Lipotso Tse Tsoang ho Babali
■ Kaha moena ea tsoelang pele mosebetsing oa ho tšoara sebetsa a ke ke a nkoa e le mohlala, na ke phoso ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a ka batla tšireletso ho baholo ba molao ba hlometseng?
Jesu o itse: “Bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.” (Mattheu 26:52) Tumellanong le motheo ona, Bakreste ba hōlileng tsebong ba eletsoa hore ba qobe mosebetsi o hlokang hore ba nke lihlomo tsa ho bolaea. Leha ho le joalo, hona ha ho bolele hore ba ke ke ba batla le ho fumana tšireletso ea baholo ba sepolesa ba hlometseng. Ke hobane’ng ha re bua joalo?
Ba-Roma 13:1-4 ha e bua ka ‘marena’ a sebetsang ka tumello ea Molimo tsamaisong ea hona joale, e re: “Morena ke mohlanka oa Molimo ho u isa botleng. Empa ekare ha u etsa hampe, tšaba; hobane morena ha a tšoara sabole feela, hobane ke mohlanka oa Molimo, le mophetetsi ea beiloeng ho otla ea etsang bobe.” Kahoo Molimo o lumelletse hore ‘marena’ a joalo a hlomele, hore batho ba boloke molao le taolo haholoanyane. Leha ho le joalo, ha Kreste e se e le “morena oa khotso” a tlisa ‘khotso e sa feleng,’ ho ke ke ha hlola ho sebelisoa lintho tse bolaeang ho hang. Tumellanong le Mangolo, kajeno Bakreste ba ka ’na ba amohela tšireletso e tsoang ho ‘marena’ le hoja bona ba ‘teile lisabole tsa bona tsa ntoa mehoma’ ka ho lebella ’Muso o tlang oa Molimo.—Esaia 2:4; 9:6, 7.
Re ka ’na ra tšoantša boemo le ba mehleng ea Jeremia. Ke nako eo ka eona Jehova a ileng a sebelisa lebotho la “Nebukadnezare, morena oa Babylona, mohlanka oa ka” ho phethahatsa kahlolo holim’a ’muso o koenehileng oa Juda. Na Jeremia le Baruke ba ile ba itlhomella hore ba itšireletse boemong boo bo thata? Che, hobane Jehova ka boeena o ile a etsa Jeremia “motse oa qhobosheane, le tšiea ea tšepe, le marako a koporo pel’a lefatše lohle.” ’Me le hoja ba sa ka ba ikopanya le lebotho la “mohlanka” ea bolaeang oa Jehova, ba ananela ha “mohlanka” eo a ba lopolla ha Jerusalema e timetsoa.—Jeremia 1:17-19; 39:11-14.
Le kajeno, Lipaki tsa Jehova li phehella khotso ha li bolela molaetsa oa ’Muso lefatšeng le befileng. Leha ho le joalo, hafeela Jehova a ntse a lumelletse marena hore a tšoare “sabole” kapa ho tšoanang le eona ha kajeno ho boloka taolo, ke ka nepo ba ka batlang ho sireletsoa ka “sabole” eo.