Barapeli ba Nang le Bonngoe ba Molimo o ’Notši oa ’Nete
‘Jehova, . . . u Molimo u ’notši.’—PESALEME EA 86:9, 10, NW.
1. (a) Ke eng eo Jehova a e sebelisitseng ho hlahisa bonngoe ba borapeli? (b) ‘Botsamaisi’ boo ba phakisa ba hlahisa eng?
BONNGOE ba borapeli—hoo ho ipiletsa hakaakang! Empa boholo ba batho ha ho mohla ba kileng ba bo latsoa. Leha ho le joalo, bonngoe ba borapeli hase toro feela. Ke morero oa Molimo. Lilemong tse fetileng tse makholo a leshome le metso e robong Jehova a sebelisa ‘botsamaisi,’ sepheo sa bona e le bonngoe—bo tšoanang le boo motho a ka bo fumanang lelapeng le momahaneng, le lerato. Bonngoe bo hlahisitsoeng ke ‘botsamaisi’ bona hamorao bo ile ba etsa hore Bajode ba Bakreste ba rapele hammoho ka lerato le Basamaria; hamorao Balichaba ba sa bollang le bona ba amoheloa ka phuthehong. Habohlokoa haholo, bohle ba tlisoa bonngoeng le Jehova Molimo motheong oa tumelo ea bona molemong oa sehlabelo sa Jesu sa topollo ea libe. Ba thabela le eena kamano ea bara le Ntate ea lerato.
2. (a) ‘Botsamaisi’ ke eng, ’me bo ile ba qala ho sebetsa neng? (b) Ho boleloa eng ka ho bokelloa ha “tse leholimong”?
2 Ba-Efese 1:9, 10 e lebisa tlhokomelo ‘botsamaising’ bona, e re: “Oa re tsebisa sephiri sa thato ea oona ka boithatelo ba oona, kamoo o neng o itherele [mohato bakeng sa ho tsamaisa litaba tsa lelapa]. . . ; hore, etlere nako tse beiloeng ke oona ha li se li phethehile [ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E ho ea pele], o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse leholimong [’me hamorao], . . . le tse lefatšeng.” Ho bokelloa ha “tse leholimong” ke hore, batho ka bomong ba tla ba le Kreste ’Musong oa hae oa leholimo, ho qalile har’a Bajode, ha latela Basamaria, ea ntano ba Balichaba.
3. Ho bokelloa ha “tse lefatšeng” ho hlahisitse eng?
3 Mehleng ea rōna, haholo-holo ho tloha ka 1935, re bona ho bokelloa ha “tse lefatšeng,” ke hore, batho ba tla putsoa ka bophelo lefatšeng la Paradeise. Ho se ho arabetse batho ba limillione tšobotsing ena ea bobeli ea ‘botsamaisi’ bo lerato ba Molimo. Ba tsoa lichabeng tsohle le lipuong tsohle. Bonngoe boo ba bo fumanang hase feela ho khobokanngoa ha batho ba ntseng ba khomaretse litumelo le mekhoa ea pele. Ho e-na le hoo, joalokaha ho profetiloe ho Esaia 2:3, ba ithuta litsela tsa Jehova e le hore ba ka ‘tsamaea litseleng tsa hae.’
4. (a) Bonngoe ba borapeli bo tla fumanoa ho isa kae, ’me Bibele e hlalosa see joang? (b) Kamor’a teko ea ho qetela, batho ba phethahalitsoeng ba tla thabela kamano efe le Jehova?
4 Leha ho le joalo, seo re se bonang kajeno hase mokhoa o feletseng oo bonngoe bo tlang ho fumaneha ka oona. Morero oa Molimo o tiisa hore libopuoa tsohle tse bohlale li tla ba bonngoeng borapeling ba ’nete. Moapostola Johanne o hlile a bontšoa boemo bo babatsehang bo tla ba teng qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, ’me o bo hlalosa ho Tšenolo 5:13, a re: “’Me ka utloa libopuoa tsohle tse leholimong, le tse lefatšeng, le tse ka tlase ho lefatše, le tse leoatleng, le tse ho tsona kaofela, li re: Ho ea lutseng teroneng [ke hore, Jehova] le ho Konyana [Jesu Kreste], e be teboho, le hlompho le khanya, le matla, mehleng le mehla.” Mono Johanne o bone bohle e le ntho e le ’ngoe tlas’a Jesu Kreste borapeling ba Jehova. Kamor’a moo, ha ho fetile teko ea ho qetela ’me marabele ’ohle a nako eo a timelitsoe, Jehova ka lerato o tla thola batho bohle ba phethahalitsoeng ba ipakileng ba tšepahala e le bara ba hae ka Kreste. Ba tla fetoha karolo ea lelapa le bonngoeng la bokahohle la Molimo, leo ho lona kaofela Jehova e tlang ho ba Molimo o ’notši, ’Musi oa Bokahohle le Ntate ea lerato ka ho sa feleng. Eo ke tebello e futhumatsang pelo hakaakang! Na u lakatsa ka tieo ho kopanyelletsoa lelapeng leo le thabileng la barapeli?—Ba-Roma 8:20, 21.
“U Molimo U ’Notši”
5, 6. Pesalemeng ea 86, Davida o ile a ngola eng ka Eo e leng pakane ea borapeli ba rōna?
5 Tlhahlobo ea Pesaleme ea 86 e ka re thusa ho bona seo re lokelang ho se etsa e le hore re ka kopanela lehlohonolong leo. Davida, mongoli oa Pesaleme ena e bululetsoeng, o ne a se a e-na le tlaleho ea boinehelo litabeng tsa borapeli ba ’nete. Empa a hlokomela hore eena ka seqo o lokela ho tsoela pele moeeng, ’me sena se pakoa ke seo a se ngotseng.
6 Litemaneng tsa 8-10 (NW) o lebisa tlhokomelo ho Eo a neng a mo rapela, a re: ‘Har’a melimo ha ho o tšoanang le uena, Jehova; ha ho letho le ka lekanang le mesebetsi ea hao! Lichaba tsohle tseo u li entseng li tla khumama pel’a hao, Jehova, li tlotlise lebitso la hao! Hobane u moholo u etsa meeka, u Molimo u ’notši.’
7. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hlokomela hore Jehova ke eena feela Molimo?
7 Mehleng ea Davida, joaloka kajeno, lichaba li ne li e-na le melimo e mengata. Empa ka kananelo ea ’nete Davida a re ho Jehova: “U Molimo u ’notši.” Jesu Kreste a tiisa ’nete eona eo. Bosiung ba pele ba lefu la hae a rapela Ntate oa hae, a re ke “Molimo o ’notši oa ’nete.” (Johanne 17:3) Leha ho le joalo, Bojakane bo rapela Boraro-bo-bong, ba limillione ba khumamela litšoantšo; ba bang ba rapela batho ba phahameng, chelete, bo bona ka seqo, botona le botšehali. Uena? Na uena ka seqo u kholisehile hore ‘ha ho o tšoanang le . . . Jehova,’ hore ke eena “Molimo o ’notši oa ’nete”?
8. Joalokaha ho bontšitsoe ho Pesaleme ea 86:11, ho hlokahala eng ka lehlakoreng la bohle ba batlang ho rapela Jehova?
8 Ha Davida a talima bokamoso ho tloha mehleng ea hae, a bona batho ba tsoang lichabeng tsohle ba tla ho sebeletsa Jehova. Ha ho pelaelo hore Davida o ile a hlokomela hore ha batho ba joalo ba tla ho rapela Jehova, ba tla lokela ho ithuta ho hongata. Ba ne ba tla tlameha ho fetoha bophelong ba bona. Empa Davida le eena o ne a lumela hore o hloka taeo le hore ho hlokahala hore a ’ne a lokise. Ho Pesaleme ea 86:11 o itse: “Jehova, mpontše tsela ea hao, ke tle ke tsamaee ’neteng ea hao! u tlamelle pelo ea ka eohle le tšabo ea lebitso la hao!” Na le rōna ke takatso ea rōna?
9. Ke hobane’ng ha re le batho ba bonngoeng, ’me ntlheng ee re na le boikarabelo bofe?
9 Bonngoe bo seng bo ntse bo le teng har’a Lipaki tsa Jehova ka ’nete boa bonahala. Hona ke hobane, re le sehlopha, ka botšepehi re ikutloa joale ka Davida—re batla tataiso ea Jehova ’me re etsa tumellanong le eona. Hape re lokela ho tlatsetsa bonngoeng boo ka borōna ka boikutlo le boitšoaro ba rōna. Ho phaella moo, re ka tšireletsa bonngoe ba rōna le ho thusa ba bang ho kopanela ho bona ka ho phehella ba sa tsoa khahleha kananelo ea lintho tse sa tšoaneng tse re etsang batho ba le bang.
Lintlha tse Matla tse Etsang Bonngoe
10. Ntlha ea pele ea tse re etsang batho ba le bang ke efe?
10 Ea pele ke ’nete ea hore rōna bohle re rapela Jehova ’me re lumela hore o na le tokelo ea ho bea litekanyetso tsa se setle le se sebe. (Tšenolo 14:6, 7; Genese 2:16, 17) Hoo ho bile le phello e babatsehang hakaakang ho batho ba Jehova lefatšeng ka bophara! Joalokaha Bibele e bolela, Jehova “ke Mookameli ea holimo-limo, eo bolulo ba hae e leng bo sa feleng, ea bitsoang Mohalaleli.” (Esaia 57:15) Ha re mo rapela ’me re khomarela litekanyetso tsa hae, hona hoa re hlasimolla. ’Me kaha litekanyetso tseo li sebetsa likarolong tsohle tsa lefatše, ho li khomarela ha rōna ho re khobokantse re le batho ba le bang.
11. Re ka thusa ba bacha ho kopanela bonngoeng boo joang?
11 Empa ka linako tse ling ba bang har’a rōna ba kopanela boitšoarong bo bobe haholo hobane’ng? Ha ba botsoa ka kamano ea bona le Molimo, ba bang ba itse, ‘Molimo e ne e se oa sebele ho ’na.’ Eaba ka hona ha ba nke seo o se hlokang ka ho teba. Na re ka thusa bao re ithutang le bona e le hore Jehova e ka ba oa sebele ho bona? Re tlameha ho hatisa ho bona hore borapeli ba ’nete ha se feela taba ea ho amohela lithuto tse itseng, ho ea Holong ea ’Muso mohlomong le ho senya lihora tse seng kae tšebeletsong ea tšimo nako le nako. Ba ratang ho sebeletsa Jehova ba hloka kamano e haufi-ufi ea botho le eena. Ba lokela ho ithuta ho mo rapela kamehla le boinotšing, ba batle tataiso ea hae nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang. (Ba-Filippi 4:6; Liproverbia 3:5, 6) ’Me joale ba tla qala ho kopanela bonngoeng bo boholo boo re bo thabelang.
12, 13. (a) Ntlha ea bobeli e thathamisitsoeng moo e fella ka bonngoe joang ho rōna? (b) Ho fumana molemo ka botlalo ho sena, motho o lokela ho etsa eng?
12 Ea bobeli ke ena: re bonngoeng hobane, kae le kae moo re leng teng lefatšeng, Lentsoe la Molimo Bibele, e teng ho re tataisa. Bibele e bululetsoe, ’me e ’ngoe ea lintho tse ileng tsa hohela ba bangata ba rōna ho Lipaki tsa Jehova ke ’nete ea hore Lipaki ka ’nete li itšetleha ka Bibele.—2 Timothea 3:16, 17.
13 Mohlomong bao re ithutang le bona ba ka lumellana le rōna ha re re Bibele ke Lentsoe la Molimo. Empa ba se ba balile Bibele hakae? Ho ka ba molemo ho khothalletsa e mong le e mong ho e bala kaofela, ’me ha ba etsa joalo ba bone hore na Bibele e ka ama joang liqeto tseo ba li etsang bophelong ba letsatsi ka leng. Jesu o ne a tseba thato ea Ntate oa hae hantle ’me e ne e hatisitsoe ka ho teba kelellong le pelong ea hae hoo a neng a ka re, “ke etsa kamehla se mo khahlisang.” (Johanne 8:29) Eo ke pakane e ntle hakaakang bakeng sa rōna bohle!
14. Ke hobane’ng ha ntlha ea boraro e boletsoeng moo e le ea bohlokoa, ’me ke’ng seo re ka ’nang ra se etsa ho haha kananelo bakeng sa see ho ba bacha?
14 Ntlha ea boraro e re etsang batho ba le bang ke hore rōna bohle re fumana molemo lenaneong le tšoanang la lijo tsa moea. Re nka “mohlanka ea khabane, ea bohlale” e le kofuto eo Jehova a e sebelisang ho fana ka lijo tsa moea nakong ea teng. (Mattheu 24:45-47) Ha ho khoao likelellong tsa rōna hore “mohlanka” enoa o entsoe ka majalefa a ’muso oa leholimo a tlotsitsoeng ka moea a fumanoang feela har’a Lipaki tsa Jehova kajeno. Re ananela seo “mohlanka” eo le Sehlopha sa hae se Busang ba se etsang ho hlokomela litlhoko tsa rōna tsa moea. ’Me re leboha Molimo ka litokisetso tsa moea tse molemo tse ngata tseo re nang le tsona. (Esaia 65:13, 14) Na re boetse re ipha nako e lekaneng ho kenya kananelo bakeng sa tokisetso ee ho batho ba sa tsoa ho kopanela le phutheho?
15, 16. (a) Ke mang eo re mo talimang e le Moetapele oa rōna? (b) Karolo ea kananelo ea Jesu borapeling ba rōna e ama boikutlo ba rōna e mong ho e mong joang?
15 Ntlha ea bone e tsoalang bonngoe, ea bohlokoa ka sebele, ke hore Jesu Kreste, e seng motho, ke eena eo e leng Moeta-pele oa rōna le eo bohle re ka atamelang Jehova ka eena borapeling. Nakong ea beke ea ho qetela ea bophelo ba hae e le motho oa nama, Jesu o ile a hatisa bohlokoa ba sena. Ho Mattheu 23:8, 10 o itse: “Le se ke la bitsoa benghali [baetapele, NW], hobane monghali [moetapele, NW] oa lōna o mong, e leng Kreste.” Kajeno, ho sa tsotellehe hore na motho o hokae lefatšeng, haeba a ne a ka botsa e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’Moetapele oa hao ke mang?’ O ne a tla fumana karabo e tšoanang: ‘Ke Morena Jesu Kreste.’
16 Ke ka Jesu feela re ka atamelang Jehova ka ho amohelehang borapeling. Hobane’ng? Hobane bohle re tsoaletsoe sebeng, tlas’a tsuo ea lefu. Ha ho le ea mong ho rōna ea fapaneng le ba bang ntlheng ena. Tsela feela eo mang kapa mang oa rōna a amohetsoeng e le mohlanka oa Molimo e ne e le motheong oa tumelo ea rōna sehlabelong sa Jesu Kreste, ’me ke ka eena feela mang kapa mang oa rōna a ka atamelang Jehova ka thapelo hona joale. Kananelo e tlohang botebong ba pelo ea sena ke ntlha ea bohlokoa borapeling ba ’nete.—Ba-Roma 3:23; Johanne 14:6.
17. Boikutlo ba rōna mabapi le ’Muso oa Molimo bo re khethollotse joang Bojakaneng ’me ba re khobokanya re le Lipaki tsa Jehova?
17 Ntlha ea bohlano e re bokanyang hammoho ke hore ho sa tsotellehe hore na re phela hokae, re shebile ’Muso oa Molimo e le oona tšepo feela bakeng sa batho. (Mattheu 6:9, 10; Daniele 2:44) Ha ho joalo ka baruti ba Bojakane. Ka baka leo, ba kena-kene litabeng tsa lipolotiki tsa lefatše le lintoa tsa lona. Ho fapana le moo, Lipaki tsa Jehova linaheng tsohle li se li tebisitse pelong ’nete ea hore Jesu Kreste o itse barutuoa ba hae “hase ba lefatše.” (Johanne 17:15, 16) Tumellanong le Lentsoe la Molimo, re teile mehoma ka lisabole tsa rōna, ’me ka marumo a rōna re teile lisekele. Ha re phahamisetse bana babo rōna libetsa tsa nama, kapa hona hore re sa ithuta ntoa. (Mikea 4:3) Re kholisehile ka ho tiea hore pheko feela mathateng a batho ke ’Muso oa Molimo. Ka baka leo, re bonngoeng le Lipaki tse ling lefatšeng ka bophara boeneng ba machaba ba ’nete.
18. Tholoana tsa moea oa Molimo li re etsa batho ba le bang joang? Fana ka mohlala.
18 E le ntlha ea botšelela bonngoeng ba rōna re supa litholoana tseo moea o halalelang oa Molimo o li hlahisang bophelong ba barapeli ba Jehova. ’Me ke tholoana e ipiletsang hakaakang—mofuta o re thabisang ho ba hammoho! Ho sa tsotellehe libaka tseo rōna ka borōna re lokelang ho ntlafatsa ho tsona, ke ’nete feela joalokaha Jesu a boletse: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”—Johanne 13:35; Ba-Galata 5:22, 23.
19. Re ba bang le mang ha re kopanela tšebeletsong ea Bokreste?
19 Lintho tseo re li fetileng li eketsoa ke ntlha ena ea bosupa: Bohle Lipaki tsa Jehova re na le boikarabelo ba ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Hona ke boikarabelo, empa hape ke tokelo. Joalokaha moapostola Pauluse a hlalositse, ka ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste re ba sebetsang le Molimo. Ha e mong oa rōna a ka lema ’me e mong a nosetsa, Jehova ke Eena ea melisang hore ho hlahe barutuoa ba bacha.—Mattheu 24:14; 1 Ba-Korinthe 3:6-9.
Ka ho Tiea ka Lehlakoreng la Borapeli ba ’Nete
20. (a) Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’nang ba tla Holong ea ’Muso ba sa thabele ka botlalo mahlohonolo a joalo a bonngoe borapeling? (b) Ke hobane’ng ha ho potlakile hore ba eme ba tiile ka lehlakoreng la Jehova hona joale?
20 Ha ba qalang ho kopanela le Lipaki tsa Jehova ba amohela linnete tsena tse re khobokanyang ’me ba sebetsa tumellanong le tsona, le bona, ba ka latsoa thabo ea ho kopanela bonngoeng ba borapeli ba Molimo o ’notši oa ’nete. Leha ho le joalo, ba bang, ba ikhotsofatsa ka tsebo e sa tebang ea ’nete. Ba ithuta ho hong ka mahlohonolo a ’muso oa Molimo, empa ha ba lumelle ’nete hore e tebe lipelong tsa bona. Ba thabela ho kopanela le rōna, empa ha ba batle ho itlama hore ba tla etsa lintho ka tsela ea Jehova ka nako tsohle. Linthong tse ling ba tšoana le batho ba bang ba mehleng ea moprofeta Elia, bao Elia a ileng a ba khobola ka mantsoe: “Le tla tenyetsehela ho le hokae ka nqa tse peli? Ha Jehova e le Molimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng.” (1 Marena 18:21) Ha nako e khethiloeng ke Jehova ea ho timetsa tsamaiso ena ea joale e khopo e fihla, a ke ke a lieha. A ke ke a chechisa nako eo kapa a fetola litekanyetso tsa hae e le hore a ka fumantša bao ba ntseng ba leka ho khomarela lefatše sebaka, ba leng teme peli ka ho ithuta thato ea Molimo le ho e etsa. Ka hona, ke habohlokoa hakaakang, ho bohle ba bontšang ho thahasella ’nete ho nka bohato bo sebetsang hona joale ho thea kamano ea sebele le ea nako e telele le Jehova!
21. Re lokela ho thusa liithuti tsa rōna tsa Bibele ho etsa tsoelopele efe ea moea?
21 Takatso ea rōna hase feela ho ithuta linnete tsa motheo le ba tsoelang pele ho ea kolobetsong empa ho ba thusa ho leba khōlong ea Bokreste. Hona ho akarelletsa ho hlaolela takatso ea lijo tse tiileng tsa moea. Ba tlameha ho ithuta mokhoa oa ho li thabela, ba nke matla ho tsona le ho lemoha hore na li ba thusa joang ho etsa liqeto tsa botho tse utloahalang.—Ba-Heberu 5:12-14.
22. Ke hobane’ng ha tšebeletso ea rōna ka ’nete e le tokelo e khōlō?
22 Ke tokelo e khōlō hakaakang ho rōna ho fumana molemo le ho sebetsa tumellanong le tokisetsong ea Jehova bakeng sa ho etsa hore batho ba lichaba tsohle ba be bang le eena ka Jesu Kreste! Molimo o ’notši oa ’nete o re file tokelo e babatsehang ea ho ba Lipaki tsa lebitso la hae le halalelang Jehova. Mora oa hae ea ratoang, eo hona joale a busang e le Morena, ha e sa le e le mohlala oa rōna borapeling bo etsang hore re thabele kamano e mofuthu le e haufi-ufi le Jehova le bonngoe e mong ho e mong. Kahoo ha re kopaneleng ka botlalo ho hōliseng lebitso la Jehova le ho thusa ba bang ho ananela hore na ba ka thabela joang mahlohonolo ao ka ho khetheha a leng ho batho ba bonngoeng borapeling ba Molimo o ’notši oa ’nete.
Rea Hlahloba
◻ Bonngoe ba borapeli bo tla fumaneha ho isa kae, ’me hoo ho ka bolela eng ho uena?
◻ Re ka bontša joang hore re kopanela maikutlong a tlalehiloeng ho Pesaleme ea 86:11?
◻ Tse ling tsa lintlha tse matla tse re etsang batho ba le bang ke life?
◻ Kamor’a hore li ithute linnete tsa motheo tsa Bibele, re lokela ho thusa liithuti ho etsa tsoelopele efe e eketsehileng?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
‘Jehova, u Molimo u ’notši’