Hlonepha Lenyalo le Hlonngoeng ke Molimo!
PONO ea Jehova ka lenyalo la batho e hlalositsoe ka ho hlaka mangolong a mangata, joalo ka, “Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho,” le “Hobane ke hloile hlalo, ho bolela Jehova.” (Mareka 10:9; Malakia 2:16) Ka lehlakoreng le leng, sera se seholo, Satane Diabolose, o hanyetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hloekileng le e lokileng. ‘Mehleng ena ea qetello,’ ha “batho ba lonya . . . ba tsoela pele tšenyong,” Satane o leka ho etsa hore ho rohakoe litokisetso tse lerato tsa Jehova, ho kopanyeletsa le tokisetso ea lenyalo. (2 Timothea 3:1-5, 13; Tšenolo 12:9, 12) Ka baka la linako, Lipaki tsa Jehova li lokela ho ikemisetsa ka matla ho phahamisa le ho boloka tokisetso ea Molimo ea lenyalo e hloekile.—Genese 2:24; Liproverbia 27:11; Ba-Heberu 13:4.
Mathata Lenyalong
’Nete ke hore, ha feela batho ba ntse ba sa phethahala, mathata a tla ’ne a hlahe lenyalong. (1 Ba-Korinthe 7:28-34) Leha ho le Joalo, moo balekane ka bobeli e leng balumeli, ho teng motheo o motle oa hore tlamo ea lenyalo e tiee hobane Jehova o kenngoa litabeng. Lenyalo la Bokreste le ba joalo ka “leqhoele le meloho e meraro le sa phakiseng ho khaoha.” (Moeklesia 4:12) Ha ho le teng ho se utloane, kapa bothata bo bong bo itseng, balekane ba Bakreste ba ka ’na ba isa taba ho Jehova ka thapelo, ba tšepa hore o tla ba thusa. Hangata, tharollo e ka ’na ea fihlelloa ka hore ho buuoe taba leseling la mangolo a joalo ka 1 Ba-Korinthe 13:4-8, Ba-Efese 5:21-33 le Ba-Kolosse 3:12-14, 18, 19. Ka baka leo, moo keletso ea Bibele ea ho ‘nyala feela moreneng’ e ileng ea lateloa, ho teng motheo o molemo oa ho rarolla mathata leseling la Mangolo.—1 Ba-Korinthe 7:39.
Haeba taba e ke ke ea rarolloa ka ho khotsofatsang boinotšing, banyalani ba ka leka ho fumana keletso ea moholo e mong kahar’a phutheho ea Bokreste. Ba e-na le pono ea Jehova, ba lokela ho sireletsa lenyalo ’me ba hlaolele hape bonngoe le lerato leo qalehong Molimo o neng o le reretse banyalani.—Genese 2:24; Liproverbia 31:10-12, 28, 30; Mattheu 19:4-6.
Le Molekane ea sa Lumelang
Boemo bo ka fapana moo motho a fetohang molumeli ’me molekane a hloleha ho arabela molaetseng oa ’Muso. Leha boemo bo le joalo, ho ka ba teng lenyalo le letle, leo ho lona monna le mosali ba ratanang. ’Me, joalokaha moapostola Petrose a bolela, metsamao ea mosali oa Mokreste “e hloekileng, e nang le hlompho,” e ka ’na ea hapa monna ea sa lumelang kamor’a nako, ka ho tšoanang, monna eo e leng hona a sa tsoa sokoloha kamor’a nako a ka ’na a hapa mosali oa hae. (Petrose 3:1-7) Moo ho leng teng mathata a tebileng, ea lumetseng a ka rata ho sebetsana le oona ka bohlale le ka mamello, ka mehla a bonahatsa “litholoana tsa moea.”—Ba-Galata 5:22, 23.
Mabakeng a mang ho ka ’na ha e-ba teng likomang le ho hlekefetsoa ’meleng, litšokelo le lichapo. Empa na see se bolela hore molekane oa Mokreste oa lenyalo o lokela ho hlala ea sa lumelang? Moapostola Pauluse oa eletsa: “Mosali a se ke a hlala monna oa hae—leha mosali a se a mo hlalile, a itulele, a se ke a nyaloa; kapa a boelane le monna oa hae—le eena monna a se ke a hlala mosali oa hae.” Joalo ka ha Pauluse a bontša, ho sireletsa lenyalo ho tla ba molemong oa moea oa bana ha ba le teng. Ka ho utloahalang, ho ka ’na ha hlahisa molemo o bonahalang ho molekane le bana. Leha ho le joalo, nakong eo hlekefetso e fetohang e ke keng ea mamelloa, kapa bophelo ka bobona bo le kotsing, molekane ea lumetseng a ka ’na a khetha ho ‘tsamaea.’ Empa maikemisetso e lokela ho ba ho “boelana” hape ha nako e ’ngoe. (1 Ba-Korinthe 7:10-16) Leha ho le joalo, ho ‘tsamaea’ ka bo hona ha ho fane ka metheo ea Mangolo ea ho hlala le ho nyala hape; leha ho le joalo, ho hlala ka molao le ho arohana ka molao ho ka ’na ha sireletsa hore lenyalo le se senyehele pele.
Hlalo ea Mangolo
Na ho teng maemo ao tlas’a oona Mokreste a ka hlalang ’me a fumana tokoloho ea ho nyala hape? Hopola, Jesu o elelitse, “Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho.” Empa a tsoela pele ho bontša hore ho ka ba teng motheo o loketseng oa hlalo, hobane o ile a re: “E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae, ha e se ka baka la bofebe a nyala e mong, oa feba; le ea nyalang ea hlaliloeng, le eena oa feba.”—Mattheu 19:6, 9; bona hape 5:32.
Na see se bolela hore ha Mokreste a khathala ke molekane oa lenyalo kapa a ‘ratana’ le e mong, ka bolokolohi a ka ’na a sebelisa mokhoa o mong o kang bohlola hore a ’ne a fetole balekane? Ka masoabi, mabakeng a mang moo banyalani ba babeli ba ipolelang hore ke balumeli, morero oa ho etsa bohlola (ka ho tloaelehileng bofebe) o ’nile oa sebelisoa ka boomo ho roba litlamo tsa lenyalo tsa Mangolo. Na batho ba joalo ke lithoto hoo ba nahanang hore Jehova ha a tsebe “maikutlo le mehopolo ea pelo”? (Ba-Heberu 4:12, 13) Batho ba joalo ho bonahala ba na le maikutlo a hore ba ka etsa bohlola ka boomo, ba khaoloe nako e ka etsang selemo kapa ho feta, ’me hammoho le molekane e mocha oa lenyalo ba “bake” ’me ba khutlisetsoe ka phuthehong.
Leha ho le joalo, tabeng e joalo, ho lokela ho feta nako e teletsana pele baholo ba ka leka ho amohela kōpo ea ho khutlisetsoa ka phuthehong hape. Baholo ba bohlale ba ke ke ba potlaka. Ba lokela ho bona ka ho hlakileng litholoana tse tšoanelang pako. Empa leha moetsalibe ea joalo a ka khutlisetsoa kamor’a nako e itseng, e tla ba kamor’a lilemo tse ngata, haeba ho tla etsahala, pele baholo ba ka ’muella bakeng sa boikarabelo ka phuthehong, ’me tlas’a mabaka leha e le afe e ke ke ea ba pele molekane ea seng molato a nyaloa hape kapa a shoa. (1 Timothea 3:2, 12) Re ka ananela ho teba ha mokhoa ona oa ho etsa bofebe pel’a Jehova Molimo ka ho hopola hore Molaong oa hae o lokileng Iseraeleng ea boholo-holo bafebi ba ne ba bolaoa ka ho tlepetsoa ka majoe. (Deuteronoma 22:22) ’Me kajeno, ho sa tsotellehe seo liphutheho li ka se rerang, Jehova ke Moahloli e moholo. “Molimo o tla ahlola baboki, le bafebi.”—Ba-Heberu 13:4.a
Ho Sireletsa Lenyalo
Bakeng sa tšireletso ea batho ba Molimo, le ka tšepo ea hore e mong le e mong ea nang le mathata a boitšoaro o tla leba phuthehong ea Bokreste bakeng sa tataiso hore a hlonephe tokisetso ea Jehova ea lenyalo, mahlakore a mang a taba ea bohlola a tla hlalosoa ka mokhoa o batsi. Sena se etsoa tumellanong le Mangolo, a tobang litaba ha a bua ka litaba tseo tse hlokang tlhokomelo.—Bapisa Levitike 20:10-23; Deuteronoma 31:12; Mattheu 5:27, 28; Ba-Roma 1:26, 27; Juda 7.
Ho e-na le hore ba batle lebaka la ho hlala, batho ba nyetseng ba lokela ho batla litsela tsa ho boloka lenyalo. Haeba molekane e mong a oela boitšoarong bo bobe ’me a baka, molekane ea seng molato a ka ’na a ikhethela ho mo tšoarela, a e-na le pono ea ho boloka tokisetso ea lenyalo e fanoeng ke Molimo. Ka tsela e joalo mohau o tla bontšoa, ho etsisoa litšoaneleho tse ling tse phahameng tsa Molimo.—Exoda 34:6; bapisa le Nehemia 9:17.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba molekane ea molato a sa bake, a khaoloa ’me a tsoela pele ka tsela ea hae ea boitšoaro bo bobe? Kapa ho thoe’ng haeba bophelo ba nama le ba moea ba molekane ea seng molato bo beoa kotsing? Ho sa hlokomolohuoe keletso ea Mangolo ea ho sireletsa lenyalo ka hohle, mantsoe a Jesu a qotsitsoeng ka holimo ho Mattheu 19:9 a bontša hore ho na le motheo oa ho hlala—e leng lona lebaka feela la Mangolo la ho hlala—bohlola.
Ho Hlalosa “Bohlola”
Ke’ng seo re se utloisisang mona ka “bohlola”? Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona ke porneia. Ha o hlalosa taba, Molula-Qhooa oa April 1, 1973, maq. 167-168, o bontšitse hore porneia “e tsoa lentsoeng leo motso oa lona e leng ‘ho rekisa.’” Ka baka leo le amana le bootsoa, bo tšoanang le bo neng bo sebelisoa litempeleng tsa bohedene lekholong la pele le ‘matlung a boitšoaro bo bobe’ a kajeno.
Ke ’nete, porneia ka nako e ’ngoe e sebelisoa ka mokhoa o lekanyelitsoeng joalokaha e ee e sebelisetsoe liketsong tsa botona le botšehali pakeng tsa batho (masoha) ba seng lenyalong. Lekhetlo le leng moo e ileng ea sebelisoa ka mokhoa o lekanyelitsoeng ke ho 1 Ba-Korinthe 6:9, moo “bohlola” bo boleloang bo le bong ho phaella bathong ba kopanelang mekhoeng e litšila joaloka bofebe le bosodoma. Empa pele ho moo, ho 1 Ba-Korinthe 5:9-11, Pauluse o sebelisitse lentsoe lona leo ha a eletsa Bakreste hore ba se ke ba kopana le “lihlola.” Na hoa utloahala ho nahana hore mona o ne a bua feela ka batho ba sa nyalang ba mekhoa e litšila? Ha ho joalo, hobane khaolo ea 6 e akaretsa lintho tse ngata tsa boitšoaro bo litšila tse lokelang ho qojoa, ho kopanyeletsa bofebe le bosodoma. Ka ho tšoanang, Juda 7 le Tšenolo 21:8, tse bontšang hore Molimo o ahlola “lihlola” tse sa bakeng e le tse tšoaneloang ke timetso ea ka ho sa feleng, li ke ke tsa sebelisetsoa feela bathong ba sa nyalang ba kopanelang likamanong tsa botona le botšehali. Lengolo le tsoang sehlopheng se busang Jerusalema ho Liketso 15:29, “ho tela . . . bofebe” le lokela ho utloisisoa hore le bolela ho hongata.b
Ka baka leo, “bohlola” ka kutloisiso e batsi, le joalo ka ha bo sebelisitsoe ho Mattheu 5:32 le 19:9, ka ho utloahalang bo akaretsa liketso tse fapaneng tsa mekhoa e litšila. Porneia e bolela mokhoa o litšila oa ho sebelisa litho tsa sephiring (mohlomong ka mokhoa oa hlaho kapa o sothehileng); hape, ho tšoanetse ho be teng setho sa bobeli ketsong eo e litšila—motho e motona kapa e motšehali, kapa phoofolo.c Ka baka leo, ho ipholla litho tsa botona le botšehali ke ketso e seng bohlale le eo e ka ’nang ea ba kotsi moeeng) ha se porneia. Empa ho fihlela kajeno, porneia e kopanyeletsa liketso tse fapaneng tsa botona le botšehali tse ka ’nang tsa etsahala ntlung ea botekatsi, moo motho a rekang kapa a rekisang litho tsa sephiring. Motho ea eang ho letekatsi la monna kapa la mosali ho ea reka botona kapa botšehali o tla ba molato oa porneia.—1 Ba-Korinthe 6:18.
Bakreste ba Nyetseng
Ho thoe’ng ka liketso tsa botona le botšehali tsa ba leng tlamong ea lenyalo? Baholo ha ba lokela ho itšunya-tšunya bophelong ba Bakreste ba nyetseng. Leha ho le joalo, ka sebele Bibele e ea itšunya bophelong ba bona. Bao ba tla ’ne ba ‘tsamaee ka moea’ ha ba lokela ho hlokomoloha likeletso tsa Mangolo ka monahano oa Molimo. ’Me ba tla etsa hantle ha ba ka hloea nthong e ’ngoe le e ’ngoe e litšila mahlong a Jehova, ho kopanyeletsa liketso tse litšila tsa botona le botšehali. Batho ba nyalaneng ba lokela ho itšoara ka mokhoa o tla ba siea ba e-na le letsoalo le hloekileng, ha ba ntse ba lebisa hlokomelo ea bona e sa sitisoeng ho hōliseng “litholoana tsa moea.”—Ba-Galata 5:16, 22, 23; Ba-Efese 5:3-5.
Ho thoe’ng, haeba molekane e mong a batla kapa a hatella ho kopanela le molekane oa hae ho seo ka ho hlakileng e leng mokhoa o litšila oa botona le botšehali? Linnete tse hlalositsoeng kaholimo li bontša hore porneia e kopanyeletsa liketso tseo e seng tsa molao tsa botona le botšehali tse etsoang kantle ho tokisetso ea lenyalo. Ka baka leo, ha molekane a qobella e mong ho etsa liketso tse litšila, tse joalo ka ho kenyana litho tsa botona le botšehali ka molomong kapa ka morao, ba ntse ba nyalane seo se ke ke sa bōpa motheo oa Mangolo oa ho hlala ho tla mo lumella hore a nyale hape.d Le hoja molekane ea lumelang a ka tepelletsoa ke ketso ena, Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hae ba ho itšoarella metheong ea Mangolo. Mabakeng a joalo ho tla ba molemo hore banyalani bana ba buisane ka taba, ba ntse ba hopola hore likamano tsa botona le botšehali li lokela ho hlompheha, li hloeke, ebe pontšo ea lerato le tebileng. Ka sebele sena se tla bolela ho qoba ntho efe kapa efe e ka khopisang kapa ea hlokofatsa molekane e mong.—Ba-Efese 5:28-30; 1 Petrose 3:1, 7.
Joale ka ha ho boletsoe, baholo ha ba lokela ho ba “mapolesa” a liketso tse ka thoko tsa batho ba nyetseng ka phuthehong. Leha ho le joalo, ha ho ka tsejoa hore setho sa phutheho se etsa kapa se buella phatlalatsa likamano tse litšila tsa botona le botšehali ho ba leng lenyalong, motho eo o tla be a na le sekoli, ’me ka hona a ke ke a buelloa bakeng sa litokelo tse khethehileng, tse joalo ka ho sebeletsa e le moholo, mohlanka ea sebeletsang kapa pula-maliboho. Ketso e joalo le ho e buella ho ka ’na ha isa hore a lelekoe ka phuthehong. Hobane’ng?
Ba-Galata 5:19-21 e thathamisa liketso tse litšila tse ngata tse sa boleloang e le porneia, tse ka ’nang tsa etsa hore motho a fetohe ea sa tšoaneleheng bakeng sa ’Muso oa Molimo. Har’a tsona ke “ho boka” (Segerike, akatharsia, e bolelang litšila, tšilafatso, litakatso tse litšila) le “bonyala” (Segerike, aselgeia, e bolelang bohlasoa, boitšoaro bo lihlong.) Ho tšoana le porneia, liketso tsena tse litšila, ha li fetoha tse tebileng, li ka fetoha mabaka a ho khaoloa phuthehong ea Bokreste, empa e seng bakeng sa ho fumana hlalo ea Mangolo. Motho eo ka sebete a buellang liketso tse tšosang kapa tse nyonyehang tsa botona le botšehali o tla ba molato oa bonyala. Koana, motho ea nang le boikutlo bo joalo a ka ’na a tetebela le ho etsa porneia; ke kamor’a ketso e joalo ho ka bang le motheo oa hlalo ea Mangolo.e Bakreste bohle ba lokela ho ba hlokolosi hakaakang ho qoba kapa ho loantša liketso kaofela tsa “mesebetsi ea nama”!—Ba-Galata 5:24, 25.
Batho bohle ba Jehova, ebang ba nyetse kapa ke masoha, ba lokela ho qoba mokhoa ofe kapa ofe oa boitšoaro bo litšila. Ba lokela ho tšehetsa ka botšepehi litokisetso tsohle tsa Jehova, ho kopanyeletsa tokisetso ea lenyalo. (Pesaleme 18:21-25) Ba nyetseng ba lokela, joaloka “nama e le ’ngoe,” ho leka ho hlompha Jehova, ba hlaolele lerato la ’nete le hlompho lenyalong la bona. (Genese 2:23, 24; Ba-Efese 5:33; Ba-Kolosse 3:18, 19) Ka tsela ena, le ka litsela tse ling, ba ka bontša hore “ha se karolo ea lefatše”—lefatše leo Satane a le huletseng seretseng sa boitšoaro bo litšila kapa ho bōla le leo le tla tlohang le ‘feta le litakatso tsa lona.’ Ba hopotse hore “ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng,” bohle ba lokela ho loanela ho etsa “thato” ea Molimo tumellanong le tokisetso ea Hae e bohlokoa ea lenyalo.—Johanne 17:16; 1 Johanne 2:17.
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa oa June 15, 1980, maqephe 31, 32; bona hape Molula-Qhooa, April 15, 1981, leq. 31.
b Ho hlokomelehile hore Webster’s New Collegiate Dictionary e re nea hlaloso ea eona ea pele ea “Bohlola”; “Likamano tsa botona le botšehali tseo motho a li etsang le eo e seng molekane oa hae.” ’Me ha e hlalosa “likamano tsa botona le botšehali” (bohlola, ho kenya setho sa botona kapa botšehali ka morao, ka hanong) e bolela hore hona ho tla kopanyelletsa “litho tsa sephiring tsa bonyane motho a le mong.” Ka hona lentsoe la Senyesemane “fornication” ke phetolelo e nepahetseng ea lentsoe la Segerike porneia.
The New International Dictionary of New Testament Theology e bolela hore, ka mohlala, porneia e bolela “litšila, bootsoa, botekatsi, bohlola.” Hape e re: “Lentsoe (porneia) le ka hlalosa likamano tsa botona le botšehali tse sa amoheloeng sechabeng kapa mekhoeng ea bolumeli (ka mohlala, bosodoma, likamano tsa botona le botšehali tse sa khetheng, ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le bana, ’me haholo-holo botekatsi).” Ka baka leo, porneia e tla kopanyeletsa bofebe (Segerike, moikheia), ’me le ka koahela liketso tsa boitšoaro bo litšila tse etsoang kantle ho lenyalo, joalo ka ho kenyana litho tsa sephiring ka hanong kapa ka morao le ho robala le liphoofolo.
Khatiso ea 1979 e tummeng ea Greek-English Lexicon of the New Testament and Other Early Christian Literature (ka Bauer, Arndt le Gingrich) e hlalosa porneia e le “botekatsi, litšila, bohlola, ba mefuta eohle ba likamano tsa botona le botšehali tseo e seng tsa molao.”
c Motho e motona kapa e motšehali ea betiloeng a ke ke a ba molato oa porneia
d Mona re atolosa le ho hlalosa hantle kutloisiso e hlahang ho Molula-Qhooa oa (July 15, 1975 leq. 335.) le ho Molula-Qhooa oa April 15, 1979, maq. 22-24. Ba ileng ba sebetsa litaba ka tsebo eo ba neng ba e-na le eona ka nako eo ha ba lokela ho tšoauoa phoso. Leha e le hore sena se tla ama boemo ba motho eo nakong e fetileng a neng a lumela hore boitšoaro bo sothehileng ba molekane oa hae bo neng bo etsoa pakeng tsa hae le molekane oa hae e ne e le porneia ’me, ka hona a fumana lengolo la hlalo ’me hona joale a le lenyalong.
e Molula-Qhooa ao June 15, 1975, maqephe 286-288.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Lenyalo le lokela ho bolokoa le hlompheha ’me le arohe boitšoarong bo litšila ba lefatše