Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Laboraro, la 11 January

Ke tla u rorisa har’a phutheho.—Pes. 22:22.

Holo ea ’Muso ke setsi sa borapeli moo batho ba bokanang teng ho rapela Jehova. Liboka ke mpho e tsoang ho Molimo ebile li re thusa ho matlafatsa kamano ea rōna le eena. Ha re le libokeng, mokhatlo oa hae o re fa khothatso le tataiso eo re e hlokang. Ka sebele ke tlotla ho mengoa ke Jehova le Mora oa hae ho tla ja “tafoleng ea Jehova” beke le beke. (1 Bakor. 10:21) Re lokela ho lula re ananela memo ena e khethehileng. Jehova o re bolella ka ho hlaka hore re lokela ho ba teng libokeng e le hore re mo rapele le ho khothatsana. (Baheb. 10:24, 25) Kaha re hlompha Jehova, re ke ke ra fosa liboka ntle le ha ho e-na le lebaka le utloahalang. Ha re lokisetsa liboka ’me re nka karolo ho tsona re bontša hore rea li ananela. w15 7/15 4:3, 4

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela