Mak’hatholike a Amohuoa Tšepo ea Lilemo Tse Sekete
LEHOLIMO kapa lihele! A boikhethelo! Leha ho le joalo eo ke tebello e beiloeng ka pel’a Mak’hatholike, Maprostanta, Bajode le Masolomane a limillione. Ha e le ka Mak’hatholike, ho boetse ho teng pelekatori tseleng e eang leholimong. Empa le eona tšabo ena kapa tšepo ena li lerootho hoo balumeli ba bangata ba tiileng ba belaelang hore na ke tsa ʼnete.
Ha ho belaetse hore mongoli oa bolumeli oa Lefora Jacques Duquesne o tsebile ho ngola puisano e latelang eo a bileng le eona le Mak’hatholike a mabeli a mafolo-folo: (Le monna) “Na u lumela lihele?—Le hanyenyane, ho hang, che! . . .—Leholimo lona?—Ha ke kholoe eka le teng, joaloka tsona lihele.” (Le mosali) “Maikutlong a hao, ho etsahala joang ka rōna ha re e-shoa?—Ha re e-shoa? E se e le lilemo joale ke khaolitse ho lumela hore ho na le ho etsahalang.—U bolela’ng?—Ha ho letho le salang le phela. Koana, mang le mang o bona hore ʼmele o shoele. Ho joalo le ka moea. Ha ke tsebe. Kannete ha ke tsebe. . . .—Empa u sa ntsane u lumela ho Molimo u tiile?—E, hantle haholo.—U khannoa ke eng hore u lumele?—Hore ke be le tšepo.”—God for Men of Today (Sefora)
Ka ho totobetseng Kereke e K’hatholike ha e-ea nea litho tsa eona tšepo e susumelletsang tumelo e tiileng. Ha e le hantle, lipelaelo le hona ho se lumele ke tse ling tsa litholoana tse mpe tse kotuloang hona joale ke litumelo tsohle tsa neano tsa Bojakane. Linaheng tse ngata tse busoang ke K’hatholike tšepo e lerootho le e thekeselang ea “lehlohonolo la leholimo” e ipakile e sa lekana ho thibela ba limillione har’a batho ho felloa ke tumelo le ho retelehela Bokomonising bakeng sa ho phethahatsoa ha seo ka tlhaho le ka tokelo e leng litakatso tsa bona bakeng sa bophelo bo botle lefatšeng. E le phapanyetsano bakeng sa tšepo e sa tsitsang ea “thabo e sa feleng” leholimong, ba bangata ho bonahala ba ithaopela ho tsitsa ka tšepo “lilemong tse mashome a robeli” tsa bophelo bo thabileng lefatšeng. ʼMe le eona tšepo eo e ipaka e le thetso.
NYELISO EA “LILEMO TSE SEKETE”
Batho ba bangata kajeno ba foofo joaloka “Bakreste,” ba thahasella mona le hona joale haholo ho feta ho phethahala ha tšepo ea Bokreste. Lebaka le leng ke hore likereke tsa Bojakane li sothile tšepo eo. Ba bua ka nyeliso ka Bakreste ba tiileng ba beang tšepo ea bona pusong ea lilemo tse sekete ea Kreste. Ka mohlala, buka e hlomphuoang haholo le e khōlō ea Sefora Dictionnaire de Théologie Catholique e hlalosa “lilemo tse sekete” ka mokhoa o latelang: “Tumelo ea bohata ea ba emetseng puso ea lefatšeng ea Messia, eo bolelele ba eona ba nkang hore ke lilemo tse sekete . . . ho tloha lekholong la bohlano la lilemo ha ho sa buuoa ka lilemo tse sekete, kapa ho boleloa ka seoelo ke lihlophanyana tse ling tse thotofetseng.”
Leha ho le joalo, le hoja e bua ka nyeliso joalo ka ba lumelang pusong ea lilemo tse 1 000 ea Messia, buka ena e kholo ea K’hatholike e lumela hore lilemo tse sekete ke ntho eo ho neng ho buuoa ka eona pele ho lekholo la bohlano la lilemo. Ka mantsoe a mang, tšepo ea lilemo tse sekete e ile ea fifala lekholong la bohlano la lilemo. Hobane’ng? Na histori ka boeona e tiisa se senoloang ke Bibele ka boeona, e leng hore Bakreste ba pele ba ne ba lumela puso ea Kreste ea lilemo tse 1 000? ’Me haeba ho le joalo, ke joang limillione tsa Mak’hatholike le Maprostanta li ileng tsa amohuoa tšepo ea lilemo tse sekete? A re boneng seo libuka tsa litšupiso tse ke keng tsa hanyetsoa le libuka tsa histori li se senolang ha li arabela lipotso tsena.
BOPAKI BA “BO-NTATE BA KEREKE”
Libuka tse ngata tsa litšupiso tsa K’hatholike li hlokomela hore “bo-ntate ba Kereke” ba bangata ba pele ba ne ba lumela ba bile ba ruta puso ea lilemo tse 1 000 ea Kreste. The Catholic Encyclopedia e re: ‘Hamorao har’a Mak’hatholike, Mobishopo Papias oa Hierapolis, morutuoa oa Mohalaleli Johanne [moapostola], o hlahile e le ’muelli oa “lilemo tse sekete.” O ne a ipolela hore o amohetse thuto ea hae ho ba neng ba phela le Baapostola, ʼme Irenaeus o bolela hore “Mapresbitheri” [baholo] a mang, a neng a bone le ho utloa morutuoa Johanne, a ithutile ho eena tumelo ea lilemo tse sekete e le karolo ea thuto ea Morena. . . .
‘Maikutlo a lilemo tse sekete a fumanoa ho bahlalosi ba bangata Mangolong a Mohalaleli Barnabase [mathoasong a lekholo la bobeli la lilemo] . . . Mohalaleli Irenaeus oa Lyons, motala oa Asia Minor, a susumelitsoe ke metsoalle ea Mohalaleli Polycarp, a inkela maikutlo a lilemo tse sekete, a bua ka tsona le ho li hlalosa bukeng ea hae e neng e tsoa Bagnostic . . . Mohalaleli Justin oa Roma, Moshoela-tumelo, o hanyetsa Bajode puisanong ea hae le Tryphon (Khao. 80-81) tumelong ea lilemo tse sekete . . . Paki ea tumelo e tsoelang pele ea lilemo tse sekete sebakeng sa Asia ke Mohalaleli Melito, Mobishopo oa Sardes lekholong la bobeli la lilemo. . . .
‘ . . . Tertullian, ’muelli oa Montus, a atolosa thuto . . . hore qetellong ea mehla ea ʼmuo o moholo oa pallo, Jerusalema e mocha, o tla theoa, ʼme o nke lilemo tse sekete. Bangoli bana kaofela ba lilemo tse sekete ba ipiletsa lirapeng tse sa tšoaneng libukeng tsa boprofeta tsa Testamente ea Khale, lirapeng tse ’maloa Mangolong a Mohalaleli Pauluse le ho Apocalypse [Tšenolo] ea Mohalaleli Johanne.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
BA NKILENG MEKHOA EA “BAAPOSTOLA” KANNETE
Joale e ʼngoe ea likhang tse khōlō tsa kereke ea Roma e K’hatholike ha e buella ho phahamela ha eona likereke tsa Boprostanta, le tsona Lipaki tsa Jehova, ke ho ipolela ha eona hore ke eona motataisi feela oa neano ea Bokreste joalokaha e neeletsanoe ho tloha mehleng ea baapostola. Joalokaha A Catholic Dictionary e bolela: “Kereke ea Roma ke ea boapostola hobane thuto ea eona ke tumelo e kileng ea senoleloa Baapostola, e leng tumelo eo e e sireletsang le ho e hlalosa, ntle ho ho e eketsa kapa ho sia ho hong.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Empa banna ba boletsoeng ke The Catholic Encyclopedia e le ba rutang tšepo ea lilemo tse sekete ba hlokomeloa ke Kereke e K’hatholike ka boeona e le ba balelloang har’a “bo-ntate ba Kereke” ba pelenyana. Ba babeli ho bona (Polycarp le Papias) ho boleloa hore ba bone le ho utloa moapostola Johanne le ho kopana le barutuoa ba neng ba tseba Kreste ka boeena le baapostola ba bang. Ba bang bohle bao ho boletsoeng ka bona ke “Bontate” ba lekholong la bobeli kapa mathoasong a lekholo la boraro la lilemo, ʼme kaofela ba ne ba lumela pusong ea lilemo tse 1 000 ea Kreste.
Eona Dictionnaire de Théologie Catholique e matla e teba hoo e bileng e bolelang hore ba neng ba phela mehleng ea Papias ba neng ba bile ba “hlalefile” ba le “masene” ho mo feta “ba ne ba kopanela tumelong ea hae ea puso ea lilemo tse sekete ʼme ba nka tumelo ena ho ba e ’ngoe ea lithuto tsa bohlokoa tsa tumelo ea Bokreste.” Eona buka ena ea litšupiso ea K’hatholike e bua tjena ka Justin Martyr hore le hoja a ne a tseba hore ba bang ho lithaka tsa hae ha ba na maikutlo a hae a lilemo tse sekete, o ne a nka hore tabeng ena ke “motataisi thutong e phethahetseng ea boholo-holo.” Ha e bua ka Irenaeus, buka ena e hlalosang mantsoe e re: “Ho eena, lilemo tse sekete ke karolo ea lithuto tsa neano. . . . Mohalaleli Irenaeus ho bonahala a nahana hore motho a ke ke a fana ka tlhaloso e nepahetseng ea Mangolo ntle ho lilemo tse sekete.”—Moq. X, likarolo 1761, 1762 (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna).
Kahoo ke bafe ba haufi le thuto ea ʼnete le neano ea baapostola, Kereke ea Roma e K’hatholike eo ka mano e bitsang ba sa ntsaneng ba lumela pusong ea Kreste ea lilemo tse 1 000 ‘sehlopha sa lithoto’—kapa Lipaki tsa Jehova, tse nkang tšepo ea lilemo tse sekete e le ea bohlokoa? Ho tlile joang hore tšepo ena e lahloe thutong ea K’atholike?
BOKOENEHI BO SOTHA TŠEPO EA BOKRESTE
Sehloohong se fetileng re bone hore na bokoenehi bo ileng ba etsahala qetellong ea makholo a morao pele ho Mehla e Tloaelehileng Bajode ba ile ba tlosa tšepo ea bona tsohong ho e nkela sebaka ka tumelo ea bohetene ea moea o sa shoeng ʼme ba fetola tšepo ea bona ea pele ea Messia ho e etsa tšepo ea bopolotiki. Ka ho tšoanang, bokoenehi bo hlileng ba boleloa hore bo tla ba teng har’a Bakreste (Lik. 20:29, 30; 2 Ba-Thess. 2:3; 1 Joh. 2:18, 19) bo ne bo tla tlisa ho sothoa ha tšepo ea lilemo tse sekete.
Seithuti sa Mojode Hugh J. Schonfield o re: “Ho sutha ha Bokreste tšepong ea ʼmuso oa Molimo oa lefatšeng ha hoa ka ha busa ho fihlela lekholong la bobeli la lilemo.” “Ho sa tsotellehe boipiletso ba tumellano, botšepehi le mamello, ba bangata haholo ho Bakreste ba thetsoa ʼme ba tlohela kereke kapa ba latela baruti ba neng ba fana ka litlhaloso tse sa sekamelang lefatšeng haholo tsa mofuto oa Bokreste.”
Ka ho “sutha” hona tšepong ea paradeise e tsosolositsoeng lefatšeng ka ʼmuso oa leholimo oa Messia, The New International Dictionary of New Testament Theology e re (Moq. 2, tlas’a “Paradise”): ‘Ha ’mila o ntse o puta historing ea kereke mekhabiso, litšoantšo le maikutlo tse sa hlaheng ka Bibeleng tsa nkelloa maikutlong a paradeise. . . . maikutlo a kereke ka paradeise le khopolo ea borapeli bo tloaelehileng le tsona tsa tlamahanngoa le ʼnete ea hore thuto ea ho se shoe ha moea e tlile ho tla nka sebaka sa thuto ea khopolo ea qetello ea lefatše le motho ea Testamente e Ncha ka tšepo ea eona ea tsoho ea bafu le pōpo e ncha (Tšen. 21 f.), hoo e leng hore moea o ahloloa kamor’a lefu ʼme o fihla paradeiseng eo joale ho hopoloang hore e lefatšeng le leng.’—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Kahoo, ka ho kenella ha thuto ea Bagerike ea ho se shoe ha moea Bakreste ba koenehileng ba tlosa paradeise lefatšeng ho e isa leholimong ʼme ba lahla tšepo ea pele ea lilemo tse sekete. E tiisa sena, The Encyclopædia Britannica (1977) e-ea lumela: “Tšusumetso ea monahano oa Segerike thutong ea bolumeli ea Bokreste e ile ea kunyula maikutlo a lefatše a lilemo tse sekete.”
HO EMELA PLATO HO NKA SEBAKA SA TŠEPO EA LILEMO TSE SEKETE
Tšepo ea lilemo tse sekete, ka baka leo, ea hlaseloa ke bokoenehi. Lira tsa eona tsa se ke tsa thijoa ke letho ho e loantša. E thathamisa lira tsa lilemo tse sekete, Dictionnaire de Théologie Catholique e re ka moprista oa Roma Caius (qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo, qaleho ea lekholo la boraro) hore ‘a tle a hape thuto ea lilemo tse sekete o ile a latola ka matla bonnete ba Apocalypse (Tšenolo) le Molaetsa oa Mohalaleli Johanne.’ Eona buka ena ea litšupiso ea K’hatholike e boela e senola hore “Mohalaleli” Dionysius, mobishopo oa lekholong la boraro la lilemo oa Alexandria, o ile a ngola tumellano e loantšang lilemo tse sekete, ʼme, ‘hore a thibele ba e khomarelang hore ba thee tumelo ea bona ho Apocalypse ea Mohalaleli Johanne, ha a ka a tsila-tsila ho latola bonnete ba eona.’
Re boetse re ithuta ka buka eo e hlalosang mantsoe ea K’hatholike e meqolo e 15 hore “Ntate oa kereke” oa lekholong la boraro la lilemo Origen o ne a nyatsa ba lumelang mahlohonolo a lefatšeng a lilemo tse sekete hobane ba “Hlalosa Mangolo joaloka Bajode.” Ke hobane’ng hape ha Origen a ne a hanyetsa lilemo tse sekete hakana? The Catholic Encyclopedia e-ea re hlalosetsa: “Ka baka la maikutlo a tšehetsang Plato ao a neng a theile lithuto tsa hae ho oona . . . , eena [Origen] o ne a ke ke a ema le ba lilemo tse sekete.” A nkile karolo tumelong ea Plato ea ho se shoe ha moea, Origen o ne a tlamehile ho tlosa mahlohonolo a lefatšeng a puso ea Messia ea lilemo tse 1 000 ho a isa sebakeng sa moea.
AUGUSTINE O ETSA QETO EA HORE “HO KE KE HA E-BA LE LILEMO TSE SEKETE”
Empa monna ea ileng a bolaea nyele tšepo ea lilemo tse sekete ho Mak’hatholike haesita le Maprostanta ntle ho pelaelo ke “Mohalaleli” Augustine, ea hlalosoang ke Encyclopædia Britannica e le “nkhekhe tabeng ea ho nahana oa mehleng ea khale ea Bokreste” le “mollo oo ho oona bolumeli ba Testamente e Ncha bo ileng ba hotetsoa hore bo kopane le neano ea Plato ea khopolo ea Bagerike.” Augustine a futuha ka matla khahlanong le tšepo ea pele ea paradeise e tsosolosoang lefatšeng nakong ea puso ea Kreste ea lilemo tse 1 000. Re qotsa The Catholic Encyclopedia: ‘Mohalaleli Augustine a qetella a itšoarelletse kholisehong ea hore ho ke ke ha e-ba le lilemo tse sekete. . . . Ngaka e khōlō . . . o re hlalosetsa ka mokhoa oa pale khaolo ea 20 ea Apocalypse. Tsoho ea pele, e boleloang ke khaolo ena, o re bolella hore e supa ho tsoaloa hape moeeng kolobetsong; sabbatha sa lilemo tse sekete kamor’a histori ea lilemo tse likete tse tšeletseng ke bophelo bo sa feleng ka kakaretso ea bona . . . Tlhaloso ena e khanyang ea Ngaka ea amoheloa ke baruti ba bolumeli ba ileng ba mo hlahlama ba Bophirima, ʼme lilemo tse sekete tsa se ke tsa hlola li tšehetsoa kamoo li neng li le kateng pele.”
Hase feela hore Mak’hatholike ka tsela eo a amohiloe tšepo ea mathomo le ea Mangolo ea lilemo tse sekete, empa ho joalo le ka Maprostanta. 1977 Britannica Macropaedia e senola hore: ‘Pale ea lilemo tse sekete ea Augustine ea fetoha thuto ea molao ea kereke, ʼme tebello ea hore bobe bo tla qetella bo felisitsoe ʼme botle bo hlole ea tebela tlase. . . . Bafetoli ba Maprostanta ba Malutere, Macalvin, le neano ea Chache ba ne ba sa lumele hore bobe bo tla hlōloa ke botle ʼme ba lula ba ikamahantse le maikutlo a Augustine.’
Baruti ba bolumeli ba Mak’hatholike le Maprostanta ka phoso ba sebelisa ho bohle ba lokileng tšepo ea leholimo eo Bibele e e tšoaretseng lenane le lekanyelitsoeng la Bakreste ba bilelitsoeng ho busa e le marena le baprista le baahloli le Kreste. (Tšen. 20:4-6; Luka 22:28-30) Baruti bana ba bolumeli ba nea ba “tšepahalang” ba bona tšepo e feela ea “thabo e sa feleng” leholimong. Morero oa Molimo oa hore ‘thato ea oona e etsoe lefatšeng joale ka leholimong’ ho hang ha o eo ho seo ba se lebelletseng. (Matt. 6:10) Empa Bibele e fana ka tšepo e babatsehang ea bophelo bo sa feleng, e seng leholimong feela bakeng sa bakhethoa ba ʼmaloa empa hape le lefatšeng bakeng sa ba bang ba se nang palo. Tšepo ena e habeli, e amanang haufi le puso ea Kreste ea lilemo tse 1 000, ho tla buisanoa ka eona haholoanyane lihloohong tse peli tse latelang.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Tertullian o ne a lumela hore ʼmuso oa pallo o tla hlongoa ʼme o be teng ka lilemo tse 1 000
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Origen o ne a lumela hore moea ha o shoe joaloka Plato, a latola puso ea lilemo tse 1 000 lefatšeng
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Augustine a lubella bohlale ba Bagerike le lithuto tsa Bibele ʼme a nka hore puso ea lilemo tse sekete e ke ke ea e-ba teng