Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Laboraro, la 4 January

Emang khahlanong le [Satane].—1 Pet. 5:9.

Bahlanka ba Jehova, baa tseba hore Satane o teng. Rea tseba hore Diabolose ke motho oa sebele. Bibele e re bolella hore Satane o ile a sebelisa noha ho bua le Eva. (Gen. 3:1-5) A belaella sepheo seo Jobo a etsang lintho ka sona. (Jobo 1:9-12) Satane o ile a leka ho khelosa Jesu. (Mat. 4:1-10) Ka mor’a hore Jesu e be Morena ka 1914, Satane o ile a qala ho “loantša” batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng. (Tšen. 12:17) Diabolose o ntse a tsoela pele ho ba loantša, kaha o leka ho senya tumelo ea batlotsuoa le ea linku tse ling. E le hore re hlōle ntoeng ena, re lokela ho loantša Satane ’me re lule re le matla tumelong. Satane o oa ikhohomosa. Lengeloi lena le khopo le ile la hanyetsa tokelo ea Molimo ea ho busa, ’me la leka ho etsa hore ba bang ba le rapele ho e-na le ho rapela Jehova. Ke mohlala o ka sehloohong oa boikhohomoso le boikakaso. Tsela e ’ngoe eo re ka loantšang Satane ka eona ke ka ho qoba boikhohomoso, ’me re ikokobetse.—1 Pet. 5:5. w15 5/15 2:3, 4

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela