Bacha ba Tšepahalang ba Bolaeloa ’Muso oa Molimo
E NE e le hoo e ka bang ka 8:30 hoseng ho hong ka Mphalane. Bacha Elmer le Alex, ba lilemo li 16 le 14, ba ne ba bapala kapele lapeng habo bona San Salvador, motse moholo oa El Salvador e mefere-fereng. Hang ha hlaha koloi ea “pickup” e tšoeu e nang le banna ba bahlano ba hlometseng. Banna ba babeli ba theoha ’me ba laela bashemane hore ba palame koloi. Ba nkoa moo lelapa labo bona le sa tsebeng.
Ha batsoali ba bona ba hlokomela se etsahetseng, ba tsebisa baholo ba phutheho ea moo ea Lipaki tsa Jehova, ’me ha batloa ka matla. Ho se ho le nako joale batho ba befelana letsatsi le leng le le leng ka lebaka la tšusumetso ea lipolotiki El Salvador. Batsoali, Napoleón le Orbe, ba tlala matsoalo. Babusi le bona ba tsebisoa ’me ba thusa patlong.
Hosesane banna ba bang ba babeli, ba qhobang koloi ea bafu ba sebaka seo, ba tsebisa e mong oa baholo hore ba bone litopo tsa bashemane ba babeli le litopo tse ling moo ho lahleloang batho ba bolailoeng ka pefo. E, Elmer le Alex ba ne ba fumanoe, litopo tsa bona li le masoba ke likulo. Ho ne ho bonahala hore ba ile ba hlokofatsoa pele ba bolaoa. Ho belaeloa hore se seng sa lihlopha tsa bokhukhuni se ile sa leka ho ba kholisa hore ba ikopanye le sona ho loantša ’muso o busang. Leha ho le joalo, bashemane ka ha ke lipaki tsa Jehova, ba hana ho sekisetsa Bokreste ba bona ka hore ba ikopanye le sehlopha se joalo. Ho bonahala ba bolailoe ka lebaka lena. E ne e le bashoela-tumelo ba bang ba babeli har’a letoto le lelelele la Bakreste ba tšepahalang ba shoeleng ka lebaka la ho hana ho kenya letsoho lipolotiking tsa lefatše. Ba utloa Molimo ho e-na le batho.—Johanne 17:16; 18:36; Liketso 5:29.
Kahoo, ka letsatsi le le leng feela, lelapa la López la lahleheloa ke litho tse peli ho tse hlano. Ea e-ba leqeba le bohloko ho batsoali. Nakong eo ba neng ba tsielehile kannete, ba fumana matšeliso le thuso tseo ba neng ba li hloka ho baena ba bona ba Bakreste ba ofising ea lekala ea Watch Tower Society ea El Salvador le phuthehong. Ba sa tsoa ngola lengolo la kananelo leo re lakatsang ho le kopanela le babali ba rōna.
Liphello tse Phekolang tsa Litšepiso tsa Molimo
“’Na, mosali oa ka Orbe le morali oa rōna Reyna Noemí, re leboha le ho ananela haholo khothatso le tšeliso tseo le re fileng tsona ha re ne re li hloka haholo. Re leboha Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova Molimo haholo ka ho re tiisa ka Mangolo ha re ne re ho hloka ka lebaka la koluoa e ileng ea re oela ngohola ka la 27 Mphalane. Joalokaha re ke ke ra lebala bara ba rōna ba ratehang Elmer le Alex, le lerato la lōna ka nako eo re ke ke ra le lebala.
“Ke ’nete hore re sa ntsane re saretsoe haholo ke ho timela ha bara ba rōna. Empa joale re ikutloa hore na re hloka Tsamaiso e Ncha hakaakang, ’me ha re bona seo tsamaiso ena e khopo ea lintho e se etsang, hona ho sebeletsa feela ho eketsa kananelo ea rōna ea hore ’Muso oa Molimo o-oa hlokahala.
“Baena, re thabela lintho tsena haholoanyane, ’me re leboha Jehova hobane re na le tšepo e tiileng—e seng feela ho lora ho se nang thuso empa ’muso oa sebele o tla bonahala.
“Ka lerato moena o ile a re ho ’na: ‘Le ke ke la lebala Elmer le Alex, ’me ho na le pheko e le ’ngoe feela bakeng sa masoabi a lōna—ke ho buisana le ba bang ka tšepo ea lōna. E, ho bua le sa khaotse ka ’Muso neng le neng ha le e-na le monyetla oa ho etsa Joalo.’ Hona ebile ’nete hakaakang! Ka linako tsa mantsiboea re buisana le bao re ahisaneng le bona, ’me hona ho re tšelisa haholo. Orbe, mosali oa ka, o bile le hona ho pakela batho ba ‘bohlokoa’ ba entseng boiteko ba ho batla ho tseba ka tumelo ea rōna. Ka letsatsi le leng ngaka ea re ho eena: ‘Na u na le tumelo?’ a arabela ka hore ‘E.’ Ngaka ea re ‘Mpontše hore na ke efe.’ Eaba ngaka e mamela ka nako e ka etsang hora, e bontša ho thahasella ka matla le hoja e ne e e-na le bakuli ba e emetseng. Orbe a e nea buka ’Nete e isang Bophelong bo sa Feleng. ’Me ngaka ea e nka hang.
“Ka letsatsi le leng mookameli-kakaretso oa feme eo ke e sebeletsang a mpitsa ’me a re: ‘Napoleón , ke batla ho buisana le uena le ho u botsa potso. Na u lumela hore lefatše le haufi le ho fela?’ Monna enoa e ne e le moprista oa K’hatholike empa a tlohela boprista. Ha ke hlalosa hore Bibele e fana ka bopaki bo tiileng ba hore re mehleng ea qetello ea tsamaiso e khopo ea lintho, a bolela hore ha a kholoe Bibele. Ha ke bua ka phutheho ea Lipaki tsa Jehova, a makala ha ke hlalosa hore ha re karolo ea lihlopha tsa lievangeli. Joale ka mo bolella hore ha re na sehlopha sa lithuto tse re khethang tse qapiloeng ke rōna. A batla mohlala. ‘Ka mohlala’ ka re, ‘hore Maria ke ’m’a Molimo.’ A re: ‘Ha le lumele hore Jesu ke Molimo le hore ka lebaka leo Maria ke ’m’a Molimo!’ ka re ‘Che, Bibele ha e tšehetse thuto e joalo.’ A maketse haholo, a ema ’me a re: ‘Liboka tsa lōna li tšoarela hokae? Mpolelle sebaka, kaha ke batla ho ea.’ Ka botsa, Hobane’ng?’ A arabela hore ha a le seminaring o ne a sa kholoe thuto eo le hore o ile a fihlela qeto ea hore bolumeli kaofela bo lumela joalo. Ka hlolloa ke moprista ea sa lumeleng boraro-bo-bong!
“Ka sebele, baena, kajeno ho feta neng kapa neng re rapela Jehova hore ‘’Muso oa hae o tle’ ’me o felise bokhopo bohle. Ke ’nete, baena, ha rea s’o hlaphoheloe ka ho feletseng. Ha ho fihla letsatsi le leng le le leng le lecha, re ntse re hopotse bara ba rōna, ’me hona hohle eka ke toro e tšosang feela. Empa re thabile haholo hore Jehova o-oa re thusa. E, re utloa mosa oa hae o lerato ka phuthehong. Re leboha Jehova haholo ka tšepiso ea hore bohle ba robetseng lefung BA TLA PHELA ka Kreste! (Liketso 24:15) ’Me e tla ba lehlohonolo le lekaakang, ha bara ba rōna ba khutla, ho ba bolella kamoo ‘ho tloha’ ha bona ho ileng ba re nea monyetla oa ho bua ka ’Muso le batho bao ho neng ho se mohla re tla ba le tsela ea ho ba atamela!
“Le hoja ka linako tse ling re ee re ikutloe re imetsoe ke bohloko ’me bosieo ba bashemane ba rōna bo re soabisa, empa letsatsi le leng le le leng re leboha Jehova ka hore e be re tseba ’nete, ka letsoho la hae le mosa le baena le metsoalle ba tšoanang le lōna ba ileng ba re thusa linakong tseo tsa mahlomola.
“Re leboha haholo,
Napoleón le Orbelina López”
Bacha bohle ba Lipaki—imatlafatseng joaloka Elmer le Alex ka hore le ithute Lentsoe la Molimo, le tle le tsebe ‘ho ema le tiile’ ho sa tsotellehe hore na ho tla liteko life.—Ba-Efese 6:11; 1 Petrose 5:8-10