikele joale ka ha a tlile; o tla ea a sa nke letho mokhathaleng oa hae, leo a ka eang le lona a le fuparetse ka letsoho.” (Moek. 5:15) Linthong tse bonahalang, ha ho letho leo motho ea shoeleng ‘a ka le nkang ka letsoho la hae ho tsamaea le lona.’ Leha ho le joalo, a ka nka ntho e le ’ngoe ea molemo o sa feleng eo bophelo bona bo leng molemo ho eona—botumo bo botle ho Molimo. Ha e mong le e mong ho rōna a phela, eo ke nako ea hore a iketsetse lebitso le letle ho Molimo. Re sebelise nako eo! Re e lopolle! Re e reke! “Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nqalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo kapa bohlale.” Haholo hona joale, qetellong ea tsamaiso ena ea lintho, ha ba bangata ba phelang hona joale ba ke ke ba bona ho shoa, ke nako ea hore re etse se matleng a rōna ka matsoho a rōna tšebetsong ea Bokreste.—Moek. 9:10.
3. Ke tsebo efe e nepahetseng ea bohlokoa, ’me e ka phetha eng?
3 Haeba re tla iketsetsa lebitso le letle ho Molimo re tlameha ho ameha ka lintlha tse peli: se fosahetseng le se setle. Re tlameha ho khaotsa ho etsa se fosahetseng ’me re qalise ho etsa se setle. Re ka ho etsa joang? Mohopolo o tlameha ho ameha. Pauluse o itse: “Le se ke la ipapisa le lefatše lena, le mpe le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna.” (Ba-Roma 12:2) O pheta molao ho Ba-Efese 4:23: “Le ho nchafala mehopolong ea lipelo tsa lōna.” ’Me matla ao a tsebahatsoa ho Ba-Kolosse 3:9, 10: “Le hlobole motho oa khale le liketso tsa hae; ’me le apare motho e mocha, ea nchafallang tsebong ka setšoantšo sa ea ’mopileng.” Matla a susumetsang kelello ea hao, a nchafatsang kelello ea hao ’me a u ise mohaung oa Molimo ke tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la oona Bibele.
4. Ke hobane’ng ha ho sa lekana ho khaotsa ho etsa phoso, ’me ho ka etsoa eng hape?
4 Ho lomahanya meno ’me u ikemisa ka matla ho khaotsa lintho tse hanetsoeng ha ho sebetse ka mehla. Ho joang haeba u ka li tlohela ka nakoana? U sa ntsane u sa sireletseha. Jesu o bontšitse hona ka papiso. Moea o litšila o tsoa ho motho, “ntlo” ea oona, ’me hamorao oa khutla. Ha o fumana ntlo e se na letho, o kena le meea e meng hape e supileng, “taba tsa motho eo tsa ho fela li fetisa tsa ho qala ka ho lula hampe.” (Matt. 12:43-45) Ho ne ho sa lekana hore ntlo e ntšoe moea o litšila; ho ne ho hlokahala hore e tlatsoe ka lintho tse molemo tseo meea e litšila e neng e ke ke ea khutlela ka baka la tsona. Ha hoa lekana ho tlohela ho etsa phoso empa u sia sebaka se feela—re tlameha ho qalisa ho etsa botle. Ntša liphoso ka ho tšoareha ka ho etsa botle. Jakobo o re: “Le hanele Diabolose, ’me o tla le balehela. Atamelang ho Molimo, ’me o tla le atamela.” (Jak. 4:7, 8) Ho lula feela ke ho mema Satane; ho tlatsa mohopolo ka linnete ke tšireletso.—Ba-Fil. 4:8, 9.
BOHLOKOA BA TATAISO
5. Ke hobane’ng ha ho bala Bibele ho thatafalla ba bangata, ’me bothata bo ile ba rarolleloa monna oa lilemong tse makholo a 19 tse fetileng joang?
5 Kajeno libakeng tsa bolumeli le mahlale ho teng pherekano ea maikutlo ka se setle le se fosahetseng. Liphuputsong tsa bona, ba bang ba leka ho bala Bibele empa ba e fumana e le thata. Hase bona ba pele ho ba joalo. Lilemong tse fetileng tse makholo a leshome le metso e robong monna oa Ethiopia o ne a palame koloi, a bala buka ea Esaia. “Filippi [moevangeli] a titima, ’me eitse ha a mo utloa a bala buka ea moprofeta Esaia, a ’motsa a re: Na u utloisisa seo u se balang na? Eo a re: Nka utloisisa joang, ha e mong a sa nkenye tseleng?” Filippi a kena koloing a palama le eena ’me a mo tataisa.—Lik. 8:26-35; 21:8.
6. Ke hokae moo re ka lebellang ho fumana ‘bo-Filippi’ ba kajeno, ’me ke hokae moo re ke keng ra ba fumana?
6 ‘Bo-Filippi’ ba kajeno ba kae ba tšoanelehelang ho tataisa ba bang ho lekanyetsa ka Bibele tsela e fumanang botumo bo botle ho Molimo? E seng bolumeling ba Bojakane bo hlomphuoang le ba khale, joalokaha motho a ka lebella. Filippi e ne e se mongoli kapa Mofarisi ea tsebisahalang, empa e ne e le Mokreste e mong oa ba nyatsuoang, ea khelloang tlase le ea hlorisoang. Seo re ithutang sona ka histori se paka hore litsamaiso tse theiloeng le tse amohelehang tsa bolumeli li atisa ho tšoasoa ke leraba la mahlale a batho ’me li molato oa ho feba mantsoe a Molimo.
7. (a) Ke ka tsela efe Iseraele ea boholo-holo e tsoakileng Lentsoe la Molimo? (b) Ke ho isa kae likereke tse ling tsa kajeno le litho tsa likereke Bojakaneng li etsisang Iseraele, ho fosa mangolo afe?
7 Sechaba sa Iseraele se ne se e-na le molao oa Molimo, empa ba tsoaka borapeli ba bona ka ho bo eketsa ka borapeli ba litšoantšo bo manyala ba borapeli ba botona le botšehali ba Baale, bo neng bo etsoa merung le linqalong tse phahameng. Likronike tsa Bobeli 33:17 e bua ka motsoako ona, e re: “Sechaba sa ’na sa hlaba mahlabelo linqalong tse liphahameng; empa ba ne ba re, ba hlabela Jehova, Molimo oa bona.” Motsoako ona oa ’nete le leshano ke seo Elia a ileng a qosa Iseraele ka sona: “Le tla tenyetsehela ho le hokae ka nqa tse peli? Ha Jehova e le Molimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng.” (1 Mar. 18:21) Likereke tse ngata le litho tsa kereke kajeno li lumella bootsoa, libaesekopo tse se nang molao tsa likamano tsa botona le botšehali, likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo, bofebe le bosodoma—le ho isa ntlheng ea ho khothalletsa le ho etsa lintho tsena tse haneloang ke Molimo.—Ba-Roma 1:26, 27, 32, 1 Ba-Kor. 6:9, 10; Tšen. 21:8.
8. Hoba se khutle botlamuoeng ba Babylona, ke ka tsela efe e ncha sechaba sa Juda se ileng a tsoaka le ho etsa Lentsoe la Molimo lefeela?
8 Ka litšila tse joalo Juda ke ka hona e ileng ea ea botlamuoeng Babylona. Hoba e khutle, ea boela ea tsoaka lentsoe la Molimo—e seng ka borapeli ba litšoantšo ba likamano tsa botona le botšehali ka lekhetlo lena, empa ka ho phaella ka lineano tsa botho le likhopolo. Jesu a nyatsa motheo oa bona oa bolumeli, bangoli le Bafarisi, ka sena, ka hore a re: “Le lōna, le tlolela’ng molao oa Molimo ka mokhoa oo le o neanang na? Baikaketsi, Esaia o na a profete tsa lōna hantle, ha a itse: Sechaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le ’na. Ba nkhumamella lefeela, ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho.”—Matt. 15:3, 7-9.
9. Ke ka tsela efe e matla Pauluse a ileng a bapisa bahoebi ba mano ba veine le balumeli ba sa tšepahaleng?
9 Pauluse o ne a nyelisa ho silafatsoa ha Lentsoe la Molimo ka likhopolo tsa batho ha a re: “Re lahlile lintho tse patoang tse lihlong; ’me ha re tsamaee ka mano, ha re tsoakanye lentsoe la Molimo.” Bahoebi ba veine ba qhekellang ba mehleng eo ba ne ba tsoaka ka majoala a theko e tlase kapa ba eketsa ka metsi veine ea bona ho e eketsa ’me ba fumane chelete e ngata. Ka ho tšoanang, balumeli ba bang ba eketsa mekhoa le mahlale a batho Lentsoeng la Molimo ho le etsa le latsoehang haholoanyane ho batho ba lefatše. E seng Pauluse! A re: ‘Ha re tsoake lentsoe la Molimo; re ntse re bua re le ba ’nete, re le ba buisoang ke Molimo, pontšeng ea Molimo, re le ho Kreste.’—2 Ba-Kor. 4:2; 2:17.
10. Ke temoso efe e fanoeng ke moapostola Pauluse, ’me ke hobane’ng ha e ipakile e se na thetso?
10 Pauluse a lemosa hore Bokreste e tla ba bokoenehi, ’me lekholong la bone la lilemo C.E. bo ile ba tsoakoa haholo ka Morena oa Roma Constantine. (Lik. 20:29, 30) Ka baka leo ha e-ba le motsoako oa Bokreste le lithuto tsa bodemona tse qalehileng Egepeta le Babylona—Boraro bo bong, ho se shoe ha moea, mollo oa lihele, pelekatori, lithapelo tse etsetsoang bafu, ho sebelisoa ha lirosari le tse ling. Lithuto tsena ha li ka Bibeleng, empa li ile tsa kenyelletsoa litumelong tsa hoo ho thoeng ke likereke tsa Bokreste. Li ntse li le teng moo ho tla fihlela kajeno. Ho feta moo, likereke tsa kajeno tsa Bojakane, li tsoaka Lentsoe la Molimo le ho feta moo: li phaelletse ka nyatso e phahameng e lekang ho nyokola bonnete ba Bibele, le khopolo eo e seng ea thuto ea bohlalefi ea hore lintho li ikentse e latolang hore Molimo ke ’Mōpi oa leholimo le lefatše le bophelo!
11. Ke litšoaneleho life tse sa tšoaneng le likholiseho tse tšoaeang ‘bo-Filippi’ ba kajeno e le batataisi ba sireletsehileng?
11 Ke bo-mang kajeno, bao e leng ‘bo-Filippi’ ba kajeno bao e leng batataisi ba sireletsehileng? Ba lumelang hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng; ba e nkang e le lebone maotong a bona le leseli tseleng ea bona; ba sa e eketseng kapa ho tlosa ho hong ho eona; ba lumellang Molimo le Lentsoe la oona a be le ’nete le hoja a etsa ‘motho e mong le e mong ea leshano’; le ba etsang ka matla pontšeng ‘ba bolela litaba tse molemo tsa ’muso lefatšeng lohle e le bopaki.’ (2 Tim. 3:16; Pes. 119:105; Deut. 4:2; Ba-Roma 3:4; Matt. 24:14) Ba sebelisa Bibele e le matla a bona, ’me ba khothalletsa ba ba utloang ho hlahloba seo ba ba bolellang sona, ba sa nke polelo ea bona, empa ba nka feela Lentsoe la Molimo. (Lik. 17:11) Hore u iketsetse botumo ho Molimo, u lokela ho haba ho ba tataiso e tšepahalang joalo, ‘u itokisetse ka mehla ho ikarabela ka mosa le ka hlompho, ho ea u botsang tšepo e ho uena.’ Kapa, joalokaha Pauluse a itse: ‘U tle u tsebe kamoo u tšoanetseng ho araba e mong le e mong.’—1 Pet. 3:15; Ba-Kol. 4:6.
BOTHO BOO RE LOKELANG HO BA BONA
12. Ho hoholo ho uena ho feta feela ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho bolella ba bang ke eng?
12 Ho iketsetsa botumo bo botle ho Molimo ha hoa lekana ho ithuta likarabo. Re tlameha ho sebelisa tsebo ena ho rōna ka bōrōna pele. Ho fumana molemo re tlameha ho e amohela ka bōrōna. Ho tšoana le motho Iseraeleng ea boholo-holo ka tlung ea ho lla, re tlameha ‘ho e nahana.’ (Moek. 7:2) “Uena ea rutang ba bang, hle uena ha u ithute! Uena ea bolelang hore ho se ke ha utsuoa, ua utsoa! Uena ea reng, ho se ke ha fejoa, ua feba!” Le eena moapostola Pauluse o itse: “Ke mpa ke laea ’mele oa ka, ke ithapisetsa oona; e se re mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, ’na ka fumanoa ke sa lokeloa ke ho amoheloa.” (Ba-Roma 2:21, 22; 1 Ba-Kor. 9:27) Ke habohlokoa ho feta seo re se etsang. Ho joalo, Re seng? “Motho ea ka sephiring oa pelo” o joang? ‘Re lokela ho ba batho ba mofuta ofe?’—1 Pet. 3:4; 2 Pet. 3:11.
13. Jehova o ile a lokisa monahano oa Samuele joang ka ho ahlola batho?
13 Seo re leng sona ha se lekanyetsoe ka hore na re bonahala eka re joang. Moprofeta Samuele o ile a rōmeloa ho Jese ho tlotsa e mong oa bara ba hae ho ba morena oa Iseraele. Samuele a khahloa ke sehanka sa mora oa pele, empa Jehova a re ho Samuele: “U se ke ua talima tšobotsi ea hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; ’na ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang; hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.”—1 Sam. 16:7.
14. Ke bopaki bofe bo bong bo fanoang ho bontša hore ponahalo e ka ’na ea thetsa, ’me ntho ea bohlokoa ke eng?
14 Chebahalo e-ea thetsa. Jesu o itse bangoli le Bafarisi ba ne ba shebahala ba lokile ka ntle, empa ba silafetse ka hare. (Matt. 23:3, 27, 28) Bajode mehleng ea Pauluse ba ne ba nahana hore lebollo le etsoang nameng le ne le tla ba pholosa, empa Pauluse a re: “Eo e leng mo-Jode, hase eo e leng eena kantle, le lebollo hase le etsoang kantle, nameng; empa mo-Jode ke eo e leng eena ka hare, ’me lebollo ke la pelo.” (Ba-Roma 2:28, 29) Ha Pauluse a ntse a thathamisa lintho tse khōlō tseo a ka li finyellang, joale a phaella, “Ha ke se na lerato, tseo ha li nthuse letho.” Eng kapa eng eo re e etsang ho iketsetsa botumo bo botle ho Molimo e lokela ho susumetsoa ke lerato le tsoang pelong. “Ke ’na Jehova ke lekolang pelo.”—1 Ba-Kor. 13:1-3; Jer. 17:10.
15. Re lokela ho ba batho ba mofuta ofe?
15 Joale, re tlameha ho ba batho ba mofuta ofe? Moapostola Pauluse o fana ka letoto lena le sa rateheng la lintho tse laetsoeng le lintho tse haneloang:
“Lerato a le ke le hloke boikaketso. Hloeang ho hobe, le khomarele ho molemo. Tloaelanang hamonate ka lerato la boena; le ’ne le beane pele ka hlomphano. Bakeng sa mafolo-folo, le se ka la ba botsoa; le be le cheseho moeeng; le sebeletse Morena. Thabelang tšepong, le mamelle matšoenyehong, le tiee thapelong. Sielang bahalaleli ha ba hloka; le be mafolo-folo ho amohela baeti. Hlohonolofatsang ba le hlorisang; le hlohonolofatse, ’me le se ke la rohaka. Thabang le ba thabileng, ’me le lle le ba llang. Khomarelanang hammoho ka pelo e le ’ngoe; le se ke la lakatsa tse phahameng, le mpe le ipapise le tse nyenyane. Le se ke la ipona bohlale. Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. Batlang tse leng ntle mahlong a batho bohle. Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle. Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa, ho rialo Morena. U se ke ua hlōloa ke bobe, u mpe u hlōle bobe ka botle.”—Ba-Roma 12:9-19, 21.
16. Re lokela ho qoba eng, ’me re batle eng?
16 Re lokela ho ba batho ba mofuta o joalo! E ne e tla ba ho sisimosang hoja mohau oa Molimo o ne o se teng moo rōna, mefokolong ea rōna, re haelloang. Mohloli o moholo oa thuso ke ona: tloaelana le batho ba nang le sepheo se le seng le uena. “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa, empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” “Le se ke la lahleha; Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” Qoba ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata oa mofebi o tsoakang Lentsoe la Molimo. “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae.” Letsoalo la oona le chele hoo o seng o sa utloe le letsoalo le molato, le hoja libe tsa oona li kolohane ho fihla leholimong. Joalokaha ho le joalo ka seotsoa sa sebele, ho joalo le ka ona: “Mokhoa oa mosali oa sehlola o joalo le oona; oa ja, o ithlakola molomo, ’me o re: Ha kea ka ka etsa bokhopo.” Kahoo, ke ho hlokahalang ho fumana matla ka ho tloaelana le ba batlang ho iketsetsa botumo bo botle ho Molimo, “re se ke ra ngala liphutheho tsa rōna, kamoo e leng mokhoa oa ba bang.”—Liprov. 13:20; 1 Ba-Kor. 15:33; Tšen. 18:4; Liprov. 30:20; Ba-Heb. 10:26.
KE NAKO EA HAO HONA JOALE!
17, 18. Joale likelello tsa rōna li ka lula ho eng, ’me ke hobane’ng ha hona ho ke ke ha chechisoa?
17 Ha bofelo ba tsamaiso e khopo ea Satane bo atamela, likelello tsa rōna li lule tabeng ‘ea hore na re batho ba mofuta ofe,’ ho nchafatseng likelello tsa rōna, ho hloboleng botho ba khale ’me re apara bo bocha, le ho iketsetseng botumo bo botle ho Molimo ‘hore letsatsi la ho shoa ha rōna le be molemo ho e-na le letsatsi la ho tsoaloa ha rōna.’ (Moek. 7:1) Kapa, tabeng ea ba nang le tšepo ea ho rua paradeise ea lefatšeng, hore ho se be mohla letsatsi la ho shoa le tlang ho hang!
18 Empa mohlomong u nahana hore bofelo bo ka be bo se bo tlile hona joale. Na u nahana hore Morena o liehile ho tla? Na u qala ho khoehlisa letsoho mosebetsing oa bohlokoa oa ho bolela ’muso oa Molimo, kapa mohlomong u bile u thellela boitšoarong bo bobe? Ho sa tsotellehe hore na bofelo bo tla neng, ena ke nako eo letsoho la hao le lokelang ho fumana seo le khonang ho se etsa ho iketsetsa botumo bo botle. Leha e le mang le mang ho rōna a ka ’na a ikela hosesane. Re tšoana le palesa e ponang, moholi o nyamelang, moriti o fetang. (Jobo 14:1, 2; Jak. 4:14) Moeklesia 9:12 e-ea hlokomelisa: “Motho ha a tsebe nako ea hae, joale ka ha e sa tsejoe le ke lihlapi tse tšoasoang ke letlooa le li bolaeang, le ke linonyana tse pitloang lifing; bana ba batho ba ee ba tšoasoe joale ka tsona nakong ea tlokotsi, ha e ba oela ka sehlōhō.”
19, 20. (a) Ho phaella ho pheleng bophelo bo hloekileng hona joale, ho hlokahala eng hape? (b) Ke hobane’ng ha ho potlakile ho nka bohato hona joale?
19 Re tlameha ho etsa ho fetang mohlankana ea ileng a tla ho Jesu a botsa hore na a etse joang hore a fumane bophelo bo sa feleng. Ho totobetse, o ne a phela bophelo ba boitšoaro bo hloekileng, empa hoo ho ne ho sa lekana. Ho phaella moo, Jesu a re ho eena: “U ntano tla, u ntatele.” Jesu ke mohlala. (Matt. 19:16-22; 1 Pet. 2:21) Ha a ka a sebelisa melao ea Molimo ea boitšoaro feela bophelong ba hae; hape a bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’muso. A re: “Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” “A tsamaea, a chalakela metse eohle le metsana, a ruta masynagogeng a teng, a bolela Evangeli ea ’Muso.” (Matt. 4:17; 9:35) Ha matšoele a leka ho mo tšoarella nako e telele ’me a leka ho mo thibela, a re: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.” Ha a bona matšoele a neng a “saretsoe a khathetse” moeeng, “a ba utloela bohloko, hobane ba ne ba le joale ka linku tse se nang molisa; ’me a qala ho ba ruta taba tse ngata.” (Luka 4:43; Matt. 9:36; Mar. 6:34) A rōma baapostola ba hae ho ea bolela, a ba laela: “Ha le ntse le tsamaea, le bolele, le re: ’Muso oa maholimo o atametse.”—Matt. 10:7, 8.
20 Joale re phela mehleng e thata ea bofelo ea tsamaiso ena ea bosatane. “Nako e khutšoanyane.” Ho potlakile bakeng sa rōna ho bolela ‘litaba tse molemo.’ (1 Ba-Kor. 7:29; 9:16) Ena ke nako e hlileng ea boleloa bakeng sa ‘litaba tse molemo tsa ’muso hore li boleloe lefatšeng lohle e le bopaki, ebe hona bofelo bo hlahang.’ (Matt. 24:14) Hore na nako ea Jehova ea ho tlisa bofelo ba tsamaiso ena e khopo ke efe, u se lebale sena: HONA JOALE ha u sa phela; HONA JOALE pele lefu le sa tsebeloeng nako le u nka; HONA JOALE ke nako ea hao ea ho kopanela ho bolela ‘litaba tse molemo’ le ho iketsetsa botumo bo botle ho Molimo!
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Nako efe kapa efe eo motho a phelang ka eona, ke nako ea hae hore a iketsetse botumo bo botle ho Molimo