Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 12/1 maq. 12-13
  • Molimo o Utloa Lithapelo Life?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Utloa Lithapelo Life?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Lithapelo tsa Bo-mang tse Arabeloang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lithapelo Tse Arabeloang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Jesu oa Rapela Nakong eo a Saretsoeng ka ho Tebileng
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 12/1 maq. 12-13

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Molimo o Utloa Lithapelo Life?

MOHLOMONG u hlokomela hore mona ke pono ea ha Jesu a ne a rapela serapeng sa Gethesemane. Banna ba khalehileng haufi mona ke baapostola ba hae Petrose, Jakobo le Johanne. Ka boprofeta ba Bibele Jesu o tseba hore o tlameha ho bolaoa le batlōli ba molao. Empa o-oa rapela: “Ntate, hoja u ka rata ho suthisa senoelo sena [thato ea Molimo hore Jesu a utloe bohloko ba thohako ’me a shoe] pel’a ka! empa ho se ke ha etsoa thato ea ka, ho etsoe ea hao.”—Luka 22:42; Esaia 53:12.

Boo e ne e le bosiu bo boima bakeng sa Jesu. Bibele e re: “Eitse ha a le matsoalong a maholo, a eketsa ho rapela ka matla; ’me likhororo tsa hae tsa e-ba joale ka marotholi a mali a rothelang fatše.” (Luka 22:44) Na lithapelo tsa Jesu li ile tsa arabeloa?

Ha ho pelaelo ea hore moapostola Pauluse o ne a hopotse eona nako ena ha a ngola: ‘Ke Jesu eo, . . . ea kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokho, merapelo ea hae e bohloko [thapeli ea sebele] ho ea neng a ka tseba ho mo loela lefung, ’me a utluoa ka baka la borapeli ba hae.’—Ba-Heberu 5:7.

E, Molimo oa mamela lithapelo tsa Jesu. Hlokomela lebaka leo ho fanoang ka lona: “Ka baka la borapeli ba hae.” Jesu o ne a e-na le tšabo ea sebele kapa letsoalo la ho soabisa Molimo. “Ke etsa ka mehla se mo khahlisang,” kamoo a ileng a bolela. (Johanne 8:29) E, Jesu o ne a rata Ntate oa hae oa leholimo, ’me a etsa thato ea hae kamehla. Ho joalokaha Bibele e re: “Ha re kōpa ntho ka ho rata ha hae, oa re utloa.”—1 Johanne 5:14.

Molimo oa arabela thapelo tsa Jesu joang? Ha o-oa ka oa lokolla Jesu boemong boo. Jesu a tšoaroa, a tlokoa-tlokoa joaloka senokoane ’me a bolaoa ka sehlōhō. Empa sheba setšoantšo. Se bontša kamoo Jesu a ileng a matlafatsoa hore a thulane le boemo. Ha a ntse a rapela, Bibele e re, “Eaba lengeloi le hlaha ho eena, le e-tsoa leholimong, la mo matlafatsa.”—Luka 22:43; 1 Ba-Korinthe 10:13.

Re ka ithuta ntho ea bohlokoa tlalehong ena ea Bibele. Ke ena: Haeba re batla ha Molimo o utloa lithapelo tsa rōna, re tlameha ho etsa thato ea oona; re tlameha ho utloa melao ea oona. Bibele e bolela ka mokhoa o hlakileng hore: “Seo re se kōpang, leha e le sefe le sefe, re se neoa ke oona; hobane re boloka litaelo tsa oona, ’me re etsa tse leng ntle pel’a oona.” (1 Johanne 3:22) Hona ho bolela hore re tlameha ho sebeletsa ho seo re se rapellang. Ho hlokahala re bontše Molimo ka liketso tsa rōna hore re hlile re tiile ka seo re se bolelang. Na rea ho etsa?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela