“E Mong le e Mong Bakeng sa Hae”
“Ba ema e mong le e mong bakeng sa hae, ba teetse liahelo hare.”—Baahloli 7:21.
1, 2. Bapisa mesebetsi ea Molimo le mesebetsi ea batho.
U HOPOLA eng ha u bapisa kutloano e mosebetsing o tsoileng matsoho oa Molimo le ho ferekana ho tsamaisong ea batho? Na ha u lumellane le mongoli oa Bibele ea bululetsoeng ea itseng: “Molimo hase Molimo oa mofere-fere, empa e le oa khotso”? (1 Ba-Korinthe 14:33) Mantsoe ao a moapostola Pauluse a bontša hore Molimo o ke ke oa ikarabella bakeng sa boemo bo ferekaneng ba litaba tsa lefatše. Jehova o tseba ho lokisa litaba ka tsela eo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e laoloang ke melao ea hae e nang le sebaka sa eona. Pōpo ea hae e re potolohileng e paka ’nete ena. Ha tsebo ea motho ka bokahohle e ntse e atoloha, e paka nako le nako taolo e busang le tlhophiso bokahohleng. Leha a ka shebisa libonela-hole tsa hae kae kapa kae, motho o hlokomela hore naleli e ’ngoe le e ’ngoe e sebakeng sa eona, e tsamaea ka molao tseleng ea eona.
2 Re bona pono e fapaneng hakaakang ha re retelehela litabeng tsa motho ea itaelang lefatšeng! Ho na le pherekano e ngata, ho hloka taolo le bora ba ho bolaeana! Batho ba arohane ka lipolotiki, bolumeli, kahisano le merabe, ’me ba imetsoe ke mathata a sa rarolleheng. Bonokoane bo atile hoo ho leng thata ho fumana le ho sebetsa ka toka motlōli e mong le e mong oa molao. Le masole a mabothong a lichaba a lebelletsoeng ho sebeletsa tlas’a taeo e thata-thata a atisa ho tlōla melao.
3. Bakreste ba tšoantšoa le eng, empa ntoa ea bona ke ea eng?
3 Hase ho makatsang, he, hore joalokaha Jehova a amehile ka bokahohleng bo bonahalang, o boetse o amehile le ka khotso le taolo har’a baemeli ba hae ba lefatšeng. Joaloka bahlanka ba hae, Bakreste ka bomong ba tšoantšoa le masole a lauoeng a lebothong. Moapostola Pauluse o ngotse hore e mong le e mong a tšoane le ‘lesole le tšepahalang la Kreste.’ (2 Timothea 2:3, Today’s English Version) E mong le e mong ho rōna a lakatse ho ‘’na a loana ntoa e molemo.’ (1 Timothea 1:18) Empa kamehla ho hopoloe hore ntoa ea rōna hase ea nama. Ke ea moea. E loana le “marena a lefifi la lefatše lena, le meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.”—Ba-Efese 6:12.
4. Ke hobane’ng ha litlhaselo tsa Satane ho bahlanka ba Molimo li ke ke tsa atleha?
4 Leha ho le joalo, makhotla a ‘molimo oa lefatše lena’ a batla ho tšosa bahlanka ba Molimo e le hore ba ka felloa ke sebete ’me ba baleha sera. (2 Ba-Korinthe 4:4) Empa leqheka lena la bahanyetsi le tla hlōleha habohloko hobane ke Jehova ea tsamaisang litaba le hore ke eena ‘ea rutang matsoho a rōna ntoa.’ (Pesaleme ea 18:34) Re khothatsoa ke tiiso ea hore ’ntoa hase ea rōna, ke ea Molimo.’ (2 Likronike 20:15) Ka Molaoli oa Ntoa oa hae ea matla, Kreste Jesu, Jehova o tla tsamaisa ntoa ho fihlela e hlōloa. Kahoo, o tiisetsa ba tšepahalang ba hae hore ba ke ke ba hlabisoa lihlong le ka mohla. Ha ho mohla ba tla tlameha ho checha tlhaselo ea sera.—Pesaleme ea 18:25.
5. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a laela Gideone se fapaneng le maikutlo a batho ka maqheka a ntoa?
5 Ka tlaleho e thabisang le e bululetsoeng ea ntoa e ileng ea loanoa mehleng ea baahloli ba Iseraeleng, makholo a lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna, Jehova o re hlokomelisa metheo e meng ea ntoa eo e leng hantle ha ‘masole a Kreste’ a ka e ela hloko. Ke mehleng ea Moahloli Gideone, ha barapeli ba bangata ba bademona “ba le ka ka litsie” ba futuhela naha ea Iseraele. (Baahloli 6:5) Jehova a laela Gideone ka hore na lebotho la Iseraele le ka fenya tšokelo ena e bonahalang e le boima joang. Ho fapana le maikutlo ’ohle a batho ka maqheka a ntoa, Gideone a laeloa hore a fokotse lebotho la hae ho tloha ho 32 000 ho ea ho 10 000 le ho tloha ho 10 000 ho ea ho 300 feela. Ka bana ba ’maloa, Jehova a tšepisa hore “ke tla le namolela.”—Baahloli 7:2-7.
6. Hlalosa tlhaselo ea Gideone le ba 300 liahelong tsa Bamediane.
6 Ba 300 ba ne ba hlometse ka manaka le linkho tse sa tšelang letho, tse koahetseng lirumula. Bosiu bo boholo Gideone a ba arola lihlopha hore ba etse theko ho pota liahelo tsa Bamediane le metsoalle ea bona. Ba laeloa ho mamela mokhosi o tla hlajoa ke Gideone e be ba nka bohato. Kutlo e tšepahalang le ho lumellana ka botlalo le litaelo tsa Gideone tsa ntoa e ne e le tsa bohlokoa. Ha bohle ba le libakeng tsa bona, Gideone a hlaba mokhosi. Eaba ba 300 ba “letsa literompeta, ’me ba pshatla linkho [tse khurumelitseng lirumula tsa bona], ’me ba tšoara e mong le e mong serumula ka letsoho le letšehali, le terompeta ka letsoho le letona, ba li letsa, ba hoa, ba re: “Sabole ea Jehova le ea Gideone! Ba ema e mong le e mong bakeng sa hae, ba teetse liahelo hare, ’me bohle ba liahelong ba qala ho titimela mane le mane, ba hoa, ba baleha.” Sera sa silakanngoa.—Baahloli 7:19-22.
7. Ho hlaha lipotso life ka ketsahalo ee ea Bibele?
7 Ho phahama lipotso tse ling tse nakong mona. Ka mohlala, na Jehova o ne a tla etsa hore ho hlōloe ka matla a makaalo hoja ba 300 ba nka habobebe litaelo tsa hae tsa ntoa? Ho thoe’ng haeba ba ne ba ka sitoa ho emela mokhosi oa Gideone? Hoja ba hlokomoloha e ’ngoe ea thepa ea ntoa eo Gideone a neng a ba file eona, ho ne ho tla etsahala joang? Na ba ne ba tla atleha hoja e mong le e mong a iketsetsa qeto ea hore ho na le libaka tse ling tse ntle tseo a neng a ka ikhethela tsona pel’a liahelo tsa sera ho feta seo a se abetsoeng? Ho sena sohle, ho na le metheo ea bohlokoa eo re ka tsamaisoang ka eona kajeno, kaha ‘lintho tsena li ne li ba hlahela hore rōna re li hlokomele e le mehlala le hore li re tsoele molemo.’—1 Ba-Korinthe 10:11.
8. Re tlameha ho sheba ho mang bakeng sa ho hlōla ntoeng ea rōna?
8 Ntoeng ea rōna ea Bokreste re tlameha ho amohela Jehova litseleng tsohle tsa rōna. Re tlameha ho sheba ho eena le ho mo tšepa hore ke eena ea fanang ka tlhōlo. Ka lehlakoreng le leng, maqheka a bohlale a batho, monahano o tebileng oa batho feela tjee, li ke ke tsa tiisa hore katleho e tla ba teng. Jehova o re: “Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moea oa ka.” (Zakaria 4:6) Kahoo ha re loana ntoa ea rōna ea letsatsi le letsatsi e tšehetsang ’nete le ho loka, rōna Bakreste re tla qoba maikutlo a lefatše le mekhoa e hananang le metheo e fanoeng ke Molimo ho tataisa batho ba hae. Ho itšetleha ka keletso ea balefatše ho bolela ho fokola ha tumelo ea hore Molimo oa rōna o na le matla a ho re phallela ha ho hlokahala. Kholiseho ea rōna e be matla joaloka ea mongoli oa Bibele Jakobo (1:5): “Ha e mong ho lōna a hloka bohlale, a bo kōpe ho Molimo, o sitsang bohle ka phano e kholo, o se na ho khanana, ’me o tla bo neoa.”
“Le Etse Joale ka ’Na”
9, 10. (a) Molaoli le Moeta-pele oa rōna ke mang kajeno? (b) Re ka mo shebella joang, kaha ha a bonahale?
9 Kreste Jesu, Gideone e Moholoanyane, hona joale o laola ka ho feletseng makhotla a hae a bonahalang le a sa bonahaleng. Ke ka eena Jehova a ntseng a senola merero ea hae le hore na o beela liketsahalo nako joang bakeng sa batho ba hae. Ke thabo e kaakang ho hlokomela hore Kreste Jesu o tšoarehile ka mafolo-folo ho tsamaiseng “masole” a hae a lefatšeng, kahoo a a tiisetsa hore a tla kopanela tlhōlong qetellong! Bonneteng ho seo a neng a se tšepisitse, o na le oona “ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.”—Mattheu 28:20.
10 Kaha hona joale Kreste Jesu ke Moeta-pele le Molaoli oa bahlabani bohle ba loanelang ’nete le ho loka, ka kopano re ka ‘ithuta ho etsa joale ka eena,’ joalokaha ba 300 ba ile ba ithuta ka ho shebella Gideone. (Baahloli 7:17) Empa kajeno re ka shebella Kreste joang, kaha ha a bonahale? Re ka mo shebella ka kutloisiso ea ho lemoha pontšo ea hae joalokaha e fanoa ka “mohlanka” ea bonahalang eo a mo khethileng holim’a likhahleho tsohle tsa ’muso tse lefatšeng. (Mattheu 24:45-47) Ka mocha ona o khethiloeng ka moea ho fetisetsoa taelo le maqheka a hae ho “masole” ’ohle a hae. Masole ana a ke ke a iketelletsa pele ka booona kapa a hloka mamello ha ho sa uoe ka pono ea oona. Litaba li beeloa nako ke Molaoli oa rōna ea sa bonahaleng. Ke habohlokoa ho nahana ka maikutlo a hae, e seng a rōna.
Thepa e Lokiselitsoeng ke Molimo
11. Bahlanka ba Molimo ba sebelisa thepa ea mofuta ofe kajeno?
11 Gideone e Moholoanyane o tseba hore na masole a hae a lefatšeng a hloka thepa ea mofuta ofe. Ha re hloke lihlomo le libetsa tsa sebele, hobane ha re loane le batho ba bang. Ea rōna ke ntoa ea moea. Kahoo lihlomo tsa rōna li “matla ka Molimo ho liha liqhobosheane [le] merero le liphahamo tsohle tse phahamelang ho loantša tsebo ea Molimo, ’me re hapa mehopolo eohle, e tle e utloe Kreste.” (2 Ba-Korinthe 10:4, 5) Ho sa tsotellehe khanyetso e ka ’nang ea ba tlela, bahlabani ba tšepahalang ba Bakreste ba tlameha ho rua tsebo ea hore na thepa eo ba e filoeng ke Molimo e sebelisoa joang e le hore ba ka ba le hona ho etsisa moapostola Pauluse ka ho ‘bolella batho morero oohle oa Molimo.’—Liketso 20:27.
12. (a) Ke hobane’ng ha lebotho le lenyenyane la Gideone le sebelitse hakaale? (b) Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba sebetsa hakaale kajeno?
12 Masole a Gideone a ne a tlameha ho sebetsa joale ka motho a le mong ’me a sebelise thepa ea oona e le hore a ka finyella se hlokahalang. Ho pshatloa ha linkho tse 300 tsa letsopa, le ho phahamisoa ha lirumula tse 300, molumo oa manaka a 300, le ho tlerola ha mantsoe a 300 ho neng ho etsoa ke oona ka mahlakore ’ohle ka bosiu bo khutsitseng, ruri ho bile le phello e senyang ho Bamediane! Ka ho tšoanang, na hase ’nete hore le hona joale polelo e kopaneng ea ’muso oa Molimo le phetetso ea oona li etsa hore sera se feteletse boahlamo le kotsi tsa molaetsa oo se o bolelloang? Hoo ho etsoa ke eng? Ke hore phutheho eohle ea batho ba Jehova ka thabo e lumellana le nako e beeloang melaetsa e tobileng e eang lefatšeng joalokaha e laoloa ke Gideone e Moholoanyane ka “mohlanka” eo a mo khethileng. Ka lehlakoreng le leng, haeba e mong le e mong ho lipaki tsa Jehova a ne a ka etsa kamoo a ratang, ka hore na ke neng hona ke joang a tlang ho bolela molaetsa oa Molimo, bopaki bo ne bo ka fanoa joang lefatšeng lohle? Ruri ho hlakile hore thato ea Jehova ke hore e mong le e mong, a be “le khopolo e le ’ngoe e mong ka nqa ho e mong, ho Jesu Kreste [Gideone e moholoanyane] bohle hammoho [re] tle [re] tlotlise Molimo, e leng Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, ka molomo o le mong.”—Ba-Roma 15:5, 6.
13, 14. Ke eng e tiisang molaetsa oa bahlanka ba Jehova kajeno?
13 Matla a kopanyang ke moea oa Jehova le Lentsoe la hae, Bibele. Ka thabo, ha rea tsoa e mong le e mong a ruta maikutlo a hae ka molaetsa oa Bibele. Jehova o lokiselitse lithuso tse ngata tsa ho ithuta Bibele ka sebopeho sa libuka, e le hore monahano oa rōna le thuto ea rōna li ka lumellana. Kahoo re qoba ho haella ha kopano le lithuto tse ngata-ngata tse hanyetsanang tsa Bojakane le bohedene. Leha e le hore re hatakela le ho fokolisa molaetsa oa Molimo ho lichaba, molaetsa oa tšepo e khōlō, oa ’nete empa hape e le oa phetetso le kotlo. Re hlokomela hantle hore molumo oa terompeta e tlameha ho ba o moholo le o hlakileng.—1 Ba-Korinthe 14:8.
14 Ke ho loketseng hakaakang hore bohle re ananele bohlokoa ba thepa eo Jehova a e lokiselitseng ntoa ea rōna ea Bokreste! Hape, o re laea hantle hore na re e sebelise joang, e le hore ho ka fanoa ka bopaki bo sebetsang haholo ho batho ka bomong le lichaba. Hase lentsoe la motho a le mong le hooang lefeelleng, empa ke temoso e kenellang le e phahameng e utloahatsoang lefatšeng lohle. Kahoo, ‘lentsoe la Jehova le matla haholo ka pel’a lebotho la hae.’—Joele 2:9, 11.
“E Mong le e Mong Bakeng sa Hae”
15. Ke mehato efe eo re ke keng ra nahana ka eona bakeng sa leha a le mong ho banna ba Gideone?
15 Ho ba makholo a mararo ba Gideone, re ke ke ra nahana ka e mong oa bona a ne a ka shatoloha ’me a lakatsa eka a ka fapanyetsana sebaka le e mong kamor’a hore ba abeloe libaka, kapa mohlomong le ho ikhethela hore na ke sebaka sefe se setle seo a ka emang ho sona. E ne e tla be e le ho ikahlolela ka boeena a tlōla eo Jehova a mo sebelisang ho tsamaisa ntoa, Gideone. Ho ne ho tla bontša ho haelloa ke boikokobetso le ho haelloa ke ho emela nako ea Jehova le boikemisetso ba ho etsa phetoho. Boikutlo bo joalo bo ka lumellana joang le ho kopanela ka tieo ho tleroleng: “Sabole ea Jehova le ea Gideone!”?
16. Boikokobetso bo tla re thusa joang ho phethahatseng ha rōna litlameho tsa rōna?
16 Tokisetsong ea Jehova ea lintho kajeno, e mong le e mong ho rōna o tlameha hore pele ho tsohle a hopole ka morero oa Jehova le lithahasello tse akaretsang tsa ’muso oa hae. Re tlameha ho phethahatsa tšoanelo eo re e abetsoeng ka botšepehi, ho sa tsotellehe hore na ho ameha sebaka sefe ka phuthehong. (1 Ba-Korinthe 4:2) Hape, re tlameha ho bontša boikokobetso, bo sa lumellaneng le boiphahamiso. Motheo o rutiloeng ke Kreste Jesu o sebetsa maemong ’ohle: “E mong le e mong ea iphahamisang, o tla kokobetsoa, ’me e mong le e mong ea ikokobetsang, o tla phahamisoa.” (Mattheu 23:12) ’Me Jakobo o phehella hore: “Ikokobetseng [e seng pel’a batho feela empa le] pel’a Morena, ’me o tla le phahamisa.”—Jakobo 4:10.
17. Na Jehova o thahasella e mong le e mong ho rōna?
17 Kahoo, re ka bona bohlokoa bo feletseng ba mantsoe a ho Baahloli 7:21, “e mong le e mong bakeng sa hae.” Ha re sebeletsa phuthehong ea Jehova re ke re khotsofalle ho sebeletsa kae kapa kae moo re abeloang, ’me re etse mosebetsi ka botšepehi kamoo re ka khonang. Re ke re kholoeng hore Ea hlokomelang ho oa ha serobele se senyenyane o re thahasella haholo ha re sebetsa ka botšepehi eng kapa eng eo re e abetsoeng. (Mattheu 10:29-31) O tseba hore na re hloka ho koetlisoa joang, le hore na re tšoanela mosebetsi ofe, ’me kahoo o sebetsa le rōna ka tšoanelo. Re ka tiisa hore ha rea hlokomolohuoa.—1 Petrose 5:10.
18. Ke hobane’ng ha re tšepa Jehova hakaale kajeno?
18 Kajeno, bahlanka bohle ba Molimo ba taolong ea Gideone e Moholoanyane, Kreste Jesu. Re batla ho sebeletsa ho tumisoa ha lebitso la Jehova, ka boikokobetso re ipeile tlas’a melao ea hae ea ntoa, “e mong le e mong bakeng sa hae.” Rea tšepa hore leqheka le akaretsang la Jehova le tla tiisa hore hoa hlōloa qetellong. Hape re na le tšepo ea hore Jehova o bona ho mamela ha rōna ka botšepehi ’me o tla re putsa ka ‘bophelo ba sebele’ taolong ea hae e ncha, hobane Lentsoe la hae le re: “Tieang matla, le se ke la sisinyeha, ’me le ’ne le eketse ka mehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi oa lōna e ke ke ea e-ba oa lefeela Moreneng.”—1 Timothea 6:19; 1 Ba-Korinthe 15:58.
Na U Hopola Lintlha Tsee?
□ Ke hobane’ng ha leqheka la Gideone le ne le fapane hakana le maikutlo a lefatše ka ntoa?
□ Ke eng e nolofalelitseng Gideone hore a hlōle ka ho feletseng joalo?
□ Jehova o buisana le batho ba hae joang kajeno?
□ Boikutlo bo nepahetseng ba ‘masole a Kreste’ e tlameha ho ba bofe kajeno ka likabelo tsa oona?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 23]
Ho utloa ka botšepehi le ho lumellana ka thata le litaelo tsa Jehova ha etsa hore Gideone le banna ba hae ba hlōle
[Setšoantšo se leqepheng 24]
Jehova o re file thepa ea bohlokoa eo re e hlokang ntoeng ea rōna kajeno