Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 1/1 maq. 10-11
  • Pono e Bohlale ka Thuto

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pono e Bohlale ka Thuto
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Ngoana oa Hao o Lokela ho ea Sekolong se Nang le Bolulo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Thuto Litšenyehelo Tsa Eona le Seo e Fanang ka Sona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Batsoali—Le Batlela Bana ba Lōna Bokamoso bo Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Bo-pula-maliboho Ba Fana ka Mahlohonolo Ebile Baa Amohela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 1/1 maq. 10-11

Pono e Bohlale ka Thuto

BIBELE e lemosa batsoali hore ba hōlise bana ba bona ‘ka ho ba laea le ho ba rutela Moreneng.’ (Ba-Efese 6:4) Koetliso e joalo ke ea bohlokoa haholo ho feta thuto ea lefatše.

Ntate oa Nigeria o lumellana le sena. O re: “Kamehla ke ne ke bua ka lintho tsa moea, ho akarelletsa temana ea letsatsi le letsatsi le bana ba ka. Ke ne ke batla ho ba thusa ho rata Jehova le ho utloa keletso ea hae. Hape ke ne ke batla ho ba nea tumelo e matla.

“Ke ne ke tseba ka litšusumetso tseo e seng tsa Bokreste tseo ba thulanang le tsona sekolong. Eaba ha ke ba ngolise ho ea lula sekolong. Ke ne ke batla hore ba khutlele lapeng tsatsi le leng le le leng e le hore nka ’na ka ba koetlisa ho latela Mangolo. Ke hopola hore hoba sekolo se tsoe ka letsatsi le leng, morali oa ka a mpolella hore monna e mong oa morui o mo memetse ha hae. Ka ea bona monna eo ’me ka fumana hore o ne a e-na le merero ea boitšoaro bo bobe ka morali oa ka. Ka thabela hore ha a lule sekolong, moo a neng a tla ba hole le tataiso ea ka.

“Hape ka bea bopula-maliboho [boboleli ba nako eohle] e le pakane bakeng sa bana ba ka, ’me ba bararo ho bona ba ngolisitse e le bo-pula-maliboho hang ha ba tsoa sekolong. Ha Michael a le sekolong, a bolela hore o lakatsa ho ba seriteli sa meriana joaloka ’na. Ka mo bolella hore o hopotse mosebetsi o motle, empa hore, haeba a ea univesithing, o tla ipea kotsing ea ho koenngoa ke tsamaiso ea lefatše. Ke ne ke hlokometse hore barutoana ba bangata ba fetileng univesithing ba na le litšobotsi tse sa lakatseheng. Ba bang ho bona ba fetohile baikhohomosi ’me ba felloa ke ho ananela Molimo le tšebeletso ea oona.

“Ho totobetse hore Michael o ile a nahana lintho tsena ka botebo hobane lilemo hamoraonyana, o ile a hana menyetla ea ho ea univesithing ’me, ho e-na le hoo a ngolisa e le pula-maliboho. Eena le mosali oa hae Eunice, le eena a qalile ho bula maliboho hang hoba a tsoe sekolong, hona joale ba sebeletsa Bethele [ofisi ea lekala ea Watchtower Society] e Lagos.

Christian e monyenyane le eena o ile a rutoa ’nete ke batsoali ba hae ’me a susumetsoa haholo ke batsoali ba ’mè oa hae bao e neng e le bo-pula-maliboho. Hoba a tsoe sekolong se phahameng, eena ka boeena ea e-ba pula-maliboho ka likhoeli tse ngata, ’me a bolela hore o rata ho bo fetola mosebetsi oa hae bophelong.

Leha ho le joalo, ntate oa hae a nahana hore ke habohlokoa hore a fumane thuto ea univesithi ho tiisa bokamoso bo sireletsehileng. Ka hona a hatella hore Christian a ngolisetse thuto ea lilemo tse hlano univesithi.

Christian o ne a tla etsa joang? Letsoalo la hae la mo khannela hore a utloe ntat’ae, joalokaha Bibele e laela. (Ba-Efese 6:1) Empa a nka mehato ea ho sireletsa boemo ba hae ba moea ha a le univesithing. Ha e le hantle, ha a fumana hore thuto eo a e nketseng ha e mo hloke nako e ngata haholo, a ngolisa joaloka pula-maliboho.

Ntate oa hae o ne a hanyetsa sena qalehong, empa qetellong a nolofala. Christian a akaretsa boikutlo ba hae ha a re ho ntat’ae: “Ke ananela ka botebo sohle seo u nketselitseng sona ’me ke batla ho u mamela. Ke ka baka leo ke ileng ka lumela ho ea univesithi, ’me ke morero oa ka hore ke phethahatse tumellano. Leha lo le joalo, hape ke ineetse ho Jehova, e leng ho bolelang hore ke tlameha ho etelletsa pele lithahasello tsa hae. Ke lumela hore ho bula maliboho ke tsela e molemo haholo ea ho etsa sena.”—Mattheu 6:33; Moeklesia 12:1.

Mabakeng ana ka bobeli, bacha ba ile ba hlohonolofatsoa. Empa Bakreste ba lokela ho talima thuto joang ka kakaretso? Bala sehlooho sa rōna se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela