Ke Thabile, ho sa Tsotellehe ho Holofala ha ka
Joale ka ho tlaleha Lee Doo-yong
E ne e le letsatsi le batang haholo la mariha ka February 1951 ha masole a rona a balehang a ntlohela ke le mong ho shoela mahaheng ao re neng re thunya re le ho ona. Ke ne ke tsoile kotsi e kholo haholo maotong a ka a mabeli. Lijo tsa ka e ne e le lehloa feela, ’me ka letsatsi la boraro bohloko ba tlala bo ne bo feta hōle bohloko ba maqeba a ka. Ka letsatsi la bosupa masole a leng ka lehlakoreng la sera a mphumana, empa a ntlohella hore ke shoe. Ka nako eona eo ka rapela ho “Molimo” leha e le ofe o teng. Haeba a ne a ka nthusa hona joale, ka ile ka tšepisa hore ke tla mo sebeletsa.
NTOA e ileng ea qhoma ka Phuptjane 1950 e ile ea fetola bophelo ba rōna bohle koung ea Korea. Ke ile ka kenyelletsoa mabothong a sesole a Korea e ka Boroa ho isa qetellong ea selemo seo, ’me kamor’a likhoeli tse ’nè ka rapalla ka mokoting oa phokojoe ke tsoile kotsi e mpe. Hona ha ’nea sebaka sa hore ke inahane, kaha ke phetho seo ke neng nka se etsa.
Ke holiselitsoe bolumeling ba Buddha empa ha ho mohla bo kileng ba nkenya tšepo ea sebele. Ho phaella moo, batsoali ba ka ba ne ba lumela lithuto tse ngata tsa Confucius, borapeli ba baholo-holo e le ntho e khōlō bophelong ba lelapa la rōna. Empa joale, eare ha ke batla thuso, ka sheba sebakeng se seng, ke rapela “Molimo,” o bitsoang Ha-na-nim ka Sekorea.
Qetellong, masole a China e Khubelu a nkhapa a nkisa ntlong e se nang batho eo ho eona ho neng ho bolokiloe masole a mang a heso. Ke sa rate ho nkoa ke mabotho a Korea e ka Leboea, ka thoba, ke phesha fatše. Empa ka boela ka fumanoa hape ke ba China e Khubelu, ba ileng ba phakisa ba ntlohela ke le ea fokolang hoo nka nkoang ho ba lesole la ntoa.
Joale ho ne ho fetile matsatsi a 50 ke tsoile kotsi. Ka ea le sephume sa boroko. Hamorao, ka baka la matono-mapesa a ntoa, masole a botsoalle a Korea e ka Boroa a mphumana. Sepetlele sa sesole se Wonju, Korea, moo ke ileng ka isoa teng, se ne se se na thepa ea ho sebetsa maqeba a chefu e bolaeang e neng e nkene, eaba ke isoa sepetleleng sa Pusan. Leoto la ka le letšehali la pongoa ho fihlela seropeng, ’me leoto la ka le letona la pongoa ho fihlela ka tlas’a lengole. Ke ne ke nyahame, ke tepeletse, ke ikutloa hore ha ho lebaka la hore ke phele.
TŠEPO BOLUMELING?
Ha ke ntse ke le sepetlele moruti oa sesole a nketela. Kaha ke ne ke se ke rapetse Molimo, ka ipotsa hore na ebe tumelo ena ea “bokreste” e tla tlisetsa bophelo ba ka matla le thabo. Empa tšeponyana leha e le efe eo ke neng ke e-na le eona ea phakisa ea nyamela.
Moruti e ne e le motho ea monate haholo. A mpolella hore ke sebelelitse naha ea heso hantle, le hore ke tla qetela ke ile leholimong. Empa hoo ha sitoa ho nyalana ka ho ’na. Ho ea ha ka litšebeletsong tsa bona ha hoa ka ha khothalletsa hore ke tsebe ka Molimo ka tsela leha e le efe kapa ho ’nea lebaka la ho phela. Ha e le hantle, ha nkholisa hore tumelo ea “Bokreste” ea tlhokofatso ea ka ho sa feleng hase e sa utloahaleng feela, empa hase e tsoang ho Molimo oa ’nete.
BOITEKO BA TOKISO
Lilemo tse peli ke le sepetlele e ne e le tse bohloko, tse bosula le tse feela. Lekhetlo la pele leo ka lona baoki ba ileng ba nthusa ho tsamaea ka manonyeletso a ka a macha a maiketsetso, sefofane sa feta ka holimo ’me, eare ha ke sheba holimo, ka oa ka mokokotlo. Hona ha ’nyahamisa le ho nkhathatsa matla. Baoki ba sebetsa ka thata ho nkhothatsa, ba bile ba bolela hore kamorao ho nako ke tla tseba le ho tantša ka maoto a ka a macha. Empa ha nka ka tšelisoa ke letho ho seo ba neng ba se bua.
Nakoana kamorao ho moo mooki a nkhaoletsa ke noa lipilisi tse robatsang tse 15 tseo ke neng ke li bolokile ka lekunutu ha ke leka ho ipolaea. A nketsa hore ke li hlatse. Ka pholoha boitekong bo joalo ba ho ipolaea ka makhetlo a mararo.
Selemo ka 1953, ke le lilemo li 23, ka lokolloa ka phenshene e nyenyane haholo. Ho se letho le tsamaisang bophelo ba ka. Batsoali ba ka ba ne ba bolailoe ka bobeli ntoeng, ’me sebaka feela seo ke neng nka ea ho sona e ne e le ha moholoane oa ka. Bochabela, ngoana e moholo oa moshemane o fetoha hlooho ea lelapa maemong a joalo, ’me bashemane bohle ba mo hlahlamang le banana ba ba tlas’a hae, haholo litabeng tsa lelapa. Ke ne ke batla ho lokoloha mokhoeng ona le bophelo ba bolokolohi. Ka nahana hore ho ba le mosali ho tla nthusa ho fumana sena.
Empa mona Korea ha ho motho ea eang ho e mong feela ’me a mo ferehe hore o batla ho mo nyala. Mokena-lipakeng o tlameha ho ba teng, ea lokisetsang lenyalo, leha e le mong ka uena kapa motsoalle ea haufi. Mosali oa motsoalle oa ka a itlama ka sena ’me a fumana ngoanana e monyenyane ea neng a utloisisa ho thusa. Lenyalo la ntlisetsa bolokolohi bo itseng, empa bophelo ba ’na ba iponahatsa bo le thata. ’Na le mosali oa ka ra feta hammoho mathateng a mangata, ho akarelletsa mathata a lichelete.
HO ANGOA KE BOLUMELI KA HO TIILENG
E ne e le letsatsi le chesang haholo ka Phato 1955 ha ke botsoa potso: Na u ka Phela Ka ho sa Feleng ka Thabo Lefatšeng? E mong oa Lipaki tsa Jehova a fihla monyako ha ka ’me a mpha bukana e nang le sehlooho seo. Potso e ne e le e ntle haholo bakeng sa ka. Paki eo e ne e tla fetoha tšusumetso e khōlō bophelong ba ka.
Ho le leng la maeto a hae a pele a ho boela ke ile ka lopoloha haholo ho utloa a hlalosa ka Bibele hore ha ho lihele tse chesang. Kamorao ho nako ka bona hore ho teng Molimo oa lerato. Hona, hammoho le tebello ea ho thabela bophelo bo thabileng lefatšeng ka ho sa feleng, ha mpulela ntho eo nka itšetlehang ka eona. (Pes. 37:29) ’Me boemong ba ka, ke se na manonyollo a maoto, u ka inahanela hore na ke ile ka thaba hakaakang ha ho baloa boprofeta Bibeleng ka lihlotsa tse tla tlōla joaloka liphoofolo. Hona ruri ea e-ba tšepo ea sebele le khothatso!—Esa. 35:6.
Kamor’a leeto la boraro kapa la bone la Paki ka iphumana ke rapela Jehova ’me ke bolela kananelo bakeng sa seo ke ntseng ke se tseba. Ke ne ke thabile ke seo ke ithutang sona ka Bibeleng hoo masiu a mang ke neng ke hlobaela ke ntse ke nahana feela ka lintho tsena. Joale, ka lekhetlo la pele, ke ne ke e-na le lebaka la sebele la ho phela. E ne e se feela ho fumana bophelo, empa ho sebelisa bophelo ba ka ho sebeletsa ’Mōpi oa rōna ea lerato, Jehova Molimo.
Ke ne ke tletse thabo ke se etsahalang hoo thabo ea ka e neng e tšolohela le ho masole a heso a holofetseng ao ke neng ke kopanetse mosebetsi le oona. A mararo ho oona a phakisa a kopanela thutong ea rōna ea Bibele ea beke le beke.
BOTSOALLE BA PHUTHEHO
Ho ba teng sebokeng sa ka sa pele Holong ea ’Muso ha hoa ba bonolo. Ke ne ke le tsietsing haholo ke boemo ba ka, lithupa tsa ka tseo ke tsamaeang ka tsona le tsohle, ’me ke ne ke sa rate ho hauheloa. Ka baka leo ke ne ke qoba mekhopi. Lebaka feela leo ke neng ke fana ka lona la ho se ee Holong ea ’Muso e ne e le hore ke sitoa ho hloa litepisi, le hoja hoo e ne e hlile e se bona bothata.
Joale, ka libekenyana tse seng kae tsa leeto la hae, Paki ea ntlela le moromuoa oa Leamerika ea neng a etela liphutheho ka mehla Korea. A ba a nkhothalletsa ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso, a ntšupisa bohlokoa le melemo. Ke ile ka khahloa haholo ke hore a etele lelapeng la ka le tlase le hore a bue puo ea ka, eo ke neng ke tseba hore e thata ho eena. Eaba joale ke thatafalloa ke ho hana memo ea hae.
Eare mohla monene, ka be ke le teng Holong ea ’Muso. Ha e-ba le phello e tebileng hakaakang ho ’na! Ho ne ho se mohla nkileng ka ba har’a batho ba joalo, ba chesehelang ho ithuta ho hongata ka merero ea Molimo le ho o sebeletsa. Hona ho ne ho fapane hole le liboka tsa bolumeli leha e le litempeleng tsa Buddha kapa kerekeng leha e le efe tseo ke neng nkile ka ba ho tsona Ho tloha ka nako eo ho ea pele ho ba teng Holong ea ’Muso ea e-ba karolo ea bophelo ba ka. Hora le metsotso e mashome a mabeli eo ke neng ke e nka ho ea tsamaea lik’hilomithara tse ’nè e ne e le e tšoanelehang.
LIPHETOHO TSE LING LE BOINEELO
Hoba ke kobesoe ntoeng, ntho ea bohlokoa bophelong ba ka e ne e le ho noa ka ho tlolisa le ho tsuba. Ka nako eo ho ne ho bonahala e le lintho feela tse ka bebolang bohloko, kelellong le ’meleng. Empa hoo e ka bang likhoeli tse tharo ke ithuta Bibele le Lipaki le ho tloaelana le tsona, tse sa sebeliseng koae kapa hona ho tahoa, ka bona ho hlokahala hore ke tlohele mekhoa ena e litšila. Boemo ba ka ba ’mele le kelello bo ne bo se bo sa hloke lintho tsena. ’Nete ea Bibele e ne e sa phekole matšoao a mathata a ka empa sesosa sa oona. Ka baka leo, bophelo ba ka ba e-ba tšoanelehong e phahameng haholo.
Ho latela moetlo oa Sekorea, hlooho ea lelapa e etella pele borapeling ba baholoholo, ’me bashemane bohle ba mo hlahlamang le basali ba bona ba lebelletsoe hore ba latele ketello pele ea hae. Linako tsa borapeli ba baholo-holo li hlaha hangata selemo se seng le se seng. Kamor’a ho hlokomela hore Lentsoe la Molimo le bontša hore bafu ha ba ikutloe le hore ba sitoa ho re thusa kapa ho re sitisa, ka hana ho kopanela borapeling bona ba bohata. (Moek. 9:5, 10) Hona ha nyarosa moholoane oa ka. Kaha ne nke ke ka kopanela, a tsohela mosali oa ka matla. Ha e-ba boima haholo ho eena ho ikemela khanyetsong ena le hore e be Paki.
Likhoeli tse ka robang mono o le mong hoba ke kopane le Lipaki ka lekhetlo la pele, ha tšoaroa kopano ea sechaba Seoul. Ka lekhetlo la pele setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se ne se le teng, N. H. Knorr. Ka hlolloa ka lipuo tsa hae tse khothatsang tsa Mangolo. Kopano ena e khōlō ea tiisa tumelo ea ka ha ke bona phutheho le taoleho ea batho le ho hlokomelana ha bona. Ka lekhetlo lena, ka ’Mesa 1956, ka kolobetsoa tšoantšetsong ea boineelo ba ka ho sebeletsa Jehova Molimo, hammoho le baromuoa ba bang ba kopano ba fetang 300.
HO TŠEPA JEHOVA
Metsoalle ea ka ea pele khoebong e ne e le bao re neng re le sesoleng hammoho, bao e mong oa bona a ileng a kolobetsoa le ’na. Leha ho le joalo, metsoalle e meng, kaha ke ile ka neela nako e ngata haholo libokeng tsa Bokreste, thutong ea Bibele le ho bolelleng ba bang, ba nketsa hampe. Ba qetella ba nkile batho bohle ba neng ba sebetsana le ’na ’me ba ipulela khoebo ea bona. Hore ke lefe melato ea ka, ka tlameha ho rekisa ntlo ea ka e nyenyane, ’me ka nakoana lelapa la ka la lula letikiring le ruletsoeng ka seile.—Matt. 6:33.
Ke ne ke le lesole, ke ne ke le monyetleng oa mesebetsi e lefang hantle. Leha ho le joalo, ho nka ha ka mesebetsi ena ho ne ho tla ntlhoka hore ke siteloe letsoalo la ka la Bokreste, kaha mesebetsi e ne e amana le mosebetsi o hlalositsoeng ka Bibeleng e le o sa amoheleheng bakeng sa bahlanka ba Molimo.—Esa. 2:4.
Leha ho le joalo thuso ea hlaha mohloling o sa lebelloang ha mookameli oa sepetlele sa ba holofetseng a nkatamela ’me a nkopa hore na nka etsa lintho tse lohiloeng tse ka sebelisoang sepetleleng sa hae. Le hoja ke ne ke sa tsebe sena, ka tšepa Jehova ’me ka sheba mosebetsi oa ka oa boipheliso e le mokhoa oo a lokisetsang hore re fumane seo re se hlokang ka oona. Ka lilemo tse fetileng tse hlano, ka thuso ea mora oa ka, re bile le hona ho phela ka mokhoa o molemo re bile re phela ka ho se khathatsane le boikarabelo ba rōna le litokelo ka phuthehong ea Bokreste.
LELAPA LA KA LE IKOPANYA LE ’NA BORAPELING BA ’NETE
Ke ne ke e-ea le bana ba ka ka mehla Holong ea ’Muso, ’me u inahanele linakong tse ling tse lekang ha bana ba khathatsa ha ke le sethalleng. Le hoja mosali oa ka a ne a hana ha bana ba shapuoa, ke ne ke ikutloa hore nako e teng e ho loketseng le sebaka se ho loketseng. Tseleng ha re khutlela hae ho tsoa libokeng ke ne ke sebelisa nako eo ho kena sebakeng se se nang letho re lule fatše ’me re bee mabaka hore na ke hobane’ng ha ba lokela ho itšoara hantle. Ka linako tse ling, ha ba tseba hore ba tla shapuoa, ba ne ba baleha ’me ba mathe kapele ho feta kamoo lithupa tsa ka li ka ntjarang ’me ba pholohe karolo ena ea thuto ea bona. Hona joale rea ho nahana ’me re ho tšehe, empa ka nako eo ke ne ke khalla batsoali ba nang le ’mele e feletseng.
Hoba mosali oa ka a qale ho ithuta Bibele, ’me a be matla ka ho lekaneng moeeng hore a ka ikemela ho moholoane oa ka litabeng tsa borapeli ba baholo-holo, a kolobetsoa ka 1969. Hona ha phaella mononong oa bophelo ba rōna ba lelapa, ’me ho ruta bana ha e-ea ka ea hlola e e-ba bothata boo ho neng ho bile bona. Ra thaba ha morali oa rōna e moholo a nyalana le mohlanka ea sebeletsang phuthehong e ’ngoe.
Re bile le sepheo sa ho ruta bana ba rōna. Hona e bile ho hlaolela ka lipelong tsa bona takatso ea ho sebeletsa Jehova. Ka pel’a bona re beile e le ho lakatsehang haholo mosebetsi oa ho bolela ka nako e tletseng le ho ruta. ’Me bana bohle ba rōna ba latsoitse tšebeletso ena e khōlō. Ho tloha ka 1974 morali oa rōna oa bobeli, Mee, haufi o bile tšebeletsong ena ea nako e tletseng, e leng ho thusitseng lelapa la rōna moeeng.
MOSEBETSI OA PHUTHEHO
Lilemo tse ka bang ’nè hoba ke kolobetsoe, phutheho ea hlongoa haufi le ntlo ea rōna, ’me ka khetheloa ho ba mohlanka oa phutheho (molebeli ea okamelang). Ho tloha ka nako eo ho tsoile liphutheho tse ling tse tharo ho ea rōna. Haholo ke khahliloe ke ho hlokomela banna ba sa lumelang ba bo-khaitseli ba rōna ba Bakreste, kahoo ke e-ba le hona ho thusa ho tla fihlela joale ba ka bang 30 ho bona hore e be Lipaki. Bana hamorao ba lumela hore, ka baka la boemo ba ka ba ’mele, ba ne ba sitoa ho hana ho bua le ’na. Ba bang, ba sa amohelang ’nete, bonyane e bile ba utloisisang basali ba bona ba Bakreste haholoanyane, ’me basali ba ho ananetse.
Monna e mong o ne a lumela ka matla lithutong tsa Confucius ’me a hanyetsa mosali oa hae haholo, haholo hobane o ne a nahana hore sebaka sa mosali se ka lapeng le hore o lokela ho lula moo nako e khōlō le e nyenyane. Hona, koana, ho ne ho bolela hore a ke ke a ea libokeng tsa Bokreste kapa a kopanela boboleling le ba bang ba ka ntle ho lelapa. Ka mo etela ka makhetlo a mangata, ke itloaetsa eena. Qetellong, ka qophello ea mosali oa hae, a lumela ho ba teng karolong e le ’ngoe ea e ’ngoe ea likopano tsa rōna. O ile a khahloa ke lenaneo le batho hoo tseleng ha a khutlela lapeng a ileng a nketela ’me a kōpa thuto ea Bibele. Hona joale ke moholo ka phuthehong ea Bokreste.
Joale e se e le lilemo tse mashome a mabeli a metso e mehlano ho tloha ha ke qala ho ithuta linnete tsa Bibele tse fileng bophelo ba ka kutloisiso le tšepo e ngata hakana. Ha ho mohla nkileng ka lahleheloa ke tšepo litšepisong tsa bohlokoa tsa Molimo, ’me hona ke hona ho ’neileng tšepo e khōlō hakana bophelong, ho sa tsotellehe ho holofala ha ka.
[Setšoantšo sa Lee Doo-yong se leqepheng la 3]