Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labobeli, la 3 January

Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.—Pes. 32:8.

U ka ’na ua ba boemong bo thata hoo u ka ikutloang joaloka Pauluse, ’me ua lokela ho pholosoa “molomong oa tau.” (2 Tim. 4:17) Linakong tse thata joalo, ke habohlokoa hore u tšepe Jehova. Ka mohlala, mohlomong u oka setho se seng sa lelapa. U rapetse Jehova ua mo kōpa hore a u thuse ho etsa liqeto tse bohlale le hore a u fe matla. Joale u ka ikutloa u imolohile ha u hopola hore Jehova o bona boemo ba hao ebile o oa bo utloisisa. O tla u thusa hore u mamelle ’me u lule u tšepahala. Ka linako tse ling, u ka ’na ua bona eka Jehova ha a u thuse. Mohlomong lingaka ha li lumellane ka pheko. Kapa u ne u tšepile hore beng ka uena ba tla u tšehetsa, empa ho e-na le hoo ekare ba mpefatsa boemo le ho feta. Tšepa Jehova kamehla hore o tla u fa matla. Atamela ho eena. (1 Sam. 30:3, 6) Hamorao ha u hlokomela kamoo Jehova a u thusitseng kateng, seo se tla matlafatsa kamano ea hao le eena. w15 4/15 4:10, 11

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela