Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 1/1 maq. 8-9
  • U ke ke ua Louoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ke ke ua Louoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Esele ea Bua
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Tonki ea Balame ea Bua
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Seo U Lokelang ho se Tseba ka Boloi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Tšebelisano le Meea e Mebe
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 1/1 maq. 8-9

Lentsoe la Molimo Lea Phela

U ke ke ua Louoa

NA U tšoana le monna eno? O tšohile hore ho na le ea tla mo ntša kotsi ka boloi, ka leihlo la boloi, ka litaola kapa “Obeah.” Na u lokela ho tšoha boloi bo joalo kapa malepa?

Che, ha ho hlokahale. Le hoja ba bang ba ile ba tsoa kotsi ke lintho tse joalo, Jehova Molimo o tiisa hore o tla sireletsa ba mo utloang. Bibele e re: “Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ’me o lula phahameng.”—Liproverbia 18:10.

Molimo o hloile mekhoa eohle ea bodemona. Bibele e re: “Ho se ke ha fumanoa ha eno . . . mophofi ea phofang, kapa selaoli se laolang, kapa senohe, kapa moloi, le moupelli, leha e le ea botsang balimo, le ngaka e reng ea profeta, leha e le ea botsang bafu.”—Deuteronoma 18:10, 11.

Bibele e bolela ka monna ea neng a sebelisana le meea e le senohe. Hona ke tsela ea ho leka ho tseba ka nako e tlang kapa ntho e ’ngoe e sa tsejoeng, ka thuso ea meea e sa bonahaleng. Monna eo e ne e le Balaame, ea bonoang mona a otla esele ea hae. O ne a le tseleng ho ea rohaka batho ba Molimo ha lengeloi le ema tseleng, le etsa hore esele e rapalle ka tseleng.—Numere 22:7, 20-35.

Jehova a nyopisa bonohe ba Balaame. A fetola thohako tlhohonolofatso. Balaame a lumela: “Jakobo a ke ke a louoa, le Iseraele a ke ke a noheloa.”—Numere 23:23.

Jehova o ntse a hlōla linohe, hoo li ke keng tsa ntša ba tšepahalang ho eena kotsi. Na u bona ngaka ena eo malepa a eona a sa thuseng letho ho loantša Lipaki tsa Jehova? E loea batho, empa ka lekhetlo lena e hlōlehile. Lipaki tsa Jehova tsa re: “U tla bona hore Jehova, Molimo oa rōna, o matla ho u feta!” Tsa ema li tiile, ’me ngaka ea oela fatše.

E, “lengeloi la Jehova le lara pel’a ba mo tšabang, lea ba boloka.” (Pesaleme ea 34:7) Haeba re hlile re tšepa Molimo ’me re apara lihlomo tsa moea tseo o fanang ka tsona, Jehova o tla hlōla mang kapa mang ea lekang ho re loea.—Ba-Efese 6:10-18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela