A Chesa ho Susumetsang, a Bata ho Khathollang
Batho ba bang ba bonahala ba ke ke ba sisingoa. Ha ba na boikutlo, ha ba nahanele, baa iphapanya. Phuthehong ea pele ea Bakreste ea Laodicea e ne e hlasetsoe ke bothata bo joalo, bo ile ba mema mantsoe ana a khalemelo a tsoang ho Jesu Kreste ea tlotsitsoeng: “Ke tseba mesebetsi ea hao: ha u bate, ha u chese: holane ua bata, kapa ua chesa! ’Me joale, ereka hau le fofo, u sa bate, u sa chese, ke tla u hlatsa molomong ao ka.” (Tšenolo 3:15, 16) Ke hobane’ng ha phutheho e ne e le boemong bo bo hlomolang hakaale ba moea?
Motse oa Frygia oa Laodicea o ne o kenelletse hare ho naha ho tloha Efese e Asia Minor. Tsela e khōlō ea khoebo e ne e feta ka hare ho Laodicea e be joale e iketsa makala. Lekala le leng la tsela le ne le e-ea Efese; le leng le tšela lithaba ho leba Filadelfia, Sardis, Thyatira ’me ho qetella ka Pergame. Laodicea e ruileng e ne e tumme ka khoebo ea eona. E ne e rōmela libakeng tse ling lintho tse kang boea ba nku bo botle, bo bonolo bo botšo, bo fumanoang linkung tsa moo. Ha buloa sekolo sa bongaka haufi le moo, ’me poiri ea mahlo ea Frygia, eo ho neng ho lumeloa hore e phekola haholo, e ne e etsoa moo. Laodicea ea tsebisahala ka limmete tsa eona. Bohlale ba ho khabisa masela ho nahanoa hore bo qalehile teng, ’me lentsoe la Selatine bakeng sa “ea khabisang lesela” (phrygio) ho bonahala le tšehetsa maikutlo ana. Laodicea ea boela ea e-ba setsi sa ’mino ’me mokhoa oa ho khabisa oa Frygia o khetholloa ka mekhabiso ea likhutloana, lifapano, mela e sa otlolohang le mabokose.
Na e be ka lebaka la nala ea Laodicea Bakreste ba bang ba moo ba ile ba itemaletsa mesebetsi ea khoebo hoo ba neng ba salloa ke nako e khutšoanyane hore ba kopanele litaba tse molemo le ba bang? Na ba bang ho bona ba ne ba qalile ho etelletsa pele mosebetsi oa lefatše bophelong ka lebaka la hobane ‘ba batla ho hong ho khahlisang haholoanyane’ ho feta metheo e utloahalang ea Bokreste?
Ha ho pelaelo ea hore boikutlo bo joalo bo ne bo ka ’na ba folisa lerato leo Balaodicea ba neng ba e-na le lona ho Jehova, Morena Jesu Kreste le bao ba ahisaneng le bona. (Mattheu 24:12; 22:37-39) Ka mokhoa o tšoanang, haeba le rōna kajeno re bulela lintho tse bonahalang litsela tse kenellang nako ea rōna ’me re etelletsa pele telekiso ea mesebetsi ea lefatše bophelong ba rōna, re kotsing ea ho ba “fofo” boinehelong ba rōna, re etsa liketso tsa Bokreste e le “tšireletso” (“insurance”) feela, ‘haeba mohlomong “mahlomola a maholo” a ka tla mehleng ea rōna.’—Tšenolo 7:14.
Ke ho molemo hakaakang ho chesa ka mokhoa o susumetsang ho ba ikutloang hore lefatše lea ‘bata’ hobane ba bang ba sa thahaselle mathata a bona hakaalo! Ke molemo hakaakang ho hlaha re le ba batang ka ho khathollang ho ba ‘chesoang’ ke ho hloka toka.
Le bona Bakreste ba bang ba ka susumetsoa ke mohlala o chesehang oa ho etelletsa lithahasello tsa ’Muso pele. (Mattheu 6:33) Ba ka pholisoa kapa ba khatholloa ke mantsoe a tšelisang le liketso tse lerato ha ba kula kapa ba talimane le maemo a lekang. Ho hotle haholo ha Bakreste ba banyenyane ba nahanisisa ka ho sebelisa nako ea bona le matla a bona hamolemo haholo.
Kamoo ho ka Qojoang ho ba Fofo
Ke hobane’ng ha Jesu ea tsositsoeng a sebelisitse mantsoe ao a buileng le phutheho ea Laodicea ka oona? Mohlomong o ne a bua a ipapisitse le mohloli oa metsi a motse. Laodicea e ne e se na mohloli oa eona oa metsi joaloka Hirapolise le Kolosse tse haufi le eona. Hirapolise e ne e tsebisahala ka mehloli ea eona ea metsi a chesang, a neng a chesehisa ho moeti ea khathetseng oa mariha. Kolosse metsi a eona a ne a bata, ’me a khatholla haholo mochesong oa lehlabula. Empa metsi a kenang Laodicea a ne a latoa holenyana ka tōtōma e neng e a qhalla majoeng a betliloeng, a phuntsoeng masoba, a hahiloeng ka samente. Ho bonahala hore metsi a ne a le fofo ha a fihla ho baahi ba motse.
Jesu Kreste a boela a supa litaba tse ling tseo e ka ’nang eaba li ne li tloaelehile ho Bakreste ba Laodicea. (Tšenolo 3:17, 18) Ho e-na le liaparo tseo e neng e le tsa bohlokoa haholo sebakeng seo, tse bonolo le tse khabisitsoeng tsa boea ba nku bo botšo, ho ne ho hlokahala hore Balaodicea ba iphumanele liaparo tse ba khethollang e le bahlanka ba Bakreste ba Jehova. (Tšenolo 16:15) Ho e-na le “gauda” ea chelete ea khoebo ea Laodicea, ba khothalletsoa ho bontša litšobotsi tse kang tumelo le mamello tse neng li ka tiisoa ka ho lekoa ’me e le tsa bohlokoa haholo le tsa nako e telele ho feta matlotlo afe kapa afe a bonahalang. (1 Ba-Korinthe 3:10-15; 1 Petrose 1:6, 7) “Setlolo sa mahlo” sa moea se ne se tla ipaka se le molemo ho feta poiri ea mahlo ea Frygia. Ho ne ho hlokahala hore Balaodicea ba lemohe tšepo ea bophelo bo sa feleng le hore ba lokise bophelo ba bona ba hopotse eona.—Ba-Roma 12:12; 1 Timothea 4:7; Ba-Filippi 3:13, 14.
Ho na le hoo Bakreste ba ka ithutang hona ho sena kajeno. Ho e-na le ho leka ho khotsofatsa litakatso tsa bona bakeng sa mekhoa ea morao-rao ea liaparo le lijo tse molemo haholo, ntlo le koloi, ka bohlale ba batla ho “reka” “liaparo,” “gauda” le “setlolo sa mahlo” tsa moea ho Jesu Kreste. E, Jesu o itse, re ‘li reke.’ Ho tla hloka ho hong—nako ea ho kopanela le batho ba Molimo; nako ea ho ithuta lentsoe la Molimo le lithuso tsa ho ithuta Bibele; nako ea ho nahanisisa ka seo re ithutileng sona le ho amahanya lintlha tseo re seng re li tseba le tse ncha, ho lokisa monahano oa rōna, nako le boiteko ba ho abelana seo re ithutileng sona le ba bang. Hona ho ka ’na ha bolela ho tsoella ka lintho tse fokolang nameng ho ipha nako e ngata haholoanyane ho ithuteng Mangolo le ho thusa ba bang moeeng. Tsela e joalo e tlamehile ho phelisa tšepo ea Mokreste.
Maraba a Boithabiso le Boitšoaro bo Bobe
Maraba a mang a ne a le kotsi ho Bakreste ba Laodicea ’me a ka ’na a tlatsetsa hore ba be “fofo.” Baepolli ba mesaletsa ea tsa boholo-holo ba fumane lithako tsa lebala la lipapali, matlo a boithabiso le libaka tsa boithapollo. Na e be mohlomong Bakreste ba bang ba ne ba lumelletse hore lerato la menyaka le khukhunele bophelo ba bona? Bahlanka ba Molimo kajeno ba lokela ho ikalosa takatsong ea ho lakatsa boithabiso bo fosahetseng le bo tlōtseng moeli. Ke bacha ba Bakreste haholo-holo ba ka ’nang ba ikutloa eka ho na le ho hong ho phoso ho bona haeba ba sa ee baesekopong kapa ba sa be le moketjana beke le beke, haholo bosiu ka Lisontaha ha ba bang ho bonahala ba ithabisa. Bakreste bana ba banyenyane ba ka ’na ba ikutloa ba le lihlong haeba ba sa bue ka boithabiso ba lefatše le bao ba kenang sekolo le bona kapa bao ba sebetsang le bona hoseng ka Mantaha. Empa ho hana eng hore ba lokisetse boithabiso le bacha ba bang ba matla moeeng le batho ba baholo? Ho molemo hakaakang ho khatholoha ka ho ba har’a “bohle ba rapelang Morena ka pelo e hloekileng.”—2 Timothea 2:22.
Boitšoaro bo bobe le menyaka e ne e le kotsi e ’ngoe boiketlong ba moea ba Bakreste ba Laodicea. Boholo ba batho bo ne bo rapela Dionysus, molimo oa Mogerike oa veine. Barapeli ba hae ba ne ba batla ho ba karolo ea hae ka metjeko e hlaha. Litšebeletsong tsa hae setho sa botona se ne se rateha.
Kajeno re potiloe ke lefatše leo litekanyetso tsa lona tsa boitšoaro li ntseng li theoha. Boitšoaro bo bobe ke mokhoa libakeng tse ngata. Boholo ba motjeko oa kajeno oa disco o tšoana le mekete e hlaha e neng e tlotlisa Dionysus kapa Bacchus. Batho ba Jehova ba tlameha ho hanela khatello ea ho kopanela linthong tse joalo haeba ba tla qoba ho ‘hlatsoa molomong oa Jesu.’ Ruri ke habohlokoa hore re itšoare tumellanong le khalalelo kapa ho hloeka ha Jehova.—1 Petrose 1:16.
Ho Lula Motho a “Chesa” Kapa a “Bata” Kajeno
Jesu Kreste o ile a hopotsa Balaodicea hore khalemelo ea hae le taeo e ne e le bopaki ba lerato la hae ho bona. (Tšenolo 3:19) A ba phehella hore ba ’ne ba fumane matla a moea. Ha ba nahana ka mokhoa oo Jesu a itsebahalitseng ka oona e le “Amen,” “paki e tšepehang, ea ’nete, hloho ea libopuoa tsa Molimo,” Bakreste ba pele ba ne ba ka tiisetsoa ho tšepahala ha Mora oa Molimo le bonnete ba seo a ba tšepisang sona. (Tšenolo 3:14) Joalokaha Jesu e le “qalo” ea pōpo e bohlale, hape ke “qalo” ea pōpo ea “maholimo a macha le lefatše le lecha,” tse emetsoeng ke Bakreste. (2 Petrose 3:13) Ho fumanoa ha moputso e ne e le feela taba ea nako ho bona.
Ho joalo le kajeno, ke taba ea nako feela, ’me bopaki bohle bo supa hore ho ameha nako e khutšoanyane. (Tšenolo 12:12) Ka lebaka leo, qoba ho lumella tšusumetso ea lefatše e u etse ea “fofo.” Hlokomela hore na u kena hakae telekisong ea lintho tse bonahalang. Ipatle hore na ke bohlale hore bophelo ba hao bo likolohe mosebetsing oa lefatše. Alosa hore na boithabiso ba hao bo bokae le hore na ke ba mofuta ofe, le hore na setsoalle sa hao ke sa mofuta ofe. Ipoloke u le matla moeeng u bile u falimehile ka ho sebelisa nako ea hao ka bohlale ha u ithuta Bibele, ha u le libokeng le batho ba Jehova le tšebeletsong e chesehang ho Molimo oa hao.—1 Ba-Korinthe 15:58.
Botho ba Jesu le mokhoa li ne li chesa ka mokhoa o futhumatsang mahlong a ba neng ba rata Jehova ’me li bata ka ho khathollang le ho thobang ho ba neng ba khathetse ke sebe le maima a bophelo. (Mattheu 11:28, 29; Johanne 2:17) Bakreste kajeno ba ka latela mohlala oa Kreste ka ho sebetsa tumellanong le se boleloang ke molaetsa oa hae o eang ho phutheho ea Laodicea.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Totoma ea Baroma e neng e isa metse Laodicea