Ho Pholoha Kapa ho Timela ‘Mahlomoleng a Maholo’
“Bao ba tla ea bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ea bophelong bo sa feleng.”—Mattheu 25:46.
1, 2. Ba bang ba bontšitse maikutlo afe, ’me ke hobane’ng ha ana a le kotsi a bile a lokela ho qojoa?
BA BANG ha ba rate maikutlo a hore ba bang ba tla timetsoa ka ho sa feleng. Hona ke ’nete ka ba lumelang hore qetellong motho e mong le e mong o tla bolokeha. khale koana lekholong la boraro la lilemo C.E. mongoli oa bolumeli Origen o ile a kèta ka maikutlo a hore qetellong bohle ba tla bolokeha. Ba bang ba ipolelang hore ke Bakreste kajeno ha ba fetelle hakaalo, ba fana ka maikutlo a hore mohlomong batho bohle ba tla tsosoa, ho akarelletsa le ba tla bolaoa ‘mahlomoleng a maholo.’—Mattheu 24:21, 22.
2 Ka ho se hlokomele, ba nang le maikutlo ana ba atamela ka ho kotsi thutong ea Bojakane ea “tsoho e akaretsang.” Likereke tse ncha li ruta hore ’mele ea bafu e shoeleng ea bafu BOHLE e tla tsosoa hore e kopane le meea ea eona leholimong kapa “liheleng.” Leha ho le joalo, Bibele ha e rute ‘tsoho e akaretsang’ joalo joalokaha e utloisisoa ke Bojakane, leha e le hore bafu BOHLE, le bona ba khopo, ba tla tsosoa kapa ba khutlisetsoe bophelong.
Hase Bafu Bohle Ba Tla Tsosoa
3. Jesu o bontšitse joang hore hase bohle ba tla tsosoa?
3 Jesu o bontšitse hore hase bohle ba tla tsosoa. O ne a arabela potso e ipatileng eo a neng a e botsoa ke Basaduse, ba neng ba lumela hore ha ho motho ea tla tsosoa. A bua ka “ba tlang ho neoa tokelo ea ho bona lefatše le tlang le tsoho ea bafu.” (Luka 20:35) Mantsoe a hae a kenyelletsa hore hase bohle ba tla ipaka ba tšoaneloa ke ho tsosetsoa tsamaisong e ncha ea lintho eo Molimo o e tšepisitseng.
4. Ho ea ka Tšenolo khaolo ea 20, bafu ba tla tsoa hokae, empa ke sebaka sefe sa tšoantšetso se sa ntšeng bafu ba ho sona?
4 Ho Tšenolo khaolo ea 20, e sebetsanang le tsoho ea “bafu ba bang” ba se nang kabelo “tsohong ea pele,” Bibele e bolela hore “leoatle” le “Hades” li ntša bafu ba ho tsona. Ha e bolele hore bafu ba tsoa ‘letšeng la mollo,” kapa “lefu la bobeli” leo libakeng tse ling le bitsoang “Gehenna” (Geʹi Hinnomʹ, ka Seheberu). (Luka 12:5) Joalokaha lentsoe “leoatle” le bolela lebitla le bokelletsoeng hammoho la ba shoetseng bolibeng le bao litopo tsa bona li sa kang tsa fumanoa hore li patoe mobung, lentsoe la Segerike haʹdes ha le bolele ka lebitla leha e le lefe le le leng empa, ho e-na le hoo, nqalo ea bafu ea batho bohle lefatšeng. Le lumellana le lentsoe “Sheol” le fumanoang Mangolong a Seheberu. Jesu o itse: “Ke na be ke shoele, ’me bona! ke phela ka mehla le mehla. Amen! Ke na le linotlolo tsa nqalo ea bafu le tsa lefu.” (Tšenolo 1:18) Pusong ea hae ea lilemo tse sekete o tla sebelisa “linotlolo” tsena ho lokolla lefung ba tšoaneloang ke “ho neoa tokelo ea ho bona lefatše le tlang le tsoho ea bafu.”
5. “Gehenna” e tšoantšetsa eng?
5 Ka lehlakore le leng, ha ho kae kapa kae moo Mangolo a bolelang hore Kreste o na le senotlolo sa Gehenna. O buile ka Gehenna, a re: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele, ba mpa ba se na matla a ho bolaea moea; le mpe le tšabe [Jehova] ea nang le matla a ho bolaela moea le ’mele liheleng [Gehenna, ka Seheberu].” (Mattheu 10:28) Ha a hlalosa ka temana ena bukeng ea hae Immortality of the Soul or Resurrection of the Dead? (ea Sefora), Moprofesa Oscar Cullmann o-oa ngola: “psy·keʹ [moea] mona ha o bolele maikutlo a Bagerike ka moea empa ho e-na le hoo e lokela ho fetoleloa e le ‘bophelo’. . . . W. G. Kümmel . . . le eena o ngola ka lebaka le letle hore: Matt. 10:28 ha e batle ho phahamisa hore moea ha o shoe, empa e hatisa ’nete ea hore ke Molimo feela o ka timetsang bophelo ba lefatšeng le bona ba leholimong.’” E, Gehenna e emela ho timetsoa ka ho feletseng hoo tsoho e leng sieo ho hona. The New Bible Commentary (Khatiso ea Bobeli, leqephe 786) e hlalosa Gehenna e le “tlhaloso ea ‘lefu la bobeli.’”—Tšenolo 21:8.
6. Bontša ka Bibele hore ba bang ba ea Gehenna pele ho Letsatsi la Kahlolo la lilemo tse 1 000 ’me ka baka leo ha ba na tšepo ea ho tsosoa.
6 Bibele ka ho tiileng joale e bontša hore ba bang ba tla felella Gehenna ea tšoantšetso pele Letsatsi la Kahlolo la lilemo tse 1 000 le qala. Jesu o boleletse bangoli ba sa bakeng le Bafarisi hore bona le basokolohi ba bona ba Balichaba ke ‘bana ba Gehenna’ kapa ka sebele, ‘bafo ba Gehenna.’ (Mattheu 23:15, 33-35; bona hape Johanne 9:39-41; 15:22-24.) Haeba le bona basokolohi ba Bafarisi e ne e le bafo ba Gehenna ‘habeli ho fetisa Bafarisi,’ ho tla ba joalo hakae ka Judase Iskariota, eo ka bokhopo bo fetisisang a ileng a eka Mora oa Molimo. Jesu o ne a kenyelletsa hona ha a bitsa Judase “mor’a timelo.” (Johanne 17:12) Ka ho tšoanang, bakoenehi ba sa bakeng ha ba ee Sheol, kapa Hades ha ba shoa, empa ba ea Gehenna. (Ba-Heberu 6:4-8; 2 Petrose 2:1) Ke ’nete ka Bakreste ba ineetseng ba phehellang sebeng sa ka boomo kapa ba “koenehang.” (Ba-Heberu 10:26-31, 38, 39) Ena ke mehlala feela e bontšang hore ba bang, le hona ‘lefatšeng lena,’ ba entse sebe seo ho seng tšoarelo ho sona, leha e le lefatšeng le ‘tlang ho tla.’ (Mattheu 12:31, 32; bapisa 1 Johanne 5:16.) Ka baka leo, ba ke ke ba tsosoa.
Qetello ea Kahlolo ea Jehova
7. Ke eng e bontšang hape hore Jehova o ahlola ba bang ka kahlolo ea ho qetela le tsamaisong ee ea lintho?
7 Eona ’nete ea hore Jesu o boletse hore “ho nyefola moea o halalelang” ho ke ke ha tšoareloa “le ka mohla o le mong” e lokela ho kholisa mang kapa mang ea belaelang ka taba ea hore Jehova le hona joale o lihela ba bang kahlolo ea ho qetela leha e le hona ‘lefatšeng lena.’ Ba joalo ba ba “molato oa sebe se sa feleng.” “Ba ke ke ba tšoareloa le ka mohla o le mong.” (Mareka 3:28, 29) E be joale ba ka tsosoa ka lebaka lefe?
8. (a) Re lokela ho bontša boikutlo bo kang ba Jehova joang? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Jehova le Mora oa hae e le Baahloli, ’me ho ka qotsoa mohlala ofe ho bontša ho khaola khang ha kahlolo ea Molimo?
8 Ka tlhaho, joaloka lipaki tse nang le seriti tsa Molimo oa rōna Jehova, ha re tsamaee re tšosa batho ka timelo. Re kopanela maikutlong a Jehova linthong. Ka eena, ho boleloa hore ‘o na le mamello,’ hobane “ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.” (2 Petrose 3:9) Ka lehlakoreng le leng, re lokela ho qoba ho nkeha haholo maikutlong ’me, mohlomong, ka ho se hlokomele ra nyatsa tsela eo Jehova a sebetsang litaba ka eona. Jehova ke Moahloli ea phethahetseng. (Deuteronoma 32:4) Ke ’nete le ka Kreste Jesu. (Johanne 5:30) Ha ho tlisoa nyeoe ka pel’a baahloli ba batho ba sa phethahalang ’me e feta tšebeletsong eohle ea boahloli, ho tloha lekhotleng le tlase-tlase ho ea fihla lekhotleng le phahameng la naha, batho ba nka hore ho entsoe ka toka, ’me ha ho boipiletso bo bong bo ka etsoang. Joale ke hobane’ng ha re ka belaela likahlolo tsa Jehova le qetello ea tsona?—Pesaleme ea 119:75.
9. Mattheu 10:28 e bontša ho khaola khang ha likahlolo tsa Jehova joang?
9 Le hoja Jehova a iponahalitse hore ‘o mamella’ ka ho tsotehang hobane ‘o rata hore bohle ba fihle pakong,’ o-oa tseba hore hase batho bohle ba tla baka. Ke ka lebaka leo Jesu a re lemositseng hore re “tšabe ea nang le matla a ho bolaela moea [bophelo] le ’mele liheleng [Gehenna, ka Seheberu].” Ha e hlalosa ka temana ena, New International Dictionary of New Testament Theology e re: “Matt. 10:28 ha e rute hore le lebelle moea o sa shoeng empa hore kahlolo ea Molimo ho ba sa bakeng ke e ke keng ea etsolloa.”
10. Jesu o boletse eng ka “ba bangata” le ‘ba seng ba kae,’ hona lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “timelo” le bolela eng?
10 Thutong ea hae ea Thabeng Jesu o itse: “Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako oa timelo [apoleia, ka Segerike] o hebe-hebe, le tsela e eang teng e phatlaletse, ’me ba kenang teng ba bangata. Hobane monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane, ’me ba e fumanang ha ba bakae.” (Mattheu 7:13, 14) Libuka tse hlalosang mantsoe tsa Segerike li hlalosa “apoleia” e le “pheliso,” timelo ea ka ho sa feleng” (Arndt & Gingrich) kapa “timetso e feletseng, e seng feela ka kutloisiso ea ho felisoa ha ’mele o bonoang.” (Theological Dictionary of the New Testament) Ka baka leo, ha ho motheo oa Bibele oa ho lumela hore batho ba phelang kajeno, ba talimaneng le “mahlomola” a maholo ao lefatše le kileng la e-ba le oona esale le theoa, ba na le monyetla o mong ha e se oa “bophelo” kapa “timelo.”—Mattheu 24:21, 22.
Poloko Kapa Timelo
11. (a) Ho boleloa eng ka polelo “letsatsi la Jehova”? (b) Ke ‘letsatsi lefe le leholo la Jehova’ leo e leng hona le tlang, ’me ho tla etsahala joang ka nako eo?
11 “Letsatsi la Jehova le leholo le atametse.” (Sofonia 1:14) Ha ho mohla mantsoe ana a kileng a totobala ho feta hona joale. Ke ’nete hore ho ’nile ha e-ba le linako tse ling tse khethehileng paleng tseo Jehova a ileng a phethahatsa kahlolo ea hae le ho tlotlisa lebitso la hae le halalelang ka tsona, ’me e ’ngoe le e ’ngoe ho tsona e ne e le “letsatsi la Jehova” le lenyenyane. Jerusalema e sa tšepahaleng, Babylona le Egepeta tsa latsoa ‘matsatsi’ a joalo. (Esaia 2:1, 6-17; 13:1-6; Jeremia 46:1-10) Empa “letsatsi la Jehova” le leholo ho ’ohle ke hona le tlang. Ke “letsatsi” leo ka lona kahlolo ea Jehova e tlang ho phethahatsoa ho Bojakane, karolo e saletseng ea ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata ba Satane le tsamaiso eohle ea hae e khopo. Ke “tsatsi la khalefo, ke tsatsi la tlokotsi le la matsoalo, ke tsatsi la tšenyo le la tšenyeho.” Boprofeta bo tsoela pele: “Ke tla bea batho tlokotsing, . . . kahobane ba sitetsoe Jehova; . . . Leha e le silevera ea bona, leha e le gauda ea bona, li ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la khalefo ea Jehova; ’me ka mollo oa poulelo ea hae, lefatše lohle le tla chesoa, hobane o tla felisa, a be a timeletse baahi bohle ba lefatše ka sehlōhō. . . . ha ho e-so ho tle letsatsi leo joale ka mooko o fefoloang, ha ho e-so ho tle holim’a lōna ho tuka ha bohale ba Jehova, ha le e-so ho tle holim’a lōna, tsatsi la bohale ba Jehova! Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, ba etsang ka taelo ea hae; batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.”—Sofonia 1:15–2:3.
12. Na boprofeta ba Sofonia bo bua ka Juda feela, kapa bo sebetsa ka mokhoa o batsi?
12 Le bafuputsi ba bangata ba Bibele ba Bojakane ba hlokomela hore boprofeta bona ha boa ka ba sebetsa ho Juda feela empa bo ne bo bolela pele ho nako ka “kahlolo ea bokahohle holim’a lefatše lohle” (Keil-Delitzsch), “bofelo ba mehla ea sebe” (Ecumenical Bible ea Sefora), “‘letsatsi’ leo ka lona kahlolo ea bokahohle e tla liheloa bokhopo bohle ’me bohale ba Molimo bo tšolleloe bohle ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng molaetsa o molemo oa Morena oa rōna Jesu Kreste.”—New Bible Commentary, Khatiso ea Bobeli.
13. (a) Ho ea ka Pauluse, “letsatsi la Jehova” le tla etsahala neng? (b) ‘Motho oa sebe’ ke mang, ’me “motho” eo oa tšoantšetso o emetsoe ke kahlolo efe?
13 Moapostola Pauluse o ile a amahanya “letsatsi la Jehova” le “ho tla ha Jesu Kreste Morena.” (2 Ba-Thessalonika 2:1, 2) Hoba a bolele ka “koeneho” e neng e tla tsoala ‘motho oa sebe’ e leng sehlopha sa bokoenehi sa likereke tsa Bojakane, Pauluse o phaella ka hore: “Ke moo ho tla hlaha molotsana, eo Morena a tlang ho mo felisa ka moea oa molomo oa hae, ’me o tla mo timetsa ka ponahalo ea ho hlaha ha hae.” (2 Ba-Thessalonika 2:3, 8) Hang feela ha ho qaleha ‘mahlomola a maholo’ ke moo ho tla hle ho ‘felisoe’ kapa ho ‘etsoe lefeela’ ka baruti ba bakoenehi. (Tšenolo 17:1-5, 16, 17) Sehlopha seo hape se bitsoa “mor’a tahleho [apoleia],” e leng ho bolelang hore se habile “timetsong ea ka ho sa feleng” Gehenna, ho tšoana le se neng se tšoana le sona mehleng ea Jesu.—2 Ba-Thessalonika 2:3; Mattheu 23:33.
14. Ke hobane’ng ha ba bang ba bangata ba tla ‘timela,’ kahoo ke khetho efe e ka pel’a batho bohle?
14 Joale ho thoe’ng ka batho bohle ba latetseng baruti le ‘thetso ea bona ea bokhopo’? Moapostola Pauluse o bua ka bana e le “ba timelang [e le kotlo e loketseng]; hobane ha ba ka ba amohela lerato la ho rata ’nete, ba tle ba bolokehe. Ke ka baka leo Molimo o tlang ho ba rōmela moea oa thetso o sebetsang ka matla, ba tle ba lumele bohata; hore ho tle ho ahloloe bohle ba sa kang ba lumela ’nete, ba mpa ba thabetse bokhopo.” (2 Ba-Thessalonika 2:10-12, bapisa le NW) Lefatše kajeno le fetohile sekoti sa bokhopo, boitšoaro bo bobe le tšenyeho. Batho ba bangata ba ‘thabela bokhopo’ ’me ‘ha ba amohele lerato la ’nete ba tle ba bolokehe.’ (Bapisa Ezekiele 9:4-7) Ka baka leo, ba tla ‘ahloloa’ ’me ba timele ‘e le kotlo e loketseng.’ ‘Mahlomoleng a maholo’ a tlang khetho e totobetse. Ke pholoho kapa timelo.
Balehela ’Musong Bakeng sa Pholoho
15. Setšoantšo sa “linku” le “lipōli” se bolela khetho ea lichaba tsohle tsa batho joang?
15 E, “letsatsi la Jehova le leholo le atametse, le atametse, le bile le akofa ka ho fetisisa.” (Sofonia 1:14) Re phela nakong ea kahlolo ea ha “lichaba tsohle” li bokelloa ka pel’a Kreste Jesu. Batho ba lichaba tseo tsohle ba aroloa ka lihlopha tse peli, “linku” le “lipōli.” Phello ea seo e boleloa ka ho hlakileng: “Bophelo bo sa feleng” bakeng sa “linku,” le ‘bohloko bo sa feleng’ bakeng sa “lipōli.”—Mattheu 25:31-33, 46.
16, 17. (a) 2 Ba-Thessalonika 1:6-9 e bontša ho khaola khang ha kahlolo ea Jehova ‘mahlomoleng a maholo’ joang? (b) Holim’a batšoenyi ba batho ba Molimo, ho tla timetsoa bo-mang hape, hona hobane’ng?
16 Pauluse a bontša hape ho khaola khang ha kahlolo ea Jehova a ngola hore: “Efela ho lokile hoba Molimo o busetse matšoenyeho ho ba le tšoenyang, ’me lōna ba tšoenngoang, le etsetsoe phomolo le rōna, mohla Morena Jesu a bonahalang [apokalypsis], a e-tsoa leholimong, le mangeloi a matla a hae, ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna. Bao ba tla otloa ka tšenyeho e sa feleng.”—2 Ba-Thessalonika 1:6-9.
17 Hlokomela hore ho “otloa ka tšenyeho e sa feleng” ha ho phethahatsoe feela ho ba “tšoenyang” batho ba Molimo empa hape le ho “ba sa tsebeng Molimo” le “ba sa utloeng Evangeli.” Lengolong la hae le eang ho Ba-Roma, Pauluse o hlalosa hore na ke hobane’ng ha “ba sa tsebeng Molimo” ba ‘hloka maitatolo’ le hore na ke hobane’ng ha ba ahloloa. (Ba-Roma 1:18-20; 2:5-16) ‘Lengeloi le fofang mahareng a leholimo,’ le boleloang ho Tšenolo khaolo ea 14, le mema “ba ahileng lefatšeng” hore ba ‘tšabe Molimo, ba ise khanya ho oona, hobane nako ea ho ahlola ha oona e tlile.’ Ka baka leo batho ba phehelloa ho ‘khumamela ea entseng leholimo, le lefatše, le leoatle.’ Ba hlōlehang ho etsa joalo, le bohle ba lumelang ho “sebata” sa bopolotiki sa Satane ho fapana le ’muso oa Molimo oa Messia, ba tla timetsoa le “sebata” seo “sehatelong se seholo sa bohale ba Molimo.”—Tšenolo 14:6, 7, 9, 10, 14-20; 19-11-21.
18. (a) Leha e le bafe ba nang le tšepo ea ho pholoha hona joale ba lokela ho etsa joang? (b) Bibele e bolela bafe e le ba pholohang ‘mahlomola a maholo,’ ’me ba emetsoe ke eng?
18 Leha e le bafe ba nang le tšepo ea ho “patoa tsatsing la bohale ba Jehova” ba tlameha ho ‘batla ho loka, ba batle boikokobetso’ ‘ba etse ka taelo ea Jehova,’ e seng ba e nyatse. (Sofonia 2:2, 3) Leha e le bafe ba nang le tšepo ea hore moahloli ea khethiloeng ke Jehova a ba ele hloko e le “linku” tse ka bolokoang ‘mahlomoleng a maholo’ ba tlameha ho ipaka e le “ba lokileng,” ka mafolo-folo ba tšehetsa le ho thusa “baena” ba tlotsitsoeng ba Kreste, ba theang sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Mattheu 25:33, 40, 46; 24:45-47) Batho feela bao Bibele e fetisetsang ho bona tšepo ea ho pholoha ‘mahlomola a maholo’ ke “baena” ba Kreste, kapa “bakhethoa,” le “bongata bo boholo” ba “linku” bo ‘sebeletsang Molimo ka khalalelo’ ntle ho khaotso, ka linako tsohle bo bua haholo hore bohle ba utloe: “Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.” Joaloka barutuoa ba kolobelitsoeng ba nkiloeng ‘lichabeng tsohle,’ “bongata bo boholo” bona bo alosoa ke Konyana, Kreste Jesu, e ba isang “lilibeng tsa metsi a bophelo” a ke keng a e-psha le ka mohla. ’Me “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.”—Mattheu 24:21, 22; 25:34; 28:19, 20; Tšenolo 7:9-17.
LIPOTSO TSA TLHAHLOBO
□ Likereke tsa Bojakane li bolela eng ka “tsoho e akaretsang” ea bafu, empa na thuto ee ke ea Bibele?
□ Ke mangolo afe a bontšang hore hase bafu bohle ba tla tsosoa?
□ “Gehenna” ke eng?
□ Ke eng e bontšang hore Jehova o ahlola ba bang ka kahlolo ea ho qetela le hona tsamaisong ee ea lintho?
□ Ho tla etsahala joang ka “letsatsi la Jehova,” ’me ba ahlotsoeng na ba tla tsosoa?
□ Ho lokela hore ho etsoe joang hore motho a pholohe, kahoo ke mosebetsi ofe oo e leng oa bohlokoa ho feta leha e le neng pele?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Judase, “mor’a timelo,” o tla ba har’a ba ke keng ba tsosoa